Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Tšebeletso ea Jehova e Lokela ho Tla Pele Bophelong ba Rōna?

Ke Hobane’ng ha Tšebeletso ea Jehova e Lokela ho Tla Pele Bophelong ba Rōna?

Ke Hobane’ng ha Tšebeletso ea Jehova e Lokela ho Tla Pele Bophelong ba Rōna?

“Molomo oa ka o tla pheta ho loka ha hao ka ho qaqileng, o phete poloko ea hao letsatsi lohle.”—PES. 71:15.

U KA ARABA JOANG?

Ke hobane’ng ha Noe, Moshe, Jeremia le Pauluse ba ne ba etelletsa tšebeletso ea Jehova pele bophelong ba bona?

Ke’ng e tla u thusa hore u etse qeto ea hore na u tla etsa’ng bophelong ba hao?

Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho etelletsa tšebeletso ea Jehova pele bophelong ba hao?

1, 2. (a) Ha motho a inehela ho Jehova seo se bontša’ng? (b) Re ka rua molemo joang ha re hlahloba liqeto tse ileng tsa etsoa ke Noe, Moshe, Jeremia le Pauluse?

HA U e-ba molateli oa Jesu ea inehetseng le ea kolobelitsoeng, u nka bohato ba bohlokoa haholo. Boinehelo ba hao ho Molimo ke qeto e tebileng ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Ho joalokaha eka u re: ‘Jehova, ke batla hore e be uena ea laolang bophelo bohle ba ka. Ke mohlanka oa hao. Ke batla hore e be uena ea etsang qeto ea hore na ke sebelise nako ea ka joang, hore na ke lintho life tse lokelang ho tla pele bophelong ba ka le hore na ke sebelise matlotlo le litalenta tseo ke nang le tsona joang.’

2 Haeba u Mokreste ea inehetseng, ha e le hantle sena ke sona seo u se tšepisitseng Jehova. U lokela ho babatsoa ka qeto eo u e entseng kaha eo ke qeto e nepahetseng le e bohlale. Leha ho le joalo, ho hlokomela hore Jehova ke eena ea laolang bophelo ba hao ho lokela ho ama tsela eo u sebelisang nako ea hao ka eona joang? Mohlala oa Noe, oa Moshe, oa Jeremia le oa moapostola Pauluse, o ka re thusa hore re itlhahlobe. Banna bana bohle ba ne ba sebeletsa Jehova ka lipelo tsa bona tsohle. Boemo boo re leng ho bona bo tšoana le ba bona. Liqeto tseo ba ileng ba li etsa mabapi le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba bona li ka re susumelletsa hore re hlahlobe tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona.—Mat. 28:19, 20; 2 Tim. 3:1.

PELE HO MOROALLO

3. Mehla ea rōna e tšoana joang le ea Noe?

3 Jesu o ile a tšoantša mehla ea Noe le ea rōna. O ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” Ba ne “ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” (Mat. 24:37-39) Kajeno batho ba bangata ba itsoella pele ka bophelo ba bona ba sa ele hloko hore metsotso e se e jele babeli. Ha ba ele hloko litemoso tseo bahlanka ba Molimo ba li phatlalatsang. Ba bangata ba bile ba nyefola taba ea hore Molimo o tla kenella litabeng tsa batho—feela joaloka batho ba mehleng ea Noe. (2 Pet. 3:3-7) Leha ho le joalo, Noe o ile a sebelisa nako ea hae joang har’a batho bao ba mabifi?

4. Noe o ile a sebelisa nako ea hae joang ka mor’a hore Jehova a mo fe mosebetsi oo a neng a lokela ho o etsa, hona hobane’ng?

