Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Khonang ho Phela ha Moputso o Fokotsehile

Kamoo U ka Khonang ho Phela ha Moputso o Fokotsehile

Kamoo U ka Khonang ho Phela ha Moputso o Fokotsehile

OBED ke ntate oa bana ba babeli. O sebelitse hoteleng ea maemo a holimo ka lilemo tse leshome toropong e ’ngoe e khōlō Afrika ’me ho ne ho le bonolo ho eena ho hlokomela lelapa la hae. Nako le nako o ne a khona ho ntša lelapa la hae a le ise phomolong lirapeng tsa liphoofolo tse ntle haholo tsa naha ea habo. Tsena tsohle li ile tsa fela ha a ne a lahleheloa ke mosebetsi ka lebaka la ho fokotseha ha baeti hoteleng eo.

Stephen o sebelitse bankeng e khōlō ka lilemo tse fetang 22 ’me e ne e se e le motsamaisi oa banka. E meng ea melemo eo a neng a e fumana ka lebaka la ho ba boemong boo, e ne e le ntlo e khōlō, koloi, batho ba mo sebeletsang lapeng ’me bana ba hae ba ne ba kena likolo tsa maemo a phahameng. Ha banka e ne e hlophisa basebetsi bocha, Stephen o ile a iphumana a se a se na mosebetsi. O re: “’Na le ba lelapa la ka re ne re selebaletsoe. Ke ile ka ikutloa ke nyahame, ke tletse bohale ke bile ke tšohile.”

Maemo a mofuta o tjena a tloaelehile. Ka lebaka la ho oa ha moruo ho ntseng ho ja setsi lefatšeng ka bophara, batho ba bangata ba lahlehetsoe ke mesebetsi e neng e ba lefa hantle. Ba bangata ba ileng ba khona ho fumana mosebetsi hape, ba iphumana ba tlameha ho amohela chelete e tlaase ’me ka lehlakoreng le leng theko ea lintho le eona e ntse e phahama. Ho sa tsotellehe hore na naha e ruile kapa che, ha ho na sechaba se sa ameheng ha moruo oa lefatše o putlama.

Fumana Keletso e Bohlale

Haeba moputso oa hao o se o fokotsehile kapa u lahlehetsoe ke mosebetsi, u ka iphumana u sa tsebe hore na u nka eng u e kopanya le eng. Ke ’nete hore u ke ke ua qoba ho tšoenyeha ka ho feletseng. Ke kahoo monna e mong ea bohlale a kileng a re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) Ho e-na le ho tšoenyeha ka ho oa ha moruo, re lokela ho leba Lentsoeng la Molimo e le hore re fumane “bohlale bo sebetsang.”—Liproverbia 2:7.

Le hoja Bibele e se buka e re tataisang litabeng tsa lichelete, keletso ea eona lintlheng tse joalo e thusitse batho ba limilione lefatšeng ka bophara. A re ke re hlahlobe tse ling tsa likeletso tseo Bibele e fanang ka tsona.

Bala litšenyehelo. Nahana ka mantsoe ana a Jesu a ho Luka 14:28: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” Sena se bolela hore, u lokela ho rera hantle hore na u tla sebelisa chelete joang ’me u se ke ua sebelisa e fetang eo u rerileng ho e sebelisa. Empa joalokaha Obed a bolela, ho etsa joalo ho ka ba thata. O re: “Pele ke felloa ke mosebetsi, re ne re tloaetse ho akhela lintho feela ka teroling ha re reka lebenkeleng, boholo ba tsona e se le lintho tseo re li hlokang hakaalo. Ho ne ho se mohla re rerang hore re tla sebelisa chelete joang hobane re ne re lula re e-na le chelete ea ho reka eng kapa eng eo re e batlang.” Ho rera e sa le pele ho tla le thusa hore le sebelise chelete e fokolang eo le nang le eona bakeng sa lintho tseo lelapa le hlileng le li hlokang.

Fetolang tsela eo le phelang ka eona. Ha ho pelaelo hore ho amohela ho phela bophelo bo tlaasana ho ka ba thata empa hoa hlokahala. Maele a Bibele a re: “Motho ea masene o bona kotsi e sa le hōle ’me oa kokobela.” (Liproverbia 22:3, The New English Bible) Stephen o re: “E le hore re se ke ra sebelisa chelete e ngata, re ile ra tlameha ho fallela ntlong ea rōna e nyenyane e se nang thepa e kaalo. Bana ba ile ba lokela ho ea likolong tse sa lefelloeng haholo empa li ntse li fana ka thuto e ntle.”

E le hore le atlehe ho fetola tsela ea lona ea bophelo, le lokela ho buisana ka bolokolohi joaloka lelapa. Austin ea ileng a lahleheloa ke mosebetsi ka mor’a ho sebetsa bankeng ka lilemo tse robong, o re: “’Na le mosali oa ka re ile ra lula fatše ’me ra ngola lintho tseo re neng re li hloka e le kannete. Re ile ra tlameha ho fokotsa ho reka lijo tse turang, ho nka maeto a jang chelete e ngata le ho reka liaparo ho sa hlokahale. Ntho e nthabisang ke hore re ile ra sebelisana hammoho re le lelapa ha re ntse re etsa liphetoho tsena.” Ke ’nete hore bana ba banyenyane ba ke ke ba utloisisa ka ho feletseng hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore le etse liphetoho tse joalo empa lōna joaloka batsoali le lokela ho ba thusa ho utloisisa.

Ikemisetse ho amohela mesebetsi e meng. Haeba u ne u se u tloaetse mosebetsi oa ofising, u ka ’na ua tšaba ho etsa mosebetsi oa matsoho. Austin o re: “Kaha ke ne ke le mookameli femeng e khōlō, ho ile ha e-ba thata ho etsa mesebetsi ea maemo a tlaase.” Sena ha se makatse kaha Bibele ho Liproverbia 29:25 e re: “Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba.” Ho lula u nahana hore na batho ba tla re’ng ho ke ke ha fepa lelapa la hao. Ke eng se ka u thusang ho hlōla maikutlo ao a fosahetseng?

Ntho ea bohlokoa ke ho ikokobetsa. Ka mor’a hore Obed a lahleheloe ke mosebetsi oa hoteleng, o ile a hiroa ke motho eo e neng e kile ea e-ba mosebetsi-’moho le eena ea nang le khoebo ea ho lokisa likoloi. Mosebetsi oa hae o ne o mo hloka hore a tsamaee ka maoto maeto a malelele lepoqong a batlana le lipente tsa likoloi le thepa e ’ngoe. Obed o re: “Le hoja ke ne ke sa o rate, ho ne ho se seo nka se etsang. Ho ikokobetsa ho ile ha nthusa hore ke amohele mosebetsi o mpatalang chelete e ka tlaase ho kotara ea moputso oa ka oa pele empa e le e lekaneng ho phelisa lelapa la ka.” Mohlomong le uena u ka thusoa ke ho ba le maikutlo a tšoanang.

Khotsofalla seo u nang le sona. Dikishinari e ’ngoe ea Sesotho e hlalosa ho khotsofala e le “ho nyakalla le ho thaba moeeng.” Ho motho ea nang le mathata a tebileng a lichelete, tlhaloso ena ha e utloahale. Leha ho le joalo, nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse, moromuoa ea neng a tseba hore ho hloka ho bolela’ng: “Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala. Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo.”—Bafilipi 4:11, 12.

Ho ka etsahala hore boemo ba lōna bo ntlafale ha nako e ntse e e-ea empa kaha re phela linakong tse feto-fetohang, bo ka mpefala. Le ka rua molemo e le kannete haeba le nka ka botebo keletso ena ea Pauluse e bululetsoeng: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” Pauluse o ne a sa khothalletse hore batho ba be botsoa empa o ne a bontša hore ke joang re ka behang litlhoko tsa rōna tsa nama sebakeng se loketseng.—1 Timothea 6:6, 8.

Kamoo re ka Thabang e le Kannete

Thabo ea sebele ha e tlisoe ke ho ba le lintho tsohle tseo re li batlang kapa ho phela bophelo bo mabothobotho. Jesu ka boeena o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” Ka sebele re ka fumana thabo le khotsofalo haeba re sebelisa seo re nang le sona ho thusa ba bang le ho ba khothatsa.—Liketso 20:35.

’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o tseba hantle lintho tseo re li hlokang. Ka Lentsoe la hae Bibele, o fane ka keletso eo re ka e sebelisang e thusitseng ba bangata ho ntlafatsa bophelo ba bona le ho fokotsa ho tšoenyeha ho sa hlokahale. Ke ’nete hase hore ka mohlolo motho o tla be a se a ipona a se na mathata a lichelete. Empa Jesu o ile a kholisa ba tsoelang pele ho ‘batla ’muso pele le ho loka ha [Molimo]’ hore ba tla fuoa litlhoko tsa bona tsa letsatsi le letsatsi.—Matheu 6:33.