Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-ba le Maikutlo a Matle ka Lenyalo le Haeba le E-na le Mathata

E-ba le Maikutlo a Matle ka Lenyalo le Haeba le E-na le Mathata

E-ba le Maikutlo a Matle ka Lenyalo le Haeba le E-na le Mathata

“Ho batho ba lenyalong ke fana ka litaelo, empa leha ho le joalo eseng ’na empa Morena.”—1 BAKOR. 7:10.

NA U KA HLALOSA?

Molimo o kopanya banyalani hammoho ka tsela efe?

Baholo ba ka thusa Bakreste ba nang le mathata lenyalong joang?

Re lokela ho talima lenyalo joang?

1. Bakreste ba talima lenyalo joang, hona hobane’ng?

HA BAKRESTE ba kena lenyalong, ba nka kano ka pel’a Molimo—e leng ntho eo ba sa lokelang ho e nka habobebe. (Moek. 5:4-6) Kaha Jehova ke Mothehi oa tokisetso ea lenyalo, ke eena ea “kopantseng hammoho” batho ba nyalaneng. (Mar. 10:9) Banyalani ba tlamahane ho sa tsotellehe hore na melao ea naha e re’ng. Bahlanka ba Jehova ba lokela ho utloisisa hore ha ba kene lenyalong, ha baa lokela ho tsoa ho lona ho sa tsotellehe hore na ha ba nyalana e ne e le barapeli ba Jehova kapa che.

2. Sehloohong see ho tla tšohloa lipotso life?

2 Batho ba lenyalong le atlehileng ba ka thaba haholo. Empa ho ka etsoa’ng haeba lenyalo le e-na le mathata? Na lenyalo le joalo le ka matlafatsoa? Batho bao lenyalong la bona ho se nang khotso ba ka thusoa joang?

NA E TLA BA LENYALO LE NANG LE THABO KAPA MASISA-PELO?

3, 4. Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba motho a sa khethe molekane ka bohlale?

3 Ha lenyalo la Mokreste le atleha, seo sea thabisa ebile se tlotlisa Jehova. Haeba le sa atlehe seo se baka masisa-pelo a maholo. Mokreste oa lesoha ea ntseng a nahana ka ho kena lenyalong a ka qalisa hantle ka hore a latele tataiso ea Molimo. Ka lehlakoreng le leng, motho a ka ’na a utloa bohloko ebile a ka ’na a se ke a thaba haeba a sa etse qeto e bohlale ha a khetha molekane. Ka mohlala, bacha ba bang ba kena leferehong ba e-s’o ka ba lokela ho jara boikarabelo ba lenyalo. Batho ba bang ba fumana batho bao ba tla nyalana le bona Inthaneteng ebe ba potlakela ho kena lenyalong leo hangata le bang le mathata a maholo. Ba bang ba etsa sebe se tebileng ha ba ntse ba ratana ebe ba nyalana ho ntse ho le joalo, empa ba ka ’na ba qala bophelo ba bona ba lenyalo ba sa hlomphane.

4 Bakreste ba bang ha ba nyale kapa ha ba nyaloe “feela Moreneng” ’me ba khola litholoana tse bosula tsa ho ba le molekane eo e seng Mokreste. (1 Bakor. 7:39) Haeba seo ke se etsahetseng ho uena, rapella hore Molimo a u tšoarele a be a u thuse. Ha a tlose mathata a bakoang ke liphoso tseo motho a li entseng nakong e fetileng, empa o thusa batho ba bakileng hore ba khone ho mamella mathata ao. (Pes. 130:1-4) Ikemisetse ho khahlisa Molimo hona joale le ka ho sa feleng, ’me ‘thabo ea Jehova e tla ba qhobosheane ea hao.’—Neh. 8:10.

HA LENYALO LA HAO LE E-NA LE MATHATA

5. Ha batho ba e-na le mathata lenyalong ba lokela ho qoba ho ba le monahano ofe?

5 Batho ba nang le mathata lenyalong ba ka ’na ba ipotsa: ‘Na ho hlile ho na le thuso ho leka ho boloka lenyalo lee leo ho se nang thabo ho lona? Ekare nka khutlisetsa lintho morao ka nyalana le motho e mong!’ Ba ka ’na ba lula ba nahana ka ho khaola tlamahano ea lenyalo ’me ba re: ‘Ke batla ho lokoloha hape. E seng ke hlale molekane oa ka? Le haeba ke se na mabaka a Mangolo nka ’na ka hlala molekane oa ka ebe ke thabela bophelo hape.’ Ho e-na le ho nahana ka tsela eo kapa ho lora ka hore na bophelo bo ka be bo bile joang, Bakreste ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang maemong ao ba leng ho ’ona ka hore ba batle tataiso ea Molimo ’me ba e latele.

