Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re u tsamaee maele e ’ngoe ea bobeli?

Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng, Jesu o ile a eletsa bamameli ba hae a re: “Haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) E ka ’na eaba ha bamameli ba Jesu ba utloa mantsoe ao, ba ile ba nahana ka mosebetsi o qobelloang oo ba boholong ba neng ba ka batla hore baahi ba o etse.

Mehleng ea Jesu lekholong la pele la lilemo, Baiseraele ba ne ba laoloa ke Baroma. Baroma ba ne ba hatella liphoofolo le batho hore ba ba sebeletse, kapa ba ne ba laola eng kapa eng e le hore ba potlakise mesebetsi e amanang le puso ea bona. Ka mohlala, masole a Baroma a ile a qobella Simone oa Cyrene hore a jare thupa ea tlhokofatso ea Jesu ’me a e ise moo Jesu a neng a tla bolaeloa teng. (Matheu 27:32) Bajuda ba ne ba sa rate liketso tse joalo tsa bohatelli ba bile ba li hloile ka ho tebileng.

Ha ho tsejoe hore na baahi ba ne ba qobelloa ho jara mojaro ho fihlela hokae. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba ke ke ba batla ho etsa se fetang seo ba se laetsoeng. Kahoo ha Jesu a khothalletsa bamameli ba hae hore ba tsamaee maele e ’ngoe ea bobeli, o ne a ba bolella hore ba se ke ba hloea ba boholong ha ba ba bolella hore ba etse lintho tseo ba ba laelang tsona.—Mareka 12:17.

Anase eo ho buuoang ka eena Likosepeleng e ne e le mang?

Nakong ea nyeoe ea Jesu, Anase (Ananase) o ile a hlalosoa e le “moprista ea ka sehloohong.” (Luka 3:2; Johanne 18:13; Liketso 4:6) Ha e le hantle, e ne e le mohoehali oa moprista e moholo oa Iseraele, Kaifase, ’me o ile a sebeletsa e le moprista e moholo ho tloha ka bo-6 kapa ka 7 C.E. ho fihlela ka bo-15 C.E., ha a ne a tlohelisoa mosebetsi ke ’musisi oa Moroma Valerius Gratus. Ho ntse ho le joalo, kaha e ne e kile ea e-ba moprista ea phahameng, Anase o ne a ntse a e-na le matla a maholo Iseraele. Bara ba hae ba bahlano le mokhoenyana oa hae e ile ea e-ba baprista ba phahameng.

Nakong eo Iseraele e neng e ntse e ipusa, motho e ne e e-ba moprista ea phahameng bophelo bohle ba hae. (Numere 35:25) Leha ho le joalo, ha Baroma ba ne ba laola Iseraele, moprista ea phahameng o ne a sebeletsa babusisi ba Roma le marena a khethiloeng ke Baroma, ebile ba ne ba ka mo tlosa boemong boo. Rahistori Flavius Josephus o tlaleha hore ka bo-6 kapa 7 C.E. ’musisi oa Moroma oa Syria, Kuirinease, o ile a tlosa Joazar e mong boemong ba moprista ea phahameng eaba o khetha Anase hore e be eena moprista ea phahameng. Empa ho bonahala eka babusi bana ba bahetene ba ne ba le hlokolosi ha ba khetha baprista ba phahameng ba bacha ho baprista ba bang.

Lelapa la Anase le ne le tsebahala ka hore le meharo ebile le ruile haholo. Ho bonahala eka ba ne ba ruisoa ke hore e ne e le bona ba neng ba rekisa lintho tse neng li hlokahala bakeng sa mahlabelo a neng a etsoa tempeleng, tse kang maeba, linku, oli le veine. Josephus o bolela hore Ananase (Ananiase), mora oa Anase, o ne a e-na le “bahlanka ba litlokotsebe ’me ba ne ba nka karolo ea leshome ea baprista ka likhoka; ba bile ba otla ba hanang ho ba fa karolo eo ea leshome.”