Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlaleho ea Seboka sa Selemo le Selemo

Seboka se Tla Hopoloa ka Bonngoe le Lintho Tse Thabisang Tse Reretsoeng Nako e Tlang

Seboka se Tla Hopoloa ka Bonngoe le Lintho Tse Thabisang Tse Reretsoeng Nako e Tlang

KAMEHLA liboka tsa selemo le selemo tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania li etsa hore batho ba thabe haholo. Ho ile ha fela ha e-ba joalo ka seboka sa selemo le selemo sa bo127, se neng se tšoeroe ka Moqebelo oa la 1 October, 2011! Baeti ba neng ba menngoe ba e-tsoa lefatšeng lohle ba ile ba bokana Holong ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova e Jersey City, New Jersey, U.S.A.

Mor’abo rōna Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a amohela letšoele la batho ba thabileng. O ile a bolella baeti bao ba neng ba e-tsoa linaheng tse ka bang 85 hore ba thabela bonngoe bo ikhethang ba machaba. Bonngoe boo bo fana ka bopaki bo botle ’me bo tlotlisa Jehova. Ha e le hantle, bonngoe ke eona taba e ka sehloohong eo ho neng ho buua ka eona sebokeng seo.

TLALEHO E MONATE E TSOANG MEXICO

Karolo ea pele lenaneong e ile ea bontša bonngoe boo bahlanka ba Jehova ba nang le bona. Baltasar Perla, o ile a buisana le litho tse tharo tsa Bethele ea Mexico moo le eena a sebetsang teng, mabapi le ho kopanngoa ha makala a tšeletseng a linaha tsa Amerika Bohareng le lekala la Mexico. Ka lebaka la ho kopanngoa hona, lelapa la Bethele la Mexico le na le batho ba tsoang litsong tse sa tšoaneng le ba tsoang linaheng tsa machaba. Kaha Bakreste ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng ba kena lenyelenyele, sena se etsa hore ba khothatsane. Ho joalokaha eka Molimo o ile a nka rabara e khōlō eaba o hlakola meeli ea linaha.

Ka lebaka la ho kopanngoa hona, bahoeletsi ba ne ba lokela ho thusoa hore ba utloisise hore ha baa behelloa hōle le mokhatlo oa Jehova le hoja makala a linaheng tsa habo bona a koetsoe. E le ho finyella seo, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le khokahanyo ea e-mail e sireletsehileng e le hore esita le liphutheho tse hōle haholo li ka khona ho buisana le lekala ka ho toba.

LITLALEHO TSA MORAO-RAO TSE TSOANG JAPANE

James Linton oa lekaleng la Japane o ile a hlalosa kamoo bara le barali babo rōna ba ileng ba angoa kateng ke tšisinyeho ea lefatše le tsunami tse ileng tsa hlasela sebaka seo ka March 2011. Lipaki tse ngata li ile tsa shoeloa ke batho bao li ba ratang tsa ba tsa senyeheloa ke thepa. Lipaki tse lulang libakeng tse neng li sa angoa ke koluoa ena li ile tsa bula matlo a fetang 3 100 tsa ba tsa nehelana ka makoloi a makholo ho thusa batho ba neng ba anngoe ke koluoa. Baithaopi ba sebetsang le Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa ba ile ba sebetsa bosiu le motšehare ho lokisa matlo a bara le barali babo rōna. Batho ba fetang 1 700 ba ile ba ithaopela ho sebetsa moo ho neng ho e-na le tlhokahalo teng. Sehlopha sa baithaopi ba tsoang United States se ile sa thusa ho lokisa Liholo Tsa ’Muso ’me ke baithaopi ba 575 ba neng ba etsa mosebetsi oo.

Batho ba anngoeng ke koluoa ena ba ile ba thusoa haholo-holo moeeng ba ba ba thojoa maikutlo. Baholo ba fetang 400 ba ile ba sebeletsa moo ho neng ho hlokahala hore ho etsoe maeto a bolisa. Ho ile ha totobala hore Sehlopha se Busang se tsotella bara le barali bana ba babo rōna ha balebeli ba babeli ba etelang makala ba ne ba tloha ntlo-khōlō ba e-ea sebakeng seo se anngoeng ke koluoa ho ea ba khothatsa. Bara le barali bao babo rōna ba ile ba tšeliseha haholo ha ba bona hore Lipaki lefatšeng lohle li amehile ka bona.

