Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Butse Mahlo a Ka

Jehova o Butse Mahlo a Ka

Jehova o Butse Mahlo a Ka

Joalokaha ho boletse Patrice Oyeka

E ne e le ka shoalane. Ke ne ke se ke qetile letsatsi le leng hape ke tetebetse lefifing—ke sa bone, ke le bolutu, ke mametse seea-le-moea mocha-o-chele—eaba ke nahana hore ke mpe ke ipolaee. Ke ile ka tšela chefo ka har’a lebekere le nang le metsi ’me ka le beha holim’a tafole. Ke ne ke batla ho hlapa ka lekhetlo la ho qetela, ke apare hantle ebe ke noa motsoako ona, ke tsebe ho ichoella. Ke hobane’ng ha ke ne ke batla ho ipolaea? Hona ho tla joang hore ebe ke ntse ke phela le kajeno hore ke phete pale ee?

KE HLAHILE ka la 2 February, 1958, profinseng ea Kasaï Oriental, e Democratic Republic of the Congo. Ntate o ile a hlokahala ha ke le lilemo li robong eaba ke hōlisoa ke moholoane oa ka.

Ha ke qeta sekolo ke ile ka fumana mosebetsi femeng ea rabara. Hoseng ho hong, ka selemo sa 1989, ke ne ke le ka ofising ea ka ke ntse ke ngola tlaleho ea mosebetsi ha ka tšohanyetso ho se ho re fi! ke se ke sa bone letho. Qalong ke ne ke nahana hore motlakase o timme, empa ke ne ke ntse ke utloa molumo oa jenereithara hape e ne e sa le hoseng! Ke ile ka haroha letsoalo ha ke hlokomela hore ho hang ha ke sa bona, ke ne ke sa bone le lipampiri tse ka pel’a ka!

Hang-hang ke ile ka bitsa e mong oa banna ba neng ba sebetsa ka tlas’a ka e le hore a nkise tleliniking ea femeng. Eaba tleliniking ba nthomela motseng ho ngaka e nang le tsebo. Ha ngaka eo e hlokomela hore methapo ea ka ea pono e tabohile ’me boemo ba ka bo bobe haholo e ile ea nthomela motse-moholo Kinshasa.

Ha ke le Kinshasa

Ha ke le Kinshasa ke ile ka bona lingaka tse ngata tsa mahlo empa ha ho le e le ’ngoe e ileng ea nthusa. Ka mor’a hore ke qete matsatsi a 43 ke le sepetlele lingaka li ile tsa fihlela qeto ea hore nke ke ka hlola ke bona bophelo bohle ba ka! Beng ka ’na ba ile ba nkisa likerekeng tsa mefuta-futa ba batla e ka mpholisang ka mohlolo, empa ha kea ka ka fola.

Qetellong ke ile ka tela hore ke tla ke ke bone hape. E ne e se e le lefifi feela bophelong ba ka. Ke ile ka lahleloa ke pono ka ba ka lahleheloa ke mosebetsi. Mosali oa ka le eena o ile a ntlohela, a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e-na le eona ka tlung. Ke ne ke ikutloa ke le lihlong ho kopana le batho. Ke ne ke qeta matsatsi-tsatsi ke ituletse ka tlung ke le mong. Ke itšehlile thajana ’me ke ikutloa ke se na thuso.

Ke ile ka leka ka makhetlo a mabeli ho ipolaea. La bobeli ke lona leo ke le boletseng qalong ea pale ena. Ke ile ka pholosoa ke ngoana e monyenyane lapeng moo. O ile a nka lebekere a qhala chefo eo a sa ikemisetsa ha ke ntse ke hlapa. Ka lehlohonolo ha aa ka a e-noa. Empa ke ile ka nyahama ha ke sa fumane lebekere leo. Eaba ke bolella litho tsa lelapa leso hore na ke hobane’ng ha ke ne ke batlana le lebekere leo le hore ke ne ke ikemiselitse ho etsa’ng.

Ke leboha Molimo le lelapa leso ka ho ntlhokomela. Leo e ne e le lekhetlo la ka la ho qetela la hore ke batle ho ipolaea.

