Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Kajeno Bakreste ba Lokela ho Tšehetsa Lipolotiki?

Na Kajeno Bakreste ba Lokela ho Tšehetsa Lipolotiki?

Na Kajeno Bakreste ba Lokela ho Tšehetsa Lipolotiki?

BAKRESTE ba ’nete kajeno ha ba tšehetse lipolotiki. Hobane’ng? Hobane ba latela mohlala oa Jesu. Eena ka boeena o ile a re: ‘Ha ke karolo ea lefatše.’ Ha a bua le balateli ba hae o ile a re: “Ha le karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19; 17:14) Hlokomela a mang a mabaka a etsang hore Bakreste ba se ke ba kenella lipolotiking.

1. Batho ba na le bofokoli. Bibele e bolela hore batho ha ba na tokelo kapa bona bokhoni ba ho ipusa. Moprofeta Jeremia o ile a ngola a re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Feela joalokaha batho ba ne ba sa bōpeloa ho fofa ka katleho ka matla a bona, ka tsela e tšoanang ba ne ba sa bōpeloa ho ipusa ka katleho. Ha a bua ka bofokoli boo mebuso e nang le bona, rahistori David Fromkin, o re: “Mebuso e tsamaisoa ke batho; ka hona ba tla lula ba ntse ba hlōleha ebile bokamoso ba bona bo lerootho. Ba na le matla, empa a lekanyelitsoe.” (The Question of Government) Hase feela Bibele e re lemosang hore re se ke ra tšepa batho!—Pesaleme ea 146:3.

2. Hona joale lefatše le laoloa ke meea e khopo. Ha Satane a ne a tšepisa ho fa Jesu mebuso ea lefatše, Jesu ha aa ka a latola hore Diabolose o na le matla a ho mo fa mebuso eohle ea lefatše. Ha e le hantle, nakoana ka mor’a moo Jesu o ile a re Satane ke “’musi oa lefatše.” Lilemo tse itseng hamorao, moapostola Pauluse o ile a re Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (Johanne 14:30; 2 Bakorinthe 4:4) Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Re loana . . . le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Batho ha ba hlokomele hore meea e khopo ke eona eo ha e le hantle e busang lefatše. Seo se lokela ho ama tsela eo re talimang lipolotiki ka eona joang?

Nahana ka papiso ena: Joalokaha likepe tse nyenyane li laoloa ke meea e matla ea leoatle, mebuso ea lipolotiki le eona e laoloa ke meea e matla e khopo. Hape joalokaha ho se na letho leo basesisi ba likepe ba ka le etsang ka meea ena e matla, ha ho letho leo bo-ralipolotiki ba ka le etsang ka tšusumetso ea meea ena e matla e khopo. Meea ena e ikemiselitse ho senya batho ka ho feletseng le ho tlisa ‘bomalimabe lefatšeng.’ (Tšenolo 12:12) Kahoo, ke motho ea matla ho feta Satane le bademona ba hae feela ea ka tlisang liphetoho tsa sebele. Motho eo ke Jehova Molimo ka boeena.—Pesaleme ea 83:18; Jeremia 10:7, 10.

3. Bakreste ba ’nete ba tšepa ’Muso oa Molimo feela. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba tseba hore ka nako e behiloeng, Molimo o tla theha ’muso leholimong o tla busa lefatše lohle. Bibele e re ’muso oo ke ’Muso oa Molimo ’me e bolela hore Jesu Kreste o khethiloe hore e be Morena oa ’muso oo. (Tšenolo 11:15) Kaha ’Muso oo o ama batho bohle, taba e ka sehloohong eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e le “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) O ile a boela a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle.” Hobane’ng? Hobane ha ’Muso oo o se o busa, ka sebele thato ea Molimo e tla etsoa leholimong esita le lefatšeng.—Matheu 6:9, 10.

Joale ho tla etsahala’ng ka mebuso ea batho? Bibele e re mebuso ea “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” e tla felisoa. (Tšenolo 16:14; 19:19-21) Haeba kannete motho a lumela hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea lipolotiki, ho totobetse hore a ke ke a tšehetsa mebuso eo ea lipolotiki. Etsoe haeba a ne a ka tšehetsa mebuso eo ea batho e tlil’o felisoa, ha e le hantle o tla be a le khahlanong le Molimo.

Kaha Bakreste ba ’nete ha ba kenelle lipolotiking, na see se bolela hore ha ba tsotelle ho ntlafatsa bophelo ba sechaba libakeng tseo ba phelang ho tsona? Hlokomela karabo e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Lipaki Tsa Jehova li tšoarehile ka ho buella ’Muso oa Molimo eseng ho ntlafatsa tsamaiso ea lipolotiki