HO HLŌLOA LINYEOE

Bamameli ba ile ba mamela ka hloko ha Mor’abo rōna Stephen Hardy oa lekaleng la Brithani a ne a tsamaisa puisano e neng e bua ka linyeoe tse ’nileng tsa hlōloa morao tjena. Ka mohlala, ’muso oa naha ea Fora, o ne o batla hore mokhatlo oo re o sebelisang Fora o lefe lekhetho le etsang limilione tse R626. Taba eo e ile ea rarolloa ha Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR [European Court of Human Rights]) le ne le liha kahlolo e lumellanang le rōna, le bolela hore ’muso oa Fora o ne o tlotse Molao oa 9 oa Tumellano ea Linaha Tsa Europe e sireletsang tokoloho ea bolumeli. Mantsoe a sebelisitsoeng qetong eo, a bontša hore taba ea bohlokoa nyeoeng ena e ne e se chelete, kaha e re: “Ho hana ho amohela mokhatlo oa bolumeli, e leng se ka etsang hore mokhatlo oo o felisoe, ho sebelisa mantsoe a nyefolang mokhatlo oa bolumeli, ke mehlala ea ho kena-kenana le tokelo ea Molao oa 9 oa Tumellano eo.”

Lekhotla la ECHR le ile la boela la liha kahlolo e re tšehetsang nyeoeng e neng e le khahlanong le Armenia. Ho tloha ka 1965, ECHR e ile ea bontša hore Tumellano ea Linaha Tsa Europe e ne e sa sireletse batho ha ba qobelloa hore ba ee sesoleng. Moifo o Moholo oa Lekhotla—e leng karolo e ka holimo-limo ea Lekhotla la Europe—o ile oa etsa qeto ea hore “haeba motho a le khahlanong le tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ba hae,” Tumellano ea Linaha Tsa Europe e lokela ho mo lumella ho etsa joalo. Qeto ena e tlama Armenia le linaha tse ling tse kang Azerbaijan le Turkey hore le tsona li hlomphe tokelo eo.

MERERO EA KAHO

Mor’abo rōna Guy Pierce oa Sehlopha se Busang o ile a latela ’me a bolela hore oa lumela hore batho bohle ba neng ba le teng sebokeng seo ba labalabela ho tseba ka merero ea kaho e ntseng e tsoela pele New York State. O ile a etsa selelekela sa video e ileng ea bontša mosebetsi oa kaho o ntseng o tsoela pele Wallkill, Patterson, le litšeng tse sa tsoa rekoa Warwick le Tuxedo, New York. Wallkill, ho ntse ho hahoa mohaho oa bolulo o nang le likamore tse fetang 300 o tla fela ka 2014.

Ho reriloe hore ho hahoe setšeng se Warwick sa lihekthere tse 100. Mor’abo rōna Pierce o ile a re: “Le hoja re ntse re e-s’o tsebe hantle hore na thato ea Jehova ke efe mabapi le Warwick, re ntse re tsoela pele ka mosebetsi setšeng seo, ’me sepheo sa rōna ke hore ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e fallisetsoe moo.” Ho boetse ho na le morero oa hore ho isoe mechine le thepa ea ho haha setšeng se lihekthere tse 20 se bohōle ba lik’hilomithara tse leshome ka leboea ho Warwick. Mor’abo rōna Pierce o ile a re: “Hang ha re fumana tumello ea ho tsoela pele ka mosebetsi oa kaho, re tšepa hore mohaho oohle o tla fela ka mor’a lilemo tse ’nè. Ka mor’a moo, mehaho ea rōna e Brooklyn e tla rekisoa.”

Mor’abo rōna Pierce o ile a botsa potso ena: “Na Sehlopha se Busang se fetotse maikutlo a sona mabapi le hore mahlomola a maholo a haufi?” O ile a re: “Che, ha ho joalo. Haeba mahlomola a maholo a qala pele morero oa rōna o phethoa, seo e tla be e le ntho e babatsehang e le kannete!”

