Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE ENG e entseng hore mohlankana e mong ea neng a khelohile bolumeling boo a hōletseng ho bona a khutle? Ho tlile joang hore mohlankana ea neng a labalabela ho ba le ntate a fumane motho eo a ka ’mitsang Ntate? Bala seo batho bana ba se buang.

“Ke ne ke Hloka ho Khutlela ho Jehova.”—ELIE KHALIL

SELEMO SA TSOALO: 1976

NAHA EA HESO: CYPRASE

PELE: KE NE KE LE MORA EA LEHLASOA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Cyprase empa ka hōlela Australia. Batsoali ba ka ke Lipaki Tsa Jehova ’me ba ile ba etsa ka hohle ho nthusa hore ke rate Jehova le Lentsoe la hae, Bibele. Leha ho le joalo, ha ke kena lilemong tsa bocha ke ile ka qala ho ba fetohela. Ke ne ke ee ke thobe bosiu ebe ke il’o kopana le bacha ba bang. Re ne re utsoa likoloi re bile re kena mathateng a mang a mangata.

Ha ke qala ho etsa lintho tsena ke ne ke ipata hobane ke ne ke sa batle ho utloisa batsoali ba ka bohloko. Empa ha nako e ntse e e-ea letsoalo leo le ile la fela. Ke ile ka tloaelana le batho ba baholo haholo ho ’na ebile ba sa rate Jehova ’me ke ile ka ba le mekhoa e mebe joaloka bona. Qetellong, ke ile ka bolella batsoali ba ka hore ha ke sa batla ho ea bolumeling ba bona. Ka mamello ba ile ba leka ho nthusa empa ka hana thuso eo. Batsoali ba ka ba ile ba utloa bohloko haholo.

Ha ke qeta ho tloha lapeng, ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi, ke bile ke lema matekoane ’me ke a rekisa ka bongata. Ke ne ke phela bophelo bo tsoileng tseleng ’me ke qeta nako e ngata ke ea li-nightclub ho ea ithabisa. Ke ile ka ba ka qala ho ba sefela-peloana. Haeba motho a bua kapa a etsa ntho e ’ngoe eo ke sa e rateng, ke ne ke tlala bohale ’me hangata ke ne ke tjolietsa batho ebile ke ba otla. Ha e le hantle, ke ne ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ileng ka rutoa hore Mokreste ha aa lokela ho e etsa.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ke ile ka tloaelana haholo le moshanyana e mong eo ke neng ke sebelisa lithethefatsi le eena, ea ileng a hlokahalloa ke ntate oa hae e sa le ngoana. Hangata re ne re robala bosiu haholo re ntse re iqoqela. Ka linako tse ling o ne a tšolla pelo ea hae ebe o bolela kamoo a hloloheloang ntate oa hae kateng. Kaha ke ile ka hōla ke tseba ka tšepo ea tsoho ea bafu, ke ile ka iphumana ke se ke mo bolella ka Jesu—hore o ile a tsosa bafu ’me o tšepisa ho etsa joalo hape nakong e tlang. (Johanne 5:28, 29) Ke ne ke ee ke re: “Ak’u nahane feela u se u bona ntate oa hao hape. Kaofela ha rōna re ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.” Sena se ile sa ama motsoalle oa ka pelo.

Ka linako tse ling motsoalle oa ka o ne a botsa ka matsatsi a bofelo kapa thuto ea Boraro-bo-bong. Ke ne ke mo bontša mangolo ka Bibeleng ea hae a senolang ’nete ka Jehova Molimo, ka Jesu le ka matsatsi a ho qetela. (Johanne 14:28; 2 Timothea 3:1-5) Ha ke ntse ke tsoela pele ho bua le motsoalle oa ka ka Jehova, seo se ne se etsa hore ke nahane ka Jehova le ho feta.

