Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o re Sireletsa Bakeng sa Poloko

Jehova o re Sireletsa Bakeng sa Poloko

Jehova o re Sireletsa Bakeng sa Poloko

“[Le ntse le] . . . sireletsoa ke matla a Molimo ka tumelo bakeng sa poloko e loketseng ho senoloa nakong ea ho qetela.”—1 PET. 1:4, 5.

U KA ARABA JOANG?

Jehova o re huletse borapeling ba ’nete joang?

Ke ka tsela efe re ka lumelang hore Jehova a re tataise ka keletso ea hae?

Jehova o re khothatsa joang?

1, 2. (a) Ke eng e re kholisang hore Molimo o tla re thusa hore re lule re tšepahala? (b) Jehova o tseba e mong le e mong oa rōna hantle hakae?

“EA MAMELETSENG ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Mat. 24:13) Ha Jesu a ne a bua mantsoe ao, o ne a bontša ka ho hlaka hore e le hore re tle re pholohe ha Molimo a timetsa lefatše la Satane, re lokela ho tšepahala ho isa bofelong. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Jehova o lebeletse hore re mamelle ka hore re tšepe bohlale kapa matla a rōna. Bibele e re tiisetsa sena: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakor. 10:13) Mantsoe aa a bolela’ng?

2 E le hore Jehova a tiise hore ha re lekoe ho feta seo re ka se jarang, o lokela hore a tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rōna, ho akarelletsa le mathata ao re thulanang le ’ona, hore na re batho ba mofuta ofe le hore na ke sefe seo re ka se mamellang. Na ehlile Molimo o re tseba hantle hakaalo? E ho joalo. Mangolo a bolela hore Jehova o tseba e mong le e mong oa rōna hantle. O tseba lintho tseo re li etsang letsatsi le letsatsi le hore na mekhoa ea rōna ke efe. O khona le ho lemoha menahano ea rōna le boikemisetso ba lipelo tsa rōna.—Bala Pesaleme ea 139:1-6.

3, 4. (a) Se etsahetseng ho Davida se bontša joang hore Jehova o thahasella batho ka bomong? (b) Ke mosebetsi ofe o hlollang oo Jehova a o finyellang kajeno?

3 Na ho bonahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala hore Molimo a thahaselle batho bao e leng libōpuoa tsa boemo bo tlaase? Mopesaleme Davida o ile a nahana ka potso ena ’me a re ho Jehova: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole?” (Pes. 8:3, 4) Mohlomong Davida o ile a botsa potso ena ka lebaka la lintho tse neng li etsahetse ho eena. Jehova o ne a nka mora enoa oa ho fela oa Jese e le “monna ea ratoang ke pelo ea hae” ’me o ne a mo tlositse moo a neng a ‘latela mohlape hore e be moeta-pele’ oa Iseraele. (1 Sam. 13:14; 2 Sam. 7:8) Nahana feela hore na e tlameha ebe Davida o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore ’Mōpi oa leholimo le lefatše o ne a ela hloko ho thuisa ha hae, e leng menahano ea moshanyana oa molisana!

4 Thahasello eo Jehova a e bontšang ho rōna kajeno le eona ea hlolla. O bokella “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” borapeling ba ’nete ’me o thusa bahlanka ba hae hore ba lule ba tšepahala. (Hag. 2:7) E le hore re utloisise hantle hore na Jehova o re thusa joang hore re lule re tšepahala, a re ke re nahaneng ka taba ea hore na ha e le hantle o hulela batho borapeling ba ’nete joang.

HO HULOA KE MOLIMO

5. Jehova o hulela batho ho Mora oa hae joang? Bontša.

5 Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 6:44) Mantsoe ao a bontša hore Molimo ke eena ea re thusang hore re be barutuoa ba Kreste. Jehova o hulela batho ba kang linku ho Mora oa hae joang? O sebelisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le moea o halalelang. Ka mohlala, ha Pauluse le baromuoa-’moho le eena ba ne ba le Filipi, ba ile ba kopana le mosali ea bitsoang Lydia ’me ba qala ho mo bolella litaba tse molemo. Tlaleho e bululetsoeng e re: “Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse.” Molimo o ile a mo thusa ka moea o halalelang hore a utloisise molaetsa, ’me eena le ba ntlo ea hae ba ile ba kolobetsoa.—Lik. 16:13-15.