HLOKOMELANG TAU E RORANG

Setho se seng sa Sehlopha se Busang e leng Mor’abo rōna Stephen Lett, o ile a tšohla 1 Petrose 5:8, e reng: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” Mor’abo rōna Lett o ile a bolela hore ho na le lintho tse ’maloa tseo litau li khetholloang ka tsona tse etsang hore papiso ea Petrose e be e loketseng ha a hlalosa Diabolose.

Kaha litau li matla ebile li lebelo ho feta batho, ha rea lokela ho leka ho loantša Satane kapa ho leka ho mo siea re tšepile matla a rōna. Re hloka thuso ea Jehova. (Esa. 40:31) Tau e tsoma e patile mohoasa, kahoo re lokela ho qoba ho ba lefifing la moea leo Satane a tsomang liphofu tsa hae ho lona. Feela joalokaha tau e bolaea letsa le seng kotsi kapa e bolaea petsana ea qoaha, Satane le eena ha a na mohau ’me o batla ho re bolaea. Ha tau e se e harotse phofu ea eona, hangata phofu eo e sala e harasoane, feela joalokaha “maemo a ho qetela” a batho bao e bang liphofu tsa Satane moeeng a ‘ba mabe bakeng sa bona ho feta a pele.’ (2 Pet. 2:20) Ka lebaka leo, ho hlokahala hore re eme re tiile khahlanong le Satane ’me re khomarele melao ea Bibele eo re ithutileng eona.—1 Pet. 5:9.

ANANELA KAROLO EO U E PHETHANG KA TLUNG EA JEHOVA

Sebui se latelang, e leng Mor’abo rōna Samuel Herd oa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Kaofela ha rōna ho na le karolo eo re e phethang ka tlung ea Jehova.” Bakreste bohle ba na le karolo eo ba e phethang “ka tlung” ea Molimo—tempele ea hae ea moea—e leng tokisetso ea ho mo rapela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Re lokela ho ananela karolo ena eo re e phethang ’me re e nke e le tlotla. Joaloka Davida, re batla ho ‘lula ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rōna.’—Pes. 27:4.

Mor’abo rōna Herd o ile a bua ka Pesaleme ea 92:12-14, eaba o botsa potso ena, “Jehova o re thusa joang hore re atlehe?” O ile a e araba ka ho re: “Paradeiseng ea moea, Molimo o re thusa hore re lule re futhumetse, oa re sireletsa ’me o re fa metsi a khathollang a ’nete. Re lokela ho mo leboha ka seo a re etsetsang sona.” Ka mor’a moo, Mor’abo rōna Herd o ile a khothatsa bamameli a re: “Re khotsofalle ho lula ka tlung ea Jehova—eseng ka nakoana feela empa ka ho sa feleng.”

BAKRESTE BA HLOMPHA LENTSOE LA MOLIMO

Puong e latelang, Mor’abo rōna David Splane, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bolela hore kamehla Bakreste ba ’nete ba ’nile ba hlompha Lentsoe la Molimo. Lekholong la pele la lilemo ba ile ba itšetleha ka lona e le hore ba rarolle bothata bo neng bo le teng mabapi le lebollo. (Lik. 15:16, 17) Empa batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba lekholong la bobeli la lilemo, ba neng ba ithutile filosofi ea Bagerike, ba ile ba qala ho tšepa bohlale ba bona ho feta Mangolo. Hamorao ba bang ba ile ba nkela lithuto tsa Bibele sebaka ka maikutlo a batho bao ho neng ho boleloa hore ke Bo-ntate ba Kereke le baemphera ba Roma, ’me sena se ile sa hlahisa lithuto tse ngata tsa bohata.

