Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna”

“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna”

“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna”

MORENA ASA ea neng a etelletse lebotho la hae pele, o theohela tlaase phuleng a potlakile a e-tsoa lihlabeng tsa Judea a e-ea lebōpong la leoatle. Ha a fihla moo phula e bulehang teng, Asa oa khefutsa ’me o ntse a hemesela. Ka tlaase ho moo a leng teng ke liahelo tsa ba lireng—’me li khōlō! E tlameha ebe lebotho leo la Baethiopia le na le masole a milione. Palo ea lebotho la Asa e ka holimonyana ho halofo ea lebotho la banna bao.

Nakong ee eo Asa a tobaneng le ntoa e ka ’nang ea qhoma neng kapa neng, ke’ng eo a nahanang ho e etsa? Na ke ho fa balaoli ba mabotho a hae litaelo? Ho khothatsa mabotho a hae? Ho ngolla ba lelapa la hae? Che, ha ho joalo! Ha a tobane le bothata bona, Asa oa rapela.

Pele re hlahloba thapelo eo le ho tšohla hore na ho ile ha etsahala’ng nakong eo, nahana ka hore na Asa e ne e le motho ea joang. Ke hobane’ng ha a ile a etsa lintho ka tsela eo? Na o ne a nepile hore ebe o ile a kōpa thuso ho Molimo? Tlaleho e mabapi le Asa e re ruta’ng ka tsela eo Jehova a hlohonolofatsang mesebetsi ea bahlanka ba Hae ka eona?

TLALEHO EA ASA

Lilemong tse 20 ka mor’a hore ’muso oa Iseraele o aroloe hore e be mebuso e ’meli, ’muso oa Juda o ne o silafalitsoe ka ho feletseng ke mekhoa ea bohetene. Ha Asa e ne e e-ba morena ka 977 B.C.E., esita le lekhotla la borena le ne le silafalitsoe ke borapeli ba melimo ea Bakanana ea tsoalo. Empa tlaleho e bululetsoeng ea ho busa ha Asa e re o ile “a etsa se setle le se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hae.” Asa o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:2, 3) Asa o ile a boela a leleka “matekatse a banna a tempele” ’musong oa Juda. Matekatse ana a ne a etsa bosodoma ka lebitso la bolumeli. Asa ha aa ka a tlosa borapeli bona ba bohata feela. Empa o ile a boela a khothalletsa batho hore “ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona” le hore ba phethe ‘melao le litaelo’ tsa Molimo.—1 Mar. 15:12, 13; 2 Likron. 14:4.

Kaha Jehova o ne a khahliloe ke taba ea hore Asa o ne a chesehela borapeli ba ’nete, o ile a mo putsa ka hore ho be le khotso pusong ea hae ka lilemo tse ngata. Kahoo, Morena Asa o ne a ka re: “Re batlile Jehova Molimo oa rōna. Re batlile, ’me o re fa phomolo ka hohle.” Ka lebaka la khotso e neng e rena, sechaba se ile sa sebelisa nako eo hore se matlafatse tšireletso ea motse oa Juda ka hore se hahe marako. Tlaleho ea Bibele e re: “Ba qala ho haha ’me ba atleha.”—2 Likron. 14:1, 6, 7.

LEBALENG LA NTOA

Ho latela tlaleho ea lintho tseo Asa a li entseng, ha rea lokela ho makatsoa ke hore ebe o ile a rapela ha a ne a tobane le lebotho le leholo ka ho fetisisa leo ho builoeng ka lona ka Mangolong. Asa o ne a tseba hore Molimo o putsa batho ba bontšang tumelo. Thapelong ea hae, Morena Asa o ile a kōpa thuso ho Jehova. Asa o ile a hlokomela hore haeba a itšetlehile ka Molimo a bile a tšepile thuso ea hae, ho ne ho sa tsotellehe hore na lebotho la sera le ne le le matla hakae ebile le e-na le batho ba bangata hakae. Lebitso la Jehova le ne le ameha tabeng ena, ke ka lebaka leo Asa a ileng a kōpa thuso ho Molimo. Morena Asa o ile a rapela a re: “Re thuse, Jehova Molimo oa rōna, etsoe re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao. Jehova, u Molimo oa rōna. U se ke ua lumella motho ea shoang hore a be matla khahlanong le uena.” (2 Likron. 14:11) Seo se ne se tšoana le ho re: ‘Baethiopia ba hlasela uena, Jehova. U se ke ua lumella hore lebitso la hao le nyefoloe ka hore batho ba fokolang ba hlōle batho ba bitsoang ka lebitso la hao.’ Kahoo, “Jehova o [ile a] hlōla Baethiopia ka pel’a Asa le ka pel’a Juda, ’me Baethiopia ba baleha.”—2 Likron. 14:12.

