Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Mora o Rata ho Senola Ntate’

‘Mora o Rata ho Senola Ntate’

‘Mora o Rata ho Senola Ntate’

“Ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.”—LUKA 10:22.

U KA ARABA JOANG?

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a le boemong bo ikhethang ba ho senola Ntate oa hae?

Jesu o ile a senola Ntate oa hae ho batho ba bang joang?

U ka etsisa Jesu ka litsela life ha u senola Ntate?

1, 2. Ke potso efe e ’nileng ea emisa batho ba bangata hlooho, hona hobane’ng?

‘MOLIMO ke mang?’ Potso ena e emisa batho ba bangata hlooho. Ka mohlala, le hoja batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba lumela hore Molimo ke Boraro-bo-bong, boholo ba bona baa lumela hore thuto ena ha e utloahale. Sengoli se seng seo e bileng e leng moruti se ile sa re: “Thuto ena e phahametse kelello ea motho e fokolang. Hase ntho eo ka tlhaho motho a ka e utloisisang ebile e phahametse monahano oa hae.” Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba lumelang thuto ea hore lintho li iphetotse ba lumela hore Molimo ha a eo. Ba bolela hore ho iketsahaletse feela hore pōpo eohle e hlollang e be teng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Charles Darwin a latole hore Molimo o teng, o ile a re: “Ke bona eka qeto e utloahalang ke hore taba ena eohle e phahametse bohlale ba motho.”

2 Ho sa tsotellehe seo ba se lumelang, batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa lipotso tse mabapi le ho ba teng ha Molimo. Leha ho le joalo, ha ba hlōleha ho fihlela qeto e khotsofatsang, ba bangata ba qetella ba tlohetse ho batla Molimo. Ha ho pelaelo hore Satane o ‘foufalitse likelello tsa ba sa lumelang.’ (2 Bakor. 4:4) Ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ha ba na tsebo ba bile ba ferekane mabapi le hore na ’nete ke efe ka Ntate, e leng ’Mōpi oa bokahohle!—Esa. 45:18.

3. (a) Ke mang ea re senoletseng ’Mōpi? (b) Re tla tšohla lipotso life?

3 Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore batho ba ithute ’nete ka Molimo. Hobane’ng? Hobane ke ba “ipiletsang lebitsong la Jehova” feela ba tla pholoha. (Bar. 10:13) Ho ipiletsa lebitsong la Molimo ho akarelletsa ho tseba hore na Jehova ke Motho ea joang. Jesu Kreste o ile a senolela barutuoa ba hae tsebo ena ea bohlokoa. O ile a ba senolela Ntate. (Bala Luka 10:22.) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khona ho senola Ntate ho feta kamoo motho e mong a neng a ka mo senola kateng? Jesu o ile a mo senola joang? Hona re ka etsisa Jesu joang ha re senolela batho ba bang Ntate? A re ke re tšohleng lipotso tsena.

JESU KRESTE—KE EENA FEELA EA TŠOANELEHANG

4, 5. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a le boemong bo ikhethang ba ho senola Ntate oa hae?

4 Jesu ke eena eo ka ho khetheha a neng a tšoaneleha hore a senole Ntate oa hae. Hobane’ng? Hobane pele ho bōptjoa lintho tse ling tsohle tse phelang, sebōpuoa sa moea seo hamorao e ileng ea e-ba Jesu, se ne se se ntse se le teng leholimong e le “Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.” (Joh. 1:14; 3:18) Ruri o na le boemo bo ikhethang! Nakong eo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le libōpuoa tse ling, Mora o ile a thabela lerato la Ntate oa hae ’me o ile a ithuta Eena le litšobotsi tsa Hae. E tlameha ebe Ntate le Mora ba ne ba buisana haholo ’me seo sa etsa hore lerato leo ba ratanang ka lona le matlafale ha ho ntse ho feta lilemo tse se nang palo. (Joh. 5:20; 14:31) Ruri e tlameha ebe Mora o ile a utloisisa botho ba Ntate haholo!—Bala Bakolose 1:15-17.

