Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boprofeta ba Eona Boa Phethahala

Boprofeta ba Eona Boa Phethahala

Boprofeta ba Eona Boa Phethahala

“Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—JOSHUA 23:14.

BIBELE E FAPANE LE LIBUKA TSE LING JOANG? Linohe tsa boholo-holo li ne li tumme ka ho noha lintho ka tsela e sa hlakang le e ke keng ea tšeptjoa ’me ho joalo le ka linohe tsa mehleng ena. Batho ba bang ba bolela lintho pele li etsahala ba itšetlehile ka se etsahalang hona joale ’me ha ho mohla ba lekang ho bolela ka ho toba se tla etsahala lilemo tse makholo tse tlang. Empa boprofeta ba Bibele bona bo bolela lintho ka ho hlaka ’me kamehla lia phethahala, le haeba bo bolela lintho ‘ho tloha khale li e-s’o etsoe.’—Esaia 46:10.

MOHLALA: Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., moprofeta Daniele o ile a bona pono e ileng ea profeta ka ho hlōloa ha Medo-Persia ke Greece ka ho panya ha leihlo. Pono eo e ile ea boela ea bontša hore ka mor’a hore morena ea hlōlang oa Greece ‘a be matla,’ borena ba hae bo tla “robeha.” Ke mang ea neng a tla mo nkela sebaka? Daniele o ile a ngola a re: “Ho na le mebuso e mene e tla ema sechabeng sa habo, empa eseng ka matla a hae.”—Daniele 8:5-8, 20-22.

SEO HISTORI E SE BUANG: Lilemo tse fetang 200 ka mor’a mehla ea Daniele, Alexandere e Moholo e ile ea e-ba morena oa Greece. Le pele lilemo tse leshome li fela, Alexandere o ne a se a hlōtse ’Muso oa Medo-Persia a bile a atolositse puso ea Greece ho ea fihla Nōkeng ea Indus (e Pakistan mehleng ena). Empa o ile a shoa ka tšohanyetso ha a le lilemo li 32. Qetellong, ntoa e neng e loaneloa pel’a motse oa Ipsus, o Asia Minor, e ile ea etsa hore ’muso oa hae o fele. Bahlōli ba ntoa eo ba bane ba ile ba arolelana ’Muso oa Greece. Leha ho le joalo, ha ho le ea mong ho bona ea ileng a ba matla joaloka Alexandere.

U NAHANA JOANG? Na ho na le buka e ’ngoe e ka bolelang hore kamehla boprofeta ba eona boa phethahala? Kapa Bibele ea ikhetha?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Boprofeta ba Bibele . . . bo bongata haholo hoo ho ke keng ha etsahala hore ebe ho iketsahalla ka tšohanyetso feela hore bo phethahale.”—A LAWYER EXAMINES THE BIBLE, EA IRWIN H. LINTON

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

© Robert Harding Picture Library/SuperStock