Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likolo Tsa Puso ea Molimo—Bopaki ba Hore Jehova oa re Rata

Likolo Tsa Puso ea Molimo—Bopaki ba Hore Jehova oa re Rata

JEHOVA ke ‘Morupeli oa rōna e Moholo.’ (Esa. 30:20) Lerato le mo susumelletsa hore a rute batho ba bang a be a ba koetlise. Ka mohlala, Jehova o susumetsoa ke lerato le tebileng hore a bontše Jesu “lintho tsohle tseo a li etsang.” (Joh. 5:20) Lerato leo Jehova a re ratang ka lona hobane re le Lipaki tsa hae, le mo susumelletsa hore a re fe “leleme la ba rutiloeng,” ha re ntse re etsa boiteko ba ho mo tlotlisa le ho thusa batho ba bang.—Esa. 50:4.

Kaha Komiti ea Thuto ea Sehlopha se Busang e etsisa mohlala oa Jehova oa ho bontša lerato, e sebelisa likolo tse leshome tsa puso ea Molimo ho koetlisa batho ba ratang ho ngolisa le bao maemo a bona a ba lumellang. Na u talima likolo tsee e le bopaki ba hore Jehova oa re rata?

Thabela ho bala tlhaloso e khutšoanyane ea likolo tse teng hona joale tsa puso ea Molimo le maikutlo a batho ba bileng ho tsona. Ka mor’a moo, ipotse, ‘Nka rua molemo joang thutong ee ea Molimo?’

 RUA MOLEMO KOETLISONG EA PUSO EA MOLIMO

Kaha Jehova ke “Molimo oa lerato,” o re fa koetliso e etsang hore re phele ka tsela e nang le morero, e re thusang hore re hlōle mathata le e etsang hore re thabele tšebeletso ea rōna. (2 Bakor. 13:11) Joaloka barutuoa ba lekholong la pele la lilemo, re na le sohle se hlokahalang hore re thuse batho ba bang, ‘le ho ba ruta ho boloka lintho tsohle’ tseo re li laetsoeng.—Mat. 28:20.

Le hoja re ke ke ra khona ho ea likolong tsena kaofela, re ka rua molemo ho tse ling tsa tsona. Hape re ka sebelisa thuto e thehiloeng Bibeleng eo re e fumanang ho tsona. Re ka boela ra atleha haholo tšebeletsong ka hore re sebetse le bahlanka ba Jehova ba koetlisitsoeng hantle.

A k’u ipotse, ‘Na maemo a ka a ntumella hore ke khone ho ea ho se seng sa likolo tsee?’

Barapeli ba Jehova ba nka e le tlotla ho tšehetsa likolo tsena tsa bohlokoa le ho rutoa ho tsona. E se eka koetliso eo u e fumanang e ka u thusa hore u be le kamano e haufi le Molimo le hore u phethe boikarabelo boo Molimo a u fileng bona, haholo-holo mosebetsi o potlakileng oa ho bolela litaba tse molemo.