5 Ntate o ile a khetha Mora hore e be ’muelli oa Hae e leng “Lentsoe la Molimo.” (Tšen. 19:13) Ka lebaka leo, Jesu o ne a le boemong bo ikhethang ba hore a ka senolela batho ba bang Ntate. Ka nepo, mongoli oa Kosepele e leng Johanne o hlalosa hore Jesu, e leng “Lentsoe,” o “sefubeng sa Ntate.” (Joh. 1:1, 18) E ka ’na eaba ha Johanne a ne a bua mantsoe ao, o ne a nahanne ka mokhoa o neng o tloaelehile mehleng ea hae ha ho ne ho jeoa. Moeti e mong o ne a otla ka lehlakore ka pel’a e mong sofeng. Kaha batho bana ba babeli ba ne ba atamelane, ba ne ba ka qoqa habonolo. Kahoo, kaha Mora o ne a le “sefubeng,” o ne a buisana ka mofuthu le Ntate oa hae.

6, 7. Kamano e pakeng tsa Ntate le Mora e ile ea tsoela pele e matlafala joang?

6 Kamano e pakeng tsa Ntate le Mora e ile ea tsoela pele e matlafala. Mora ‘ea e-ba eo Molimo a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi.’ (Bala Liproverbia 8:22, 23, 30, 31.) Kahoo, hoa utloahala hore maqhama a ile a tiea pakeng tsa bona ha ba ntse ba sebetsa hammoho le ha Mora a ntse a ithuta ho etsisa litšobotsi tsa Ntate oa hae. Ha ho ne ho bōptjoa libōpuoa tse ling tse bohlale, Mora o ile a bona kamoo Jehova a sebelisanang le tsona ka bomong kateng, ’me ha ho pelaelo hore o ile a ananela botho ba Molimo haholo.

7 Esita le ha hamorao Satane a ne a e-ba khahlanong le tokelo ea Jehova ea ho busa, Mora o ile a ba le monyetla oa ho ithuta kamoo Jehova a neng a tla sebelisa lerato, toka, bohlale le matla kateng ha A ne a tlameha ho sebetsana le boemo bo boima. Ha ho pelaelo hore seo se ile sa thusa Jesu hore a khone ho sebetsana le mathata ao a ileng a thulana le ’ona hamorao tšebeletsong ea hae lefatšeng.—Joh. 5:19.

8. Litlaleho tsa Likosepele li re thusa joang hore re ithute ka litšobotsi tsa Ntate?

8 Ka lebaka la kamano ea hae e haufi le Jehova, Mora o hlalositse Ntate ka tsela e qaqileng ho feta kamoo motho e mong a neng a ka mo hlalosa kateng. Tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka tsebang Ntate ka eona ke ho tšohla seo Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši a ileng a se ruta le ho se etsa. Ho tea mohlala, nahana hore na ho ne ho tla ba thata hakae hore re utloisise ka botlalo se boleloang ke lentsoe “lerato” haeba re ne re ka bala tlhaloso ea lona dikishinaring feela. Leha ho le joalo, ha re nahana ka litlaleho tse hlakileng tsa bangoli ba Likosepele tse mabapi le tšebeletso ea Jesu le tsela eo a neng a hlokomela batho ba bang ka eona, re ka utloisisa hantle polelo ena e reng “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8, 16) Sena ke ’nete le ka litšobotsi tse ling tsa Molimo tseo Jesu a ileng a li senolela barutuoa ba hae ha a ne a le mona lefatšeng.

KAMOO JESU A SENOTSENG NTATE OA HAE KATENG

9. (a) Jesu o senotse Ntate oa hae ka litsela life tse peli? (b) Fana ka mohlala o bontšang kamoo Jesu a senotseng Ntate oa hae kateng ka lithuto tsa hae.

