Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Bontša Moea oa Mofuta Ofe?

U Bontša Moea oa Mofuta Ofe?

“Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.”—FILEM. 25.

1. Ke tšepo efe eo Pauluse a ileng a bua ka eona ha a ne a ngolla balumeli-’moho le eena?

HA MOAPOSTOLA PAULUSE a ne a ngolla balumeli-’moho le eena, ka makhetlo-khetlo o ile a bua ka hore o na le tšepo ea hore Molimo le Kreste ba tla amohela moea oo liphutheho li o bontšang. Ka mohlala, ha a ngolla Bagalata o ile a re: “Mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang. Amen.” (Bagal. 6:18) O ne a bolela’ng ha a re “moea oo le o bontšang”?

2, 3. (a) Ka linako tse ling Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a sebelisa lentsoe “moea”? (b) Ke lipotso life tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona mabapi le moea oo re o bontšang?

2 Ha Pauluse a ne a sebelisa lentsoe “moea” tabeng ena, o ne a bua ka matla a re susumetsang hore re bue kapa re etse lintho ka tsela e itseng. Ho ka ’na ha etsahala hore motho e mong a be bonolo, a nahanele, a be le maikutlo a bonolo, a be seatla se bulehileng kapa e be motho ea tšoarelang. Bibele e bontša hore re lokela ho ba le “moea o thōtseng le o bonolo” le hore re be le “moea o khutsitseng.” (1 Pet. 3:4; Liprov. 17:27) Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha etsahala hore motho e mong e be ea hlabang ba bang ka mantsoe, ea ratang lintho tse bonahalang, e be sefela peloana kapa e be motho ea itaolang. Ho hobe le ho feta, ke hore ho na le batho ba bang ba nahanang ka lintho tse litšila, ba sa mameleng kapa ba bontšang moea oa borabele.

3 Kahoo, ha Pauluse a ne a sebelisa lipolelo tse kang ena e reng “Morena a be le moea oo u o bontšang,” o ne a khothalletsa barab’abo hore ba bontše moea o lumellanang le thato ea Molimo le botho bo kang ba Kreste. (2 Tim. 4:22; bala Bakolose 3:9-12.) Kajeno, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ke bontša moea oa mofuta ofe? Nka etsa joang hore ke tsoele pele ke bonahatsa moea o khahlisang Molimo? Na nka ntlafatsa tsela eo ke kenyang letsoho ka eona ho etsa hore ho be le moea o motle ka phuthehong?’ Ho tea mohlala, tšimong ea sonobolomo,  ’mala oa sonobolomo e ’ngoe le e ’ngoe o etsa hore tšimo eohle e bohehe hantle. Na le rōna re tšoana le “lisonobolomo” tse etsang hore phutheho eohle e bohehe hantle? Ka sebele re lokela ho loanela hore re tšoane le tsona. A re ke re boneng hore na re ka etsa’ng e le hore re bonahatse moea o khahlisang Molimo.

QOBA MOEA OA LEFATŠE

4. “Moea oa lefatše” ke’ng?

4 Mangolo a re: “Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo.” (1 Bakor. 2:12) “Moea oa lefatše” ke’ng? Ke moea o tšoanang le oo ho buang ka oona ho Baefese 2:2, e reng: “Ka nako e ’ngoe le [ne] le tsamaea ho tsona ho ea ka tsamaiso ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi oa matla a moea, moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” “Moea” ona ke moea oo lefatše le o bontšang kapa tsela eo le nahanang ka eona ’me o hohle joaloka moea oa sebele. Hangata o bonahatsoa ke maikutlo ao batho ba bangata ba nang le ’ona kajeno a hore ‘ha ho na motho ea tla mpolella hore na ke etse’ng’ kapa a hore ‘u lokela ho loanela litokelo tsa hao.’ Batho bao ke “bara ba ho se mamele” ba lefatše la Satane.

