Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Matla a Lentsoe la Molimo Lelapeng la Mahindu

Matla a Lentsoe la Molimo Lelapeng la Mahindu

NKE ke ka lebala ha re ne re le ’moho joaloka lelapa lijong tsa hoseng ka Mantaha oa la 22 August, 2005. Ho ne ho bonahala eka nke ke ka phela kaha ke ne ke e-na le hlahala e khōlō bokong. Ha monna oa ka Krishna a qeta ho rapela, ke ile ka bua le ba lelapa.

Ke ile ka re: “Ke ea sepetlele ’me ke il’o etsa opereishene e khōlō, kahoo kaofela ha lōna le lokela ho itokisetsa eng kapa eng e tla etsahala. Ke se ke entse litokisetso tsa lefu la ka haeba ho ka etsahala hore ke shoe. Lōna ba sebeletsang Jehova, ke kōpa le se ke la tela. Ha e le lōna ba bang, ke le kōpa ka tieo hore le ithute Bibele ’me le be teng libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Haeba le etsa joalo, le tla ba le tumelo eo ke nang le eona ea ho phela lefatšeng le lecha la paradeise leo barapeli ba ’nete ba Molimo ba tla phela ho lona ka ho sa feleng ba phethahetse ’meleng.”

Pele nka bolela hore na opereishene ea ka e tsamaile joang, e-re ke hlalose hore na ke hōtse joang le hore na ho tlile joang ke tsebe Molimo oa ’nete.

Ke Hōtse ke le Mohindu

O nkiloe ke ’Mè oa hae

Lelapa leso le ne le lula ntlong e khōlō e ahiloeng ka lehong le tšepe, e neng e le leralleng motseng o lebōpong la leoatle oa Durban, Afrika Boroa. E le hore re fihle hekeng ea ntlo re ne re nyoloha ka litepisi tse 125 ho tloha phuleng e tseleng e khōlō. Ka thōko ho litepisi tseo, ho ne ho e-na le lihlahla ho ea fihla hekeng. Ka lehlakoreng le leng la heke ho ne ho e-na le tempelana ea nkhono oa ka e neng e tletse litšoantšo tsa melimo ea Mahindu. Nkhono o ile a re ke “ngoana oa tempele” (mandir kī baccā, ka Sehindi) hobane melimo eo re neng re e rapela ke eona e entseng hore ke tsoaloe. Ka pel’a tempelana ena ho ne ho e-na le litepisi tse khubelu tse neng li leba monyako o ka pele. Ntlo e ne e le khōlō, e e-na le phaseje e telele, setofo se seholo sa mashala, likamore tse supileng tsa ho robala le kamore e ’ngoe e ka ntle. Re ne re lula re le 27 ntlong eo, e le Nkhono le Ntate-moholo, ntate oa ka, baena ba hae ba bararo, le Rakhali, hammoho le malapa a bona kaofela.

Ntlo ea heso

Ho ne ho se bonolo ho hlokomela lelapa le leholo hakana. Empa ho lula kaofela ka tsela ena ho ne ho kopanya lelapa ’me ho etsa hore re be le linako tse monate. ’Mè oa ka, e leng Gargee Devi, le lingoetsi ’moho le eena tse ’nè, ba ne ba arolelana mesebetsi ea lelapa. Ba ne ba chenchana ka ho hloekisa le ho pheha. Ntate-moholo e ne e le hlooho ea lelapa ’me o ne a rekela lelapa lohle lijo. Laboraro le leng le le leng, Nkhono le Ntate-moholo ba ne ba e-ea ’marakeng ho ea reka nama, litholoana le meroho bakeng sa beke. Re ne re rata ho lula tlas’a moriti oa sefate sa phaene se neng se le haufi le lebōpo ha re ntse re ba emetse hore ba khutle ’marakeng. Ha re ba bona ba theoha beseng ba kakatletse libaskete, re ne re matha ho theosa le litepisi tseo tse 125 e le hore re ba nkise meroalo.

Pel’a litepisi tse 125

Re ne re e-na le serapa se neng se e-na le sefate se selelele sa lipalema ’me linonyana tse bitsoang li-mynah li ne li ahile sehlaha moo. Re ne re atisa ho li bona ha li fofela sefateng ’me re li utloa le ha li lla. Nkhono o ne a rata ho lula litepising ka pel’a monyako o ka pele ’me a re phetela lipale, e ne eka o etsisa molumo oa linonyana tseo. Ke lula ke hopola kamoo bophelo bo neng bo le monate kateng lapeng. Ka linako tse ling re ne re tšeha, re lla, re bapala, re bososela,  re bile re arolelana lintho—ho ne ho le monate ho lula hammoho joaloka lelapa le leholo. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore, ke hona mona moo re ileng ra qala ho ithuta ka ’Mōpi oa rōna Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste.

Pele re ithuta ka Jehova, re ne re etsa meetlo e mengata ea bolumeli ba Sehindu letsatsi le letsatsi. Re ne re boetse re tloaetse ho ba le mekete e meholo, moo re neng re mema batho ba bang hore ba rapele melimo le melimotsana ea bona e fapaneng. Ho e meng ea mekete ena, Nkhono o ne a bona lipono ebe o qala ho buisana le meea ’me hantle ka khitla, ho ne ho etsoa mahlabelo a liphoofolo e le ho khutsisa meea eo. Ntate-moholo o ne a boetse a tsebahala ka ho fana ka chelete hore ho hahoe likolo tsa sechaba le litempele tsa Mahindu le bakeng sa tsamaiso ea tsona.

Kamoo re Ileng ra Fumana ’Nete ka Jehova Kateng

Ka selemo sa 1972, Ntate-moholo o ile a kula eaba oa hlokahala. Likhoeli tse ’maloa hamorao, ’mangoane oa ka e mong ea bitsoang Indervathey, eo hape a tsejoang ka lebitso la Jane, o ile a amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho Lipaki Tsa Jehova tse peli. O ile a ikutloa a le molato ka hore ebe ha aa ka a re ba kene ka tlung hore ba buisane le eena. Ho ne ho se mohla re amohelang Lipaki lapeng. Empa ha ba e-tla ka lekhetlo le latelang, ’Mangoane o ile a ba amohela eaba o ba bolella hore o na le mathata a lenyalo hobane Rangoane o noa joala haholo. Baahisani le beng ka eena ba ne ba ile ba mo khothalletsa hore a mo hlale. Lipaki li ile tsa hlalosetsa ’Mangoane kamoo Molimo a talimang lenyalo kateng. (Matheu 19:6) ’Mangoane o ile a khahloa ke keletso ea Bibele le kamoo e tšepisang bophelo bo molemo bo tla ba teng lefatšeng. * O ile a etsa qeto ea hore a se ke a hlala Rangoane ’me a qala ho ithuta Bibele kamehla le Lipaki. Ha a ntse a ithuta a lutse ka kamoreng ea ho phomola, lingoetsi-’moho le eena li ne li mamela puisano ea bona li le ka likamoreng tsa tsona.

Qetellong lingoetsi kaofela li ile tsa ithuta Bibele. ’Mangoane Jane o ile a bolella ba bang seo a neng a ithuta sona ’me hangata o ne a re balla le ho re hlalosetsa lipale tse tsoang bukeng ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo. * Ha bo-rangoane ba hlokomela hore bo-’mangoane ba ntse ba ithuta Bibele ba ile ba qala ho ba hanyetsa. Rangoane e mong oa ka, o ile nka libuka tsa rōna kaofela hammoho le Bibele eaba oa li chesa. Ha re ne re e-ea libokeng, ba ne ba re otla le ho re hlaba ka mantsoe. Ntate e ne e le eena feela ea neng a sa re hanyetse; ha ho mohla a neng a re hanela ho ithuta ka Jehova. Kaofela lingoetsi tsena tse ’nè li ile tsa tsoela pele li e-ea libokeng ’me lerato la tsona ho Jehova Molimo le ne le tsoela pele ho hōla.

Ka 1974, ’Mangoane Jane o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me ’Mè le bo-’mangoane ba ka ba bang ba ile ba latela. Hamorao, Nkhono o ile a tlohela bolumeli ba Sehindu. Ke qetile lilemo tse ngata ke ikela feela libokeng tsohle tsa Bokreste le ba bang. Empa kopanong e ’ngoe e khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, Paki e ’ngoe e bitsoang Shameela Rampersad, e  ile ea mpotsa ea re: “U tl’o kolobetsoa neng?” Ke ile ka re: “Nke ke ka khona ho kolobetsoa hobane ha ho na motho ea kileng a ithuta Bibele le ’na.” O ile a re o tla ithuta le ’na. Kopanong e latelang, ka la 16 December, 1977, ke ile ka kolobetsoa. Qetellong, lelapeng leso la batho ba 27 le neng le lula hammoho, ho ile ha kolobetsoa ba 18. Empa ha ke ne ke il’o etsa opereishene, ntate oa ka Sonny Deva, e ne e ntse e le Mohindu.

“Le se ke la Tšoenyeha ka Letho”

Mantsoe a ho Bafilipi 4:6, 7 a ile a nthusa haholo, haholo-holo ka mor’a hore ho fumanoe hore ke na le hlahala e khōlō bokong. Litemana tseo li re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” Ho thata hore motho a se ke a “tšoenyeha ka letho” haholo-holo ha a tobane le lefu. Qalong ke ne ke lula ke lla, empa ke ile ka rapela Jehova. Eaba ho tloha ka nako eo ke ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”

Ho ile ha e-ba joalokaha eka Jehova o ntšoere ka letsoho le letona ’me ruri ke ile ka utloa eka oa ntataisa. (Esaia 41:13) O ile a nthusa hore ka sebete ke hlalosetse lingaka hore ke ikemiselitse ho mamela taelo ea Bibele ea hore re ile mali. (Liketso 15:28, 29) Seo se ile sa etsa hore ngaka e neng e tl’o buoa le e robatsang li lumele ho etsa opereishene ntle ho tšelo ea mali. Ka mor’a moo, ngaka e ile ea bolela hore opereishene e tsamaile hantle le hore hlahala e tlositsoe. E ile ea boela ea re e qala ho bona mokuli a fola kapele hakana ka mor’a ho etsa opereishene e khōlō hakaale.

Ka mor’a libeke tse tharo ke ile ka tšoarela motho thuto ea Bibele ke ntse ke le betheng. Ha libeke tse supileng li fela ke ne ke se ke khona ho ikhannela, ke e-ea mosebetsing oa boboleli le ho qalella ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke ananela thuso ea bara le barali beso ba Bakreste ba neng ba sebetsa ’moho le ’na mosebetsing oa boboleli. Ba ne ba etsa bonnete ba hore ke lula ke na le motho eo ke sebetsang le eena le hore ke fihla hantle lapeng. Ke lumela hore ntho e ileng ea nthusa hore ke fole kapele ke ho mamela likhatiso tsa Bibele tse rekotiloeng le ho lula ke tsepamisitse monahano oa ka kamanong ea ka le Molimo.

Ke ile ka boela ka thabisoa ke hore ka mor’a opereishene, Ntate o ile a lumela ho ithuta Bibele le Lipaki. Ha a le lilemo li 73 o ile a kolobetsoa ’me hona joale o sebeletsa Jehova ka cheseho. Litho tsa lelapa leso tse fetang 40 li rapela Jehova hammoho le rōna. Le hoja ke se ke sa khone ho bona ka lehlakoreng le letšehali ntle le hore ke hetle ’me le lehata la ka le kentsoe tšepe, ke lebeletse nako eo Jehova a tla etsa hore “lintho tsohle li be ncha” Paradeiseng e tlang lefatšeng.—Tšenolo 21:3-5.

Ke na le monna oa ka (ka ho le letšehali), morali oa ka le batsoali ba ka

Ke hlohonolofalitsoe ka monna ea lerato ea sebeletsang e le molebeli oa Mokreste, le ka morali oa ka e motle Clerista, ea ntšehetsang ha ke ntse ke tsoela pele ke qeta nako e ngata ke etsa mosebetsi oa boboleli. Jehova Molimo o hlohonolofalitse tšebeletso ea ka ka ho enneng. Ho fihlela ha joale ke se ke khonne ho thusa batho ba bangata bao ke neng ke ithuta Bibele le bona hore ba bone matla a Lentsoe la Molimo bophelong ba bona. Hona joale, ba fetang ba 30 ba bona ba inehetse ho Molimo ebile ba kolobelitsoe.

Ke na le tšepo ea hore Jehova Molimo o tla re pholosa tsamaisong ena e tletseng lintho tse bohloko ’me a re lebise Paradeiseng lefatšeng.

^ ser. 12 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le morero oa Molimo ka lefatše, sheba khaolo ea 3 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 13 E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.