Mor’abo rōna Splane o ile a bontša hore Jesu o ile a etsa papiso eo ho eona a ileng a bontša hore ho ne ho tla lula ho e-na le Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng ba neng ba tla emela ’nete lefatšeng. (Mat. 13:24-30) Ke ’nete hore ha re tsebe hantle hore na Bakreste bao ba tlotsitsoeng e ne e le bo-mang. Leha ho le joalo, ha makholo a lilemo a ntse a feta, batho ba bangata ba ile ba nyatsa litumelo le mekhoa e khahlanong le Mangolo. Ba bang ba bona ke Moarekabishopo Agobard oa Lyons ea phetseng lekholong la bo9 la lilemo, Peter oa Bruys, Henry oa Lausanne le Valdès (kapa, Waldo) ea phetseng lekholong la bo12 la lilemo, John Wycliffe ea phetseng lekholong la bo14 la lilemo, William Tyndale ea phetseng lekholong la bo16 la lilemo le Henry Grew hammoho le George Storrs ba phetseng lekholong la bo19 la lilemo. Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li ntse li tsoela pele ho mamela melao ea Mangolo le ho nka hore Bibele ke motheo oa ’nete. Ke ka lebaka leo Sehlopha se Busang se khethileng hore temana ea rōna ea selemo sa 2012 e be Johanne 17:17, e reng: “Lentsoe la hao ke ’nete.”

LIPHETOHO TSE THABISANG MABAPI LE KOETLISO LE TŠEBELETSO

Tsebiso eo Mor’abo rōna Anthony Morris oa Sehlopha se Busang a ileng a e etsa e ile ea bontša liphetoho tse tla ama baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ho tloha ka September 2012, Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste se tla tšoareloa linaheng tse itseng tse khethiloeng. Tsela eo Sekolo sa Gileade se sebetsang ka eona e fetotsoe. Ho tloha ka October selemong se fetileng, batho bohle ba koetlisitsoeng Gileade e ne e tla be e le batho ba seng ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng—e le baromuoa ba e-s’o fumane koetliso ea Gileade, bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang kapa basebeletsi ba Bethele. Batho ba tla fumana mangolo sekolong sena ba tla sebelisoa ho matlafatsa le ho khothatsa batho ba Molimo ebang ke liofising tsa makala, mosebetsing oa potoloho kapa libakeng tse nang le baahi ba bangata moo ba ka khothatsang liphutheho mosebetsing oa boboleli.

Bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ba tla bula masimo a macha libakeng tse ka mathōko. Ho tloha ka January 1, 2012, batho ba bang ba tla fumana mangolo Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha le Sekolong sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste ba ne ba tla abeloa ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ’me ba sebelisoe ho bula masimo a macha le ho atolosetsa mosebetsi libakeng tse ka mathōko. Ba ne ba tla sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng nakong ea selemo ka lilemo tse tharo tse latellanang. Ba tla sebetsa hantle ba ka ’na ba fuoa kabelo ea ho sebetsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ho ea ho ile.

Seboka sa selemo le selemo sa 2011 e ile ea e-ba nako ea thabo. Re lebeletse hore Jehova a hlohonolofatse litokisetso tsena tse ncha tsa ho matlafatsa mosebetsi oa rōna oa boboleli le ho etsa hore re tsoele pele re le bonngoeng le bara babo rōna lefatšeng lohle—e le hore Jehova a tlotlisoe a be a rorisoe.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]

RE ILE RA BA TSEBA HAHOLOANYANE

Lenaneong ho ne ho boetse ho e-na le puisano le bahlolohali ba bahlano ho ba robong ba ntseng ba phela, ba litho tsa Sehlopha se Busang. Morali’abo rōna Marina Sydlik, Edith Suiter, Melita Jaracz, Melba Barry le Sydney Barber, ba ile ba bolela hore na ba ithutile ’nete joang le hore na ba ile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng joang. E mong le e mong o ile a bua ka lintho tsa bohlokoa tseo a li hopolang, kamoo a ikutloang kateng ka monna oa hae le litlhohonolofatso tseo ba ileng ba li thabela hammoho. Puisano ena e ile ea phethoa ka tsela e amang maikutlo ha bamameli ba ne ba bina pina ea 86, e nang le sehlooho se reng, “Basali ba Tšepahalang, Baralib’abo Rōna ba Bakreste.”

[Litšoantšo]

(Ka holimo) Daniel le Marina Sydlik; Grant le Edith Suiter; Theodore le Melita Jaracz

(Ka tlaase) Lloyd le Melba Barry; Carey le Sydney Barber

[’Mapa o leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Makala a tšeletseng a ile a kopanngoa tlas’a tataiso ea lekala la Mexico

MEXICO

GUATEMALA

HONDURAS

EL SALVADOR

NICARAGUA

COSTA RICA

PANAMA

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Polane ea hore na ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e tla hahoa Warwick, New York e tla shebahala joang