Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlalefa—Batla “Tataiso e Bohlale”

Hlalefa—Batla “Tataiso e Bohlale”

Hlalefa—Batla “Tataiso e Bohlale”

Bophelo bo ’nile ba tšoantšoa le leeto. Leha ho le joalo, hase kamehla bohlale ba batho bo ba thusang ka ho feletseng hore ba atlehe leetong la bophelo. Batho ba bangata ba ’nile ba robeheloa ke sekepe metsing a loebehlanang a bophelo. (Pes. 107:23, 27) Ke hobane’ng ha papiso ee e loketse?

Mehleng ea boholo-holo, ho nka leeto leoatleng ho ne ho le boima ’me ho ne ho hloka boiphihlelo. E ne e le boiphihlelo boo hangata motho a neng a ithuta bona ho basesisi ba likepe bao e leng khale ba li bona kapa mohlomong ho batsamaisi ba tsona. (Lik. 27:9-11) Litšoantšo tse ngata tsa boholo-holo tse takiloeng li totobatsa bohlokoa ba mosebetsi oa motsamaisi oa sekepe ka ho mo taka e le senatla se fetang ba bang. Pele batho ba tsamaeang ka likepe ba nka leeto ba ne ba ithuta linaleli, maemo a moea le lintho tse ling tseo e neng e le tsa bohlokoa. Ha Bibele e hlalosa basesisi ba bang ba likepe e re ke “litsebi,” ’me e sebelisa lentsoe le ka ’nang la bolela ho ba “bohlale.”—Ezek. 27:8; NW, ftn.

Ho sebetsana le mathata a bophelo kajeno ho ka bonahala ho le boima joaloka ho nka leeto leoatleng mehleng ea boholo-holo. Ke eng e ka re thusang?

RE KA FUMANA “TATAISO E BOHLALE” JOANG?

Re ntse re nahanne ka papiso eane ea hore bophelo bo tšoana le leeto, nahana ka ’nete ena ea Bibele: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng, ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale.” (Liprov. 1:5, 6) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tataiso e bohlale” le ka hlalosa se neng se etsoa ke molaoli oa sekepe sa boholo-holo. Le fana ka maikutlo a hore motho o khona ho tsamaisa le ho tataisa ka bohlale.

Le hoja ho hlokahala boiteko, re ka fumana “tataiso e bohlale” ’me ra ithuta ho “sesisa sekepe” ka katleho leoatleng la bophelo. Joalokaha Liproverbia e bontša, re lokela ho lumella “bohlale,” “kutloisiso” le “temohisiso” hore li sebetse hammoho. (Liprov. 1:2-6; 2:1-9) Ho feta moo, re ke ke ra hlokomoloha ho batla tataiso ea Molimo, kaha esita le batho ba khopo ba ka tseba ho ‘tsamaisa’ lintho e le hore ba atlehe mererong ea bona e khopo.—Liprov. 12:5.

Kahoo, ho hlokahala hore re be liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo. Ha re ithuta joalo, re ka fumana boitsebiso ba bohlokoa ka Jehova le ka ea bonahatsang litšobotsi tsa Hae hantle ka ho fetisisa, e leng Jesu Kreste. (Joh. 14:9) Re fumana keletso e ngata e bohlale libokeng tsa Bokreste. Ho phaella moo, ho na le seo re ka ithutang sona boiphihlelong boo ba bang ba nang le bona ho akarelletsa le batsoali ba rōna.—Liprov. 23:22.

ITOKISETSE MATHATA AO U KA ’NANG UA THULANA LE ’ONA

“Tataiso e bohlale” ke ea bohlokoa haholo-holo haeba re sa tsebe hantle hore na re nke bohato bofe ha re thulana le mathata. Haeba re sa tsebe hore na re nke bohato bofe, seo se ka etsa hore re felloe ke matla ’me se ka re kenya tsietsing.—Jak. 1:5, 6.

Hoa thahasellisa hore ebe lentsoe le fetoletsoeng e le “tataiso e bohlale” le boetse le sebelisoa mabapi le ntoa. Bibele e re: “U tla loana ntoa ea hao ka tataiso e bohlale [“ka maano,” The Revised English Bible], ’me ha baeletsi ba le bangata ho na le poloko.”—Liprov. 20:18; 24:6.

Joaloka motho ea nang le maano ea hlophisang ntoa, e ka ba hantle hore re nahane ka lintho tse ka ’nang tsa beha kamano ea rōna le Jehova kotsing. (Liprov. 22:3) Ka mohlala, u ka ’na ua tlameha ho etsa qeto mabapi le hore na u tla amohela mosebetsi o mocha kapa ho nyolloa mosebetsing. Hoa utloahala hore u tla nahana ka moputso, nako eo u tla e nka ha u e-ea le ha u ho khutla mosebetsing le lintho tse ling tse amehang. Leha ho le joalo, ho na le lintlha tse ling tseo u lokelang ho nahana ka tsona: Na mosebetsi oa mofuta oo o tla lumellana le melao-motheo ea Bibele? Mesebetsi ea ka ea Bokreste e tla ameha joang haeba ke sebetsa lichifi?—Luka 14:28-30.

Loretta, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ne a sebetsa mosebetsi o motle k’hamphaning e lokisang lijo. Ha k’hamphani eo a neng a sebetsa ho eona e fallela sebakeng se seng, Loretta o ile a tšepisoa hore o ne a tla nyolloa mosebetsing sebakeng seo se secha. Batsamaisi ba ile ba re ho eena: “Ona ke monyetla oo u ke keng ua hlola u o fumana bophelong. Re se re bile re fumane le hore ho na le Holo ea ’Muso sebakeng seo.” Empa Loretta o ne a batla ho nolofatsa bophelo ba hae e le hore a eketse tšebeletso ea hae ho ’Mōpi. O ile a hlokomela hore mosebetsi oo o mocha o ne o tla mo siela nako e nyenyane ea mesebetsi ea Bokreste. Kahoo, o ile a itokolla mosebetsing, le hoja mookameli a ne a mo boleletse hore ke eena feela mosebetsi eo ba hlileng ba batlang ho mo boloka mosebetsing. Hona joale Loretta e se e bile pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse 20, ’me o kholisehile hore o ile a fumana litholoana tse ntle hobane a ile a etsa lintho a itšetlehile ka “tataiso e bohlale,” e leng tumellanong le keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo. O ile a matlafatsa kamano ea hae le Jehova ’me o ile a ba le monyetla oa ho thusa batho ba bangata hore ba amohele ’nete ea Bibele.

Ha ho pelaelo hore ka lapeng ho hlokahala “tataiso e bohlale.” Ho hōlisa bana ke mosebetsi o nkang nako e telele, ’me liqeto tseo batsoali ba li etsang mabapi le lintho tsa moea le ho fumana lintho tseo lelapa le li hlokang nameng, li ama bokamoso ba lelapa kaofela. (Liprov. 22:6) Ka mohlala, batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ka meqoqo ea rōna le ka mohlala oa rōna, na re ruta bana ba rōna hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa moeeng tse tla ba thusa hore ba atlehe ha e se le batho ba baholo? Na tsela eo re phelang ka eona e ba thusa ho utloisisa hore na ke ka tsela efe ba ka khotsofallang bophelo bo itekanetseng le hore ba tsepamise maikutlo tšebeletsong ea bona ea Bokreste?’—1 Tim. 6:6-10, 18, 19.

Katleho ea ’nete ha ea itšetleha ka ho ba le lipakane tsa ho rua kapa tsa ho ba le maemo sechabeng tseo hangata li phehelloang ke batho ba lefatše. Morena Solomone o ne a utloisisa sena. O ile a bululeloa hore a ngole a re: “Lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete, hobane ba ne ba mo tšaba.” (Moek. 8:12) Seo ka sebele se paka bohlale ba ho batla “tataiso e bohlale” e thehiloeng Lentsoeng la Molimo le e lumellanang le lona.—2 Tim. 3:16, 17.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ho totobatsa mosebetsi oo batsamaisi ba likepe ba neng ba o etsa, hangata ba ne ba takoa e le linatla tse fetang basesisi ba bang ba sekepe

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Su concessione del Ministero per i Beni e le Attività Culturali. It is forbidden to reproduce or duplicate this image in any way or by any means.