Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebetsana le Mathata a Kajeno ka Sebete

Ho Sebetsana le Mathata a Kajeno ka Sebete

“Molimo ke setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.”—PES. 46:1.

1, 2. Ke mathata afe ao batho ba ’nileng ba thulana le ’ona, empa ke sefe seo bahlanka ba Molimo ba batlang ho se etsa?

RE PHELA nakong ea mathata a maholo. Lefatšeng ho ’nile ha e-ba le likoluoa tse ngata. Litšisinyeho tsa lefatše, litsunami, mello, likhohola, ho foqoha ha seretse se chesang, lifefo tse matla le maholiotsoana, li ’nile tsa bakela batho tšenyo e khōlō. Ho phaella moo, mathata a lelapa le a hlahelang batho ka bomong a ’nile a etsa hore batho ba tšohe ba be ba utloe bohloko. Ke ’nete hore kaofela ha rōna re “hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moek. 9:11.

2 Bahlanka ba Molimo ka kakaretso ba ’nile ba atleha ha ba sebetsana le maemo ao a utloisang bohloko. Leha ho le joalo, re batla hore re lule re itokiselitse ho sebetsana le mathata afe kapa afe ao re ka ’nang ra thulana le ’ona nakong e tlang ha tsamaiso ena e ntse e atamela bofelong. Re ka etsa joang hore re se ke ra nyahama ha re sebetsana le mathata aa? Ke’ng e tla re thusa hore re be sebete ha re sebetsana le mathata a kajeno?

ITHUTE MOHLALENG OA BATHO BA ILENG BA E-BA SEBETE

3. Joalokaha ho bontšitsoe ho Baroma 15:4, re ka tšeliseha joang ha re thulana le maemo a sithabetsang?

3 Le hoja batho ba bangata ba angoa ke maemo a boima ho feta neng kapa neng, mathata ana a utloisang bohloko ha a macha. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa bahlanka ba bang ba Molimo bao nakong e fetileng ba ileng ba e-ba sebete ha ba sebetsana le mathata a bophelo.—Bar. 15:4.

4. Davida o ile a mamella mathata afe, hona o ile a thusoa ke’ng?

4 Nahana ka mohlala oa Davida. Har’a lintho tse ling, o ile a tlameha ho mamella bohale ba morena, ho hlaseloa ke lira, ho haptjoa ha basali ba hae, ho tsuoa tlaase ke batho ba bang ba neng ba le haufi le eena hammoho le ho ba le khatello ea maikutlo. (1 Sam. 18:8, 9; 30:1-5; 2 Sam. 17:1-3; 24:15, 17; Pes. 38:4-8) Tlaleho ea Bibele e  buang ka bophelo ba Davida e bontša ka ho hlaka hore na mathata ana a ile a mo utloisa bohloko hakae. Leha ho le joalo, mathata ao ha aa ka a fokolisa tumelo ea hae ho Jehova. Ha e le hantle, o ile a re: “Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka. Ke tla tšaba mang?”—Pes. 27:1; bala Pesaleme ea 27:5, 10.

5. Abrahama le Sara ba ile ba thusoa ke’ng hore ba khone ho sebetsana le bophelo bo thata?

5 Abrahama le Sara ba ile ba qeta nako e ngata ea bophelo ba bona ba lula litenteng e le bajaki libakeng tseo ba sa li tsebeng. Hase kamehla lintho li neng li ba tsamaela hantle. Leha ho le joalo, ka sebete ba ile ba sebetsana le mathata a kang tlala hammoho le kotsi eo ba neng ba ka e bakeloa ke lichaba tseo ba neng ba phela har’a tsona. (Gen. 12:10; 14:14-16) Ba ile ba khona ho etsa see joang? Lentsoe la Molimo le re bolella hore Abrahama “o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheb. 11:8-10) Abrahama le Sara ha ba aa ka ba lumela hore bophelo bo thata bo ba hlokise thabo, ho e-na le hoo, ba ile ba lula ba hopola litšepiso tsa Molimo.

6. Re ka etsisa Jobo joang?

6 Jobo o ile a ba tlas’a khatello e fetisisang. Nahana feela hore na o ile a ikutloa joang ha ho ne ho bonahala eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaea hampe bophelong ba hae. (Jobo 3:3, 11) Ntho e ileng ea etsa hore lintho li be mpe le ho feta, ke hore o ne a sa utloisise hantle hore na ke hobane’ng ha a ne a hlaheloa ke lintho tseo. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a tela. O ile a lula a tšepahala a bile a e-na le tumelo ho Molimo. (Bala Jobo 27:5.) Ruri o re behetse mohlala o babatsehang!

7. Pauluse o ile a thulana le mathata afe ha a ntse a sebeletsa Molimo, empa o ile a thusoa ke’ng hore a tsoele pele ka sebete?