6. Hlalosa seo Jesu a se boletseng ho Matheu 19:9.

6 Haeba Mokreste a ne a ka hlala molekane oa hae, ho ea ka Mangolo a ka ’na a lokoloha hore a kene lenyalong hape kapa a ka ’na a se ke a lokoloha. Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” (Mat. 19:9) Mona, lentsoe “bohlola” le akarelletsa bofebe hammoho le libe tse ling tse tebileng tse amanang le ho kopanela liphate. Ke habohlokoa hore motho a nahanisise a be a rapele ha a e-ba le maikutlo a ho hlala molekane oa hae haeba ho se molekane ea molato oa boitšoaro bo bobe bo mabapi le ho kopanela liphate.

7. Batho ba ka thōko ba ka ’na ba nahana’ng haeba lenyalo la Bakreste le sa atlehe?

7 Haeba lenyalo la motho le sa atlehe, seo se ka ’na sa bontša hore kamano ea motho eo le Molimo ha e matla. Moapostola Pauluse o ile a botsa potso ena ea bohlokoa: “Haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?” (1 Tim. 3:5) Ha e le hantle, haeba banyalani ba ipolela hore ke Bakreste empa lenyalo la bona le sa atlehe, batho ba ka thōko ba ka ’na ba nahana hore batho bao ha ba sebelise lintho tseo ba li rutang.—Bar. 2:21-24.

8. E tlameha ebe ke sefe se phoso haeba banyalani ba Bakreste ba etsa qeto ea ho arohana?

8 Haeba banyalani ba kolobelitsoeng ba rera ho arohana kapa ho hlalana ka mabaka ao e seng a Mangolo, ho hlakile hore ho na le se phoso ka kamano ea bona le Jehova. Ho ka etsahala hore ebe molekane e mong kapa balekane ka bobeli ha ba sebelise melao-motheo ea Mangolo. Haeba ka sebele ba ‘tšepa Jehova ka lipelo tsa bona tsohle,’ ba ka khona ho boloka lenyalo la bona.—Bala Liproverbia 3:5, 6.

9. Bakreste ba bang ba ’nile ba putsoa joang ka lebaka la ho ba le mamello manyalong a bona?

9 Manyalo a mangata ao ho neng ho bonahala eka a tla qhalana a ile a atleha ha nako e ntse e e-ea. Bakreste ba sa potlakeleng ho tela haeba ba e-ba le mathata lenyalong, hangata ba khola litholoana tse molemo. Nahana ka se ka etsahalang lenyalong leo molekane e mong e seng Mokreste. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:1, 2) Ka sebele, motho eo e seng Mokreste, a ka ’na a amohela borapeli ba ’nete ka lebaka la boitšoaro ba molekane oa hae bo botle! Bakreste ba bolokang manyalo a bona ’me ba lula le balekane ba bona, ba tlotlisa Molimo ’me litho tsohle tsa malapa a bona li ka hlohonolofatsoa.

10, 11. Ke mathata afe a ka ’nang a e-ba teng ka tšohanyetso lenyalong, empa Mokreste o lokela ho kholiseha ka eng?

10 Kaha Bakreste ba bangata ba masoha ba batla ho khahlisa Jehova, ba khetha ho nyalana le balumeli-’moho le bona ba inehetseng. Leha ho le joalo, maemo a ka ’na a fetoha ka tšohanyetso. Ka mohlala, ka linako tse ling, molekane e mong a ka ’na a ba le mathata a maholo kelellong. Kapa nako e itseng ka mor’a lechato, molekane e mong a ka ’na a khathala moeeng. Ho tea mohlala: Linda, * e leng ’mè oa Mokreste ea inehetseng ea chesehang, o ile a ema le monn’a mateneng ha monna oa hae a ne a qala ho ba le mekhoa e sa lumellaneng le Mangolo ’me a sa bake ho fihlela a ba a khaoloa. Mokreste o lokela ho etsa’ng haeba a thulana le mathata a joalo lenyalong?

