Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Ke Mang ea Ileng a Romela “Naleli”?

Ke Mang ea Ileng a Romela “Naleli”?

▪ Na u kile ua shebella litšoantšiso tsa tsoalo ea Jesu tse bontšang marena a mararo, kapa banna ba bohlale, ba etetseng Jesu ha e sa le lesea le behiloeng ka sejelong? Ho latela pale eo, Molimo o ile a sebelisa naleli hore e ba tataisetse setaleng Bethlehema. Linaheng tse ling, bana ba bangata ba bile ba tšoere mabitso a marena ao a mararo ka hlooho—Melchior, Caspar le Baltazar. Empa na pale eo e tloaelehileng e tšoana hantle le seo Bibele e se bolelang? Che. Likarolong tse ngata pale eo e fosahetse.

Ea pele, banna bao e ne e le bo-mang? Mangolong a Segerike sa khale, Bibele ha e ba bitse marena kapa banna ba bohlale. E ne e le linohe tsa linaleli. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba sebelisa tsebo ea bohetene ea ho noha ka linaleli. Bibele ha e bolele mabitso a bona kapa hore na ba ne ba le bakae.

Ea bobeli, banna bao ba ile ba eta neng? Eseng ha Jesu e ne e sa le lesea le ka sejelong. Re tseba joang? Mongoli oa Kosepele Matheu, o re: “Ha li kena ka tlung tsa bona ngoana e monyenyane le ’m’ae Maria.” (Matheu 2:11) Hlokomela hore Jesu e ne e se e se lesea, empa e ne e le “ngoana e monyenyane.” Maria le Josefa ba ne ba se ba sa lule ka setaleng, empa ba ne ba se ba le ka tlung.

Ea boraro, ke mang ea ileng a romela “naleli” hore e tataise linohe tsa linaleli? Baruti ba bangata ba re Molimo ke eena ea ileng a romela “naleli.” Na ke ’nete? Hopola hore qalong “naleli” ha ea ka ea tataisetsa linohe tseo tsa linaleli Bethlehema. Ho e-na le hoo, e ile ea li lebisa ho Morena Heroda, Jerusalema. Li ile tsa bolella morena eo ea mōna oa ’molai ea matla ka tsoalo ea Jesu, ’me tsa beha litaba ka tsela e tla etsa hore a hloee ngoana eo e neng e tla ba “morena oa Bajuda.” (Matheu 2:2) Ka mano, Heroda o ile a li bolella hore li tle li khutlele ho eena li tl’o ’molella sebaka seo ngoana a leng ho sona, a ba a li bolella hore le eena o batla ho ea a e’o mo tlotla. Joale “naleli” e ile ea tataisetsa linohe tseo ho Josefa le Maria. Ka hona, linohe tseo li ne li le mothating oa ho etsa hore ngoana a bolaoe hoja Molimo a se ke a kenella. Se thabisang ke hore o ile a fela a kenella. Heroda o ile a halefa haholo ha linohe tseo li sa khutlele ho eena hoo a ileng a laela hore bashanyana bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ba lulang Bethlehema le mathōko a eona ba bolaoe.—Matheu 2:16.

Hamorao ha Jehova a bua ka Jesu, o ile a re: “Ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Nahana ka taba ena: Na Ntate ea lerato le ea lokileng o ne a ka khetha ho roma linohe tsa linaleli tsa bahetene, tse sebelisang boselamose boo a bo hanetseng Molaong oa hae? (Deuteronoma 18:10) Na o ne a ka sebelisa naleli hore e li lebise ho Heroda ea kotsi ebile e le ’molai ea matla ka ho fetisisa sebakeng seo ’me li mo bolelle molaetsa oo joang kapa joang o neng o tla etsa hore lehloeo la hae le tote le ho feta? Na Molimo o ne a ka sebelisa naleli eona eo le linohe tsona tseo hore li bolelle Heroda hore na mora oa Hae ea ke keng a khona ho itšireletsa o hokae?

Ka mohlala: Molaoli oa masole ea hloahloa o roma lesole la hae leo a le tšepang hore le ee sebakeng sa lira le e’o etsa mosebetsi o kotsi haholo. Na o ne a ka bolella lira tseo hore na li tla fumana lesole la hae hokae? Ho hlakile hore o ne a ke ke a etsa joalo! Ka ho tšoanang, Jehova o ile a roma Mora oa hae lefatšeng lena le kotsi. Na O ne a ka bolella Morena Heroda ea khopo hore na Mora oa Hae o hokae nakong eo e leng ngoana ea sa khoneng ho itšireletsa? Le khale!

Joale ke mang ea ileng a romela “naleli” kapa ntho e kang naleli? Ke mang ea neng a ka thabela hore Jesu a shoe e sa le ngoana e le hore a se ke a hōla ’me a phetha mosebetsi oa hae lefatšeng? Ke mang ea khelosang batho, ea jalang mashano le ea bakang lintoa le ho bolaeana? Jesu ka boeena o ile a re ke ea “leshano ’me ke ntate oa leshano,” eo e neng e le “’molai ha a qala”—e leng Satane Diabolose.—Johanne 8:44.