Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Habohlokoa ho Fumana Likarabo?

Na ke Habohlokoa ho Fumana Likarabo?

Na ke Habohlokoa ho Fumana Likarabo?

“Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—JOHANNE 8:32.

BIBELE e re bolella ’nete e ka re lokollang litumelong tse ferekanyang le tseo e seng ’nete ka Jesu. Empa na ke habohlokoa hore na re lumela’ng ka eena? E, ke habohlokoa. Ke habohlokoa ho Jehova. Ke habohlokoa ho Jesu. Ebile e lokela ho ba habohlokoa ho rōna.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho Jehova? Karabo e bonolo feela ke hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova o batla hore re phele re thabile ka ho sa feleng. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše [batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena . . . a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Molimo o ile a romela Mora oa hae hore a tl’o re lopolla ’me re phele ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng, e leng seo a neng a se rerile qalong. (Genese 1:28) Molimo o ikemiselitse ho fana ka bophelo bo sa feleng ho batho ba ithutang ’nete ka Mora oa hae ’me ba phela tumellanong le seo ba ithutang sona.—Baroma 6:23.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho Jesu? Jesu le eena o rata batho. O ile a bontša lerato le se nang boithati ka hore a ithaopele ho re shoela. (Johanne 15:13) O ne a tseba hore ka ho etsa joalo o ne a bula tsela ea hore re pholohe. (Johanne 14:6) Na ke ntho e makatsang hore ebe Jesu o batla ho bona batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba rua molemo sehlabelong sa hae sa thekollo? Ke kahoo a ileng a laela balateli ba hae ba ’nete hore ba rute batho lefatšeng lohle ka thato ea Molimo le morero oa Hae.—Matheu 24:14; 28:19, 20.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rōna? Ak’u nahane feela ka lintho tseo joang kapa joang e leng tsa bohlokoa ho uena—tse kang bophelo ba hao ba ’mele le lelapa la hao. Na u batla ho phela hantle ’meleng le hore u be le bophelo bo molemo, uena esita le baratuoa ba hao? Ka Jesu, Jehova o fa uena le baratuoa ba hao monyetla oa ho phela hantle ’meleng le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, le se nang bohloko le mahlomola. (Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:3, 4) Na u ka rata ho phela lefatšeng le joalo? Haeba ho joalo, ho na le seo u lokelang ho se etsa.

Ak’u shebe lengolo lena hape le qotsitsoeng sehloohong: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” Ho tseba ’nete ka Jesu le karolo eo a e phethang ho phethahatseng morero oa Molimo, ho ka re lokolla botlamuoeng bo bohloko ka ho fetisisa—e leng botlamuoa ba sebe le lefu. Empa e le hore u lokolohe u lokela ho “tseba ’nete.” Ke hobane’ng ha u sa ithute ’nete ka taba ee ’me u fumane hore na uena le baratuoa ba hao le ka rua molemo ofe ho eona? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.