Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora”

“Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora”

“Le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—MAT. 25:13.

1-3. (a) Ke maemo afe a ka re thusang hore re utloisise lipapiso tse peli tsa Jesu? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

A RE re mohlomong letona le hlomphehang le u kōpa hore u le ise sebokeng sa bohlokoa ka koloi ea hao. Leha ho le joalo, metsotso e seng mekae pele u tsamaea ho ea lata letona leo, u hlokomela hore koloi ea hao ha e na peterole e lekaneng ho u fihlisa sebokeng seo. U tlameha ho potlaka u il’o reka peterole. Ha u sa ntsane u ile, letona lea fihla. Lea u qamaka empa ha le u fumane. Kaha nako e se e ile ha le u emele, le kōpa motho e mong hore a le ise sebokeng seo. Ka mor’a nakoana, ua fihla ’me u hlokomela hore letona le se le ile. U ne u tla ikutloa joang?

2 Joale, a re re u letona ’me u khethile banna ba bararo ba nang le bokhoni hore ba etse mosebetsi oa bohlokoa. U ba hlalosetsa hore na ke sefe seo ba tlamehang ho se etsa, ’me boraro ba bona ba lumela ho etsa mosebetsi oo. Leha ho le joalo, hamorao ha u khutla, u fumana hore ke ba babeli feela ba entseng mosebetsi oa bona. Ho feta moo, eane ea sa etsang mosebetsi oa hae o ipehela mabaka a sa utloahaleng. Ha e le hantle, ha aa ka a leka le ho leka. U ne u tla ikutloa joang?

3 Papisong ea hae ea baroetsana le ea litalenta, Jesu o ile a sebelisa maemo a tšoanang le ao ho bontša hore na ke hobane’ng ha mehleng ea bofelo Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba tla lula ba tšepahala ba bile ba le masene, empa ba bang ba ne ba ke ke ba etsa joalo. * (Mat. 25:1-30) O ile a hatisa taba ea hae ka hore a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora”—e leng nako eo ka eona Jesu a neng a tla liha kahlolo ea Molimo holim’a lefatše la Satane. (Mat. 25:13) Re ka sebelisa keletso eo kajeno. Ho lula re lebetse ho ka re tsoela molemo joang, joalokaha Jesu a re khothallelitse? Ke bo-mang ba ileng ba lula ba itokiselitse ho pholoha?  Ke sefe seo re lokelang ho se etsa hona joale e le hore re lule re lebetse?

RUA MOLEMO KA HORE U LULE U LEBETSE

4. Ke hobane’ng ha ho ‘lula re falimehile’ ho sa bolele hore re lokela ho lula re shebile nako?

4 Lintho tse ling tseo re li etsang, tse kang ho sebetsa femeng, ho ea ngakeng, kapa ho tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba, li hloka hore re hlomphe nako. Leha ho le joalo, linthong tse ling tse kang ho tima mollo kapa ho pholosa batho ka mor’a hore ho be le koluoa, ho sheba nako ho ka sitisa motho kapa ha baka kotsi. Maemong ao, ke habohlokoa haholo hore motho a tsepamise kelello mosebetsing oo a o etsang ho e-na le ho tseba hore na ke nako mang. Ha bofelo ba tsamaiso ena bo ntse bo atamela, mosebetsi oa ho ruta batho ka tokisetso eo Jehova a e entseng ea ho pholosa batho ke oa bohlokoa ho feta neng kapa neng. Ho lula re falimehile joaloka Bakreste ha ho bolele hore re lokela ho lula re shebile nako. Ha e le hantle, ho se tsebe hantle letsatsi kapa hora ea hore na bofelo bo tla tla neng, ho re tsoela molemo bonyane ka litsela tse hlano.