9 Jesu o ile a senolela barutuoa ba hae Ntate joang hammoho le bao e neng e tla ba balateli ba hae ka moso? O entse seo ka litsela tse peli: ka lithuto tsa hae le ka boitšoaro ba hae. A re qaleng ka ho tšohla lithuto tsa hae. Seo Jesu a ileng a se ruta balateli ba hae se ne se bontša hore o ne a utloisisa menahano, maikutlo le litsela tsa Ntate oa hae hantle. Ka mohlala, o ile a tšoantša Ntate oa hae le motho ea tsotellang mohlape oa hae, ea tsoang ho ea batla nku e le ’ngoe e lahlehileng. Jesu o ile a re ha mong’a mohlape a fumana nku eo e lahlehileng, “o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang.” Papiso ee e ne e bolela’ng? Ha a e hlalosa o ile a re: “Ka ho tšoanang hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.” (Mat. 18:12-14) Papiso ee e u ruta’ng ka Jehova? Esita le haeba ka linako tse ling u ikutloa eka ha u letho ebile Ntate oa hao ea leholimong o u lebetse, hopola hore oa u rata ebile oa u tsotella. Ho eena u e mong oa “ba banyenyane bana.”

10. Jesu o ile a senola Ntate oa hae joang ka boitšoaro ba hae?

10 Tsela ea bobeli eo Jesu a senoletseng barutuoa ba hae Ntate ka eona ke ka boitšoaro ba hae. Kahoo, ha moapostola Filipi a ne a kōpa Jesu a re: “Re bontše Ntate,” ka nepo Jesu o ne a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:8, 9) Nahana ka mehlala e meng ea kamoo Jesu a bontšitseng litšobotsi tsa Ntate oa hae kateng. Ha molepera e mong a ne a kōpa Jesu ka tieo hore a mo phekole, Jesu o ile a ama monna eo “ea tletseng lepera” ’me a re ho eena: “Kea batla. Hloeka.” Ha ho pelaelo hore ha molepera eo a se a phekotsoe, o ile a hlokomela hore Jehova ke eena ea neng a file Jesu matla a hore a mo phekole. (Luka 5:12, 13) Ho feta moo, e tlameha ebe barutuoa ba ile ba hlokomela hore Ntate o na le kutloelo-bohloko ha Jesu “a [ne a] bobola moeeng ’me a khathatseha” a bile “a lla,” lefung la Lazaro. Le hoja Jesu a ne a tseba hore o ne a tla tsosa Lazaro, o ile a utloa bohloko boo ba lelapa labo Lazaro le metsoalle ba neng ba bo utloa. (Joh. 11:32-35, 40-43) Ha ho pelaelo hore ho na le litlaleho tsa Bibele tse buang ka Jesu tseo u li ratang haholo, tse u thusang hore u bone mohau oo Ntate a o bontšang.

11. (a) Ha Jesu a ne a hloekisa tempele, o ile a senola eng ka Ntate oa hae? (b) Ke hobane’ng ha tlaleho ea Jesu ea ho hloekisa tempele e re khothatsa?

11 Leha ho le joalo, u nahana’ng ka taba ea hore ebe Jesu o ile a hloekisa tempele? Ak’u nahane ka ketsahalo ena: Jesu o etsa sephali sa liropo, ’me o leleka ba rekisang likhomo le linku. O tšolla lichelete tsa tšepe tsa ba ananyang chelete e bile o phethola litafole tsa bona. (Joh. 2:13-17) Ketso eo e matla e ile ea hopotsa barutuoa ba Jesu mantsoe a Morena Davida a boprofeta a reng: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” (Pes. 69:9) Taba ea hore ebe Jesu o ile a nka bohato ka tieo e bontša hore o ne a e-na le takatso e matla ea ho sireletsa borapeli ba ’nete. Na tlaleho eo ha e u bontše botho ba Ntate? E re hopotsa hore Molimo o na le matla a ke keng a lekanngoa a ho felisa bokhopo lefatšeng ebile ha e le hantle o batla ho bo felisa. Bohato bona bo matla boo Jesu a ileng a bo nka mabapi le batho ba etsang bobe bo senola kamoo Ntate a ikutloang kateng ha a shebile bokhopo bo atileng lefatšeng kajeno. Ruri seo sea re khothatsa ha re tšoaroa ka ho hloka toka!

12, 13. Tsela eo Jesu a neng a tšoara barutuoa ba hae ka eona e ka u ruta’ng ka Jehova?

12 A re ke re tšohleng mohlala o mong—e leng tsela eo Jesu a neng a tšoara barutuoa ba hae ka eona. Ba ne ba lula ba phehisana ka hore na e moholo ke mang. (Mar. 9:33-35; 10:43; Luka 9:46) Kaha Jesu o ne a qetile nako e telele a e-na le Ntate oa hae, o ne a tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka mekhoa eo ea boikhohomoso. (2 Sam. 22:28; Pes. 138:6) Ho feta moo, Jesu o ne a ile a bona ha Satane Diabolose a bontša mekhoa eo. Moikhohomosi eo o ne a amehile haholo ka botumo le maemo a phahameng. Kahoo, e tlameha ebe Jesu o ile a sareloa hakaakang ha a bona barutuoa bao a ba koetlisitseng ba tsoela pele ba bontša mokhoa oo oa ho rata ho hlahella! Mokhoa oo o ne o le teng le har’a bao a neng a ba khethile hore e be baapostola! Ba ile ba bontša mokhoa oo oa ho rata ho hlahella ho fihlela letsatsing la ho qetela la bophelo ba Jesu mona lefatšeng. (Luka 22:24-27) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele a ba khalemela ka mosa, ho se mohla a felloang ke tšepo ea hore qetellong ba tla ithuta ho etsisa boikutlo ba kelello ba ho ikokobetsa boo a neng a e-na le bona.—Bafil. 2:5-8.

13 Na u hlokomela botho ba Jehova tseleng eo Jesu a ileng a etsisa Ntate oa hae ka eona ’me ka mamello a khalemela barutuoa ba hae ka mokhoa o fosahetseng oo ba neng ba e-na le oona? Na seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa hase u rute ho hong ka Ntate? Ntate oa hae ha a lahle batho ba hae le hoja ba etsa liphoso khafetsa. Na ho tseba hore Molimo o na le litšobotsi tseo ha ho re susumelletse hore ha re etsa liphoso re rapele ’me re mo bolelle hore re bakile?

MORA O SENOTSE NTATE KA BOITHATELO

14. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a ikemiselitse ho senola Ntate oa hae?

14 Babusi ba bangata ba bahatelli ba leka ho laola batho ka hore ba se ke ba ba fa tsebo eo ba e hlokang. Ho fapana le seo, Jesu o ne a ikemiselitse ho bolella ba bang seo a se tsebang ka Ntate oa hae, ho ba senolela Eena ka botlalo. (Bala Matheu 11:27.) Ho phaella moo, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae “matla a kelello e le hore [ba] ka ba le tsebo ea oa ’nete,” e leng Jehova Molimo. (1 Joh. 5:20) Seo se bolela’ng? Jesu o ile a bula likelello tsa balateli ba hae e le hore ba ka utloisisa lithuto tsa hae mabapi le Ntate. Ha aa ka a pata Ntate oa hae ka thuto e sa tloaelehang eo batho ba sa e utloisiseng, e kang thuto ea Boraro-bo-bong.

15. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a bolella barutuoa ba hae ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e tseba ka Ntate oa hae?

15 Na Jesu o ile a senola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e tseba ka Ntate oa hae? Che, o ile a bontša bohlale ka hore a se ke a bolela lintho tse ngata tseo a neng a li tseba. (Bala Johanne 16:12.) Hobane’ng? Hobane ka nako eo, barutuoa ba hae ba ne ba sa ‘khone ho jara’ tsebo eo. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a hlalositse, tsebo e ngata e ne e tla senoloa ha ho fihla “mothusi,” e leng moea o halalelang, o neng o tla ba tataisetsa “’neteng eohle.” (Joh. 16:7, 13) Feela joalokaha batsoali ba bohlale ba ka ’na ba se ke ba bolella bana ba bona boitsebiso bo itseng ho fihlela ba hōla e le hore ba ka bo utloisisa, Jesu le eena o ile a ema ho fihlela barutuoa ba hae ba ka khona ho utloisisa linnete tse itseng mabapi le Ntate. Ka mosa Jesu o ile a nahanela bofokoli ba bona.

ETSISA JESU KA HORE U THUSE BATHO BA BANG HO TSEBA JEHOVA

16, 17. Ke hobane’ng ha u khona ho senola Ntate ho batho ba bang?

16 Ha u tseba motho ea itseng hantle ’me u hlokomela hore o na le botho bo ratehang, na ha u susumelletsehe hore u bolelle batho ba bang ka eena? Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a bua ka Ntate oa hae. (Joh. 17:25, 26) Na re ka khona ho mo etsisa ka hore re senole Jehova ho batho ba bang?

17 Joalokaha re se re hlokometse, Jesu o ne a tseba Ntate oa hae hantle ho feta kamoo batho ba bang ba neng ba mo tseba kateng. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho bolella batho ba bang lintho tse ling tseo a li tsebang, o ile a ba a fa balateli ba hae matla a kelello a hore ba utloisise litšobotsi tse tebileng tsa botho ba Molimo. Na Jesu ha aa re thusa hore re tsebe Ntate oa rōna ka tsela e fetang eo batho ba bangata ba mo tsebang ka eona kajeno? Ka sebele re leboha hore ebe ka boithatelo Jesu o ile a re senolela Ntate oa hae ka lithuto le ka boitšoaro ba hae! Ha e le hantle, ka nepo re ka ’na ra ithorisa ka hore re tseba Ntate. (Jer. 9:24; 1 Bakor. 1:31) Kaha re ’nile ra ikitlaelletsa ho atamela ho Jehova, le eena o atametse ho rōna. (Jak. 4:8) Kahoo, hona joale re ka ruta batho ba bang seo re se tsebang ka Jehova. Re ka etsa seo joang?

18, 19. U ka senola Ntate ho batho ba bang ka litsela life? Hlalosa.

18 Re lokela ho etsisa Jesu ka hore re senole Ntate ka lipolelo le ka liketso. Hopola hore batho ba bangata bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo ha ba tsebe hore na Molimo ke mang. Kaha ba ’nile ba rutoa lithuto tsa bohata, ba ka ’na ba ba le menahano e fosahetseng ka Molimo. Re ka ba ruta seo re se tsebang ka lebitso la Molimo, morero oa hae ka batho le botho ba hae, kaha lintho tsena li senotsoe ka Bibeleng. Ho feta moo, re ka buisana le balumeli-’moho le rōna ka litlaleho tse ling tsa Bibele tse senolang botho ba Molimo ka tsela eo re neng re sa li utloisise ka eona pele. Ka tsela eo, le bona ba ka rua molemo.

19 E ka ba hantle hore u senole Ntate ka boitšoaro ba hao ha u ntse u ikitlaelletsa ho etsisa Jesu. Ha batho ba bona lerato la Kreste ka tsela eo re etsang lintho ka eona, le bona ba ka ’na ba batla ho ba le kamano e haufi le Jesu le Ntate oa hae. (Baef. 5:1, 2) Moapostola Pauluse o ile a re khothalletsa hore re be ‘baetsisi ba hae, esita le joalokaha e ne e le oa Kreste.’ (1 Bakor. 11:1) Ruri re na le tlotla e babatsehang ea ho thusa batho ka tsela eo re etsang lintho ka eona hore ba bone hore na Jehova o joang! E se eka kaofela re ka lula re etsisa Jesu ka hore re senole Ntate ho batho ba bang.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]