Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Bacha

Moshe o Fuoa Kabelo e Khethehileng

Moshe o Fuoa Kabelo e Khethehileng

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u teng moo u shebeletse sena ha se ntse se etsahala. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Jehova Molimo le Moshe

Kakaretso: Jehova o laela Moshe hore a e’o ntša Baiseraele Egepeta.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA EXODA 3:1-14; 4:1-17.

U nahana hore sehlahla se neng se cha se ne se le joang?

․․․․․

Ho ea ka Exoda 3:4, u nahana hore Moshe o ne a shebahala joang ha a utloa lentsoe la Molimo, hona lentsoe la Moshe le ne le utloahala joang ha a araba?

․․․․․

Ha u “mametse” seo Moshe a se buang ha a ntse a botsa Jehova tlalehong ea Exoda 3:11, 13 le 4:1, 10, u nahana hore o ne a ikutloa joang?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U sebelisa lintho leha e le life tseo u nang le tsona tsa ho etsa lipatlisiso, batla ho eketsehileng ka polelo ena, “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a araba joalo ha Moshe a ne a mo botsa lebitso la Hae? *

․․․․․

Ha u nahana, ke hobane’ng ha Moshe a ne a le lesisitheho ho bua le Faro? (Ntlha e thusang: Bala Numere 12:3.)

․․․․․

Ke hobane’ng e ka ’na eaba Moshe o ne a le lesisitheho ho bua le Baiseraele ba habo?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Bofokoli boo batho ba nang le bona ba ho se itšepe.

․․․․․

Taba ea hore Jehova oa u tšepa le hore oa tseba hore u na le bokhoni.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Bophelong ba hao, ke lintho life tseo u utloang u sa itšepe ho tsona?

․․․․․

U bona eka Jehova Molimo a ka u sebelisa joang hamolemo ho sa tsotellehe mefokolo ea hao?

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u batla ho kopitsa sehlooho sena kapa ho se hatisa, e-ea Websaeteng ea www.pr418.com

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Lipaki Tsa Jehova li hatisa libuka le libukana tse ngata tse ka u thusang hore u etse lipatlisiso ha u ntse u ithuta Bibele. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.