Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

“Re Kōpa ho Khutlela Lapeng”

“Re Kōpa ho Khutlela Lapeng”

Na u kile ua sebeletsa Jehova? Na u kile ua nahana ka ho mo sebeletsa hape le hoja u ntse u ipotsa hore na o tla u amohela? Ka kōpo bala sehlooho sena hammoho le se latelang ka hloko. Ha li ne li ngoloa, ho ne ho nahannoe ka uena.

“KE ILE ka rapela Jehova hore ke kōpa ho khutlela lapeng le hore a ntšoarele ka ho mo utloisa bohloko.” Sena ke se ileng sa buuoa ke ’mè e mong ea ileng a kheloha tseleng ea Bokreste eo a neng a hōlisitsoe ka eona. Na u mo utloela bohloko? Na u ke u ipotse: ‘Molimo o ikutloa joang ka batho ba kileng ba mo sebeletsa? Na o sa ntse a ba hopola? Na o batla hore ba “khutlele lapeng”?’ E le hore re arabe lipotso tseo, a re ke re hlahlobe mantsoe a ileng a tlalehoa ke Jeremia. Ha ho pelaelo hore likarabo li tla u thabisa.—Bala Jeremia 31:18-20.

Nahana hore na Jeremia o ne a ngola mantsoe ao tlas’a maemo afe. Ka 740 B.C.E., e leng lilemo tse mashome pele Jeremia a e-ba teng, Jehova o ile a lumella hore ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ee botlamuoeng Assyria. * Molimo o ne a hlile a khalemela sechaba sa hae ha a se lumella hore se oeloe ke tlokotsi ena, kaha se ne se se se tloaela ho etsa libe tse tebileng, se iphapanyetsa litemoso tseo a neng a se fa tsona khafetsa ka baprofeta. (2 Marena 17:5-18) Na batho ba ile ba fetoha ha ba tobana le mathata botlamuoeng, ha ba ne ba arohane le Molimo oa bona ’me ba le hōle le naha ea habo bona? Na Jehova ho hang o ne a se a lebetse ka bona? Na o ne a tla ke a ba amohele hape lapeng?

“Ke Ile ka Ikoahlaea”

Batho ba ile ba hlaphoheloa ha ba le botlamuoeng ’me ba baka. Jehova o ile a hlokomela hore ba ne ba hlile ba bakile. Mamela ha Jehova a hlalosa kamoo batlamuoa ba Baiseraele ba neng ba ikutloa kateng, ha a bua le bona e le sechaba a re ke Efraime.

Jehova o re, “Ruri ke utloile Efraime a itelela.” (Temana ea 18) O ile a utloa Baiseraele ha ba lla ka lebaka la liphello tsa bona tsa boetsalibe. Setsebi se seng se hlalosa lentsoe ho “itelela” ka hore le ka bolela “ho thothomela kapa ho tsukutleha maikutlo.” Ba ne tšoana le ngoana ea tsoileng tseleng ea utloang ’mele oa hae o thothomela ha a nahana ka mathata ao a itliselitseng ’ona ebile a labalabela bophelo boo a neng a bo phela hae. (Luka 15:11-17) Batho ba ne ba re’ng?

“U nkhalemetse . . . joaloka namane e sa koetlisoang.” (Temana ea 18) Batho ba ile ba lumela hore ba ne ba hloka ho khalemeloa. Etsoe ba ne ba itšoere joaloka namane e sa koetlisoang. Buka e ’ngoe e bontša hore papiso ena e ka bolela hore ba ile ba itšoara joaloka namane e ka beng e sa ka “ea hlajoa ka tsenene hoja e sa ka ea leka ho ithutlolla jokong.”

Etsa hore ke khutle, ’me hang-hang ke tla khutla, etsoe u Jehova Molimo oa ka.” (Temana ea 18) Ba ile ba bontša boikokobetso ’me ba ipiletsa ho Molimo. Ba ne ba inehelletse libeng, empa ba ile ba kōpa hore Molimo a ba amohele hape. Phetolelo e ’ngoe e re: “U Molimo oa rōna—re kōpa ho khutlela hae.”—Contemporary English Version.

“Ke ile ka ikoahlaea. . . . Ka hlajoa ke lihlong, hape ka ikutloa ke kokobelitsoe.” (Temana ea 19) Batho ba ile ba ikutloa ba soabile ka lebaka la hore ba ne ba entse sebe. Ba ile ba amohela phoso ea bona ’me ba ipona molato. Ba ile ba ikutloa ba le lihlong ’me ba nyahame.—Luka 15:18, 19, 21.

