Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bobolu—Bo Atile Hakae?

Bobolu—Bo Atile Hakae?

“K’hamphani ea rōna e fana ka litšebeletso lefapheng la ’muso sebakeng sa heso. Hangata re lokela ho leta likhoeli tse peli kapa tse tharo pele re lefshoa bakeng sa mosebetsi oo re o entseng. Empa morao tjena ke ile ka letsetsoa ke mosebeletsi e mong oa ’muso. O ile a re o tla etsa hore re lefuoe kapele—hafeela re ka mo fa tjotjo cheleteng eo ba tla re lefa eona.”—JOHN. *

NA U kile ua ba phofu ea bobolu? Mohlomong ha u e-s’o ka u ba phofu ea bobolu bo boletsoeng ka holimo empa ha ho potang hore u kile ua angoa ke bobolu.

Tlalehong ea oona ea Corruption Perceptions Index * ea 2011, Mokhatlo oa Machaba o Loantšang Bobolu (TI [Transparency International]) o bolela hore “boholo ba libaka le linaha tse 183 tse ileng tsa hlahlojoa, li ile tsa fumana lintlha tse ka tlaase ho tse hlano ha li lekanngoa sekaleng sa 0 (tse nang le bobolu bo bongata) ho ea ho 10 (tse se nang bobolu ho hang).” Lilemo tse peli pele ho moo TI e ile ea hlokomela hore tlalehong ea eona ea selemo le selemo, ea 2009 e ile ea pepesa taba ea hore bobolu bo atile lefatšeng lohle, ha e re: “Ho hlakile hore ha ho na moo bobolu bo leng sieo lefatšeng.”

“Bobolu ke ha batho ba sebelisa matla ao ba a fuoeng hampe e le hore ba ithuise. Bo utloisa batho bohle bohloko bao bophelo ba bona le mokhoa oa bona oa boipheliso kapa thabo ea bona li itšetlehileng ka hore batho ba boholong ba tšepahale.”—TRANSPARENCY INTERNATIONAL

Maemong a mang, bobolu bo ka ba le liphello tse kotsi. Ka mohlala, makasine ea Time e ile ea tlaleha hore “bobolu le ho se tsotelle” e ile ea e-ba a mang a mabaka a ileng a etsa hore ho shoe batho ba bangata tšisinyehong e khōlō ea lefatše e ileng ea otla Haiti ka 2010. E  phaella ka ho re: “Mehaho e emisoa feela e sa raloa ka mokhoa o nepahetseng ke lienjiniere ’me bao ho thoeng ke bahlahlobi ba ’muso ha ba etse mosebetsi oa bona ka botlalo ho etsa bonnete ba hore mehaho eo e sireletsehile, kaha ba fuoa tjotjo.”

Na ho ka khoneha ho felisa bobolu boo bo atileng ka ho feletseng? E le hore re arabe potso eo re lokela ho utloisisa hore na ha e le hantle bobolu bo bakoa ke eng. Lintlha tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

^ ser. 2 Lebitso le fetotsoe.

^ ser. 4 “Corruption Perceptions Index e hlahloba linaha ho ea ka hore na bobolu bo atile hakae mebusong ea linaha tseo.”—Transparency International.