Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bobolu bo Tla Fela!

Bobolu bo Tla Fela!

“Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae . . . Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.”—PESALEME EA 37:34.

NA LE uena, joaloka batho ba bangata, u nahana hore bobolu bo ke ke ba qojoa le ho fela ka ho feletseng? Haeba ho joalo, hoa utloahala hore u nahane joalo. Ho pholletsa le lilemo, batho ba ’nile ba leka mefuta eohle ea puso eo ba ka e nahanang. Leha ho le joalo, ba hlōlehile ho felisa bobolu ka ho feletseng. Na ho na le nako eo batho ba tla ke ba sebelisane ka botšepehi le ba bang?

Ho thabisang ke hore Bibele e ruta hore seo se ka etsahala. E re bolella hore haufinyane Molimo o tla nka khato ea ho felisa bobolu lefatšeng. O tla etsa seo joang? O tla etsa sena ka hore a tlise ’Muso oa hae, e leng puso ea leholimo e tla fetola lefatše ka ho feletseng. ’Muso ona ke oona oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle. Thapelong eo ka linako tse ling e bitsoang Thapelo ea Morena kapa Ntat’a Rōna, Jesu o ile a re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng.”—Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho.

 Ha e bua ka Morena oa ’Muso oo, e leng Jesu Kreste, Bibele e ile ea bolela esale pele ea re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.” (Pesaleme ea 72:12-14) Hlokomela hore Jesu o qenehela batho ba utloisitsoeng bohloko ke bobolu ’me o tla nka khato ka seo! Ka sebele seo sea khothatsa.

Ha ho se ho busa Morena enoa ea nang le kutloelo-bohloko le ea matla, ’Muso oa Molimo o tla felisa bobolu lefatšeng. Joang? Ka hore o felise lintho tse tharo tse bakang bobolu.

Tšusumetso ea Sebe

Hona joale, kaofela ha rōna re lokela ho loantša mekhoa ea boetsalibe, e leng se etsang hore re be baithati. (Baroma 7:21-23) Ho ntse ho le joalo, ho na le batho ba lokileng ba batlang ho etsa se nepahetseng. Ba bontša tumelo thekollong ea mali a Jesu a tšolotsoeng ’me ba ka tšoareloa libe tsa bona. * (1 Johanne 1:7, 9) Batho bao ba tla ba le tokelo ea ho ratoa ke Molimo, joalokaha re bala ho Johanne 3:16, e reng: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”

Molimo o tla etsetsa batho ba tšepahalang ntho e hlollang. Lefatšeng le lecha le tlang, o tla tlosa moneketsela le ha e le ofe oa sebe ’me a etse hore batho e be ba phethahetseng le ba lokileng. (Esaia 26:9; 2 Petrose 3:13) Tšusumetso ea sebe e ke ke ea hlola e etsa hore mang kapa mang a etse bobolu. Tlas’a ’Muso oa Molimo, batho ba tšepahalang ba tla “lokolloa bokhobeng ba ho bola.”—Baroma 8:20-22.

Tšusumetso ea Batho ba Khopo Bao re Phelang Har’a Bona

Ka masoabi, kajeno batho ba bangata ba hatella ba bang ka boomo. Ba nka monyetla ka batho ba futsanehileng le ba tlaase ’me ba susumelletsa ba bang hore le bona ba etse bobolu. Bibele e eletsa batho bao ka ho re: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano ea hae.” Haeba batho ba joalo ba ka baka, Bibele e tšepisa hore Molimo “o tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:7.

Leha ho le joalo, haeba ho e-na le bao ka manganga ba hanang ho fetoha, Molimo o tla tlameha hore a ba tlose. ’Muso oa Molimo o tla etsa hore seo Bibele e se tšepisang se phethahale, ha e re: “Tšepa Jehova * ’me u boloke tsela ea hae” . . . Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.” (Pesaleme ea 37:34) Ha batho ba khopo ba sa batleng ho fetoha ba se ba le sieo, bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ke ke ba hlola ba utloisoa bohloko ke bobolu.

Tšusumetso ea Satane Diabolose

Har’a baetsalibe ba pelo li thata ka ho fetisisa, Satane Diabolose ke eena ea ka sehloohong. Re thaba hakaakang hore ebe haufinyane Jehova o tla thibela Satane hore a se ke a hlola a susumetsa batho. Qetellong Molimo o tla felisa Satane ka ho feletseng. Sebōpuoa sena se khopo ka ho fetisisa se ke ke sa hlola se susumetsa batho hore ba etse bobolu.

Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore taba ea hore Molimo o tla felisa lintho tse bakang bobolu ke ntho e ke keng ea etsahala. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ruri Molimo a ka khona ho tlisa liphetoho tseo? Haeba a ka khona, ke hobane’ng a e-s’o etse joalo?’ Tseo ke lipotso tse ntle ’me Bibele e fana ka likarabo tse khotsofatsang. * Re u mema hore u itlhahlobele ka bouena seo Bibele e se rutang ka bokamoso, ha bobolu bo se bo tlositsoe ka ho sa feleng.

^ ser. 8 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng bo mabapi le molemo oa thekollo lefung la Jesu, bona khaolo ea 5 ea buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 12 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.