4 Ka mor’a hore Molimo a tsebise Noe seo a rerileng ho se etsa a be a mo fe mosebetsi oo a lokelang ho o etsa, Noe o ile a haha areka e le hore e tle e pholose batho le liphoofolo. (Gen. 6:13, 14, 22) Noe o ile a ba a phatlalatsa kahlolo ea Jehova e haufi. Moapostola Petrose o ’mitsa “’moleli oa ho loka,” e leng se bontšang hore Noe o ile a loanela ho thusa baahisani ba hae hore ba utloisise hore na boemo boo ba neng ba le ho bona bo ne bo le bobe hakae. (Bala 2 Petrose 2:5.) Na u nahana hore e ka be e bile ntho e utloahalang hore Noe le ba lelapa la hae ba sebelise matla a bona hore ba qale khoebo, ba batle ho atleha ho feta batho bao ba neng ba phela le bona, kapa ba loanele ho phela bophelo bo mabothobotho? Ho hlakile hore e ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang! Kaha ba ne ba tseba se neng se tla tloha se etsahala, ba ile ba qoba lintho tseo tse neng li tla ba sitisa.

LIQETO TSE ILENG TSA ETSOA KE KHOSANA EA EGEPETA

5, 6. (a) Ho ka etsahala hore ebe thuto eo Moshe a ileng a e fumana e ne e reretsoe ho mo lokisetsa eng? (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a hana menyetla eo a neng a e fuoa Egepeta?

5 Joale, a re ke re tšohleng mohlala oo Moshe a ileng a re behela oona. O ile a hōlisetsoa ntlong ea borena ea Egepeta ke morali oa Faro. Kaha e ne e le khosana, o ile a rupeloa ka “bohlale bohle ba Baegepeta.” (Lik. 7:22; Ex. 2:9, 10) Ho ka etsahala hore ebe thuto ena e ne e reretsoe hore e mo lokisetse mosebetsi oo a neng a tla o etsa lekhotleng la Faro. A ka be a ile a tuma ’musong o neng o le matla ka ho fetisisa nakong eo, a hafa ka nkatana, a ba le maemo a phahameng a ba a thabela le menyaka ka lebaka la maemo ao a hae. Empa na sepheo sa Moshe e ne e le ho thabela lintho tsee?

6 Ka lebaka la koetliso eo a ileng a e fuoa ke batsoali ba hae ha a sa le monyenyane, ho ka etsahala hore ebe Moshe o ne a tseba seo Jehova a neng a se tšepisitse baholo-holo ba hae e leng Abrahama, Isaka le Jakobo. Moshe o ile a bontša hore o lumela litšepiso tseo. E tlameha ebe o ile a nahanisisa ka bokamoso ba hae le kamoo a ka tšepahalang kateng ho Jehova. Kahoo, ha e se e le nako ea hore a khethe hore na e tla ba khosana ea Egepeta kapa lekhoba la Moiseraele, o ile a etsa qeto efe? Moshe o ile a khetha “ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.” (Bala Baheberu 11:24-26.) Hamorao, o ile a latela tataiso ea Jehova mabapi le hore na o ne a lokela ho phela joang. (Ex. 3:2, 6-10) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a etsa joalo? Hobane o ne a tšepa litšepiso tsa Molimo. O ile a fihlela qeto ea hore o ne a se na bokamoso Egepeta. Ka sebele, hamorao Molimo o ile a otla sechaba seo ka likotlo tse leshome. Na ho na le seo batho ba inehetseng ho Jehova ba ka ithutang sona ho seo kajeno? Ho e-na le hore re shebane le mesebetsi ea boipheliso kapa menate ea tsamaiso ena ea lintho, re lokela ho tsepamisa likelello tsa rōna tšebeletsong ea Jehova.

JEREMIA O NE A TSEBA SE TLA TLOHA SE ETSAHALA

7. Boemo boo Jeremia a neng a phela ho bona bo ne bo tšoana le ba rōna joang?

7 Motho e mong ea ileng a etelletsa tšebeletso ea Jehova pele bophelong ba hae ke moprofeta Jeremia. Jehova o ile a khetha Jeremia hore e be moprofeta oa hae ’me a mo laela hore a phatlalatse molaetsa oa kahlolo khahlanong le bakoenehi ba Jerusalema le Juda. Ka tsela eo, ho ka boleloa hore Jeremia o ne a phela “karolong e qetellang ea matsatsi.” (Jer. 23:19, 20) O ne a tseba hantle hore tsamaiso eo a neng a phela ho eona e ne e tlil’o felisoa.

