Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng e Phoso ka ho Sebelisana le Meea?

Ke Eng e Phoso ka ho Sebelisana le Meea?

Ke Eng e Phoso ka ho Sebelisana le Meea?

Ho tloha bocheng, Barbara * o ne a bona lipono, a utloa mantsoe ’me o ne a kholisehile hore o khona ho buisana le beng ka eena ba shoeleng. Eena le monna oa hae Joachim ba ne ba bala libuka tse neng li bua ka boloi ’me e ile ea e-ba litsebi tsa ho bala likarete tse bolelang bokamoso tsa tarot. Likarete tsena li ile tsa ba bontša hore ba ne ba tla fumana chelete e ngata ’me ba ile ba fela ba e fumana khoebong ea bona. Ka letsatsi le leng likarete li ile tsa ba lemosa hore ho na le batho ba kotsi ba tla tla lapeng la bona ’me tsa ba bolella hore na ba itšireletse joang.

LE HOJA ho ka bonahala eka ho sebelisana le meea ke ntho e siiloeng ke nako, ho batla thuso matleng a phahametseng tlhaho ke ntho e tloaelehile hohle. Batho ba bangata ba roala lintho tse ba sireletsang ho meea e mebe, ba sebelisa liboto tsa Ouija ’me ba ea ho ba buisanang le meea hore ba ba bolelle bokamoso ba bona kapa hore ba itšireletse linthong tse kotsi. Sehloohong se neng se re “Laptop and Lucifer,” makasine ea Jeremane ea Focus, e ile ea re: “Inthanete e entse hore batho ba thahaselle boloi le ho feta.”

Na u ne u tseba hore Bibele e bua ka ho sebelisana le meea? U ka ’na ua makala ha u utloa seo e se buang tabeng ena.

Seo Bibele e se Buang ka ho Sebelisana le Meea

Molao oo Molimo a ileng a o fa batho ba hae Iseraeleng ea boholo-holo o ne o re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Ke hobane’ng ha molao oa Jehova o ne o hanyetsa mekhoa ea ho sebelisana le meea ka matla hakaale?

Joalokaha taba e phetiloeng qalong e bontša, batho ba bangata ba lumela hore ba phelang ba ka bua le ba shoeleng le hore boitsebiso bo fumanoang ha motho a sebelisana le meea bo tsoa ho bafu. Litumelo tse joalo li tsoa malumeling a mangata—a rutang hore batho ha ba shoa ba tsoela pele ba phela sebakeng sa moea. Empa Bibele e hanyetsa thuto eo, e re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) E hlalosa bafu joalokaha eka ba robetse boroko bo tebileng, ba sa hlokomele ka ho feletseng se etsahalang haufi le bona. * (Matheu 9:18, 24; Johanne 11:11-14) U nahanne ka seo, u ka ipotsa, Joale ho tla joang hore ebe batho ba bang ba khona ho buisana le meea? Ke eng se etsang hore ba khone ho buisana le eona?

Ho Buisana le Meea

Litlaleho tsa Likosepele li bontša hore ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a buisana le meea. Mareka 1:23, 24 e tlaleha hore “moea o sa hloekang” o ile oa re ho Jesu: “Ke tseba hantle hore na u mang.” Ntle ho pelaelo, le uena meea ea tseba hore na u mang. Empa, na uena ua tseba hore na ke bo-mang?

Pele Molimo a bōpa batho, o ile a bōpa libōpuoa tse ngata tsa moea kapa mangeloi. (Jobo 38:4-7) Mangeloi a phahametse batho. (Baheberu 2:6, 7) A matla ebile bohlale ba ’ona bo phahametse ba batho ’me a ne a bōpetsoe ho etsa thato ea Molimo. Mopesaleme o ile a bina: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae.”—Pesaleme ea 103:20.

Bibele e senola hore ha nako e ntse e e-ea mangeloi a mang a ile a ikopanya le batho ka tsela eo Molimo a neng a sa e amohele. Ke hobane’ng ha a ne a etsa joalo? Lengeloi la pele la ho etsa joalo le ile la thetsa Adama le Eva e le hore ba suthele hōle le Molimo, Mōpi oa bona. Ka ho etsa joalo le ile la iketsa Satane Diabolose, moetselletsi le mohanyetsi oa Molimo.—Genese 3:1-6.

Hamorao mangeloi a mang a ile a “furalla sebaka sa ’ona sa bolulo” leholimong, a iketsa batho ’me a qala ho lula le basali ba batle lefatšeng. (Juda 6; Genese 6:1, 2) Mangeloi ao a bakoenehi le bana ba ’ona ba mefuta e tsoakaneng a ile a hlekefetsa batho hoo lefatše ‘le neng le tletse pefo.’ E ka ’na eaba u tloaelane le tlaleho ea Bibele e buang ka hore na ke joang Molimo a ileng a felisa moloko oo o neng o tletse pefo ebile o le khopo ka Moroallo mehleng ea Noe.—Genese 6:3, 4, 11-13.

Metsi a moroallo a ile qobella mangeloi ana hore a lahle ’mele ea ’ona ea nama ’me a khutlele sebakeng sa moea. Empa Mōpi ha aa ka a a lumella hore a khutlele ‘sebakeng sa ’ona sa bolulo’ sa pele. Ho e-na le hoo a ile a koalloa sebakeng sa maemo a tlaase a bapisoang le ‘likoti tsa lefifi le letšo-letšo.’ (2 Petrose 2:4, 5) Bibele e re mangeloi ana a marabele ke “bademona.” (Jakobo 2:19) Ha e le hantle bademona ke bona ba iketsang bafu.

Seo Bademona ba se Batlang

Ntho e ka sehloohong e etsang hore meea e khopo e bue le batho ke hore e batla hore batho ba se ke ba rapela Molimo oa ’nete, Jehova. Lineo kapa matla ao batho ba sebelisanang le meea ba nahanang hore ba na le tsona, ha e le hantle, ke lintho tse reretsoeng feela ho sitisa batho hore ba se ke ba fumana tsebo e nepahetseng ka Molimo le hore ba se ke ba e-ba le kamano le eena.

Ntho e ’ngoe eo bademona ba e batlang e ka bonoa ho seo moeta-pele oa bona Satane a ileng a leka Jesu ka sona. Satane o ile a tšepisa Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Ke eng seo Satane a neng a batla Jesu a mo etsetse sona? O ile a re ho eena: ‘Itihele fatše ’me u nketsetse ketso ea borapeli.’ Ka sebele Satane le bademona ba batla hore batho ba ba rapele. Empa Jesu ha aa ka a lumela ho furalla Molimo le borapeli ba ’nete.—Matheu 4:8-10.

Kajeno hase hangata meea e khopo e buang le batho ka ho toba. Ho e-na le hoo e batla ho tšoasa batho ba sa falimehang ka lintho tseo ho bonahalang eka ha li kotsi tse kang libolo tsa kristale, makhasi a tee, likarete tsa tarot, li-pendulum le bonohe ba linaleli. U se ke ua thetsoa ke lintho tse joalo! Hase tsela ea tlhaho ea ho tseba lintho tse sa tsejoeng ka mohlolo. Meea e khopo e etsa hore ho sebelisana le meea e be ntho e ratehang e le hore e hohele le ho tšoasa batho hore ba se ke ba rapela Jehova. Ha seo se sa finyelle morero oa sona, hangata meea e khopo e hlorisa le ho sulafalletsa batho bao e ba tšoasitseng. Haeba seo sea u etsahalla, u ka etsa’ng ho itokolla ho eona?

Kamoo U ka Itokollang Kateng ho Sebelisaneng le Meea?

Ha ho potang hore meea e buisanang le batho ke lira tsa Molimo, tse ahloletsoeng timetso. (Juda 6) Ke baikhakanyi le bo-raleshano ba iketsang eka ke bafu. U ne u tla ikutloa joang ha u fumana hore motho eo u ntseng u re ke motsoalle oa hao, ke moikaketsi ea batlang ho u khelosa ho lintho tse ka u tsoelang molemo? U ne u tla etsa’ng ha u fumana hore ka ho se tsebe, motho eo u ratanang le eena Inthaneteng o hlekefetsa batho ka thobalano? Ho tšoasoa ke bademona ho kotsi le ho feta maemo ao. Ho hlokahala hore u etse sohle seo u ka se khonang hore ho se ke ha e-ba le letho le u kopanyang le bona. U ka etsa’ng?

Ka mor’a ho ithuta seo Bibele e se rutang ka ho sebelisana le meea, baahi ba Efese ea boholo-holo ba ile ba bona ho hlokahala hore ba chese libuka tsa bona tsa tsebo ea boselamose le hoja li ne li ja chelete e ngata. Ba ile “ba li chesa ka pel’a bohle.” (Liketso 19:19, 20) Kajeno lintho tse amanang le ho sebelisana le meea ha li akarelletse feela libuka, lintho tseo batho ba li roalang ho itšireletsa, liboto tsa Ouija le lintho tse kang tseo, empa li boetse li akarelletsa boitsebiso bo fumanoang linthong tsa elektronike. Furalla eng kapa eng e bonahalang eka e ka etsa hore u sebelisane le meea.

Nahana ka banyalani ba boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Ha ba sheba likarete tsa tarot, ba ile ba fihlela qeto ea hore lapeng la bona ho tla fihla batho ba kotsi, empa ha baa lokela ho ba mamela kapa ho amohela ntho leha e le efe e tsoang ho bona. Leha ho le joalo, ha Connie le Gudrun, ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba hlaha monyako ba ba bolella hore ba ba tliselitse litaba tse molemo tse mabapi le Molimo, Joachim le Barbara ba ile ba ba mamela. Puisanong ea bona ho ile ha etsahala hore ba bue ka ho sebelisana le meea ’me Connie le Gudrun ba ile ba fana ka boitsebiso bo nepahetseng bo tsoang Mangolong ka taba ena. Ba ile ba qala ho ithuta Bibele le bona.

Kapele Joachim le Barbara ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho ikopanya le bademona. Lipaki li ile tsa ba hlalosetsa hore bademona ba ke ke ba thabela seo. Ha e le hantle, Joachim le Barbara ba ile ba sulafalloa ke bophelo kaha bademona ba ile ba ba hlasela ka tsela e tšosang. Ka nakoana ba ne ba lula ba tšohile bosiu bo bong le bo bong, ho fihlela ba fallela ntlong e ’ngoe, moo ba ileng ba fumana phomolo. Ha ba ntse ba feta tekong ena e bohloko, banyalani bana ba ne ba behile tšepo mantsoeng a ho Bafilipi 4:13 a reng: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” Jehova o ile a hlohonolofatsa boikemisetso ba bona ’me qetellong meea e ile ea khaotsa ho ba hlasela. Kajeno Joachim le Barbara ke barapeli ba thabileng ba Molimo oa ’nete, Jehova.

Mangolo a khothalletsa bohle ba batlang litlhohonolofatso tsa Jehova: “Ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:7, 8) Haeba u batla, Jehova Molimo a ka u thusa hore u lokolohe tšusumetsong ea bademona, ebile u tla u thusa. Ha ba nahana ka tsela eo ba ileng ba lokolloa ka eona, Joachim le Barbara ba lumellana ka ho feletseng le mantsoe a Pesaleme ea 121:2 a reng: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 7 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le boemo ba bafu, sheba khaolo ea 6 e reng, “Bafu ba Hokae?” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ho sebelisana le meea ho sitisa batho hore ba be le kamano e ntle le Molimo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—JAKOBO 4:8