5. Ho se tsebe letsatsi kapa hora ho ka ’na ha re thusa hore re bonahatse se ka lipelong tsa rōna joang?

5 Tsela ea pele, ho se tsebe hore na bofelo bo tla tla neng ho etsa hore re bontše se hlileng se leng ka lipelong tsa rōna. Ha e le hantle, ho se tsebe hore na bofelo bo tla tla neng ho re siela seriti, kaha ho re fa monyetla oa hore re bontše botšepehi ba rōna ho Jehova. Le hoja re lebeletse ka tjantjello hore re pholohe ha tsamaiso ena e felisoa, re sebeletsa Jehova hobane re mo rata, eseng feela hore re fumane bophelo. (Bala Pesaleme ea 37:4.) Re thabela ho etsa thato ea hae, ’me rea hlokomela hore Molimo o re ruta hore re itsoele molemo. (Esa. 48:17) Ho hang ha re nke litaelo tsa hae li le boima.—1 Joh. 5:3.

6. Ha re sebeletsa Molimo hobane re mo rata, o ikutloa joang hona hobane’ng?

6 Molemo oa bobeli oa ho se tsebe letsatsi kapa hora, ke hore re na le monyetla oa ho thabisa pelo ea Jehova. Ha re mo sebeletsa hobane re mo rata—eseng ka lebaka la letsatsi kapa hobane feela a re tšepisitse moputso—re kenya letsoho tabeng ea hore Jehova a khone ho araba liqoso tsa bohata tsa mohanyetsi oa hae, e leng Satane. (Jobo 2:4, 5; bala Liproverbia 27:11.) Ha re nahana ka bohloko le mesarelo eo Diabolose a e bakileng, re thabela ho tšehetsa bobusi ba Jehova ’me re hanyetsa puso e khopo ea Satane.

7. Ke hobane’ng ha u nahana hore re lokela ho itela bophelong?

7 Molemo oa boraro ke hore ho sebeletsa Molimo re sa nahana ka letsatsi le tobileng ho re susumelletsa hore re itele. Kajeno, le batho ba bang ba sa tsebeng Molimo baa lumela hore lefatše lena le tl’o felisoa. Kaha ba tšohile hore haufinyane ho ka ’na ha e-ba le koluoa, ba na le maikutlo a hore: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakor. 15:32) Ka lehlakoreng le leng, rōna ha rea tšoha. Re qoba ho itšehla thajana e le hore re se ke ra ipatlela tabatabelo ea rōna ea boithati. (Liprov. 18:1) Ho e-na le hoo, rea itatola ’me ka boithatelo re sebelisa nako, matla le matlotlo a mang a rōna hore re bolelle batho ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Bala Matheu 16:24.) Re thabela ho sebeletsa Molimo, haholo-holo ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe.

8. Ke mohlala ofe o ka Bibeleng o bontšang hore re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng hammoho le Lentsoe la hae?

8 Molemo oa bone oa ho se tsebe letsatsi le hora, ke hore seo se re thusa hore re tšepe Jehova ka ho feletseng le hore re sebelise seo re ithutang sona Lentsoeng la hae bophelong ba rōna. Kaha ha rea phethahala, ho bonolo hore re itšepe. Pauluse o ile a khothatsa Bakreste bohle a re: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” O ile a bua ka Baiseraele ba 23 000 ba ileng ba shoa hobane ba sa ka ba mamela Jehova nakoana pele Joshua a etella sechaba sa Molimo pele hore se kene Naheng e Tšepisitsoeng. Pauluse o re: “Lintho tsena  . . . li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.”—1 Bakor. 10:8, 11, 12.

9. Liteko li ka re matlafatsa le ho re atametsa haufi le Molimo joang?

9 Tsela ea bohlano eo ho se tsebe hore na bofelo bo tla tla neng e re tsoelang molemo ka eona ke hore e re thusa hore liteko tseo re thulanang le tsona hona joale li matlafatse tumelo ea rōna. (Bala Pesaleme ea 119:71.) Ka sebele matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1-5) Batho ba bangata lefatšeng lena la Satane ba re hloile, kahoo, re ka ’na ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rōna. (Joh. 15:19; 16:2) Haeba re ikokobetsa ’me re kōpa tataiso ea Molimo nakong eo re thulanang le liteko tse joalo, tumelo ea rōna e tla matlafala kapa e tla hloekisoa joalokaha eka e fetisoa mollong. Re ke ke ra nyahama. Ho e-na le hoo, re tla atamela haufi le Jehova ho feta kamoo re neng re ka nahana kateng.—Jak. 1:2-4; 4:8.

10. Ke’ng e etsang hore nako e bonahale e tsamaea kapele?

10 Nako e ka bonahala e tsamaea kapele kapa butle. Ha re lula re le maphathaphathe ho e-na le ho lula re shebile nako, nako e ka bonahala e tsamaea kapele. Ka ho tšoanang, haeba re lula re phathahane ka mosebetsi o thabisang oo Jehova a re fileng oona, letsatsi leo le hora li ka ’na tsa fihla kapele ho feta kamoo re neng re nahana kateng. Batlotsuoa ba re behetse mohlala o babatsehang tabeng ena. A re ke re tšohleng ka bokhutšoanyane se ileng sa etsahala ka mor’a hore Jesu a hlomamisoe e le Morena ka 1914 ’me re bone kamoo ba bang ba ileng ba lula ba itokisitse kateng ha ba bang ba sa ka ba etsa joalo.

BATLOTSUOA BA ILE BA LULA BA ITOKISITSE

11. Ke hobane’ng ha batlotsuoa ba bang ba ile ba etsa qeto ea hore Morena oa lieha ka mor’a 1914?

11 Hopola papiso ea Jesu ea baroetsana le ea litalenta. Haeba lipapisong tseo makhoba kapa baroetsana ba ne ba tseba hore na mong’a bona kapa monyali o tla fihla neng, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ba lule ba lebetse. Leha ho le joalo, ba ne ba sa tsebe hore na o tla fihla neng, ka lebaka leo ba ne ba lokela ho lula ba itokisitse. Le hoja ka lilemo tse mashome batlotsuoa ba ne ba nka hore selemo sa 1914 ke selemo se tšoailoeng, ba ne ba sa tsebe hantle hore na ke sefe se tla etsahala selemong seo. Ha lintho li ne li sa etsahale ka tsela eo ba neng ba lebeletse ka eona, ho ne ho ka ’na ha bonahala eka Monyali oa lieha. Hamorao mora e mong oabo rōna o ile a re, “Ba seng bakae ho rōna re ne re nahana hore re tla ea leholimong bekeng ea pele ea October [1914].”

12. Batlotsuoa ba ile ba bontša joang hore baa tšepahala le hore ba masene?

12 A k’u nahane hore na ho ne ho nyahamisa hakaakang ho letela bofelo ebe ha bo fihle! Ho feta moo, barab’abo rōna ba ile ba thulana le likhanyetso nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Mosebetsi oa boboleli o ile oa batla o khaotsa ka ho feletseng. E ne eka batlotsuoa ba robetse. Empa ka 1919, ho ile ha etsoa phatlalatso ea hore ba tsohe! Jesu o ne a tlile tempeleng ea Molimo ea moea, ’me nako ea tlhahlobo e ne e fihlile. Leha ho le joalo, ba bang ha baa ka ba atleha tlhahlobong eo, ’me ba ile ba lahleheloa ke tokelo ea bona ea ho tsoela pele ka “khoebo” ea Morena. (Mat. 25:16) Ho ne ho tšoana le ha eka ba ne ba sa tlatseletsa oli ea bona ea moea joaloka baroetsana ba maoatla. Joaloka lekhoba le noabolohang, ba ne ba sa ikemisetsa ho itella ’Muso. Leha ho le joalo, boholo ba batlotsuoa ba ile ba bontša botšepehi bo sa thekeseleng le takatso e matla ea ho sebeletsa Mong’a bona esita le nakong e boima ea lintoa.

13. Sehlopha sa lekhoba se ile sa ba le maikutlo afe ka mor’a 1914, ’me hona joale se na le maikutlo afe?

13 Ka mor’a 1914, Molula-Qhooa o ile oa re: “Baena, ba nang le boikutlo bo nepahetseng ka Molimo ho rōna ha ba soetsoe ke litokisetso leha e le life tsa Hae. Re ne re sa  lakatse hore ho etsoe thato ea rōna; kahoo ha re fumana hore re ne re lebelletse ntho e fosahetseng ka October, 1914, joale re thabile hore ebe Morena ha aa ka a fetola Morero oa Hae hore o lumellane le rōna. Re ne re sa lakatse hore A etse joalo. Re mpa re lakatsa feela ho utloisisa merero ea Hae.” Batlotsuoa ba Morena ba ntse ba tsebahala ka ho ba le boikokobetso le ho inehela. Ha ba nke hore ba bululetsoe, empa ba ikemiselitse ho tsamaisa “khoebo” ea Morena e lefatšeng. Hona joale, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” e leng Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba etsisa mohlala oa bona oa ho lebela le ho cheseha.—Tšen. 7:9; Joh. 10:16.

HO LULA RE ITOKISITSE

Esita le maemong a boima, batla lijo tsa moea

14. Ho mamela mocha oo Molimo a o sebelisang ho aba lijo tsa moea ho tla re sireletsa joang?

14 Joaloka Bakreste ba tlotsitsoeng, litho tsa bongata bo boholo li mamela mocha oo Molimo a o khethileng ho aba lijo tsa moea. Ka lebaka leo, ho joalokaha eka le bona ba tlatseletsa oli ea bona ea moea ka Lentsoe la Molimo hammoho le moea oa hae. (Bala Pesaleme ea 119:130; Johanne 16:13.) Ha ba matlafalitsoe ka tsela eo, le bona ba lula ba itokiselitse ho khutla ha Kreste, ’me ba lula ba le mafolofolo esita le ha ba thulana le liteko tse matla. Ka mohlala, kampong e ’ngoe ea batšoaruoa ea Manazi, qalong barab’abo rōna ba ne ba e-na le Bibele e le ’ngoe feela. Kahoo, ba ile ba rapella hore ba fumane lijo tse ling tsa moea. Nakoana ka mor’a moo, ba ile ba utloa hore mora e mong oabo rōna ea neng a sa tsoa tšoaroa, o ile a khona ho kenya Melula-Qhooa e ’maloa ka har’a chankana ka sekhukhu, a e patile ka har’a leoto la hae la lepolanka. Mora e mong oabo rōna ea tlotsitsoeng, e leng Ernst Wauer, ke e mong oa ba ileng ba pholoha likampong tsa batšoaruoa, ’me hamorao o ile a re: “Jehova o ile a re thusa ka tsela e tsotehang hore re khone ho boloka lintlha tse matlafatsang tsa lihlooho tsa limakasine tseo ka likelellong tsa rōna.” Ka mor’a moo o ile a re: “Mehleng ena ho bonolo haholo ho fumana lijo tsa moea, empa na kamehla rea li ananela? Ke kholisehile hore Jehova o na le mahlohonolo a mangata ao a a boloketseng ba mo tšepang, ba lulang ba tšepahala le ba jelang tafoleng ea hae.”

15, 16. Banyalani ba bang ba ile ba hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho chesehela tšebeletso ea Bokreste, hona re ka ithuta’ng liphihlelong tsa mofuta oo?

15 Linku tse ling li boetse li tšehetsa barab’abo Kreste ka hore li lule li phathahane mosebetsing oa Mong’a tsona. (Mat. 25:40) Ho fapana le lekhoba le khopo le noabolohang la papisong ea Jesu, li ikemiselitse  ho itela le ho ikitlaelletsa ho etelletsa ’Muso pele bophelong ba tsona. Ka mohlala, ha Jon le Masako ba ne ba kōptjoa hore ba il’o thusa phuthehong ea Sechaena Kenya, qalong ba ne ba le leqe. Empa ka mor’a hore ba nahanisise ka maemo a bona le hore ba rapele ka taba eo, ba ile ba etsa qeto ea ho ea phuthehong eo.

16 Ba ile ba hlohonolofatsoa haholo ka lebaka la boiteko boo ba ileng ba bo etsa. Ba ile ba re: “Tšimo ea mona ea hlolla.” Ba ile ba qalisa lithuto tsa Bibele tse supileng. Ka mor’a moo, ba ile ba e-ba le liphihlelo tse ngata tse thabisang. Ba ile ba re, “Letsatsi le letsatsi re leboha Jehova ka hore ebe o ile a re lumella hore re be mona.” Ha e le hantle, ho na le bara le barali babo rōna bao liqeto tsa bona li ’nileng tsa bontša hore ba ikemiselitse ho phathahana ka botlalo tšebeletsong ea Molimo ho sa tsotellehe hore na bofelo bo tla neng. Nahana ka ba likete ba tsoang Sekolong sa Gileade ba etsang tšebeletso ea boromuoa. Haeba u batla ho fumana boitsebiso bo batsi ka mosebetsi oa boromuoa, bala sehlooho se reng, “Re Etsa Sohle se Matleng a Rōna!” se hlahang Molula-Qhooeng oa October 15, 2001. Ha u ntse u bala tlaleho eo e hlollang e bontšang kamoo moromuoa a qetang letsatsi la hae kateng, nahana ka litsela tseo u ka ’nang ua eketsa tšebeletso ea hao ka tsona e le hore u rorise Molimo le hore u fumane thabo.

LE UENA U LULE U LEBETSE

Nako e tsamaea kapele haeba re tsepamisitse likelello mesebetsing ea Bokreste

17. Ho se tsebe letsatsi kapa hora ho re tsoetse molemo joang?

17 Ho hlakile hore ho se tsebe letsatsi le tobileng le hora ea hore na bofelo ba tla tla neng ho re tsoela molemo. Ho e-na le hore re ferekane kapa re sareloe, re atamela haufi le ho feta ho Ntate oa rōna ea lerato, Jehova, ha re ntse re ikitlaelletsa ho etsa thato ea hae. Ho lula re behile letsoho mohomeng ka tsela ea tšoantšetso le ho qoba lintho tse re sitisang, ho entse hore re thabe haholo ha re ntse re etsa tšebeletso ea Mong’a rōna.—Luka 9:62.

18. Ke hobane’ng ha re batla ho lula re tšepahala tšebeletsong ea rōna ho Molimo?

18 Re haufi haholo le letsatsi la Molimo la kahlolo. Ha ho le ea mong oa rōna ea batlang ho soabisa Jehova kapa Jesu. Ba re file tokelo ea bohlokoa ea tšebeletso matsatsing ana a ho qetela. Ruri re ananela tsela eo ba re tšepang ka eona!—Bala 1 Timothea 1:12.

19. Re ka bontša joang hore re lula re itokisitse?

19 Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa Paradeiseng lefatšeng, e se eka re ka ikemisetsa ho lula re tšepahalla ho etsa mosebetsi oo Molimo a re fileng oona oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Re ntse re sa tsebe hore na letsatsi la Jehova le tla fihla ka letsatsi kapa hora efe, ebile hase hore re batla ho tseba. Re tla tsoela pele re bontša hore re lula re itokisitse. (Mat. 24:36, 44) Re kholisehile hore haeba re tšepa Jehova ka ho feletseng re bile re etsa hore ’Muso oa hae e be oona o tlang pele bophelong ba rōna, re ke ke ra soetseha.—Bar. 10:11.

^ ser. 3 Sheba Molula-Qhooa oa March 1, 2004, leqepheng la 14-18.

“Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora”