Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Loanela Hore Litaba Tse Molemo li Boleloe Thesalonika

Ho Loanela Hore Litaba Tse Molemo li Boleloe Thesalonika

Ho Loanela Hore Litaba Tse Molemo li Boleloe Thesalonika

Thesalonika, eo kajeno e tsebahalang e le Thessaloníki kapa Salonika, ke motse o atlehileng o koung ea leoatle, Greece ka leboea-bochabela. Motse ona o phethile karolo ea bohlokoa nalaneng ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, haholo-holo mosebetsing oa boboleli oa Pauluse, e leng moapostola oa Mokreste ho lichaba.—LIKETSO 9:15; BAROMA 11:13.

HOO e ka bang ka selemo sa 50 C.E., Pauluse le mphato’a hae Silase, ba ile ba tla Thesalonika. E ne e le leeto la Pauluse la bobeli la boromuoa ’me ona e ne e le monyetla oa bona oa pele oa ho tlisa litaba tse molemo tsa Kreste sebakeng seo kajeno se bitsoang Europe.

Ha ba fihla Thesalonika, ha ho pelaelo hore ba ne ba ntse ba hopola hantle bohloko ba ho otloa le ho kenngoa chankaneng boo ba ileng ba bo utloa Filipi, e leng motse o hlaheletseng oa Macedonia. Ha e le hantle, hamorao Pauluse o ile a bolella Bathesalonika hore ha a tla tla ho bona o ne a ntse a bolela “litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.” (1 Bathesalonika 2:1, 2) Ebe Thesalonika teng ho ne ho tla ba joang? Na ba ne ba tla bolela ka bolokolohi motseng oo? Na boboleli ba bona bo ne bo tla atleha? A re ke re qale ka ho hlahloba motse ona oa boholo-holo.

Motse o Neng o le Moferefere

Esita le lentsoe Thesalonika, le nkiloeng mantsoeng a mabeli a Segerike a bolelang “Bathesalonika” le “tlhōlo,” ka bolona le bolela ho tsekisana le ho loana. Batho ba bangata ba lumela hore ka 352 B.C.E., Morena Filipi II oa Macedonia, e leng ntate oa Alexandere e Moholo, o ile a hlōla moloko o tsoang bohareng ba Greece ntoeng e neng e loaneloa Thessaly. Ho boleloa hore, e le sehopotso sa tlhōlo eo, o ile a reha morali e mong oa hae Thessalonice, eo hamorao a ileng a nyaloa ke Cassander, e leng mohlahlami oa moholoane oa hae Alexandere. Hoo e ka bang ka selemo sa 315 B.C.E., Cassander o ile a haha motse ka bophirimela ho Hloahloa ea Chalcidice, eaba o o rehella ka mosali oa hae. Ho ile ha lula ho e-ba le likhohlano tse ngata Thesalonika.

Thesalonika e ne e boetse e le motse o atlehileng. E ne e e-na le kou ea likepe e ntle ka ho fetisisa Leoatleng la Aegean. Nakong ea puso ea Roma, e ne e boetse e le tseleng e khōlō e tummeng ea Via Egnatia. Ka lebaka la hore Thesalonika e ne e le sebakeng se setle se pel’a leoatle le hore litsela tsa eona li ne li le ntle, e ne e le o mong oa metse eo ’Muso oa Baroma o neng o e sebelisetsa khoebo. Ka lilemo tse ngata, leruo la motse ona le ne le loaneloa ke lichaba tsa boholo-holo tsa Magothe, Maslav, Mafrank, batho ba Venice le ba Turkey. Ba bang ba bona ba ile ba hapa motse oo ka mahahapa le ka tšollo ea mali. Empa a re ke re bue ka leeto la Pauluse ha a ne a qala ho loanela ho bolela litaba tse molemo.

Pauluse o Fihla Thesalonika

Ha Pauluse a ne a fihla motseng, ka tloaelo o ne a qala ka ho buisana le Bajuda, ka lebaka la hore ba ne ba tseba Mangolo ’me seo se ne se etsa hore a qale moqoqo habonolo le bona ebe o ba thusa hore ba utloisise litaba tse molemo. Setsebi se seng se re mohlomong Pauluse o ne a tloaetse ho etsa joalo hobane o ne a amehile ka batho ba habo kapa o ne a batla ho qala ka Bajuda kapa batho ba hlomphang Molimo e le hore ho tle ho be bonolo hore a bolele ho Balichaba.—Liketso 17:2-4.

Ha Pauluse a fihla Thesalonika, o ile a ea synagoge, moo a ileng “a behelana mabaka le [Bajuda] ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung, ’me a re: ‘Enoa ke eena Kreste, Jesu enoa eo ke mo phatlalatsang ho lōna.’”—Liketso 17:2, 3, 10.

Seo Pauluse a ileng a se hatisa—hore na Mesia ke mang le hore na o phetha karolo efe—e ne e le taba e bakang khang. Taba ea hore Mesia o ile a hlorisoa e ne e fapane le khopolo ea Bajuda ea hore Mesia e tla ba mohale. E le hore a kholise Bajuda, Pauluse o ile a ba ‘behela mabaka,’ “a hlalosa” a ba a “paka ka litšupiso” tsa Mangolo—e leng sona se etsoang ke mosuoe ea hloahloa. * Empa bamameli ba Pauluse ba ile ba etsa’ng ha a ba hlomella ka boitsebiso boo ba bohlokoa?

Boboleli bo Atlehang le Hoja bo le Boima

Bajuda ba bang le Bagerike ba bang ba neng ba sokolohetse Bojudeng, hammoho le “basali ba bangata ba ka sehloohong,” ba ile ba amohela molaetsa oa Pauluse. Poleloana e reng ‘basali ba ka sehloohong’ ehlile e loketse, kaha Macedonia basali ba ne ba e-ba le maemo a phahameng sechabeng. Ba bang ba ne ba sebetsa ’musong, ba e-na le mehaho, ba e-na le litokelo tse itseng tsa boahi ’me ba e-na le likhoebo. Ho ne ho bile ho etsoa liemahale ho ba tlotla. Joalokaha mosali oa mohoebi ea tsoang Filipi ea bitsoang Lydia a ile a amohela litaba tse molemo, basali ba bang ba Thesalonika ba maemong a phahameng le bona ba ile ba li amohela, mohlomong e ne e le ba tsoang malapeng a ruileng kapa basali bao banna ba bona ba neng ba hlaheletse sechabeng.—Liketso 16:14, 15; 17:4.

Leha ho le joalo, Bajuda ba ile ba e-ba mōna. Ba ile ba nka “banna ba itseng ba khopo ho ba sollang ’marakeng ’me ba etsa mokhopi eaba ba qala ho baka moferefere motseng.” (Liketso 17:5) Batho baa e ne e le ba mofuta ofe? Setsebi se seng sa Bibele se re e ne e le “matahoa a sa itlhompheng le a se nang thuso.” Se phaella ka ho re: “Ha ho bonahale eka ba ne ba tsotella molaetsa oa Pauluse; empa joaloka mekhopi e meng, ba ne ba hlohlelletsoa habonolo feela hore ba kenelle liketsong tsa ntoa.”

Banna bao ba ile ba “hlasela ntlo ea Jasone [moo Pauluse a neng a fihletse teng] ’me ba qala ho batla hore ba tlisoe ho mahoo-hoo ao.” Ha ba sa fumane Pauluse, ba ile ba ea ho ba boholong motseng. Ba ile “ba hulela Jasone le barab’abo rōna ba itseng ho babusi ba motse, ba hoeletsa: ‘Banna bana ba ferekantseng lefatše leo ho ahiloeng ho lona ba teng le mona.’”—Liketso 17:5, 6.

Kaha e ne e le motse-moholo oa Macedonia, Thesalonika e ne e ipusa le hoja e se ka ho feletseng. E ne e e-na le lekhotla le etsang lipitso tsa motse, kapa liboka tsa baahi, le neng le sebetsana le mathata a amang sechaba. “Babusi ba motse,” kapa politarchs, * e ne e le batho ba phahameng pusong, bao boikarabelo ba bona e neng e le ho boloka taolo le ho thiba maemo a neng a ka etsa hore Baroma ba kenelle ’me motse o lahleheloe ke litokelo tsa puso. Ka hona, ba ne ba tla tšoenyeha haholo ha ba utloa hore khotso ea motse e ne e lukoa ke batho bana ba “bakang morusu.”

Joale ba ile ba ba qosa ka taba e batlang e tebile le ho feta, ba re: “Banna bana bohle ba etsa ho hanyetsanang le melao-taelo ea Cesare, ba re ho na le morena e mong, Jesu.” (Liketso 17:7) Mohlalosi e mong o re sena se ne se bolela hore “ba ne ba hlohlelletsa bofetoheli ebile e le marabele” a khahlanong le babusi, ba neng “ba sa lumelle motho ofe kapa ofe hore a bitse lebitso la morena [e mong] profinseng leha e le efe e taolong ea bona ntle le haeba ba mo lumeletse.” Hape, taba ea hore Jesu, eo Pauluse a neng a phatlalatsa hore ke Morena, o ile a bolaoa ke babusi ba Baroma ka eona qoso eo ea hore o hlohlelletsa bofetoheli, e ne e etsa hore ho bonahale eka qoso ea bona ke ’nete.—Luka 23:2.

Babusi ba motse ba ile ba loloma ke bohale. Empa kaha ho ne ho se na bopaki bo tšoarehang le hore moqosuoa o ne a sa fumanoe, “ka mor’a ho nka chelete e lekaneng ea tebeletso ho Jasone le ba bang ba ba tlohela hore ba tsamaee.” (Liketso 17:8, 9) Ka ho etsa joalo ho ne ho tšoana leha eka ba ba lokolla ka beile ’me Jasone la Bakreste ba bang ba ne ba lokela ho ba tiisetsa hore Pauluse o tla tsamaea motseng ’me a ke ke a hlola a khutla ho tla baka moferefere. Mohlomong Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ena ha a re “Satane [o ile] a thiba tsela” ea hae ’me a mo thibela hore a se ke a khutlela motseng.—1 Bathesalonika 2:18.

Ka lebaka la maemo ana, Pauluse le Silase ba ile romeloa Berea bosiung boo. Boboleli ba Pauluse bo ile ba atleha haholo le moo, empa katleho ena e ile ea etsa hore bahanyetsi ba Bajuda ba Thesalonika ba halefe hoo ba ileng ba nka leeto la lik’hilomithara tse 80 ho ea Berea, e le hore ba rotetse mollo ka ho hlohlelletsa sechaba hore se mo hanyetse. Kapele-pele Pauluse a kena tseleng hape, a leba Athene, empa ntoa ea hae ea ho loanela ho bolela litaba tse molemo e ne e tla ’ne e tsoele pele.—Liketso 17:10-14.

Ntoa ea Phutheho e Ncha

Se thabisang ke hore phutheho e ile ea thehoa Thesalonika, empa khanyetso e ne e se bona feela bothata boo Bakreste ba moo ba neng ba tobane le bona. Ba ne ba phela sebakeng sa bahetene moo ho neng ho atile boitšoaro bo bobe ’me sena se ne se etsa hore Pauluse a lule a tšoenyehile. Ebe barab’abo ba ne ba tla etsa joang?—1 Bathesalonika 2:17; 3:1, 2, 5.

Bakreste ba Thesalonika ba ne ba tseba hore haeba ba sa kopanele linthong tse etsoang ke sechaba le bolumeli, ba ne ba tla lokela ho mamella lehloeo le bohale ba batho bao e neng e le metsoalle ea bona. (Johanne 17:14) Ho phaella moo, Thesalonika ho ne ho tletse libaka tsa melimo ea Bagerike e kang Zeuse, Artemise le Apollo hammoho le melimo e meng ea Baegepeta. Ho rapela Cesare e ne e le ntho e ka sehloohong ’me baahi bohle ba ne ba lokela ho kopanela tšebeletsong eo. Ho hana ho mo rapela ho ne ho nkoa e le ho ba khahlanong le ’muso oa Roma.