7 Hape, nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ile a hlaheloa ke ‘likotsi motseng, likotsi lefeelleng le likotsi leoatleng.’ O bua ka ‘tlala le lenyora, serame le tlhobolo.’ Pauluse o boetse o bua ka ho hlola ‘bosiu le motšehare bolibeng,’ mohlomong ka lebaka la ho robeheloa ke sekepe. (2 Bakor. 11:23-27) Ho sa tsotellehe lintho tseo kaofela, hlokomela seo a ileng a se bua ka mor’a hore a batle a e-shoa ka lebaka la ho sebeletsa Molimo, o ile a re: “Hona e ne e le hore re se ke ra itšepa, empa re tšepe Molimo ea tsosang bafu. Ho tsoa nthong e khōlō joaloka lefu o ile a fela a re pholosa ’me o tla re pholosa.” (2 Bakor. 1:8-10) Hase batho ba bangata ba ’nileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko joaloka Pauluse. Leha ho le joalo, bongata ba rōna re ka utloisisa hore na o ne a ikutloa joang ’me mohlala oa hae o bontšang sebete, o ka re khothatsa.

QOBA HO NYAHAMISOA KE MATHATA

8. Mathata a kajeno a ka ’na a re ama joang? Etsa mohlala.

8 Kajeno lefatšeng ho na le likoluoa tse ngata hammoho le maemo a sithabetsang hoo batho ba bangata ba utloang ba imetsoe. Esita le Bakreste ba bang ba ’nile ba ikutloa ka tsela eo. Lani, * eo eena le monna oa hae ba neng ba thabela tšebeletso ea nako e tletseng Australia, o re ha ho ne ho fumanoa hore o na le kankere ea matsoele, o ile a utloa bohloko haholo, e ile ea ka o otloa ke letolo. O re, “Kalafo ea eona e ne e nkulisa haholo ’me ke ne ke ikutloa eka ha ke na thuso.” Ho feta moo, o ne a lokela ho hlokomela monna oa hae ea neng a entsoe opereishene ea lesapo la mokokotlo. Haeba re iphumana re le boemong bo joalo, ke sefe seo re ka se etsang?

9, 10. (a) Ha rea lokela ho lumella Satane hore a etse’ng? (b) Re ka sebetsana joang le boemo bo hlalositsoeng ho Liketso 14:22?

9 Ke hantle hore re hopole hore Satane o batla ho sebelisa matšoenyeho ao re thulanang le ’ona e le hore a fokolise tumelo ea rōna. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho mo lumella hore a re hlokise thabo ka tsela eo. Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a  hao a tla fokola.” Haeba re nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng e kang eo ho builoeng ka eona ka holimo, seo se ka re thusa hore re be sebete ha re thulana le mahlomola.

10 Hape, ke hantle hore re hopole hore re ke ke ra felisa mathata ’ohle. Ha e le hantle, re lokela ho lebella hore a tla re hlahela. (2 Tim. 3:12) Liketso 14:22 e re: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” Ho e-na le hore u nyahame, e ka ba hantle hore u nke hore matšoenyeho a joalo a u fa monyetla oa ho bontša sebete hobane u lumela hore Molimo o na le matla a ho u thusa.

11. Re ka etsa’ng e le hore re se ke ra nyahamisoa ke mathata?

11 Re lokela ho tsepamisa likelello tsa rōna linthong tse molemo. Lentsoe la Molimo le re: “Pelo e thabileng e na le phello e ntle sefahlehong, empa ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.” (Liprov. 15:13) Ke khale batho ba etsang lipatlisiso litabeng tsa meriana ba hlokometse hore ho nahana ka lintho tse molemo ho ka folisa motho. Bakuli ba bangata ba ’nileng ba fuoa lipilisi tseo e seng tsa sebele (sethetsa), ba ile ba ikutloa eka ba folile hobane feela ba ne ba nahana hore ba fuoe pheko. Ka lehlakoreng le leng, haeba mokuli a nahana hore lipilisi tseo a li noang li mo bakela mathata, o tla kula le ho feta. Ho lula re nahana ka maemo ao re ke keng ra a fetola ho ka ’na ha re nyahamisa. Re leboha hore ebe Jehova o re fa thuso ea sebele. Esita le nakong ea likoluoa, o re fa thuso ea sebele ka hore a re khothatse ka Lentsoe la hae, ka tšehetso ea mokhatlo oa barab’abo rōna le ka matla ao a re fang oona ka moea o halalelang. Ho tsepamisa likelello linthong tsena ho tla re khothatsa. Ho e-na le hore re tsepamise likelello tsa rōna linthong tse mpe tse re hlahelang, re lokela ho etsa lintho tse tla re thusa hore re sebetsane le bothata bo bong le bo bong boo re thulanang le bona le hore re tsepamise likelello linthong tse molemo.—Liprov. 17:22.