Ke Fumana Thabo Hape Bophelong

Ka Sontaha se seng ka 1992, ke ne ke ntse ke lutse ke itsubela ha Lipaki Tsa Jehova tse peli li fihla lapeng li ntse li etsa mosebetsi oa tsona oa ntlo le ntlo. Ha li hlokomela hore ke foufetse, li ile tsa mpalla Esaia 35:5 e reng: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha.” Ke ile ka thaba haholo ha ke utloa mantsoe ao! Ho fapana le seo ke neng ke se bolelloa likerekeng tseo ke ileng ka ea ho tsona, Lipaki tsona ha lia ka tsa mpolella hore li tla mpholisa ka mohlolo. Ho e-na le hoo, li ile tsa mpolella hore ke tla boela ke bone lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisang hafeela nka tseba Molimo. (Johanne 17:3) Hang-hang ke ile ka ithuta Bibele le Lipaki ka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke ile ka boela ka qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso ’me ka etsa liphetoho bophelong ba ka. Ke ile ka khaotsa ho tsuba.

Ka lebaka la bofofu, ke ne ke sitoa ho hatela pele thutong ea Bibele. Kahoo, ke ile ka ea sekolong sa lifofu e le hore ke ithute ho bala le ho ngola Braille. Sena se ile sa etsa hore ke khone ho fumana koetliso ea Bibele e fanoang Holong ea ’Muso. Kapele ke ile ka kopanela mosebetsing oa boboleli motseng oa heso. Ke ile ka qala ho fumana thabo hape bophelong. Ke ile ka hatela pele eaba ke inehela ho Jehova. Ke ile ka kolobetsoa ka la 7 May, 1994.

Ha lerato la ka ho Jehova le ho batho le ntse le hōla, ke ile ka ba le takatso ea ho ba pula-maliboho. Ho tloha ka la 1 December, 1995, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho, ke qeta nako e ngata ke bolela litaba tse molemo. Ke ile ka boela ka qala ho sebeletsa ke le moholo phuthehong ea heso ho tloha ka February 2004. Ka linako tse ling, ke mengoa ke liphutheho tse haufi hore ke tl’o fana ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng. Litlhohonolofatso tsena kaofela li ntlisetsa thabo ’me li etsa hore ke hlokomele hore ha ho na bokooa bo ka re thibelang ho phethahatsa takatso ea rōna ea ho sebeletsa Jehova Molimo.

Jehova o Mphile “Mahlo”

Joalokaha ke boletse pejana, mosali oa ka o ile a ntlohela ka lebaka la hore ke ile ka foufala. Empa Jehova o ile a ntlhohonolofatsa. O ile a mpha mahlo. Anny Mavambu ea ileng a lumela hore ke mo nyale le hoja ke le sefofu, ke mahlo a ka. Kaha le eena ke pula-maliboho, o lula a e-na le ’na tšebeletsong ea boboleli, hape ha ke e-na le kabelo ea lipuo, o mpalla lingoliloeng tseo ke lokelang ho fumana boitsebiso ho tsona e le hore ke ngole lintlha ka Braille. Ke tlhohonolofatso e khōlō ho ’na. Ke ka eena ke boneng bonnete ba mantsoe a ho Liproverbia 19:14, a reng: “Lefa le tsoang ho bo-ntate ke ntlo le leruo, empa mosali ea masene o tsoa ho Jehova.”

Jehova o boetse o re hlohonolofalitse ka bana ba babeli—e leng ngoanana le moshanyana. Ke labalabela ho bona lifahleho tsa bona Paradeiseng! Tlhohonolofatso e ’ngoe ke hore moholoane oa ka eo ka mosa a re fileng bolulo setšeng sa hae, o amohetse ’nete ea Bibele ’me o ile a kolobetsoa! Kaofela ha rōna re phuthehong e le ’ngoe.

Le hoja ke e-na le bokooa tjena, ke batla ho sebeletsa Molimo ka ho eketsehileng hobane o ntlhohonolofalitse haholo. (Malakia 3:10) Ke rapela letsatsi le letsatsi hore ’Muso oa hae o tle e le hore mahlomola ’ohle a lefatšeng a fele. Ka mor’a hore ke tsebe Jehova, nka bua ke kholisehile ka re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Ke fana ka puo ea Bibele; ke na le lelapa la ka le moholoane oa ka