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore tsela eo Baruke a neng a nahana ka eona e lokisoe? (b) Ke eng eo re lokelang ho nahana ka eona ha re itokisetsa bokamoso?

8 Ke eng eo Jeremia a ileng a e qoba ka lebaka la seo a neng a se lumela? Ha aa ka a leka ho iketsetsa bokamoso tsamaisong eo e neng e tl’o felisoa. Ruri e ne e tla ba booatla ho etsa joalo! Leha ho le joalo, ka nako e itseng mongoli oa Jeremia, e leng Baruke, ha aa ka a talima lintho ka tsela e nepahetseng. Kahoo, Molimo o ile a bululela Jeremia hore a re ho mongoli eo oa hae: “Bona! Ke qhaqha seo ke se hahileng, ’me ke fothola seo ke se lemileng, esita le naha eohle. Empa ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla. Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.”—Jer. 45:4, 5.

9 Ha re tsebe hantle hore na “lintho tse khōlō” tseo Baruke a neng a ipatlela tsona ke life. * Leha ho le joalo, rea tseba hore e ne e le lintho tse ke keng tsa mo tsoela molemo ka moso, e ne e le lintho tse tla fela nakong eo Bababylona ba hapang Jerusalema ka 607 B.C.E. Na ho na le seo re ka ithutang sona ho see? Re lokela ho itokisetsa hore re fumane lintho tseo re tla li hloka bophelong nakong e tlang. (Liprov. 6:6-11) Empa na e ne e tla be e le bohlale hore re sebelise nako e ngata le matla a rōna re lelekisa lintho tse tla re tsoela molemo ka nakoana feela? Ke ’nete hore mokhatlo oa Jehova o ntse o tsoela pele ho etsa meralo ea hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse ncha, liofisi tsa makala le merero e meng ea puso ea Molimo. Leha ho le joalo, mesebetsi ena e na le bokamoso hobane e reretsoe ho ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso. E ka ba hantle hore bahlanka bohle ba Jehova ba inehetseng le bona ba etelletse lintho tse amanang le ’Muso pele ha ba itokisetsa bokamoso. Na u kholisehile pelong ea hao hore u ‘batla ’muso pele le ho loka ha Jehova’?—Mat. 6:33.

“KE LI NKA E LE LITHŌLE TSE NGATA”

10, 11. (a) Pele Pauluse e e-ba Mokreste ke ntho efe e neng e le ea bohlokoa ho eena? (b) Ke hobane’ng ha lintho tse tlang pele bophelong ba Pauluse li ile tsa fetoha?

10 Qetellong, a re ke re tšohleng mohlala oa Pauluse. Pele a sokolohela Bokresteng, ho ne ho bonahala eka o na le bokamoso bo botle. O ne a ithutile molao oa Sejuda, a rutiloe ke e mong oa mesuoe e neng e tumme haholo mehleng ea hae. O ne a filoe matla ke moprista ea phahameng oa Mojuda. O ne a hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa hae. (Lik. 9:1, 2; 22:3; 26:10; Bagal. 1:13, 14) Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha ha Pauluse a hlokomela hore Jehova o ne a se a sa hlohonolofatse sechaba sa Bajuda.

11 Pauluse o ile a hlokomela hore ho ba le mosebetsi oo a o etsang tsamaisong ea Sejuda ho ne ho se na thuso mahlong a Jehova ebile ho ne ho ke ke ha mo tsoela molemo ka moso. (Mat. 24:2) Motho enoa eo pele e neng e le Mofarisi o ile a bolela hore ha a bapisa tsebo e ncha eo a neng a e-na le eona ka merero ea Molimo hammoho le tlotla eo a neng a e-na le eona ea ho etsa tšebeletso ea Bokreste le lintho tseo pele a neng a nahana hore ke tsa bohlokoa, joale o ne a nka lintho tseo e le “lithōle tse ngata.” Pauluse o ile a furalla lintho tseo a neng a li hahamalla Bojudeng, eaba o sebelisa nako ea bophelo ba hae ho bolela litaba tse molemo.—Bala Bafilipi 3:4-8, 15; Lik. 9:15.