11 U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke lokela ho tsoela pele ke leka ho boloka lenyalo la ka ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng?’ Ha ho na motho ea ka u etsetsang qeto e joalo ebile ha ho na motho ea lokelang ho u etsetsa eona. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a hore u se ke ua tela haeba lenyalo la hao le e-na le mathata. Monna kapa mosali ea tšabang Molimo ea mamellang teko ea lenyalo le nang le mathata ka lebaka la letsoalo la hae, ke oa bohlokoa ho Molimo. (Bala 1 Petrose 2:19, 20.) Ka Lentsoe la hae le ka moea oa hae, Jehova o tla thusa Mokreste ea etsang boiteko bo tiileng ba ho matlafatsa lenyalo la hae le nang le mathata.

BA MALALA-A-LAOTSOE HO U THUSA

12. Baholo ba tla re talima joang haeba re kōpa hore ba re thuse?

12 Haeba u e-na le mathata lenyalong, u se ke ua tsilatsila ho kōpa thuso ho Bakreste ba hōlileng moeeng. Baholo ba sebeletsa e le balisa ba mohlape ’me ba tla thabela ho u bontša keletso e bululetsoeng e hlahang ka Mangolong. (Lik. 20:28; Jak. 5:14, 15) U se ke ua etsa qeto ea hore baholo ha ba sa tla hlola ba le hlompha uena le molekane oa hao haeba le kōpa hore ba le thuse kapa le buisana le bona ka bothata bo tebileng boo le nang le bona lenyalong la lōna. Ba tla le rata ba be ba le hlomphe le ho feta ha ba hlokomela hore le ikemiselitse ho khahlisa Molimo.

13. Ke keletso efe eo re e fumanang ho 1 Bakorinthe 7:10-16?

13 Ha batho bao balekane ba bona e seng Bakreste ba kōpa hore baholo ba ba thuse, baholo ba sebelisa keletso ea Pauluse e reng: “Ho batho ba lenyalong ke fana ka litaelo, empa leha ho le joalo eseng ’na empa Morena, hore mosali ha aa lokela ho tloha ho monna oa hae; empa haeba ka sebele a ka tloha, a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae; ’me monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae. . . . Etsoe, mosali, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa monna oa hao? Kapa, monna, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa mosali oa hao?” (1 Bakor. 7:10-16) Ruri hoa thabisa ha molekane eo e seng Mokreste a amohela ’nete ’me e e-ba mohlanka oa Jehova!

14, 15. Mokreste a ka ’na a nahana ka ho arohana le molekane oa hae maemong afe, empa ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore a rapelle taba eo a be a e hlahlobe ka botšepehi?

14 Ke tlas’a maemo afe moo ha e le hantle mosali oa Mokreste a ka “tlohang”? Basali ba bang ba Bakreste ba khethile ho arohana le balekane ba bona hobane balekane bao ba hana ho hlokomela lelapa ka boomo. Ba bang ba ’nile ba arohana le balekane ba bona hobane bophelo ba bona bo ne bo le kotsing kapa kamano ea bona le Molimo.

15 Hore na u arohana le molekane oa hao kapa che, ke uena ea lokelang ho iketsetsa qeto. Leha ho le joalo, molekane ea kolobelitsoeng o lokela ho rapella taba ena a be a e hlahlobe ka botšepehi. Ka mohlala, na ka sebele molekane eo e seng Mokreste ke eena ea behang kamano ea Mokreste le Molimo kotsing, kapa Mokreste le eena o ’nile a hlokomoloha ho ithuta Bibele, ho ba teng kamehla libokeng le ho ba teng kamehla tšebeletsong ea tšimo?

16. Ke’ng e lokelang ho thibela Mokreste hore a etse qeto ea ho hlala molekane oa hae ka lepotlapotla?

16 Ka lebaka la hore re nka kamano ea rōna le Molimo e le ea bohlokoa ebile re ananela mpho ea hae ea lenyalo, seo se lokela ho re thibela hore re etse qeto ea ho hlala molekane ka lepotlapotla. Kaha re bahlanka ba Jehova, re amehile ka hore lebitso la hae le halalelang le halaletsoe. Ka sebele, re ke ke ra loha mano a hore re tsoe lenyalong le leng athe re se ntse re rerile ho kena ho le leng.—Jer. 17:9; Mal. 2:13-16.

17. Ke maemong afe moo ho ka boleloang hore Molimo o bitselitse Bakreste ba lenyalong khotsong?

17 Mokreste ea nyalaneng le motho eo e seng Mokreste o lokela ho etsa boiteko bo matla ba ho matlafatsa lenyalo la hae. Leha ho le joalo, Mokreste ha aa lokela ho ikutloa a le molato haeba molekane oa hae eo e seng Mokreste a batla ho arohana le eena ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo Mokreste a bo entseng ba ho boloka lenyalo la hae. Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba ea sa lumelang a tloha, a ke a tlohe; mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ha a bohlankeng tlas’a maemo a joalo, empa Molimo o le bitselitse khotsong.”—1 Bakor. 7:15. *

TŠEPA JEHOVA

18. Le haeba motho a sa atlehe ho boloka lenyalo la hae, boiteko boo a bo etsang bo ka hlahisa litholoana life tse molemo?