Butle-butle peō ea ’nete ea Bibele e neng e le ka pelong ea ka empa e sa mele—e leng eo batsoali ba ka ba ileng ba leka ka matla ho e jala—e ile ea qala ho hōla. Ka mohlala, ka linako tse ling ha ke le phathing ke ntse ke sebelisa lithethefatsi le metsoalle ea ka, ka tšohanyetso feela ke ne ke iphumana ke nahana ka Jehova. Metsoalle ea ka e mengata e ne e bolela hore e rata Molimo empa boitšoaro ba eona bo ne bo sa bontše seo. Kaha ke ne ke sa batle ho tšoana le eona, ke ile ka hlokomela hore ke hloka ho etsa ho hong. Ke ne ke hloka ho khutlela ho Jehova.

Ke ’nete hore ho tseba seo u lokelang ho se etsa ho fapane le ho etsa. Ho ile ha e-ba bonolo ho etsa tse ling tsa liphetoho; ka mohlala, ke ile ka tlohela lithethefatsi habonolo. Hape ke ile ka tlohela metsoalle ea ka ’me ka qala ho ithuta Bibele le moholo oa Mokreste.

Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba thata ho etsa liphetoho tse ling. Ntho e neng e le thata ka ho fetisisa e ne e le ho laola bohale ba ka. Ka linako tse ling ke ne ke khona ho bo laola empa ho e-s’o ee kae ke iphumane ke se ke halefile. Ka mor’a moo ke ne ke ikutloa ke le molato. Ke ile ka buisana le moholo eo ke neng ke ithuta Bibele le eena ke nyahame. Kaha o ne a e-na le mamello a bile a le mosa o ile a nkhothatsa haholo. Ka le leng o ile a re ke bale sehlooho Molula-Qhooeng se neng se bua ka bohlokoa ba ho se tele. * Re ile ra buisana ka lintho tseo nka li etsang ha ke ikutloa ke halefile. Kaha ke ne ke lula ke nahana ka sehlooho seo ke bile ke rapela Jehova ka matla, butle-butle ke ile ka khona ho laola bohale ba ka. Qetellong, ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka April 2000. Ho hlakile hore batsoali ba ka ba ne ba thabile haholo.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke se ke imolohile kelellong ’me le letsoalo la ka le hloekile kaha kea tseba hore ha ke sa itšilafatsa ka lithethefatsi le boitšoaro bo bobe. Ho sa tsotellehe seo ke se etsang, ebang kea sebetsa, ke libokeng tsa Bokreste kapa kea ikhatholla, ke se ke le motho ea thabileng. Hona joale ke se ke phela bophelo bo nang le morero.

Ke leboha Jehova ka hore ebe batsoali ba ka ha baa ka ba mphella pelo. Ke boetse ke nahana ka mantsoe a Jesu a fumanoang ho Johanne 6:44, a reng: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” Ke ameha maikutlo ha ke nahana hore ke khonne ho khutlela ho Jehova ka lebaka la hore o ile a nkhulela ho eena hape.

“Ke ne ke Lakatsa ho ba le Ntate.”—MARCO ANTONIO ALVAREZ SOTO

SELEMO SA TSOALO: 1977

NAHA EA HESO: CHILE

PELE: KE NE KE LE SETHO SA ’MINO OA ROCK O KHOTHALLETSANG BODEMONA LE HO BOLAEANA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motseng o motle oa Punta Arenas, o Mochophorong oa Magellan o ntlhaneng e ka boroa ea Amerika Boroa, ke hōlisoa ke ’mè oa ka. Ha ke le lilemo li hlano, batsoali ba ka ba ile ba arohana ’me seo se ile sa etsa hore ke ikutloe ke lahliloe kherehloa. Ke ne ke lakatsa ho ba le ntate.

’Mè o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me o ne a ea le ’na libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. Empa ke ne ke hloile ho ea libokeng ’me hangata ke ne ke halefa ke bile ke ithaburanya ha re le tseleng. Ha ke le lilemo li 13 ke ile ka khaotsa ka ho feletseng ho ea libokeng.