HLAHLOBA HORE NA KE LINTHO LIFE TSE TLANG PELE BOPHELONG BA HAO

12. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, ke’ng e neng e tla pele bophelong ba hae?

12 Noe, Moshe, Jeremia, Pauluse le ba bang ba bangata ba tšoanang le bona ba ile ba sebelisa nako ea bona e ngata le matla a bona tšebeletsong ea Jehova. Ba re behetse mohlala o motle. Ke ’nete hore Jesu ke eena ea behetseng bahlanka ba Jehova ba inehetseng mohlala o babatsehang oo ba ka o latelang. (1 Pet. 2:21) Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a nehela bophelo bohle ba hae ha a ne a le lefatšeng hore a bolele litaba tse molemo le hore a tlotlise Jehova. Kahoo, ho sebeletsa Jehova e lokela hore e be eona ntho e tlang pele bophelong ba Mokreste e mong le e mong ea latelang mohlala oa Jesu le ea hlokomelang hore Jehova ke eena ea laolang bophelo ba hae. Na ho sebeletsa Jehova ke eona ntho e tlang pele bophelong ba hao? Re ka etsa joang hore re eketse nako eo re e qetang re sebeletsa Jehova empa re ’ne re be le nako ea ho etsa mesebetsi e meng?—Bala Pesaleme ea 71:15; 145:2.

13, 14. (a) Bakreste bohle ba inehetseng ba khothalletsoa hore ba nahane ka eng? (b) Ke’ng e ka etsang hore bahlanka ba Molimo ba thabe?

13 Ka lilemo tse ngata, mokhatlo oa Jehova o ’nile oa khothalletsa Bakreste ka makhetlo hore ba nahane ba be ba rapele ka taba ea hore na ba ka khona ho ba bo-pula-maliboho kapa che. Ka mabaka a sa tšoaneng, maemo a bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang ha a ba lumelle hore ba qete lihora tse ka bang 70 ka khoeli ba bolela litaba tse molemo. Sena ha sea lokela ho ba nyahamisa. (1 Tim. 5:8) Uena boemo ba hao bo joang? Na ehlile u ke ke ua khona ho ba pula-maliboho?

14 Nahana ka thabo eo bahlanka ba bangata ba Molimo ba bileng le eona nakong ea Sehopotso selemong sena. Khoeling ea March, ho ile ha e-ba le tokisetso e khethehileng e ileng ea lumella bo-pula-maliboho ba thusang hore ba khethe hore na ba tla qeta lihora tse 30 kapa 50 tšebeletsong ea tšimo. (Pes. 110:3) Bahoeletsi ba limilione e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ’me liphutheho li ile tsa bonahala li nyakaletse li bile li thabile. Na u ka lokisa maemo a hao e le hore nako le nako u be pula-maliboho ’me u thabe ka tsela e tšoanang? Ha Mokreste ea inehetseng e le pula-maliboho, qetellong ea letsatsi le leng le le leng oa thaba ’me a ka re, “Jehova, ke entse sohle seo nka se khonang tšebeletsong ea hao.”

15. Sepheo sa mocha oa Mokreste e lokela ho ba sefe mabapi le thuto ea lefatše?

15 Haeba u se u tla qeta sekolong, u ka ’na ua hlokomela hore u phetse hantle ebile ha u na boikarabelo bo bongata. Na u se u nahanne ka botebo ka ho ba pula-maliboho oa kamehla? Ha ho pelaelo hore matichere a nahana hore ho hahamalla thuto e phahameng ho tla u tsoela molemo e le hore u ka itokisetsa ho fumana mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, ba tšepile mekhatlo ea batho le chelete, e leng lintho tse se nang bokamoso. Ka lehlakoreng le leng, ha u hahamalla lipakane tsa moea, u tla be u hahamalla lipakane tsa bohlokoa le tse tla u tsoela molemo ho ea ho ile. Ho feta moo, u tla be u latela mohlala oa Jesu o phethahetseng. Ho etsa qeto eo e bohlale ho tla u thabisa. Ho tla u sireletsa. Hape seo se tla bontša hore u ikemiselitse ho phelela boinehelo ba hao ho Jehova.—Mat. 6:19-21; 1 Tim. 6:9-12.