5. Ke moea ofe o mobe oo Baiseraele ba bang ba ileng ba o bontša?

5 Maikutlo a joalo ha a macha. Mehleng ea Moshe, Kora o ile a tsohela ba neng ba etelletse pele ka phuthehong ea Iseraele matla. Ka ho khetheha o ne a le khahlanong le Arone le bara ba hae, ba neng ba e-na le tlotla ea ho sebeletsa e le baprista. Mohlomong o ile a hlokomela ho se phethahale ha bona. Kapa mohlomong o ne a nahana hore Moshe o ne a e-ea ka leeme—a fa beng ka eena boikarabelo bo khethehileng. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, ho hlakile hore Kora o ne a se a sa talime lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona ’me o ile a bua batho ba neng ba khethiloe ke Jehova hampe, a re ho bona ka tello: “Ho lekane ka lōna . . . Joale, ke hobane’ng ha le iphahamisetsa phutheho?” (Num. 16:3) Ka ho tšoanang, Dathane le Abirame le bona ba ile ba tletleba ka Moshe, ba re ho eena o ‘leka ho iketsa khosana holim’a bona ka ho feletseng.’ Ha ba ne ba bitsoa hore ba il’o hlaha ka pel’a Moshe, ba ile ba araba ka boikhohomoso ba re: “Re ke ke ra nyoloha!” (Num. 16:12-14) Ho hlakile hore Jehova ha aa ka a khahloa ke moea oo ba ileng ba o bontša. O ile a timetsa marabele ao kaofela.—Num. 16:28-35.

6. Batho ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša joang hore ba na le mokhoa o mobe, hona e ka ’na eaba lebaka la bona e ne e le lefe?

6 Lekholong la pele la lilemo, batho ba bang ba ne ba tšoaea ba neng ba filoe boikarabelo ka phuthehong liphoso, ba “hlokomoloha borena.” (Juda 8) Ho ka etsahala hore ebe banna bana ba ne ba sa khotsofalle litokelo tseo ba neng ba li filoe ’me ba ile ba leka ho susumetsa ba bang hore ba be khahlanong le banna ba khethiloeng ba neng ba sebetsa ka thata ho phetha mosebetsi oo ba o filoeng ke Molimo.—Bala 3 Johanne 9, 10.

7. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokahala hore re be hlokolosi ka phuthehong kajeno?

7 Ho hlakile hore moea o joalo ha oa lokela ho ba teng ka phuthehong ea Bokreste. Ke ka lebaka leo re lokelang ho ba hlokolosi mabapi le taba ena. Banna ba baholo ka phuthehong ha baa phethahala feela joalokaha ba ne ba sa phethahala mehleng ea Moshe le ea moapostola Johanne. Baholo ba ka ’na ba etsa liphoso tse ka re amang. Haeba seo se etsahala, e ke ke ea e-ba ho loketseng hore setho sa phutheho se itšoare ka tsela e bontšang moea oa lefatše, ka hore se batle hore joang kapa joang “toka” e phethoe kapa hore “ho nkoe bohato ka mora eo oabo rōna”! Jehova a ka ’na a khetha ho hlokomoloha liphoso tse itseng tse nyenyane. Na e ke ke ea e-ba hantle hore re mo etsise? Ka lebaka la bofokoli boo ba nkang hore baholo ba na le bona, batho ba bang ba entseng libe tse tebileng ka phuthehong ba ’nile ba hana ho hlaha ka pel’a  komiti ea baholo e filoeng boikarabelo ba ho ba thusa. Sena se ka tšoantšoa le mokuli ea hanang phekolo e itseng hobane ho na le ntho eo a sa e rateng ka ngaka e mo thusang.

8. Ke mangolo afe a ka re thusang hore re lule re e-na le maikutlo a nepahetseng ka ba etellang pele ka phuthehong?

8 Re ka qoba ho ba le maikutlo a joalo haeba re hopola hore ka Bibeleng ho boleloa hore “ka letsohong la hae le letona [Jesu] o ne a e-na le linaleli tse supileng.” “Linaleli” tseo li emela balebeli ba tlotsitsoeng hammoho le balebeli bohle ba phutheho. Jesu a ka tataisa “linaleli” tse ka letsohong la hae ka tsela efe kapa efe eo a bonang e hlokahala. (Tšen. 1:16, 20) Kahoo, kaha Jesu ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste, ke eena ea laolang lihlopha tsohle tsa baholo. Haeba e mong sehlopheng sa baholo a hloka ho khalemeloa, Jesu eo “mahlo a hae a [leng] joaloka lelakabe la mollo,” o tla tiisa hore sena se phethoa ka nako ea Hae le ka tsela ea hae. (Tšen. 1:14) Pele seo se etsahala, re lokela ho lula re hlompha ba khethiloeng ke moea kaha Pauluse o ile a ngola a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheb. 13:17.

