Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lithuto Tsa Bakreste li Ama Sechaba Joang?

Lithuto Tsa Bakreste li Ama Sechaba Joang?

Lithuto Tsa Bakreste li Ama Sechaba Joang?

LIHLOOHONG tse fetileng re ile ra tšohla hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa kenelle lipolotiking. Empa joale, Bakreste ba ka bontša joang hore ba thahasella ho ntlafatsa bophelo ba sechaba libakeng tseo ba phelang ho tsona? Tsela e ’ngoe ke ho latela taelo ea Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

Ho phetha taelo ea Jesu ea ho ‘etsa barutuoa’ ho amana le ho phetha taelo ea hae ea ho ba letsoai le ho ba leseli la lefatše. (Matheu 5:13, 14) Li amana joang? Hona mosebetsi oo o ama batho joang?

Molaetsa oa Kreste—Oa Sireletsa Hape o Khantša Leseli

Letsoai le sireletsa lijo hore li se ke tsa bola. Ka tsela e tšoanang, molaetsa oo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba o ise ho batho ba lichaba tsohle, o khona ho sireletsa batho. Ba amohelang le ho sebelisa lithuto tsa Jesu bophelong ba bona ba sireletseha hore ba se ke ba bola boitšoarong, e leng ntho e jeleng setsi mehleng ena. Joang? Ba ithuta hore na ke joang ba ka qobang mekhoa e kotsi ’meleng, e kang ho tsuba ’me ba hlaolela litšobotsi tse kang lerato, khotso, tiisetso, mosa le molemo. (Bagalata 5:22, 23) Litšobotsi tsena li etsa hore e be batho ba bohlokoa sechabeng. Bakreste ba bolellang batho molaetsa ona o sireletsang ba etsa mosebetsi oa bohlokoa sechabeng.

Ho thoe’ng ka ho tšoantša Bakreste le leseli? Joalokaha khoeli e bonahatsa leseli le tsoang letsatsing, balateli ba Kreste le bona ba bonahatsa “leseli” le tsoang ho Jehova Molimo. Ba bonahatsa leseli ka ho bolela molaetsa le ka liketso tsa bona tse ntle.—1 Petrose 2:12.

Jesu o ile a boela a hlakisa ho tšoana ho teng pakeng tsa ho ba leseli le ho ba morutuoa, ha a ne a re: “Batho ba bonesa lebone ’me ha ba le behe ka tlas’a baskete e lekanyang, empa ba le beha holim’a seluloana sa lebone, ’me le khanyetsa bohle ba ka tlung. Ka ho tšoanang leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho.” Lebone ha le behiloe seluloaneng sa lebone le bonoa ke bohle ba haufi le lona. Ka ho tšoanang, mosebetsi oa boboleli le mesebetsi e meng e metle eo Bakreste ba ’nete ba e etsang e lokela ho bonoa ka ho hlaka ke batho ba phelang le bona. Hobane’ng? Jesu o ile a re ba bonang mesebetsi e metle ba tla tlotlisa Molimo, eseng Bakreste bao.—Matheu 5:14-16.

Mosebetsi o Etsoang ke Sehlopha

Ha Jesu a ne a re, “Le leseli la lefatše” le ha a ne a re, “leseli la lōna le ke le khanye,” o ne a bua le barutuoa bohle ba hae. Taelo ena ea Jesu e ke ke ea phethoa ke batho ba ’maloa ba hasaneng malumeling a fapa-fapaneng. Ho e-na le hoo, balumeli bohle e le sehlopha ke “leseli.” Lipaki Tsa Jehova tse limilione tse supileng, tse phelang linaheng tse fetang 235, li lumela hore ho etela baahelani ba tsona ka morero oa ho ba bolella molaetsa oo Kreste a batlang hore balateli ba hae ba o phatlalatse, ke boikarabelo ba tsona e le sehlopha.

Ntho e ka sehloohong eo Lipaki Tsa Jehova li rutang ka eona ke eng? Ha Jesu a laela balateli ba hae hore ba bolele, ha aa ka a ba laela hore ba rute ka merero ea sechaba le ea lipolotiki, kapa ho ruta hore Kereke le ’Muso li lokela ho kopana kapa hona ho ruta ka ntho efe kapa efe e sa tsoeng Bibeleng. Ho e-na le hoo, o ile a bolela esale pele a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Kahoo, ka lebaka la hore ba mamela litaelo tsa Jesu, Bakreste ba ’nete kajeno ba tsoela pele ho bua le baahelani ba bona ka ’Muso oa Molimo—e leng oona feela ’muso o tla felisa tsamaiso e khopo ea Satane ’me o tlise lefatše le lecha la ho loka.

Ha e le hantle, Likosepeleng, re bala ka lintho tse peli tse hlaheletseng tšebeletsong ea Jesu tse amanang le mosebetsi o etsoang ke Bakreste ba ’nete kajeno. Ka bobeli li tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Ke joang molaetsa oa Bakreste o tšoanang le letsoai?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Ke joang molaetsa oa Kreste o tšoanang le lebone sebakeng se lefifi?