6. Kaofela ha rōna Molimo o re huletse borapeling ba ’nete joang?

6 Na se etsahetseng ho Lydia se etsahetse ho eena feela? Che, ha ho joalo. Haeba u Mokreste ea inehetseng, le uena Molimo o ile a u hulela borapeling ba ’nete. Feela joalokaha Ntate oa rōna ea leholimong a ile a bona hore ho na le ntho ea bohlokoa pelong ea Lydia, o bone hore ho na le ntho e ntle le ho uena. Ha u ne u qala ho utloa litaba tse molemo, Jehova o ile a u thusa hore u li utloisise ka hore a u fe moea o halalelang. (1 Bakor. 2:11, 12) Ha u ne u etsa boiteko ba hore u sebelise seo u ithutileng sona, o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hao ba hore u etse thato ea hae. O ile a thaba ha u ne u inehela ho eena. Ka sebele, ho tloha ha u ne u qala ho kena tseleng ena e isang bophelong, haesale Jehova a e-na le uena.

7. Re tseba joang hore Molimo o tla re thusa hore re lule re tšepahala?

7 Kaha Jehova o ile a re thusa ha re ne re qala ho tsamaea le eena, hona joale ha a re tlohele hore re ikhoantlelle e le hore re lule re tšepahala. Oa tseba hore feela joalokaha re sa itlisa borapeling ba ’nete, re hloka thuso e le hore re lule re le ’neteng. Ha moapostola Petrose a ne a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng o ile a re: “[Le ntse le] . . . sireletsoa ke matla a Molimo ka tumelo bakeng sa poloko e loketseng ho senoloa nakong ea ho qetela.” (1 Pet. 1:4, 5) Mantsoe ao a Petrose a sebetsa ho Bakreste bohle ’me kaofela ha rōna re lokela ho a thahasella kajeno. Hobane’ng? Hobane kaofela ha rōna re hloka thuso ea Molimo e le hore re lule re tšepahala ho eena.

RE THUSOA HORE RE SE KE RA NKA MOHATO O FOSAHETSENG

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlokomela hore re se ke ra nka mohato o fosahetseng?

8 Mathata a bophelo hammoho le ho se phethahale ha rōna li ka etsa hore re otsele moeeng ’me seo se ka etsa hore re nke mohato o fosahetseng le pele re hlokomela. (Bala Bagalata 6:1.) Sena se totobatsoa ke se ileng sa etsahala bophelong ba Davida.

9, 10. Jehova o ile a thibela Davida ho nka mohato o fosahetseng joang, ’me ke sefe seo A re etsetsang sona kajeno?

9 Nakong eo Davida a neng a ntse a tsongoa ke Morena Saule, o ile a ithiba ka tsela e tsotehang hore a se ke a iphetetsa ho morena eo ea neng a le mona. (1 Sam. 24:2-7) Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae Davida o ile a hlōleha ho itšoara. O ne a batlela banna bao a tsamaeang le bona lijo ’me ka tlhompho o ile a kōpa monna e mong oa habo oa Moiseraele ea bitsoang Nabale hore a mo thuse. Ha Nabale a mo rohaka, Davida o ile a halefa ’me a kena tseleng ho ea iphetetsa ka ho bolaea banna bohle ba ntlo ea Nabale, a sa hlokomele hore ho bolaea batho ba se nang molato ho ne ho tla etsa hore Molimo a mo nke a le molato oa mali. Mosali oa Nabale e leng Abigaile, o ile a nka bohato ka nako e nepahetseng ’me a thibela Davida ho etsa phoso eo e tšabehang. Ha Davida a hlokomela kamoo Jehova a sebelisitseng Abigaile kateng, o ile a re ho eena: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao, ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali le ho etsa hore letsoho la ka le mpoloke.”—1 Sam. 25:9-13, 21, 22, 32, 33.

10 Tlaleho ee e re ruta’ng? Jehova o ile a sebelisa Abigaile ho thibela Davida ho nka mohato o fosahetseng. Le rōna o re etsetsa se tšoanang kajeno. Leha ho le joalo, sena hase bolele hore re lokela ho lebella hore nako le nako ha re le mothating oa ho etsa phoso Molimo o tla romela motho ea tla re thibela ho e etsa; kapa re nahane hore re tla tseba hantle hore na ke bohato bofe boo Molimo a tla bo nka boemong leha e le bofe kapa hore na ke sefe seo a tla se lumella ho phethahatsa morero oa hae. (Moek. 11:5) Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore kamehla Jehova o hlokomela maemo ao re leng ho ’ona le hore o tla re thusa hore re lule re tšepahala ho eena. O re tiisetsa sena: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pes. 32:8) Jehova o re fa keletso joang? Re ka rua molemo joang ho eona? Hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tataisa batho ba hae kajeno? Hlokomela kamoo lipotso tseo li arajoang kateng bukeng ea Tšenolo.