12, 13. (a) Ke eng e thusitseng bahlanka ba Molimo hore ba mamelle mathata a bakoang ke likoluoa? Etsa mohlala. (b) Likoluoa li ka re thusa joang hore re hlokomele hore na ke ntho efe eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna?

12 Morao tjena, linaha tse ling li ’nile tsa hlaheloa ke likoluoa tse matla. Barab’abo rōna ba bangata ba lulang linaheng tseo ba ile ba mamella ka tsela e tsotehang. Sena hase bolele hore ho ne ho le bonolo. Mathoasong a selemo sa 2010, tšisinyeho e khōlō ea lefatše le tsunami tse ileng tsa e-ba teng naheng ea Chile, li ile tsa senya matlo a mangata a bara le barali babo rōna le thepa ea bona, ba bang ba ile ba senyeheloa le ke mokhoa oa bona oa boipheliso. Ho sa tsotellehe lintho tsena, barab’abo rōna ba ile ba lula ba tsoela pele moeeng. Samuel, eo ntlo ea bona e neng e senyehile ka ho feletseng, o ile a re: “Esita le maemong ana a boima ka ho fetisisa, ’na le mosali oa ka ha rea ka ra khaotsa ho ba teng libokeng le mosebetsing oa boboleli. Ke nahana hore sena se ile sa re thusa hore re se ke ra felloa ke tšepo.” Bona hammoho le bara le barali ba bang babo rōna ha baa ka ba lumella hore koluoa eo e ba nyahamise empa ba ile ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova ka cheseho.

13 Ka September 2009, pula e matla e ile ea baka likhohola karolong e fetang 80 lekholong ea Manila, Philippines. Monna e mong oa morui ea ileng a lahleheloa ke lintho tse ngata, o ile a re, “Likhohola tseo li ile tsa etsa hore batho bohle ba lekane, li ile tsa bakela barui hammoho le bafutsana mathata le mahlomola.” Sena se re hopotsa keletso e bohlale ea Jesu e reng: “Le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.” (Mat. 6:20) Lintho tse bonahalang li ka fela ka potlako, kahoo, hangata batho ba tsepamisang likelello tsa bona ho tsona baa soetseha. Kahoo, e ka ba bohlale hore re etse hore ntho e tlang pele bophelong ba rōna e be ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova, kaha eona e ka lula e le teng ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng!—Bala Baheberu 13:5, 6.

 KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA SEBETE?

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba sebete?

14 Jesu o ile a lumela hore nakong ea ho ba teng ha hae ho tla ba le mathata, empa o ile a re: “Le se ke la tšoha.” (Luka 21:9) Re lokela ho ba sebete kaha Jesu e leng Morena oa rōna hammoho le ’Mōpi oa bokahohle, ba re tšehelitse. Pauluse o ile a khothatsa Timothea a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.”—2 Tim. 1:7.

15. Fana ka mehlala e bontšang hore bahlanka ba Molimo ba ile ba mo tšepa ’me u hlalose hore na re ka ba sebete joaloka bona joang.

15 Hlokomela mantsoe ao bahlanka ba Molimo ba ileng ba a bua a bontšang hore baa mo tšepa. Davida o ile a re: “Jehova ke matla a ka le thebe ea ka. Pelo ea ka e mo tšepile, ke thusitsoe, hoo pelo ea ka e thabileng, ’me ke tla mo roka ka pina ea ka.” (Pes. 28:7) Pauluse o ile a bontša hore o na le tšepo e matla ho Molimo, ha a ne a re: “Linthong tsena tsohle re hlaha re hlōtse ka ho feletseng ka ea ileng a re rata.” (Bar. 8:37) Ka ho tšoanang, ha Jesu a ne a le kotsing, o ile a bua ntho e ileng ea bontša bamameli ba hae ka ho hlaka hore o na le kamano e matla le Molimo, ha a ne a re: “Ha ke mong, hobane Ntate o na le ’na.” (Joh. 16:32) Mantsoe ao a bahlanka ba Molimo a bontša’ng? A bontša hore e mong le e mong oa bona o ne a e-na le tšepo e matla ho Jehova. Haeba le rōna re tšepa Molimo ka tsela eo, seo se tla re thusa hore re be sebete ha re thulana le mathata leha e le afe.—Bala Pesaleme ea 46:1-3.

RUA MOLEMO LITOKISETSONG TSA MOLIMO TSE RE THUSANG HORE RE BE SEBETE

16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithute Lentsoe la Molimo?

