Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha ke E-s’o Natefeloe ke Nako ea Phomolo Tjena!

Ha ke E-s’o Natefeloe ke Nako ea Phomolo Tjena!

Lengolo le Tsoang Ireland

Ha ke E-s’o Natefeloe ke Nako ea Phomolo Tjena!

BATSOALI ba ka ba ile ba re: “U hloka ntho e ka etsang hore u ke u pholise hlooho e le hore u khaotse ho tšoenyeha ka litlhahlobo. A re ke re etele bo-motsoal’ao ba Ireland, ha re le moo re tla be re se re bolella batho ba moo litaba tse molemo tsa ’Muso kaha ba li utloa ka seoelo.”

Bonneteng ke ne ke sa rate ho ea. Ke ne ke tšoenyehile ka hore ha ke na fumana nako e lekaneng ea ho itokisetsa litlhahlobo hape ke ne ke tšohile hobane ha ho mohla nkileng ka palama sefofane kapa hona ho etela sebaka se seng se kantle ho Engelane. Ngoanana ea lilemo li 17 ea lulang motseng o sephethephethe oa London o tla khona joang motseng o thotseng o monyenyane o karolong e ka boroa-bophirimela ho Ireland?

Ho ne ho sa hlokahale hore ke tšoenyehe. Ke ile ka rata Ireland li sa tloha feela ha sefofane se fihla. Leha ho le joalo, kaha re ne re tlohile hoseng haholo, e ile eare ha re kena koloing feela ka ea ke boroko. Nako le nako ke ne ke ntse ke phaphama e le hore ke bone naha e ntle e matsaranka e bonahalang ka nģ’ane ho mabota a lejoe a etselitsoeng tsela e tšesaane eo re tsamaeang ho eona.

Bosiung ba pele re ile ra fihlela motseng oa Skibbereen, ra ba le mantsiboea a monate ’me ra khothatsoa ke ho ba ’moho le lelapa le neng le faletse moo Ireland ho tla thusa ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Re ile ra bapala lipapali tsa Bibele. Ho ne ho e-na le mokotla o neng o tšetse mabitso a batho ba hlahang ka Bibeleng ’me e mong le e mong o ne a khetha lebitso la motho ebe o bua ho hong ka motho eo. Ba bang ba ne ba lokela ho bolela hore na o bua ka mang.

Letsatsing le hlahlamang, ’na le batsoali ba ka, ngoan’eso, bo-motsoala le lelapa le leng, re ile ra kena seketsoaneng ra leba sehlekehlekeng se senyenyane se bitsoang Heir, moo ho lulang batho ba sa feteng 30 ka palo. Leha ba ntse ba fokola joalo, Jesu o ile a bolela hore litaba tse molemo li lokela ho bolelloa batho bohle ba ahileng lefatšeng. Kahoo, re ile ra qeta letsatsi moo re bolella batho bana ba pelo li ntle le ba amohelang baeti litaba tse khothatsang tse tsoang ka Mangolong re bile re ikhatholla ka ho boha naha eo e botle bo hlollang.

Letsatsi le ne le itse toala! leholimong le hlakileng. Moea o neng o foka o ne o e-na le monko o monate oa kokonate o tsoang lipaleseng tse ngata tse tšehla tse bitsoang gorse. Lipalesa tsa selemo li ne li alehile hohle bohareng ba sehlekehleke sena se mokhoabo. Ha re ntse re tsamaea lebōpong le lehlabathe, holimo mane mafikeng ho ne ho e-na le liinoli tse neng li hahetse malinyane a tsona lihlaha. Thōko mane ho ne ho e-na le lihlekehleke tse jalehileng hohle, tseo boholo ba tsona li se nang baahi, tse bitsoang Roaringwater Bay. Ruri re ile ra ananela pōpo ea Jehova haholo!

Ha re khutlela Skibbereen, ke ile ka thabela ho fumana metsoalle e mecha phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova ea moo ka ba ka etsa lintho tseo ho seng mohla nkileng ka li etsa. Ntho eo ke ileng ka e thabela ka ho fetisisa eo ke neng ke qala ho e etsa ke ho palama seketsoana se sokoang ka letsoho. Khele! botle bo bokaalo ba lebōpo la Ireland ha u le sheba u le seketsoaneng! Re ile ra leka ho tšoasa litlhapi tseo re tla li ja mantsiboea, empa liqibi tse ileng tsa tšoasa le rōna li ile tsa li fumana pele ho rōna. Re ile ra iqapela lipapali tsa rōna tsa lebōpong la leoatle, ka ba ka ithuta ho tjeka joaloka Maaerishe.

Re ile ra ba ra ithuta ho itseng ka Skibbereen. Ka 1840 ha ho hlōleha ho ba le chai ea litapole Ireland, motse oa Skibbereen le metse e meng e o potolohileng, o ile oa ameha habohloko. Batho ba likete ba ile ba shoa ka lebaka la tlala ’me ba ka bang 9 000 ba ile ba bolokoa lebitleng le le leng le leholo. Re ile ra khothatsoa ke ho tseba hore haufinyane ’Musong oa Molimo, ha ho sa tla hlōla ho e-ba le tlala ’me batho ba bangata ba shoeleng ka sehlōhō joalo ba tla tsosetsoa paradeiseng lefatšeng.

Re ile ra tsamaea le Lipaki tsa moo ho ea ho batho ba eteloang seoelo ke phutheho ea moo e sebetsang tšimo e khōlō. Re ile ra theohela tlaase ka koloi ka tsela e tšesaane re ea matlong a ahiloeng selomong a shebileng Leoatleng la Ireland. Batho ba moo le bona ke ba pelo li ntle ’me ba re amohela ka mofuthu. Joalokaha re ile ra etsa ha re ne re le Sehlekehlekeng sa Heir, re ile ra qala ka ho ba bolella hore re tlile phomolong ’me nako e ’ngoe ea rōna re e qeta re ntse re bolella batho molaetsa o khothatsang o tsoang ka Bibeleng.

’Mè oa ka o ile a bua le ’mè e mong eo hang-hang a ileng a amohela makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! Ha re kopana le eena ka mor’a matsatsi a seng makae, o ile a re o thabetse ho bala limakasine tseo.

O ile a re: “Ke kōpa le tle le nketele hape le ntlisetse limakasine tse ling.” Re ile ra mo bolella hore re se re tlil’o tsamaea empa re tla mo romella motho ea tla mo etela.

Ha a araba o ile a re: “Ha le khutla ke kōpa le pote ho ’na. Maaerishe ha a lebale batho.”

Letsatsi la rōna la ho qetela re ile ra le qeta re le lebōpong la leoatle le bara le barali babo rōna ba phutheho ea moo. Re ile ra ipesetsa mollo ka patsi e hohotsoeng ke metsi a leoatle le majoe eaba re pheha litlhapi tse ka har’a likhaketlana tseo re neng re li thonakile mafikeng tse hohotsoeng ke metsi a hloekileng a leoatle. Leha ke le ngoanana oa toropong tjena ke ne ke natefetsoe haholo!

Nka re’ng ha nka botsoa hore na ho ne ho le joang ho qeta beke kaofela Ireland? Nka re e bile nako ea phomolo e monate ka ho fetisisa! Hase feela hore ho ne ho le monate, empa haholo-holo ke ile ka khotsofatsoa ke ho tseba hore ke etsa ntho e thabisang Jehova le hore kea mo tlotlisa. Ke rata ho sebeletsa Molimo, ’me e ba ntho e thabisang le ho feta ha u e-na le metsoalle le litho tsa lelapa tse ikutloang ka tsela e tšoanang. Ha ke fihla hae, ke ile ka leboha Jehova ka hore ebe o mphile metsoalle e mengata hakana e lerato le e ratang ho mo sebeletsa, le ka hore ebe o entse hore ke be le nako e thabisang eo ke tla lula ke e hopola bophelong bohle ba ka.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

An Post, Ireland