Baiseraele ba ne ba bakile. Ba ne ba saretsoe haholo, eaba ba bolela libe tsa bona ho Molimo ’me ba furalla litsela tsa bona tse mpe. Na ho baka ha bona ho ne ho tla etsa hore Molimo a ba amohele hape? Na o ne a tla ba lumella hore ba khutlele lapeng?

“Ruri ke Tla mo Hauhela”

Jehova o ne a e-na le kamano e khethehileng le Baiseraele. O ile a re: “Ke fetohile Ntate ho Iseraele; ha e le Efraime, ke letsibolo la ka.” (Jeremia 31:9) Ke joang ntate ea lerato a ka hanang ho amohela mora oa hae ha a bontša hore kannete oa ikoahlaea? Hlokomela kamoo Jehova a bontšang kateng hore ke Ntate ea lerato ho batho ba hae.

“Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato? Etsoe ka tekanyo eo ke buileng khahlanong le eena ka eona ruri ke tla mo hopola ka ho eketsehileng.” (Temana ea 20) Ao ke mantsoe a mofuthu hakaakang! Joaloka motsoali ea tiileng empa a le lerato, Molimo o ile a tlameha ho bua “khahlanong” le bana ba hae a ba lemosa ka ho pheta-pheta ka libe tsa bona. Ha ka manganga ba hana ho mamela, o ile a ba tlohela hore ba ee botlamuoeng—ha e le hantle, o ile a ba leleka lapeng. Empa le hoja a ile a tlameha ho ba khalemela, ha aa ka a ba lebala. O ne a ke ke a etsa joalo. Ntate ea lerato ha a lebale bana ba hae. Jehova o ile a ikutloa joang ha a bona hore bana ba hae ba bakile e le kannete?

“Mala a ka a lubehile ka lebaka la hae. * Ruri ke tla mo hauhela.” (Temana ea 20) Jehova o ne a hlolohetsoe bana ba hae haholo. Ho baka ha bona e le kannete ho ile ha mo ama maikutlo ’me o ile a ikutloa a labalabela ho ba bona ba khutletse ho eena. Joaloka ntate ea papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa, Jehova o ile “a susumetsoa ke khauho” ’me a labalabela hore bana ba hae ba khutlele lapeng.—Luka 15:20.

“Jehova ke Kōpa ho Khutlela Lapeng!”

Mantsoe a ho Jeremia 31:18-20 a etsa hore re utloisise hore Jehova o na le qenehelo ebile o mohau. Molimo ha a lebale batho ba kileng ba mo sebeletsa. Ho thoe’ng haeba ba batla ho khutlela ho eena? Molimo o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) A ke ke a furalla batho ba bakileng ba batlang ho khutlela ho eena. (Pesaleme ea 51:17) Ho e-na le hoo, o ba amohela a thabile ha ba khutlela lapeng.—Luka 15:22-24.

’Mè eo ho buuoeng ka eena qalong o ile a nka bohato ba ho khutlela ho Jehova eaba o etela phutheho ea sebakeng sa habo ea Lipaki Tsa Jehova. Qalong o ile a tlameha ho hlōla maikutlo a fosahetseng ao a neng a e-na le ’ona. O re: “Ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe.” Leha ho le joalo, baholo ba phutheho ba ile ba mo khothatsa ’me ba mo thusa ho tsosolosa kamano ea hae le Jehova. Ka pelo e tletseng kananelo, o re: “Ke thabile haholo hore ebe Jehova o ntumeletse ho khutlela lapeng!”

Haeba u kile ua sebeletsa Jehova ’me u batla ho mo sebeletsa hape, re u khothalletsa hore u etele phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e haufi. U hopole hore Jehova o bontša qenehelo le mohau ha batho ba bakileng ba ipiletsa ho eena ba re, “Re kōpa ho khutlela lapeng.”

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka April:

Jeremia 17-31

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Lilemo tse makholo pejana, ka 997 B.C.E., ’muso oa Iseraele o ile oa arohana likoto tse peli. O mong e ne e le ’muso o ka boroa oa Juda oa meloko e ’meli. O mong e le ’muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome, oo hape o neng o bitsoa Efraime ka lebaka la hore e ne e le oona o hlaheletseng.

^ ser. 5 Buka e tataisang bafetoleli ba Bibele ha e bua ka papiso ea ho lubeha mala e hlalosa tjena: “Ho Bajuda likahare e ne e le moo maikutlo a tsoang teng.”