18 Ha u sebetsana le mathata afe kapa afe a lenyalo, kōpa Jehova hore a u thuse hore u be sebete ’me u mo tšepe kamehla. (Bala Pesaleme ea 27:14.) Nahana ka Linda, eo ho builoeng ka eena pejana. Qetellong o ile a hlalana le molekane oa hae, le hoja a ne a ile a qeta lilemo tse ngata a leka ho boloka lenyalo la hae. Na o bona eka o itšenyelitse nako? O re: “Che, ha ho joalo. Boiteko boo ke ileng ka bo etsa bo ile ba fana ka bopaki bo botle ho batho ba ka thōko. Ke na le letsoalo le hloekileng. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ho mamella ha ka ka lilemo tseo, ho ile ha thusa morali oa ka hore a tiee ’neteng. O ile a hōla ’me ea e-ba Paki ea Jehova e inehetseng le e chesehang.”

19. Ho ka etsahala’ng haeba batho ba etsa boiteko ba ho boloka lenyalo la bona?

19 Mosali oa Mokreste ea bitsoang Marilyn o thabetse hore ebe o ile a tšepa Molimo eaba o etsa boiteko ba hore a boloke lenyalo la hae. O re: “Ke ne ke batla ho arohana le monna oa ka kaha o ne a sa hlokomele lelapa ka lichelete a bile a beha kamano ea ka le Molimo kotsing. Leha ho le joalo, monna oa ka o ne a kile a sebeletsa e le moholo pele a etsa qeto e booatla ea ho kena khoebong e sa kang ea atleha. O ile a qala ho lofa liboka ’me re ile ra qetella re se re sa buisane. Ha motse oa heso o ne o hlaseloa ke likhukhuni ke ile ka tšoha hoo ke ileng ka itšehla thajana. Ka mor’a moo ke ile ka hlokomela hore le ’na ke ne ke jara molato. Re ile ra qala ho buisana hape, ra ntšetsa thuto ea rōna ea lelapa pele ’me ra ba teng kamehla libokeng. Baholo ba ne ba le mosa ’me ba ile ba re thusa haholo. Lenyalo la rōna le ile la boela la matlafala. Hamorao monna oa ka o ile a boela a tšoaneleha hore a fuoe boikarabelo ka phuthehong. Ebile thuto e bohloko empa e ile ea hlahisa litholoana tse molemo.”

20, 21. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng lenyalong?

20 Ho sa tsotellehe hore na re masoha kapa re lenyalong, e se eka kamehla re ka bontša sebete ’me ra tšepa Jehova. Ha re thulana le mathata lenyalong, re lokela ho etsa boiteko bo matla ba ho a rarolla, re ntse re hopola hore batho ba nyalaneng “ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe.” (Mat. 19:6) Hape re lokela ho hopola hore haeba motho ea nang le molekane eo e seng Mokreste a mamella ho sa tsotellehe mathata, a ka ’na a thaba ha molekane oa hae e e-ba mohlanka oa Jehova.

21 Ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona, e se eka re ka ikemisetsa ho etsa lintho ka tsela e tla fana ka bopaki bo botle ho batho ba ka thōko. Haeba lenyalo la hao le e-na le mathata, rapela ka matla, u hlahlobisise ka botšepehi sesosa sa mathata ao le nang le oona, u hlahlobisise Mangolo, ’me u kōpe thuso ho baholo. Ho phaella moo, e se eka re ka ikemisetsa ho khahlisa Jehova Molimo linthong tsohle tseo re li etsang ’me re bontše hore re ananela mpho ea hae e babatsehang ea lenyalo e le kannete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 17 Sheba buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” leqepheng la 219-221; Molula-Qhooa oa November 1, 1988, leqepheng la 26-27; April 1, 1976, leqepheng la 167.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Bakreste ba sa potlakeleng ho tela haeba ba e-ba le mathata lenyalong, hangata ba khola litholoana tse molemo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Tšepa Jehova kamehla ’me u mo kōpe hore a u thuse hore u be sebete

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Jehova o hlohonolofatsa banyalani ba Bakreste ba etsang boiteko ba ho boloka lenyalo la bona

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Phutheho ea Bokreste e ka re khothatsa eaba ea re matlafatsa moeeng