Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Rōna ka Jesu Kreste Lia Arajoa

Lipotso Tsa Rōna ka Jesu Kreste Lia Arajoa

Lipotso Tsa Rōna ka Jesu Kreste Lia Arajoa

“Bongata bo re ke mang?”—LUKA 9:18.

JESU o ile a botsa barutuoa ba hae potso eo hobane o ne a tseba hore batho ba na le maikutlo a fapaneng ka eena. Leha ho le joalo, ho ne ho sa hlokahale hore ba ferekane. Jesu o ne a sa ikhethe ho batho, a sa etse lintho ka sekhukhu. Ho e-na le hoo, o ne a itsoakanya le batho ka bolokolohi metseng le metsaneng ea bona. O ne a bolela a bile a ruta phatlalatsa hobane o ne a batla hore batho ba tsebe ’nete ka eena.—Luka 8:1.

’Nete ka Jesu e ka fumanoa linthong tseo a neng a li bua le tseo a neng a li etsa, tse tlalehiloeng Likosepeleng tse ’nè tsa Bibele—e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Litlalehong tseo tse bululetsoeng, ke teng moo re ka fumanang likarabo tsa lipotso tsa rōna ka Jesu. *Johanne 17:17.

POTSO: Na ke ’nete hore Jesu o kile a ba teng lefatšeng?

KARABO: E. Bo-rahistori, ba akarelletsang Josephus le Tacitus ba phetseng lekholong la pele la lilemo, ba bua ka Jesu hore o kile a ba teng lefatšeng. Taba ea bohlokoa le ho feta, Likosepele li bontša ka ho hlaka hore Jesu e ne e le motho oa sebele, eseng oa tšōmong. Litlaleho tseo li bolela lintlha ka tsela e tobileng le e hlakileng ha li bua ka linako le libaka tsa liketsahalo. Ka mohlala, mongoli oa Kosepele Luka, o bua ka babusi ba supileng—bao mabitso a bona a leng teng libukeng tsa histori—e le hore a fumane selemo seo Jesu a qalileng tšebeletso ea hae ka sona.—Luka 3:1, 2, 23.

Bopaki ba hore Jesu o kile a ba teng lefatšeng bo bongata haholo. Buka ea Evidence for the Historical Jesus, e re: “Litsebi tse ngata lia lumela hore motho ea bitsoang Jesu oa Nazaretha ehlile o ile a phela lekholong la pele la lilemo.”

POTSO: Na ehlile Jesu ke Molimo?

KARABO: Che. Ha ho mohla Jesu a kileng a re o lekana le Molimo. Ho fapana le hoo, Jesu o ne a bontša hangata hore o boemong bo tlaase ho ba Jehova. * Ka mohlala, ha Jesu a bua ka Jehova, o ile a re ke “Molimo oa ka,” a ba a re ke “Molimo a le mong feela oa ’nete.” (Matheu 27:46; Johanne 17:3) Ke motho ea boemong bo tlaasana feela ea ka buang mantsoe ao ha a bua ka e mong. Mohiruoa ea reng ho mohiri oa hae “mong’a ka” kapa “mookameli,” ho hlakile hore eena o inka a le boemong bo tlaasana.

Jesu o ile a bontša hore eena le Molimo hase ntho e le ’ngoe. Ka le leng Jesu o ile a re ho bahanyetsi ba neng ba belaella boemo ba hae: “Molaong oa lōna ho ngoliloe, ‘Bopaki ba batho ba babeli ke ’nete.’ Ke ’na ea ipakang, ’me Ntate ea nthomileng oa mpaka.” (Johanne 8:17, 18) Ho hlakile hore Jesu le Jehova hase ntho e le ’ngoe. Haeba e ne le ntho e le ’ngoe, na ho ne ho ka thoe ke lipaki tse peli? *

POTSO: Na Jesu e ne e le motho feela ea molemo?

KARABO: Che. Jesu e ne e se motho feela ea molemo. Jesu o ne a phetha likarolo tse ngata tsa bohlokoa e le hore a phethahatse thato ea Molimo. Tse ling tsa tsona ke tsena:

“Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.” (Johanne 3:18) Jesu o ne a tseba hantle hore na o tsoa hokae. Ha e le hantle bophelo ba hae bo ile ba qala nako e telele pele a tsoaloa lefatšeng. O ile a re: “Ke theohile leholimong.” (Johanne 6:38, Bibele ea Sesotho) Jesu ke eena eo Molimo a ileng a mo bōpa pele ’me ke eena ea ileng a thusa Molimo ho bōpa lintho tse ling tsohle. Kaha ke eena feela ea bōpiloeng ka ho toba ke Molimo, ka nepo Jesu o ne a ka bitsoa “Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.”—Johanne 1:3, 14; Bakolose 1:15, 16.

“Mor’a motho.” (Matheu 8:20) Hangata Jesu o ne a ipitsa “Mor’a motho,” ’me polelo eo e hlaha ka makhetlo a ka bang 80 ka Likosepeleng. Polelo eo e bontša hore e ne e le motho ka ho feletseng, eseng Molimo ea ikentseng motho. Ho ile ha tla joang hore Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo a tsoaloe e le motho? Ka moea o halalelang, Jehova o ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae pōpelong ea moroetsana oa Mojuda Maria, a etsa hore a ime. Kahoo, Jesu o ile a tsoaloa a se na sebe a bile a phethahetse.—Matheu 1:18; Luka 1:35; Johanne 8:46.

“Mosuoe.” (Johanne 13:13) Jesu o ile a bolela ka ho hlaka hore mosebetsi oo a neng a o fuoe ke Molimo e ne e le oa ho “ruta . . . le ho bolela litaba tse molemo” tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 4:23; Luka 4:43) Ha a hlalosa ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsa ho phetha thato ea Jehova, o ne a bua ka mokhoa o hlakileng le o bonolo ka tsela e hlollang.—Matheu 6:9, 10.

“Lentsoe.” (Johanne 1:1) Jesu e ne e le ’Muelli oa Molimo—ke ka eena Molimo a neng a fetisetsa boitsebiso le litaelo tsa hae ho ba bang. Jehova o ile a roma Jesu hore a fetisetse molaetsa oa Hae ho batho lefatšeng.—Johanne 7:16, 17.

POTSO: Na Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng?

KARABO: E. Bibele e ile ea bua esale pele ka ho tla ha Mesia, kapa Kreste, e bolelang “Motlotsuoa.” Enoa ea Tšepisitsoeng, e ne e tla ba eena ea ka sehloohong ho phethahatseng morero oa Jehova. Ka lekhetlo le leng, mosali oa Mosamaria o ile a re ho Jesu: “Kea tseba hore Mesia oa tla, ea bitsoang Kreste.” Eaba Jesu o re ho eena ka ho hlaka: “’Na ea buang le uena ke eena.”—Johanne 4:25, 26.

Na ho na le bopaki bo bontšang hore ka sebele Jesu e ne e le Mesia? Joalokaha mela ea menoana e khetholla motho ea itseng ka ho khetheha. Na ho na le lintho tseo ka ho khetheha li khethollang Jesu e le Mesia? Hlokomela tse latelang:

Leloko leo a tsoang ho lona. Bibele e ile ea bolela esale pele hore Mesia e ne e tla ba setloholo sa Abrahama ’me a hlahe lelokong la Davida. (Genese 22:18; Pesaleme ea 132:11, 12) Jesu o ile a hlaha lelokong la bona.—Matheu 1:1-16; Luka 3:23-38.

Boprofeta bo phethahetseng. Mangolo a Seheberu a na le boprofeta bo bongata bo buang ka bophelo ba Mesia lefatšeng, hammoho le lintlha tse hlakileng ka ho tsoaloa ha hae le lefu la hae. Boprofeta boo kaofela bo ile ba phethahala ho Jesu. Bo bong ba bona ke bona: O ile a hlahela Bethlehema (Mikea 5:2; Luka 2:4-11), o ile a bitsetsoa Egepeta (Hosea 11:1; Matheu 2:15), hape o ile a bolaoa ho se lesapo la hae le ileng la rojoa (Pesaleme ea 34:20; Johanne 19:33, 36). Ho ne ho ke ke ha khoneha hore Jesu a laole bophelo ba hae hore bo tšoane le bo profetiloeng ka Mesia. *

Bopaki bo tsoang ho Molimo ka boeena. Ha Jesu a hlaha, Molimo o ile a roma lengeloi hore le e’o bolella balisa hore Mesia o tsoetsoe. (Luka 2:10-14) Ka makhetlo a ’maloa, nakong ea tšebeletso ea Jesu, Molimo ka boeena o ile a bua a le leholimong, a bolela hore o amohela Jesu. (Matheu 3:16, 17; 17:1-5) Jehova o ile a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo e meholo, e leng se neng se paka le ho feta hore Jesu e ne e le Mesia.—Liketso 10:38.

POTSO: Ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho utloa bohloko le ho shoa?

