Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Buka Feela Tjee?

Na ke Buka Feela Tjee?

Na ke Buka Feela Tjee?

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo . . . , e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 TIMOTHEA 3:16, 17.

HASE batho bohle ba lumellanang le mantsoe ana a ka holimo. Uena u re’ng? Lintlheng tsee tse ka tlaase, ke efe e hlalosang hantle kamoo u nkang Bibele kateng?

• Ke buka feela e ngotsoeng ka bokheleke

• Ke e ’ngoe ea libuka tse ngata tse nkoang li halalela

• Ke buka ea litšōmo e re rutang melao ea boitšoaro

• Ke Lentsoe la Molimo

Potso e ’ngoe hape ke e reng, Na hoa tsotelleha hore na u lumela’ng? Hlokomela hore na Bibele ka boeona e re’ng: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Ka hona, Bibele e bolela hore e ngoletsoe ho re laea, ho re tšelisa le ho re fa tšepo.

Leha ho le joalo, haeba Bibele e ne e le buka feela kapa e ’ngoe ea libuka tse nkoang li halalela, na u ne u ka e tšepa hore e u laee le hore e tataise lelapa la hao, haholo-holo haeba molaetsa oa eona o fapane le seo u neng u nahana hore se nepahetse? Haeba Bibele e ne e le buka ea litšōmo, na e ne e ka u tšelisa ea ba ea etsa hore u lumele litšepiso tsa eona?

Ka lehlakoreng le leng, batho ba limilione ba ithutileng Bibele ba kholisehile hore ke Lentsoe la Molimo le ikhethang. Hobane’ng? Ke eng e etsang hore Bibele e ikhethe ho libuka tse ling? Re kōpa u ke u hlahlobe lintho tse hlano tse etsang hore Bibele e ikhethe tse hlalositsoeng lihloohong tse latelang.