HO SIRELETSOA KE KELETSO

11. Jehova o tseba se etsahalang ka har’a liphutheho tsa batho ba hae hakae?

11 Ponong e tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 2 le ea 3, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o hlahloba liphutheho tse supileng tsa Asia Minor. Ponong ena Kreste o bua ka lintho tse neng li etsahala ebile o bua ka batho ba itseng ka ho khetheha. Maemong a mang ebile o bolela batho ka mabitso, o fana ka pabatso e loketseng kapa keletso. See se bontša’ng? Ha pono eo e phethahatsoa, liphutheho tse supileng li emela Bakreste ba tlotsitsoeng, ka mor’a 1914, ’me keletso e fuoang liphutheho tseo tse supileng e sebetsa le ho liphutheho tsohle tsa batho ba Molimo lefatšeng lohle kajeno. Kahoo, ho loketse hore re fihlele qeto ea hore Jehova o sebelisa Mora oa hae ho tataisa batho ba hae. Re ka etsa joang hore tataiso eo e re tsoele molemo?

12. Ke ka tsela efe re ka lumellang Jehova hore a re tataise?

12 Tsela e ’ngoe eo re ka ruang molemo ka eona tataisong ea Jehova e lerato ke ka hore re etse thuto ea botho. Jehova o sebelisa lingoliloeng tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene ho re fa letlotlo la keletso e tsoang Mangolong. (Mat. 24:45) Leha ho le joalo, e le hore keletso eo e re tsoele molemo, re lokela ho ipha nako ea ho ithuta eona le hore re sebelise seo re ithutang sona. Thuto ea botho ke tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a ka re ‘lebelang hore re se ke ra khoptjoa.’ (Juda 24) Na u se u kile ua ithuta ntho e ’ngoe ka har’a lingoliloeng tsa rōna eo ho neng ho bonahala e ka e ngoletsoe uena ka ho khetheha? Amohela keletso eo ’me u e nke e le e tsoang ho Jehova. Feela joalokaha motsoalle a ka ’na a u sisinya ho u hlokomelisa ntho e itseng, Jehova a ka sebelisa moea oa hae ho re hlokomelisa moo ho hlokahalang hore re ntlafatse teng boitšoarong kapa bothong ba rōna. Ha re ela hloko tataiso ea moea, re lumella Jehova hore a re tataise. (Bala Pesaleme ea 139:23, 24.) Mabapi le taba ena, re etsa hantle ha re hlahloba hore na tsela eo re ithutang ka eona e joang.

13. Ke hobane’ng ha e ka ba bohlale hore re hlahlobe tsela eo re ithutang ka eona?

13 Haeba re qeta nako e ngata boithabisong, seo se ka re jella nako ea ho etsa thuto ea botho. Mora e mong oabo rōna o re: “Ho bonolo haholo hore nako ea ho ithuta e re phonyohe. Hona joale ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithabisang ka tsona ho feta neng kapa neng, ebile li theko e tlaase le ho feta. Boithabiso bo fumaneha thelevisheneng, lik’homphieutheng le lifonong. Bo fumaneha hohle.” Haeba re se hlokolosi, nako eo re e sebelisang ho etsa thuto ea botho e ka ’na ea fokotseha hoo re ka qetellang re se re se na eona ho hang. (Baef. 5:15-17) E ka ba hantle hore e mong le e mong oa rōna a ipotse: ‘Ke ipha nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo ka botebo hangata hakae? Na ke feela ha ke e-na le puo kapa ho e-na le karolo e il’o tšohloa sebokeng eo ke lokelang ho e lokisetsa?’ Haeba ho joalo, mohlomong e ka ba hantle hore re sebelise mantsiboea a beheletsoeng ka thōko bakeng sa borapeli ba lelapa kapa thuto ea botho ho ithuta ka botebo le ho batlisisa bohlale ba Jehova ka Bibeleng feela joalokaha re ne re tla batla matlotlo. Bohlale bona bo ka re sireletsa ba ba ba re thusa hore re tšepahale ho isa bofelong.—Liprov. 2:1-5.

HO MATLAFATSOA KE KHOTHATSO

14. Mangolo a bontša joang hore Jehova o ela hloko tsela eo re ikutloang ka eona?

14 Davida o ile a thulana le maemo a mangata a sithabetsang bophelong ba hae. (1 Sam. 30:3-6) Mantsoe a hae a bululetsoeng a bontša hore Jehova o ne a tseba kamoo a ikutloang kateng. (Bala Pesaleme ea 34:18; 56:8.) Le rōna Molimo oa tseba hore na re ikutloa joang. Ha re ‘robehile lipelo’ kapa re ‘sithabetse moeeng,’ o ba haufi le rōna. Sena se ka ’na sa re khothatsa joalokaha se ile sa khothatsa Davida ea ileng a bina a re: “Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la mosa oa hao o lerato, ka hore ebe u bone mahloreho a ka; u tsebile ka mahlomola a moea oa ka.” (Pes. 31:7) Empa Jehova ha a hlokomele mahlomola a rōna feela. O re matlafatsa ka hore a re tšelise a be a re khothatse. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka liboka tsa Bokreste.

