Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Bolela ka Ntlo le Ntlo?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Bolela ka Ntlo le Ntlo?

▪ Ha re bala Bibele, re fumana taelo ena eo Jesu a ileng a e bolella balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute.” (Matheu 28:19, 20) Na taelo ee e ama Bakreste bohle? Barutuoa ba Jesu ba pele ba ne ba lumela hore ho joalo. Ka mohlala, moapostola Petrose o re: “[Jesu o ile] a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki.” (Liketso 10:42) Moapostola Pauluse eena o ile a ngola a re: “Ke tlamehile ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!”—1 Bakorinthe 9:16.

Hase Pauluse le Petrose feela ba ileng ba mamela taelo ea Jesu empa le Bakreste bohle ba lekholong la pele la lilemo. Mosebetsi oa ho bolela e ne e le oa bohlokoa ka ho fetisisa ho bona. (Liketso 5:28-32, 41, 42) Kajeno, Lipaki Tsa Jehova le tsona li leka ho etsa se tšoanang. Li bolela molaetsa oa “’muso oa maholimo,” o tšoanang le oo Jesu a neng a o bolela.—Matheu 10:7.

Molaetsa oa ’Muso o lokela ho bolelloa bo-mang? Jesu o ile a bontša hore o lokela ho bolelloa batho bohle, lefatšeng lohle. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) O ile a ba a bolela esale pele hore pele bofelo ba tsamaiso ena bo fihla, “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki.” (Matheu 24:14) Tumellanong le seo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba leka ho bua le batho bohle, eseng feela le batho ba ba tloaetseng kapa ba se nang bolumeli. (Bakolose 1:23; 1 Timothea 2:3, 4) Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki Tsa Jehova li leka ho bua le batho bohle. *

Tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ke efe? Kaha Jesu o ne a tseba hore ke joang re ka finyellang batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, o ile a romela barutuoa ba hae metseng, metsaneng le matlong a batho. (Matheu 10:7, 11, 12) Ka mor’a lefu la Jesu le ho tsoha ha hae, barutuoa ba hae ba ile ba tsoela pele ba bolela “ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42) Joalokaha Jesu a ile a etsa, le bona ba ile ba bolela hohle moo ba neng ba ka fumana batho teng le libakeng tsa sechaba. (Johanne 4:7-26; 18:20; Liketso 17:17) Kajeno Lipaki Tsa Jehova li sebelisa mekhoa e tšoanang ho bolela ho batho bohle.

Jesu o ile a re hase bohle ba tla mamela. (Matheu 10:14; 24:37-39) Na seo se lokela ho etsa hore Bakreste ba khaotse ho bolela? Nahana ka papiso ena: Haeba u ne u le sehlopheng sa pholoso se batlang mahlatsipa a tšisinyeho e khōlō ea lefatše, na u ne u tla khaotsa ho batla hobane feela ho fumaneha batho ba seng bakae ka mor’a nako e telele? Che, u ne u tla ’ne u batle hafeela ho ntse ho e-na le tšepo ea hore ho ka ba le motho ea ka pholohang. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba phehelle hafeela ho ntse ho e-na le tšepo ea ho fumana motho ea tla amohela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 10:23; 1 Timothea 4:16) Ka ho batla batho ba joalo ka ntlo le ntlo, Lipaki Tsa Jehova li bontša hore li rata Molimo le baahelani ba tsona, ba ka pholosoang ke ho mamela molaetsa oa ’Muso le ho phela tumellanong le oona.—Matheu 22:37-39; 2 Bathesalonika 1:8.

Makasine ena eo u ntseng u e bala e bua ka molaetsa oo oa Bibele. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo buisana le Lipaki Tsa Jehova lekhetlong le latelang ha li u etela kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Hona joale Lipaki Tsa Jehova li bolela linaheng tse 236. Selemong se fetileng li ile tsa qeta lihora tse libilione tse 1,7 li etsa mosebetsi oa boboleli ’me li ile tsa khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse limilione tse 8,5 lefatšeng ka bophara.