Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Lentsoe la Molimo

Re Lokela ho Hopola Lefu la Jesu Joang?

Re Lokela ho Hopola Lefu la Jesu Joang?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Lefu la Jesu le lokela ho hopoloa joang?

Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba hopole lefu la hae ka lijo tsa tšoantšetso ba sebelisa bohobe le veine. Bohobe bo emela ’mele oa Jesu ’me veine e emela mali a hae.—Bala Luka 22:19, 20.

Bohobe boo Jesu a ileng a bo sebelisa bo ne bo se na tomoso. Ka Bibeleng, hangata tomoso e emela sebe. Kahoo, e ne e le ho loketseng hore bohobe bo tšoantšetse ’mele o phethahetseng oa Jesu. O ile a nehela ’mele oa hae e le sehlabelo, e leng se ileng sa felisa ho etsa mahlabelo a liphoofolo a neng a etsoa tlas’a Molao oa Moshe. (Baheberu 10:5, 9, 10) Veine e ne e tšoantšetsa mali a bohlokoa a Jesu a ileng a tšolloa e le sehlabelo bakeng sa libe tsa rōna.—Bala 1 Petrose 1:19; 2:24; 3:18.

2. Re lokela ho hopola lefu la Jesu neng?

Jesu o ile a shoa ka Paseka, ka la 14 Nisane. Letsatsi la Bajuda le qala ha letsatsi le likela. Jesu o ile a ja lijo tsa Paseka le baapostola ba hae mantsiboea a pele a shoa, eaba o theha mokete o mocha oa lijo tseo ba neng ba tla ikhopotsa lefu la hae ka tsona.—Bala Luka 22:14, 15.

Kajeno, batho ba Molimo ba ikhopotsa seo Molimo a ileng a fana ka sona ka Jesu e le hore a lokolle lefatše lohle sebeng le lefung. (Exoda 12:5-7, 13, 17) Joalokaha Paseka e ne e ketekoa ha ’ngoe ka selemo, le Sehopotso sa lefu la Jesu se tšoaroa ha ’ngoe ka selemo ka la 14 Nisane ka mor’a hore letsatsi le likele, ho latela almanaka ea Bibele e ipapisitseng le khoeli e holimo.—Bala Johanne 1:29.

3. Ke bo-mang ba lokelang ho ja bohobe le ho noa veine?

Ha Jesu a ne a fa balateli ba hae veine o ile a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha.” (1 Bakorinthe 11:25) Selekane se secha se ile sa nkela selekane sa Molao oa Moshe sebaka, seo ho sona Molimo a ileng a tšepisa Baiseraele hore e ne e tla ba batho ba hae hafeela ba mo mamela ka tieo. (Exoda 19:5, 6) Leha ho le joalo, Baiseraele ha baa ka ba mamela Molimo. Kahoo, Jehova o ile a etsa selekane se secha.—Bala Jeremia 31:31.

Ka selekane sena se secha, Jehova o hlohonolofatsa batho ba bangata a sebelisa batho ba ’maloa. Batho ba selekaneng se secha ke ba ’maloa, ke ba 144 000 feela. Ka bona, ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ba bang ba batho ba selekaneng se secha ba sebeletsa Jehova lefatšeng kajeno. Ke bona feela ba lokelang ho ja bohobe le veine ka lebaka la hore senoelo se “bolela selekane se secha.”—Bala Luka 12:32; Tšenolo 14:1, 3.

4. Re rua molemo joang Sehopotsong?

Ho ikhopotsa lefu la Jesu selemo le selemo ho ka etsa hore re ananele ka ho tebileng lerato le ikhethang la Jehova. O rometse Mora oa hae e le hore a re shoele libe. Kahoo ha re e-ba teng Sehopotsong, re lokela ho nahanisisa ka seo lefu la Jesu le se bolelang ho rōna. Re lokela ho nahana hore na ke joang re ka bontšang kananelo ka seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona.—Bala Johanne 3:16; 2 Bakorinthe 5:14, 15.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 206-208 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?