16 Bakreste ha ba be sebete hobane ba itšepile. Ho e-na le hoo, re ba sebete hobane re tseba Molimo ebile re mo tšepile. Ha re ithuta Lentsoe la hae Bibele re tla tseba Molimo re be re mo tšepe. Ha morali e mong oabo rōna ea nang le khatello ea maikutlo a hlalosa hore na o thusoa ke eng, o re, “Ha ke bala Bibele, ke lula ke pheta-pheta litemana tse khothatsang.” Na re sebelisa keletso eo re e filoeng ea hore re be le borapeli ba lelapa kamehla? Ha re etsa lintho tsena, seo se tla re thusa hore re be le maikutlo a kang ao mopesaleme a neng a e-na le ’ona ha a ne a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—Pes. 119:97.

17. (a) Ke tsela efe e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona hore re be sebete? (b) Fana ka mohlala oa hore na pale ea bophelo e ile ea u thusa joang.

17 Re boetse re na le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse nang le boitsebiso bo re thusang hore re be le tšepo e matla ho Jehova. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba thusoa haholo ke lipale tsa bophelo tse hlahang limakasineng tsa rōna. Morali e mong oabo rōna oa Asia ea tšoeroeng ke lefu la ho ferekana kelellong o ile a thaba haholo ha a ne a bala pale ea bophelo ea mora e mong oabo rōna eo e neng e le moromuoa ea ileng a atleha ho sebetsana le lefu leo. O ile a ngola a re, “Pale eo e ile ea nthusa hore ke utloisise bothata ba ka ea ba ea nthusa hore ke be le tšepo.”

Ha u thulana le mathata, sebelisa litokisetso tseo Jehova a re etselitseng tsona

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa tokisetso ea thapelo?

 18 Thapelo e ka re thusa maemong a mofuta ofe kapa ofe. Moapostola Pauluse o ile a bontša bohlokoa ba thapelo ha a ne a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:6, 7) Na re sebelisa tokisetso ee ea thapelo ka botlalo e le hore re tle re be le matla ha re thulana le mathata? Alex, e leng mora e mong oabo rōna oa Brithani eo e leng khale a e-na le lefu la ho tepella maikutlong, o ile a re: “Ho bua le Jehova ka thapelo le ho mo mamela ka hore ke bale Lentsoe la hae ho ile ha nthusa haholo.”

19. Re lokela ho talima ho ba teng libokeng tsa Bokreste joang?

19 Liboka ke tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo Jehova a re thusang ka eona. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Moea oa ka o labalabetse ’me o hloretse mabala a Jehova.” (Pes. 84:2) Na re ikutloa ka tsela e tšoanang? Ha Lani, eo ho builoeng ka eena pejana a hlalosa tsela eo a ikutloang ka eona ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste o re: “Ke ne ke nka hore ho ea libokeng hase taba ea boikhethelo. Ke ne ke tseba hore ke tlameha ho ea libokeng haeba ke batla hore Jehova a nthuse hore ke khone ho sebetsana le lefu le neng le ntšoere.”

20. Ho etsa mosebetsi oa boboleli ho ka re thusa joang?

20 Ntho e ’ngoe e re thusang hore re be sebete ke ho lula re le mafolofolo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. (1 Tim. 4:16) Morali e mong oabo rōna oa Australia ea ileng a thulana le mathata a mangata o re: “Ke ne ke sa batle ho etsa mosebetsi oa boboleli, empa moholo e mong o ile a nkōpa hore ke tsamaee le eena. Ke ile ka tsamaea le eena. E tlameha hore ebe Jehova o ne a nthusa hobane nako le nako ha ke ne ke etsa mosebetsi oa boboleli, ke ne ke ikutloa ke thabile haholo.” (Liprov. 16:20) Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba thusa batho ba bang hore ba be le tumelo ho Jehova, seo se ba thusa hore ba matlafatse tumelo ea bona. Ha ba etsa joalo, seo se ba thusa hore ba se ke ba lula ba nahana ka mathata a bona empa ba tsepamise likelello linthong tseo e leng tsa bohlokoa haholo.—Bafil. 1:10, 11.

21. Re ka kholiseha ka eng ha re thulana le mathata?

21 Jehova o re file lintho tse ngata tse ka re thusang ho ba sebete ha re sebetsana le mathata a kajeno. Ha re sebelisa litokisetso tsena ka botlalo, re thuisa ka mehlala e metle ea bahlanka ba Molimo ba sebete re bile re e latela, re ka kholiseha hore re tla atleha ha re sebetsana le mathata. Le hoja re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tse bohloko tse ngata ha tsamaiso ena e e-ea qetellong, re ka ba le maikutlo a kang a Pauluse ea ileng a re: “Re akheloa fatše, empa ha re timetsoe. . . . Ha re tele.” (2 Bakor. 4:9, 16) Jehova a ka re thusa hore re be sebete ha re sebetsana le mathata a kajeno.—Bala 2 Bakorinthe 4:17, 18.

^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe.