Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Batla Likarabo

Batho ba Batla Likarabo

Batho ba Batla Likarabo

“Hoo e ka bang motho e mong le e mong o na le maikutlo a hae [ka Jesu]. Ebang re lumela ho eena kapa che, kaofela ha rōna rea ipotsa, ‘Motho enoa ke mang?’”—MONGOLI STAN GUTHRIE.

BATHO ba batla ho tseba ka Jesu. Libuka tse buang ka eena li rekoa haholo. Batho ba bangata ba rata lifilimi tsa hae. Leha ho le joalo, ba bangata ba ntse ba e-na le lipotso ka Jesu. Batho ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na ha e le hantle Jesu ke mang.

Lilemong tse ’maloa tse fetileng, baqolotsi ba babeli ba ile ba kōpa batho hore ba hlahise maikutlo a bona Inthaneteng ka taba ea hore na “Jesu ke mang?” Tse ling tsa likarabo tsa bona e ile ea e-ba tsena:

● “Ho bonahala e ne e le rabi (mosuoe) eo bophelong ba hae a neng a re bontša mohlala oa ho ba le kutloelo-bohloko.”

● “E ne e le motho feela ea tloaelehileng ea neng a phela ka tsela e sa tloaelehang.”

● “Ha ho na bopaki ba hore Jesu o kile a ba teng.”

● “Jesu ke Mora oa Molimo ea ileng a tsoaloa, a shoa, a ba a tsoha bafung e le hore a re lopolle libeng tsa rōna. O ntse a phela ’me O tla khutlela lefatšeng hape.”

● “Ke lumela hore Jesu Kreste ke eena feela mora oa Molimo, ke motho ebile ka nako e tšoanang ke Molimo.”

● “Pale ea Jesu ke tšōmo ea batho ba baholo.”

Ho hlakile hore maikutlo ao a fapaneng haholo, e ke ke eaba a nepahetse kaofela. Na ho na le mohloli o tšepahalang oa boitsebiso o ka re fang likarabo tsa ’nete ka lipotso tseo re nang le tsona ka Jesu? Bangoli ba makasine ena ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore ke eona feela e ka re bolellang ’nete ka ho feletseng ka Jesu. *2 Timothea 3:16.

Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba likarabo tsa Bibele tsa lipotso tseo batho ba tloaetseng ho li botsa ka Jesu. Eena ka boeena o ile a re “e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena” o tla pholoha. (Johanne 3:16) Re u khothalletsa hore u hlahlobe likarabo tsena ebe u iketsetsa qeto ea hore na u lokela ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu le hore na ke joang u ka bontšang tumelo ho eena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 2 e reng, “Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.