Ho nahanisisa ka karolo eo Jesu a e phethang ka phuthehong ho ama tsela eo u itšoarang ka eona ha u fuoa keletso joang?

 

9. (a) Mokreste a ka ’na a bontša moea ofe ha a eletsoa kapa a khalemeloa? (b) E ka ba hantle hore motho a etse joang ha a khalemeloa?

9 Mokreste a ka ’na a bontša hore na o na le moea o joang ha a khalemeloa kapa a nkeloa litokelo ka phuthehong. Ka masene baholo ba ile ba eletsa mora e mong oabo rōna ea neng a tloaetse ho bapala lipapali tsa livideo tse mabifi. Ka masoabi, ha aa ka a amohela keletso eo ’me o ile a tlameha ho  nkeloa litokelo tsa ho ba mohlanka ea sebeletsang kaha ho latela Mangolo, o ne a se a sa tšoanelehe. (Pes. 11:5; 1 Tim. 3:8-10) Ka mor’a moo, mora eo oabo rōna o ile a tlatsa taba ea hore o ne a sa lumellane le qeto ea baholo ’me ka makhetlo o ile a ngolla ofisi ea lekala mangolo a tšoaea baholo liphoso a ba a susumetsa le batho ba bang ka phuthehong hore le bona ba etse se tšoanang. Leha ho le joalo, e ke ke ea e-ba hantle hore re luke khotso ea phutheho eohle moo re lekang ho ikemela. Ruri e ne e ka ba hantle hore re talime khalemelo e le tsela eo ka eona re thusoang hore re hlokomele mefokolo ea rōna ’me re amohele khalemelo re khutsitse.—Bala Lillo Tsa Jeremia 3:28, 29.

10. (a) Hlalosa hore na re ka ithuta’ng ho Jakobo 3:16-18 mabapi le moea oo re lokelang ho o bontša le oo re lokelang ho o qoba. (b) Re tla fumana molemo ofe ha re bontša “bohlale bo tsoang holimo”?

10 Jakobo 3:16-18 e re ruta hore na ke moea ofe oo re lokelang ho o bontša ka phuthehong le hore na ke ofe oo re lokelang ho o qoba. E re: “Moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng. Empa bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi. Ho feta moo, litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” Ha re ntse re etsa lintho tumellanong le “bohlale bo tsoang holimo,” litšobotsi tseo re nang le tsona tse bontšang hore re tšaba Molimo li tla re thusa hore re kenye letsoho hore ho be le moea o motle har’a bara le barali babo rōna.

BONTŠA TLHOMPHO KA PHUTHEHONG

11. (a) Ho lula re e-na le moea o motle ho tla re thusa hore re qobe eng? (b) Mohlala oa Davida o re ruta’ng?

11 Re lokela ho hopola hore Jehova ke eena ea fileng baholo mosebetsi oa hore ba “lise phutheho ea Molimo.” (Lik. 20:28; 1 Pet. 5:2) Kahoo, re lokela ho hlompha tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona, ho sa tsotellehe hore na re na le tokelo ea ho sebeletsa re le baholo kapa che. Ha re e-na le moea o motle seo se tla re thusa hore re qobe ho ameha haholo ka ho fumana maemo. Ha Morena Saule oa Iseraele a ne a bona eka Davida o tla mo nkela borena, “o [ile] a tsoela pele ho sheba Davida ka ho mo belaella.” (1 Sam. 18:9) Morena Saule o ile a ba le moea o mobe a ba a batla ho bolaea Davida. Ho e-na le hore re amehe haholo ka maemo joaloka Saule, e ka ba hantle hore re tšoane le Davida. Le hoja hangata Davida a ile a tšoaroa ka ho hloka toka, o ile a lula a hlompha batho bao Molimo a neng a ba file boikarabelo.—Bala 1 Samuele 26:23.

