Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Ruta Bana ba Hao

Meharo e Ile ea Etsa Hore Molimo a Furalle Gehazi

Meharo e Ile ea Etsa Hore Molimo a Furalle Gehazi

NA U kile ua lakatsa ho ba le ntho e itseng? * Haeba ho joalo, hase uena feela. Empa na u lokela ho bua leshano e le hore u fumane ntho eo u e batlang?— Che, ha ua lokela. Motho ea etsang joalo o meharo. A re ke re bone kamoo monna e mong ea bitsoang Gehazi a ileng a furalloa ke Molimo ka lebaka la ho ba meharo. E ne e le mohlanka oa Elisha, moprofeta oa Molimo oa ’nete, Jehova.

Elisha le Gehazi ba phetse khale koana, lilemo tse ka bang sekete pele Mora oa Molimo, Jesu, a phela lefatšeng. Jehova o ile a sebelisa Elisha ho etsa lintho tse hlollang—e leng ho etsa mehlolo! Ka mohlala, Bibele e re bolella ka monna e mong oa bohlokoa oa lebotho la Syria, ea neng a e-na le lefu le lebe la lepera. Ho ne ho se na motho ea khonang ho mo phekola, empa Elisha o ile a mo phekola.

Ha Molimo a ne a sebelisa Elisha hore a folise batho, Elisha o ne a sa ba lefise chelete. Na u tseba lebaka?— Hobane Elisha o ne a tseba hore mehlolo eo e ne e sa etsoe ke eena empa e ne e etsoa ke Jehova. Ha Naamane a se a folile, o ne a thabile haholo hoo a neng a batla ho fa Elisha limpho tsa khauta, silevera le liaparo tse ntle. Elisha o ile a hana ho nka limpho tsena, empa Gehazi o ne a li khalletse.

Ka mor’a hore Naamane a tsamaee, Gehazi o ile a mo sala morao a matha, a sa bolella Elisha. Ha a fihla ho Naamane, na ua tseba hore o ile a reng ho eena?— O ile a re, ‘Elisha o re ke u bolelle hore ho na le baeti ba babeli ba sa tsoa fihla. O kōpa liaparo tse peli tseo a tla ba fa tsona.’

 Empa o ne a bua leshano! Gehazi o ne a iqapetse taba ea hore ho na le baeti ba babeli. O ile a bua leshano lena hobane o ne a batla liaparo tseo Naamane a neng a re o li fa Elisha. Ho hlakile hore Naamane o ne a sa tsebe hore taba ena ke leshano. Kahoo o ile a thabela ho fa Gehazi limpho tseo. Naamane o ile a fa Gehazi le lintho tse ling tseo a neng a sa li kōpa. Na ua tseba hore ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?

Ha Gehazi a khutla, Elisha o ile a mo botsa a re: ‘U tsoa kae?’

Gehazi o ile a mo araba a re, ‘Eh, ha ho moo ke tsoang teng.’ Leha ho le joalo, Jehova o ile a etsa hore Elisha a tsebe seo Gehazi a se entseng. Kahoo Elisha o ile a re: ‘Ena hase nako ea ho amohela chelete le liaparo!’

Gehazi o ne a nkile chelete le liaparo tseo e seng tsa hae. Kahoo Molimo o ile a etsa hore lepera la Naamane le tšoare Gehazi. Re ka ithuta’ng tabeng ee?— Re ithuta hore ha rea lokela iqapela litaba tseo e seng tsa ’nete.

Ke hobane’ng ha Gehazi a ile a iqapela litaba tseo haele hantle e neng e le leshano?— Ke hobane Gehazi o ne a le meharo. O ne a batla ho ba le lintho tseo e neng e se tsa hae ’me o ile a leka ho li fumana ka ho bua leshano. Ka lebaka la seo, o ile a tšoaroa ke lefu le bohloko bophelo bohle ba hae.

Ha e le hantle, ho na le bohloko bo bong boo Gehazi a ileng a bo utloa ho feta ba ho tšoaroa lepera. Na ua tseba hore e ne e le eng?— Molimo o ile a mo furalla, ha aa ka a hlola a mo rata. E se eka re ke ke ra etsa letho le tla etsa hore Molimo a se ke a hlola a re rata. Ho e-na le hoo, a re beng mosa ’me re ikemisetse ho arolelana le ba bang lintho tseo re nang le tsona.

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.