Ka eona nako eo ke ile ka rata ’mino haholo ’me ka hlokomela hore ke na le talenta ea oona. Ha ke se ke le lilemo li 15 ke ne ke ea meketeng, libareng le liphathing tse nyenyane ke bapala ’mino oa rock o morethetho o matla le o khothalletsang bodemona le ho bolaeana. Ho tloaelana le batho ba neng ba e-na le talenta ea ’mino, ho ile ha etsa hore ke rate ’mino oa classic. Ke ile ka qala ho ithutela ’mino sekolong sa ’mino se haufi. Ha ke le lilemo li 20 ke ile ka ea Santiago, motse-moholo oa Chile, e le hore ke ntšetse lithuto tsa ka pele. Ke ile ka ’na ka tsoela pele ke bapala ’mino oa rock.

Nakong ena eohle ke ne ke ikutloa ke sa thaba ho hang. E le hore ke fokotse maikutlo ana a ho se thabe, ke ne ke tahoa ke bile ke sebelisa lithethefatsi le metsoalle ea ka eo ke neng ke bapala ’mino le eona, eo ke neng ke e nka e le banab’eso. Ke ne ke le lerabele ’me seo se ne se bonahala tseleng eo ke neng ke apara ka eona. Ke ne ke apara liaparo tse ntšo, ke na le litelu tse telele ’me moriri oa ka o ne o batla o fihla thekeng.

Ka lebaka la mekhoa ea ka, ke ne ke lula ke loana ke bile ke tšoaroa khafetsa. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke tahiloe, ke ile ka loantša bahoebi ba bang ba lithethefatsi ba neng ba re tšoenya le metsoalle ea ka. Bahoebi bana ba lithethefatsi ba ile ba nkotla hoo ke ileng ka robeha mohlahare.

Leha ho le joalo, batho ba ileng ba nkutloisa bohloko le ho feta ke metsoalle ea ka. Ka letsatsi le leng ke ile ka tseba hore kharebe ea ka e ne e sa tšepahale kaha e ne e ratana le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo ka lilemo-lemo ’me metsoalle ea ka eohle e ne e mpatetse taba ena. Ke ile ka utloa bohloko haholo.

Ke ile ka khutlela Punta Arenas moo ke ileng ka qala ho ruta ’mino le ho iphelisa ka ho bapala seletsa sa ’mino se bitsoang cello. Hape ke ile ka ’na ka tsoela pele le lihlopha tse ling ke bapala le ho rekota ’mino oa rock o morethetho o matla le o khothalletsang bodemona le ho bolaeana. Ke ile ka kopana le ngoanana e motle ea bitsoang Sussan ’me ra qala ho lula ’moho. Ka le leng Sussan o ile a fumana hore ’mè oa hae o lumela thuto ea Boraro-bo-bong ’me ’na ha ke e lumele. O ile a botsa, “Joale hoo e leng ’nete ke hofe?” Ke ile ka mo hlalosetsa hore kea tseba hore thuto ea Boraro-bo-bong e fosahetse empa ha ke khone ho mo bontša seo ka Bibeleng. Leha ho le joalo, ke ne ke tseba hore na ke bo-mang ba ka mo bontšang. Ke ile ka mo bolella hore Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse ka mo bontšang seo e leng ’nete ka Bibeleng. Joale ke ile ka etsa ntho eo ke neng ke qetetse khale ho e etsa—ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse.