KARABO: Kaha Jesu e ne e le motho ea se nang sebe, ho ne ho se na lebaka la hore a utloisoe bohloko. Ebile ho ne ho se na lebaka la hore a khokhotheloe thupeng joaloka senokoane ebe o tloheloa hore a shoe lefu le hlabisang lihlong. Leha ho le joalo, Jesu o ne a lebeletse hore o tla tšoaroa hampe ’me o ile a ithaopela hore a tšoaroe joalo.—Matheu 20:17-19; 1 Petrose 2:21-23.

Boprofeta bo neng bo bua ka Mesia bo ile ba bolela esale pele hore Mesia o ne a tla utloa bohloko ’me a shoe e le hore a koahele libe tsa batho. (Esaia 53:5; Daniele 9:24, 26) Jesu ka boeena o ile a re o tletse “ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ba behang tumelo lefung la hae la sehlabelo, ba na le tšepo ea ho lokolloa sebeng le lefung le ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. *Johanne 3:16; 1 Johanne 4:9, 10.

POTSO: Na ka sebele Jesu o ile a tsosoa bafung?

KARABO: E. Jesu o ne a lebeletse ka botlalo hore o tla tsosoa bafung. (Matheu 16:21) Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re hlokomele hore ha ho mohla Jesu kapa bangoli ba Bibele ba ileng ba re ho ne ho tla iketsahalla feela hore a tsohe bafung. Ho ne ho tla ba thata ho kholoa taba eo. Ho e-na le hoo, Bibele e re: “Molimo a mo tsosa ka ho lokolla bohloko ba lefu.” (Liketso 2:24) Haeba re lumela hore Molimo o teng ebile ke eena ’Mōpi oa lintho tsohle, re na le mabaka ’ohle a ho lumela hore a ka tsosa Mora oa hae bafung.—Baheberu 3:4.

Na ho na le bopaki bo tšepahalang ba hore Jesu o ile a tsosoa bafung? Hlokomela bopaki bo latelang.

Bopaki ba batho ba boneng ka mahlo. Lilemong tse ka bang 22 ka mor’a lefu la Jesu, moapostola Pauluse o ile a ngola hore ho bile le lipaki tse ka holimo ho 500 tse boneng Jesu ka mor’a hore a tsosoe bafung le hore tse ngata tsa lipaki tseo li ne li ntse li phela nakong eo Pauluse a neng a ngola. (1 Bakorinthe 15:6) Ho ne ho ka ba bonolo ho hanyetsa paki e le ’ngoe kapa tse peli, empa ke mang ea ka hanyetsang lipaki tse boneng ka mahlo tse 500?

Lipaki tse tšepahalang. Barutuoa ba pele ba Jesu—ba neng ba le haufi le eena hoo ba neng ba ka tseba hantle hore na ho etsahetse’ng—ba ile ba bua ka kholiseho hore Jesu o tsositsoe bafung. (Liketso 2:29-32; 3:13-15) Ha e le hantle, ba ne ba nka hore ho lumela hore Jesu o tsositsoe ke habohlokoa tumelong ea Bokreste. (1 Bakorinthe 15:12-19) Barutuoa bao ba ne ba ka mpa ba shoa ho e-na le ho latola tumelo ea bona ho Jesu. (Liketso 7:51-60; 12:1, 2) Na ho na le motho eo u mo tsebang ea ka ikemisetsang ho shoela ntho eo a tsebang hantle hore ke leshano?

Re hlahlobile likarabo tsa Bibele lipotsong tse tšeletseng tse ka sehloohong ka Jesu. Likarabo tseo li re bolella ka ho hlaka hore na Jesu ke mang. Empa na ke habohlokoa ho fumana likarabo? Ka mantsoe a mang, na hoa tsotelleha hore na u khetha ho lumela’ng ka Jesu?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ha u batla ho tseba hore na Likosepele Tsa Bibele li fapane joang le mangolo a mang a bohata a buang ka Jesu, sheba sehlooho se reng, “Na ho na le Likosepele Tse Ling Tse Nang le Linnete Tse Patiloeng ka Jesu?” leqepheng la 18-19.

^ ser. 9 Ka Bibeleng, Jehova ke lebitso la Molimo.

^ ser. 10 Ha u batla ho tseba ho eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Moqoqo le Moahelani—Na Jesu ke Molimo?” leqepheng la 20-22.

^ ser. 21 E le hore u fumane lethathamo la boprofeta bo ileng ba phethahala ho Jesu, sheba leqephe la 200 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

^ ser. 25 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka hore na lefu la Jesu le re lokolla joang, sheba khaolo ea 5 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?