15. Re ka ithuta’ng ho se etsahalletseng Asafe?

15 Molemo o mong oa ho ba teng libokeng o bontšoa ke se ileng sa etsahala ho mopesaleme Asafe. Ha Asafe a ne a lula a nahana ka ho hloka toka, seo se ile sa etsa hore a ipotse hore na ho sebeletsa Molimo ho na le thuso. Asafe o ile a nyahama. O ile a hlalosa kamoo a neng a ikutloa kateng ka tsela ena: “Etsoe pelo ea ka e ne e utloile bohloko ke ne ke utloa bohloko bo hlabang liphiong tsa ka.” Ka lebaka leo, o ile a batla a khaotsa ho sebeletsa Jehova. Asafe o ile a thusoa ke’ng hore a boele a shebe lintho hantle? O ile a re: “[Ke ile ka] kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo.” Ha a le moo, har’a batho ba rapelang Jehova hammoho le eena, o ile a boela a sheba lintho ka tsela e nepahetseng. O ile a hlokomela hore katleho ea batho ba khopo e ne e le ntho ea nakoana feela, le hore joang kapa joang Jehova o ne a tla lokisa lintho. (Pes. 73:2, 13-22) Hoa tšoana le ho rōna kajeno. Khatello ea maikutlo e bakoang ke ho sebetsana le ho hloka toka ha lefatše la Satane e ka etsa hore re khathale. Ho ba ’moho le bara le barali babo rōna libokeng hoa re khatholla ebile ho re thusa hore re boele re thabele ho sebeletsa Jehova.

16. Mohlala oa Anna o ka re tsoela molemo joang?

16 Ho thoe’ng haeba boemo bo ka phuthehong bo etsa hore u thatafalloe ke ho ea libokeng? Mohlomong u ile ua tlohelisoa tšebeletso e itseng eo u neng u e etsa ka phuthehong ’me seo se u hlabisa lihlong, kapa mohlomong u ile ua qabana le mora kapa morali e mong oabo rōna. Haeba ho joalo, mohlomong u ka ’na ua thusoa ke mohlala oa Anna. (Bala 1 Samuele 1:4-8.) Hopola hore o ne a tšoenngoa ke bothata bo neng bo le teng pakeng tsa hae le mohalitsong oa hae Penina. Boemo bona bo ne bo mpefala selemo le selemo ha lelapa le ne le e-ea Shilo ho ea etsetsa Jehova mahlabelo. Anna o ne a utloa bohloko hoo “a neng a lla ’me a sa je.” Leha ho le joalo, o ne a sa lumelle boemo bona hore bo mo sitise ho ba teng liketsahalong tseo ho tsona ho rapeloang Jehova. Jehova o ile a ela hloko botšepehi ba hae eaba oa mo hlohonolofatsa.—1 Sam. 1:11, 20.

17, 18. (a) Re fumana khothatso joang ha re le libokeng tsa phutheho? (b) U ikutloa joang ka mosa oo Jehova a re bontšang oona e le hore a re thuse ho pholoha?

17 Kajeno, Bakreste ba na le lebaka le utloahalang la ho latela mohlala oa Anna. Re lokela ho ba teng kamehla libokeng. Joalokaha kaofela ha rōna re hlokometse, liboka li re khothatsa haholo. (Baheb. 10:24, 25) Mofuthu oa ho ba le Bakreste-’moho oa re khothatsa. Ntlha e hlahang puong kapa karabong eo motho a fanang ka eona e ka ’na ea re ama. Molumeli-’moho le rōna a ka ’na a re mamela kapa a re khothatsa ha re buisana le eena pele ho liboka kapa ka mor’a tsona. (Liprov. 15:23; 17:17) Ha re binela Jehova, seo se re hlabolla moea. Haholo-holo ha re e-ba le ‘menahano e hlokisang botsitso’ re hloka khothatso eo re e fumanang libokeng, moo Jehova a re matlafatsang ka ‘matšeliso a hae’ a bileng a re thusang ha re leka ho lula re tšepahala.—Pes. 94:18, 19.

18 Kaha re ikutloa re sireletsehile ka lebaka la mosa oa Molimo oa rōna, re ikutloa kamoo mopesaleme Asafe a neng a ikutloa kateng ha a ne a binela Jehova a re: “U tšoere letsoho la ka le letona. U tla ntsamaisa ka keletso ea hao.” (Pes. 73:23, 24) Ruri rea thaba hore ebe Jehova o re sireletsa bakeng sa poloko!

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Le uena u hutsoe ke Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Rea sireletsoa ha re mamela keletso ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Re matlafatsoa ke khothatso eo re e fuoang