Kajeno, bahlanka ba Jehova ba tobana le bahanyetsi ba bangata ba matla. Re ke ke ra loana le bona ka lihlomo tsa sebele lebaleng la ntoa la sebele. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla putsa batho ba tšepahalang ba loanang ntoa ea moea ka lebaka la lebitso la hae ka hore ba hlōle. Ntoa eo re e loanang e ka ’na ea akarelletsa boiteko bo matla ba ho loantša moea o jeleng setsi oa boitšoaro bo hlephileng, ho loantša bofokoli ba rōna kapa ho sireletsa malapa a rōna linthong tse silafatsang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ke mahlomola afe ao re tobanang le ’ona, re ka khothatsoa ke thapelo ea Asa. Tlhōlo ea hae e ne e le tlhōlo ea Jehova. E ile ea bontša hore na ke sefe seo batho bohle ba itšetlehang ka Molimo ba ka se lebellang. Jehova o matla ho feta motho ofe kapa ofe.

KHOTHATSO LE TEMOSO

Ha Asa a khutla ntoeng, o ile a khahlanyetsoa ke Azaria. Moprofeta Azaria o ile a mo fa khothatso le temoso, a re: “U nkutloe, Uena Asa le Bajuda bohle le Benjamine! Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena; haeba le mo batla, o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela. . . . Le be sebete ’me le se ke la lumella matsoho a lōna ho tepella, hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi oa lōna.”—2 Likron. 15:1, 2, 7.

Mantsoe ana a ka re matlafatsa tumelo. A bontša hore Jehova o tla ba le rōna hafeela re mo sebeletsa ka botšepehi. Ha re kōpa thuso ho eena, re ka kholiseha hore oa re utloa. Azaria o ile a re: “Le be sebete.” Hangata ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse se nepahetseng, empa rea tseba hore Jehova a ka re thusa hore re etse seo.

Kaha nkhono oa Asa e leng Maaka, o ne a etselitse “palo e halalelang setšoantšo se rapeloang se tšabehang,” Asa o ile a tobana le mosebetsi o thata oa ho mo tlosa boemong ba hae ba ho ba “mofumahali.” O ile a khona ho phetha mosebetsi oo, a ba a chesa setšoantšo seo sa hae se rapeloang. (1 Mar. 15:13) Asa o ile a hlohonolofatsoa ka lebaka la qeto eo a ileng a e etsa hammoho le tsela eo a ileng a bontša sebete ka eona. Le rōna re lokela ho khomarela Jehova ka tieo hammoho le melao ea hae e lokileng ho sa tsotellehe hore na beng ka rōna ba tšepahala ho Molimo kapa che. Haeba re etsa joalo, Jehova o tla re putsa ka lebaka la botšepehi ba rōna.

Tse ling tsa lintho tseo Asa a ileng a putsoa ka tsona ke hore a bone Baiseraele ba bangata ba ’musong oa bokoenehi o neng o le ka leboea ba e-tla Juda ka bongata ha ba hlokomela hore Jehova o ne a e-na le eena. Ba ne ba ananela borapeli bo hloekileng hoo ba ileng ba khetha ho siea mahae a bona e le hore ba e’o lula har’a bahlanka ba Jehova. Ka thabo Asa le Bajuda bohle ba ile ba kena ‘selekaneng sa ho batla Jehova ka lipelo tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona.’ Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? Molimo o ile “a etsa hore ba mo fumane; Jehova a tsoela pele ho ba fa phomolo ka hohle.” (2 Likron. 15:9-15) Ruri rea thaba ha batho ba ratang ho loka ba amohela borapeli bo hloekileng ba Jehova!