16, 17. Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona mabapi le mosebetsi oa boipheliso le lipakane tse ling?

16 Kajeno bahlanka ba Molimo ba bangata ba sebetsa lihora tse ngata e le hore ba malapa a bona ba fumane litlhoko tsa mantlha. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba sebetsa lihora tse ngata ho sa hlokahale. (1 Tim. 6:8) Lefatše la khoebo le etsa boiteko bo matla ba hore re lumele hore re ke ke ra phela ntle le lihlahisoa tsa lona tse ngata le tse ncha ’marakeng. Empa Bakreste ba ’nete ha ba batle hore lefatše la Satane e be lona le ba bolellang hore na ke lintho life tse lokelang ho tla pele bophelong ba bona. (1 Joh. 2:15-17) Na e ke ke ea e-ba hantle hore batho ba seng ba behile meja fatše ba etelletse tšebeletso ea Jehova pele bophelong ba bona ka hore ba sebelise nako ea bona tšebeletsong ea bopula-maliboho?

17 Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho ipotsa: Ke ntho efe eo ke e nkang e le ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong? Na ke etsa hore tšebeletso ea Jehova e be eona e tlang pele bophelong ba ka? Na ke etsisa Jesu ka hore ke bontše boitelo? Na ke mamela keletso ea Jesu ea hore ke mo latele ke sa khaotse? Na nka fetola kemiso ea ka e le hore nka qeta nako e ngata mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso kapa mesebetsing e meng ea puso ea Molimo? Esita le haeba hona joale maemo a ka a sa ntumelle hore ke eketse tšebeletso ea ka, na ke tsoela pele ke loanela ho bontša moea oa boitelo?

‘HO RATA LE HO SEBETSA’

18, 19. Ke’ng eo u ka ’nang ua e rapella, hona ke hobane’ng ha kōpo eo e ka thabisa Jehova?

18 Ke ntho e thabisang ho bona cheseho le thabo ea bahlanka ba Molimo. Leha ho joalo, ba bang ba ka ’na ba se ke ba ikutloa ba labalabela ho ba bo-pula-maliboho kapa ba ikutloa ba sa tšoanelehe—le haeba maemo a bona a ba lumella hore e ka ba bo-pula-maliboho. (Ex. 4:10; Jer. 1:6) Joale ke sefe seo motho a ka se etsang? Na e ke ke ea e-ba hantle hore motho a rapelle taba ee? E, e ka ba hantle. Pauluse o ile a bolella balumeli-’moho le eena hore, ‘ka lebaka la ho khahloa ha hae, Jehova o sebetsa ho bona e le hore ba rate ba be ba sebetse.’ (Bafil. 2:13) Haeba u ikutloa u sa labalabele ho eketsa tšebeletso ea hao, kōpa Jehova hore a u thuse hore u be le takatso le matla a ho etsa joalo.—2 Pet. 3:9, 11.

19 Noe, Moshe, Jeremia, Pauluse le Jesu kaofela ha bona e ne e le batho ba inehetseng. Ba ile ba sebelisa nako le matla a bona ho phatlalatsa molaetsa oa Jehova o lemosang. Ha baa ka ba lumella letho hore le ba sitise. Tsamaiso ena ea hona joale e haufi le ho felisoa; kahoo, rōna bohle ba inehetseng ho Molimo re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hore re tsoele pele ho latela mehlala ena e babatsehang ea Mangolo. (Mat. 24:42; 2 Tim. 2:15) Ha re etsa joalo, re tla thabisa Jehova ’me o tla re hlohonolofatsa haholo.—Bala Malakia 3:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Sheba buka ea Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia, leqepheng la 104-106.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Batho ha baa ka ba mamela temoso ea Noe

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na u se u nahanne ka botebo ka ho ba pula-maliboho oa kamehla?