Borapeli ba litšoantšo bo ne bo etsa hore batho ba be le boitšoaro bo bobe. Cabirus, e leng molimo eo ho neng ho thoe o sireletsa Thesalonika le melimo e kang Dionysus, Aphrodite le Isis oa Egepeta, kaofela e ne e tšoana ka ntho e le ’ngoe: borapeli ba eona bo ne bo tletse ka litšebeletso tsa ho kopanela liphate le boithabiso bo feteletseng bo lerata. Botekatse le ho rekisa ’mele e ne e le lintho tse atileng. Bohlola bo ne bo sa nkoe e le sebe. Boitšoaro ba bona bo ne bo bakoa ke tloaelo ea Baroma, eo mohloli o mong oa boitsebiso o reng, “motseng oo ho ne ho e-na le banna le basali bao mosebetsi oa bona e neng e le ho khotsofatsa litakatso tsa baahi—’me lingaka li ne li eletsa batho hore ha baa lokela ho hatella litakatso tseo.” Ka hona, ke ho utloahalang hore ebe Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba moo hore ba “ile bohlola” ’me ba qobe ‘takatso ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono’ le “ho se hloeke.”—1 Bathesalonika 4:3-8.

Ba Ile ba Hlōla Ntoa

Bakreste ba Thesalonika ba ne ba lokela ho ikemisetsa ho loana ntoa e thata ea tumelo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe khanyetso, mathata, le ho phela sebakeng se tletseng bohetene le boitšoaro bo bobe, Pauluse o ile a ba babatsa ka ‘mosebetsi oa bona o tšepahalang, mosebetsi o lerato le mamello ea bona,’ hammoho le ho hasa litaba tse molemo hōle le haufi.—1 Bathesalonika 1:3, 8.

Ka 303 C.E., batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ile ba qala ho hlorisoa ka sehlōhō ke ’Muso oa Roma. Mohlohlelletsi ea neng a le ka sehloohong e ne e le Cesare Galerius, ea neng a lula Thesalonika ’me a hahile mehaho e mengata e metle. Tse ling tsa lithako tsa mehaho eo li ntse li le teng hore bahahlauli ba li bone.

Kajeno Lipaki Tsa Jehova tsa Thessaloníki, li bolella batho ba moo litaba tse molemo, hangata li etsa mosebetsi oo ka pel’a mehaho e hahiloeng ke mohlorisi eo ea sehlōhō oa Bakreste. Le hoja lekholong la bo20 la lilemo ho ne ho e-na le linako tseo li neng li etsa mosebetsi oo tlas’a khanyetso e boima haholo, hona joale motseng oo ho na le liphutheho tse ka bang 60 tse chesehang tsa Lipaki. Boiteko ba tsona bo bontša hore ntoa ea ho hasa litaba tse molemo e qalileng lilemong tse makholo tse fetileng e ntse e tsoela pele le hona joale ’me e ntse e atleha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E ka ’na eaba Pauluse o ile a sebelisa litšupiso tseo kajeno e leng Pesaleme ea 22:7; 69:21; Esaia 50:6; 53:2-7; le Daniele 9:26.

^ ser. 16 Lentsoe lena ha lea ka la fumanoa libukeng tsa Segerike. Leha ho le joalo, mengolo e nang le lona e ile ea fumanoa Thesalonika, e meng ea eona ke ea lekholong la pele la lilemo B.C.E., e leng se fanang ka bopaki ba hore tlaleho ea Liketso ke ’nete.

[’Mapa o leqepheng la 18]

(For fully formatted text, see publication)

Via Egnatia

MACEDONIA

Filipi

Amfipolise

Thesalonika

Berea

THESSALY

Leoatle la Aegean

ATHENE

[Litšoantšo tse maqepheng a 20, 21]

Ka holimo: Thessaloníki ea mehleng ena

Ka tlaase: Mehaho e nang le limmaraka le matlo a ho hlapela

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Mohaho o chitja haufi le Khoro ea Galerius; setšoantšo sa Cesare Galerius; boboleli, ka pel’a Khoro ea Galerius

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]

Head medallion: © Bibliothèque nationale de France; stone inscription: Thessalonica Archaeological Museum, copyright Hellenic Ministry of Culture and Tourism

Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

Two bottom left images: 16th Ephorate of Prehistoric and Classical Antiquities, copyright Hellenic Ministry of Culture and Tourism

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Middle image: Thessalonica Archaeological Museum, copyright Hellenic Ministry of Culture and Tourism