Ka lehlakoreng le leng mantsoe a moprofeta Azaria a ne a tšosa. O ile a ba lemosa a re: ‘Haeba le tlohela Jehova o tla le tlohela.’ E se eka seo se ke ke sa re etsahalla, kaha litholoana tsa sona li ka ba bosula haholo! (2 Pet. 2:20-22) Mangolo ha a bolele hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a romella Asa temoso ena, empa Asa ha aa ka a e mamela.

“U ENTSE KA BOOATLA”

Selemong sa bo36 sa puso ea Asa, Morena oa Iseraele e leng Basha, o ile a futuhela Juda. Basha o ile a qala ho haha marako a motse oa Rama o neng o le moeling ’me o le bohōle ba lik’hilomithara tse robeli ka leboea ho Jerusalema. Mohlomong o ile a etsa sena e le hore a thibele bafo ba hae ho ea naheng ea Juda ho ea kopanela borapeling bo hloekileng. Ho e-na le hore Asa a kōpe thuso ho Molimo joalokaha a ile a etsa ha a ne a futuheloa ke Baethiopia, o ile a batla thuso ho batho. O ile a romela mpho ho morena oa Syria, a mo kōpa hore a hlasele ’muso oa Iseraele o ka leboea. Ha Basyria ba futuha, Basha o ile a tloha Rama.—2 Likron. 16:1-5.

Jehova ha aa ka a thabela seo Asa a ileng a se etsa ’me o ile a romela moprofeta Hanani hore a mo bolelle seo. Kaha Asa o ile a hlokomela seo Molimo a ileng a se etsa ka Baethiopia, a ka be a ile a ithuta hore “mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” Mohlomong Asa o ile a fuoa keletso e fosahetseng kapa o ne a nahana hore Basha le lebotho la hae ha ba matla hakaalo ’me a nahana hore o ne a ka ba hlōla ka matla a hae. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, Asa o ile a tšepa batho ho e-na le hore a tšepe Jehova. Hanani o ile a re: “U entse ka booatla mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”—2 Likron. 16:7-9.

Asa o ile a halefa haholo eaba o kenya moprofeta Hanani metšoasong. (2 Likron. 16:10) Na ho ka etsahala hore ebe Asa o ile a nahana a re, ‘Na ke lokela ho khalemeloa ka mor’a hore ke tšepahale ka lilemo tse ngata?’ Na ebe kelello ea hae e ne e se e sa sebetse hantle ka lebaka la ho hōla? Bibele ha e bolele.

Selemong sa bo39 sa puso ea hae, Asa o ile a tšoaroa ke maoto ’me a kula haholo. Tlaleho e re: “Esita le ha a kula ha aa ka a batla Jehova empa o ile a batla bafolisi.” Ka nako eo, ho bonahala eka kamano ea Asa le Jehova e ne e se e se matla joaloka pele. Ho hlakile hore o ile a shoa a ntse a le boemong bona boo selemong sa bo41 sa puso ea hae.—2 Likron. 16:12-14.

Leha ho le joalo, ho bonahala eka litšobotsi tse ntle tsa Asa li ile tsa koahela liphoso tsa hae. Ha aa ka a khaotsa ho sebeletsa Jehova. (1 Mar. 15:14) Kahoo, pale ea bophelo ba hae e ka re ruta’ng? E ka re thusa hore re hlokomele hore re lokela ho hopola tsela eo Jehova a ileng a re thusa ka eona nakong e fetileng, kaha ho hopola seo ho ka re susumelletsa hore re boele re rapelle thuso ea hae ha re thulana le liteko tse ncha. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore kaha re sebelelitse Molimo ka botšepehi ka lilemo tse ngata, ha re hloke keletso ea Mangolo. Ho sa tsotellehe hore na re ’nile ra tšepahala ka nako e kae, Jehova o tla re khalemela haeba re etsa phoso. Re lokela ho amohela khalemelo eo ka bonolo e le hore e tle e re tsoele molemo. Ntho ea bohlokoa le ho feta, Ntate oa rōna ea leholimong o tla ba le rōna hafeela re mo sebeletsa ka botšepehi. Jehova o qamaka lefatšeng lohle ho batla batho ba tšepahalang ho eena. O ba putsa ka hore a ba fe matla. Jehova o ile a fa Asa matla, ’me le rōna A ka re fa matla.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Jehova o putsa batho ba tšepahalang ba loanang ntoa ea moea

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Ho hlokahala hore re be sebete e le hore re etse se nepahetseng mahlong a Jehova