Matsatsi a ’maloa ka mor’a moo, ke ile ka bona ntate e mong eo ke neng ke mo tšoantša ’me ka mo botsa hore na ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova na. Le hoja a ne a bonahala a tšohile ka lebaka la tsela eo ke neng ke shebahala ka eona, o ile a nkaraba ka mosa ha ke mo botsa ka liboka tse tšoareloang Holong ea ’Muso. Ke ne ke kholisehile hore ho kopana ha ka le ntate enoa e ne e le karabo ea thapelo ea ka. Ke ile ka ea Holong ea ’Muso ’me ka lulella morao e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea mponang. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba ntseba, ba ntsebella nakong ea ha ke sa le ngoana ke tla libokeng. Ba ile ba nkamohela ba nkopa ka mofuthu hoo ke ileng ka ikutloa ke khotsofetse ka tsela e hlollang. E ile eaka ke lapeng. Ha ke kopana le ntate ea neng a ithuta Bibele le ’na ha ke sa le ngoana, ke ile ka mo kōpa hore a ithute le ’na hape.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka letsatsi le leng ke ile ka bala Liproverbia 27:11, e reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.” Ke ile ka khahloa ke taba ea hore motho feela ea fokolang a ka thabisa ’Mōpi oa bokahohle. Ke ile ka hlokomela hore Jehova ke eena Ntate eo ke neng ke ntse ke mo batla bophelo ba ka bohle!

Ke ne ke batla ho thabisa Ntate oa ka oa leholimo ’me ke batla ho etsa thato ea hae, empa ke ne ke ntse ke le lekhoba la lithethefatsi le joala ka lilemo tse ngata. Ke ile ka utloisisa seo Jesu a ileng a se ruta, se tlalehiloeng ho Matheu 6:24, ha a ne a re “ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli.” Ha ke ntse ke loantšana le ho etsa liphetoho, mantsoe ana a ho 1 Bakorinthe 15:33 a ile a nkotla botsekeng, ha a re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” Ke ile ka hlokomela hore nke ke ka khona ho tlohela mekhoa ena e kotsi haeba ke ntse ke ea libakeng tseo ke neng ke tloaetse ho ea ho tsona ke bile ke tsamaea le metsoalle ea ka ea pele. Keletso ea Bibele e ne e hlakile: Ke ne ke lokela ho ikemisetsa ka ho feletseng e le hore ke tlohele lintho tse neng li ntšitisa.—Matheu 5:30.

Kaha ke ne ke rata ’mino haholo, ho ile ha e-ba thata hore ke tlohele ’mino oa rock. Empa ka thuso ea metsoalle ea ka e ka phuthehong, ke ile ka khona ho o tlohela. Ke ile ka khaotsa ho tahoa le ho sebelisa lithethefatsi. Ke ile ka boela ka kuta moriri le litelu ’me ka khaotsa ho apara liaparo tse ntšo feela. Ha ke bolella Sussan hore ke batla ho kuta, o ile a makala hoo a ileng a batla ho tseba hore na ho etsahala’ng. O ile a re: “Ke batla ho ea le uena Holong ea ’Muso nke ke e’o bona hore na ho etsoa’ng moo!” O ile a rata seo a se boneng moo ’me le eena a qala ho ithuta Bibele. Qetellong ’na le Sussan re ile ra nyalana. Ka 2008 re ile ra kolobetsoa ’me ra ba Lipaki Tsa Jehova. Re thabile hore ebe re sebeletsa Jehova hammoho le ’mè oa ka.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke se ke e-na le thabo ea sebele le metsoalle ea ’nete. Ke ntse ke rata ’mino empa ke se ke khetha oo ke o mamelang. Ke khona ho thusa ba lelapa leso le ba bang, haholo-holo bacha, ka tseo ke fetileng ho tsona bophelong. Ke batla ho ba thusa ho hlokomela hore boholo ba lintho tsa lefatše lena li ka ’na tsa bonahala li le ntle empa qetellong ke “lithōle tse ngata” feela.—Bafilipi 3:8.

Ke fumane metsoalle e tšepahalang ka phuthehong ea Bokreste, moo ho renang lerato le khotso. Ka holim’a tsohle, ka lebaka la hore ke ile ka atamela haufi le Jehova, ke ile ka qetella ke fumane Ntate.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Sehlooho se reng “Mamello e Tsoala Katleho,” se hlaha Molula-Qhooeng oa February 1, 2000, leqepheng la 4-6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“Ke khonne ho khutlela ho Jehova ka lebaka la hore o ile a nkhulela ho eena hape”