12. Ke eng e tla etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong?

12 Ho fapana ka maikutlo ho ka etsa hore ho se ke ha e-ba le kutloano ka phuthehong—esita le har’a balebeli. Keletso ea Bibele e ka re thusa mabapi le taba ena, e re: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho” ’me “Le se ke la ba masene mahlong a lōna.” (Bar. 12:10, 16) Ho e-na le hore re tsitlelle hore re nepile, re lokela ho hlokomela hore hangata batho ba ka talima lintho ka litsela tse sa tšoaneng. Haeba re leka ho utloisisa maikutlo a batho ba bang, re tla kenya letsoho hore ho be le bonngoe ka phuthehong.—Bafil. 4:5.

13. Re lokela ho etsa’ng ha re se re hlahisitse maikutlo a rōna? Ke mohlala ofe o ka Bibeleng o bontšang hore na re lokela ho etsa’ng?

13 Na see se bolela hore ho fosahetse hore re ntše maikutlo a rōna ha re hlokomela hore ho na le ntho eo re nahanang hore e hloka ho lokisoa ka phuthehong? Che. Lekholong la pele la lilemo, ho ile ha hlaha taba e ileng ea etsa hore ho be le phehisano e khōlō. Barab’abo rōna ba ile “ba lokisetsa hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba itseng ba bona ba nyolohele ho baapostola le banna ba baholo Jerusalema mabapi le  phehisano ena.” (Lik. 15:2) Ha ho pelaelo hore bara bao babo rōna ba ne ba e-na le maikutlo a bona mabapi le taba eo le hore na e ne e ka rarolloa joang. Leha ho le joalo, ha e mong le e mong a se a ntšitse maikutlo a hae ’me moea o halalelang o se o ba tataisitse hore ba fihlele qeto, barab’abo rōna ha baa ka ba hlola ba tsoela pele ho ntša maikutlo a bona. Ka mor’a hore lengolo le hlalosang qeto e fihletsoeng le fihle liphuthehong, ba ile ba “thabela khothatso eo” ’me ba ile ba “tiisoa tumelong.” (Lik. 15:31; 16:4, 5) Ka ho tšoanang le kajeno, ha re tsebisitse barab’abo rōna ba ikarabellang taba e itseng, re lokela ho e tlohella matsohong a bona hore ba nahanisise ka eona.

BONTŠA MOEA O MOTLE HA U SEBELISANA LE BATHO

14. Re ka bontša moea o motle joang ha re sebelisana le batho ba bang?

14 Ha re sebelisana le batho ba bang, re na le menyetla e mengata ea ho bontša moea o motle. Re tla be re etsa hantle haeba re tšoarela batho ba bang ha ba re sitetsoe. Lentsoe la Molimo le re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakol. 3:13) Poleloana e reng, “haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo” e bontša hore ho ka ’na ha e-ba le mabaka a utloahalang a hore re khopisoe ke batho ba bang. Leha ho le joalo, ho e-na le hore re amehe haholo ka mefokolo ea batho ba bang e be re senya khotso ea phutheho, re lokela ho leka ho etsisa Jehova ’me re tšoarele batho ba bang ka bolokolohi, re tsoele pele re sebeletsa Jehova hammoho.

15. (a) Re ka ithuta’ng ho Jobo mabapi le ho tšoarela batho ba bang? (b) Thapelo e ka re thusa joang hore re bontše moea o motle?

15 Ho na le seo re ka ithutang sona ho Jobo mabapi le tšoarelo. Banna ba bararo ba neng ba tlameha ho mo tšelisa, ba ile ba mo khopisa ka mantsoe a bona a se nang kutloelo-bohloko. Leha ho le joalo, Jobo o ile a ba tšoarela. Ke’ng e ileng ea mo thusa ho etsa seo? O ile “a rapella metsoalle ea hae.” (Jobo 16:2; 42:10) Ho rapella batho ba bang ho ka etsa hore re fetole maikutlo a rōna ka bona. Ha re rapella bara le barali babo rōna bohle, seo se re thusa hore re be le moea o kang oa Kreste. (Joh. 13:34, 35) Ho phaella tabeng ea ho rapella bara le barali babo rōna, re lokela ho rapella moea o halalelang. (Luka 11:13) Moea oa Molimo o tla re thusa hore re bontše litšobotsi tsa ’nete tsa Bokreste ha re sebelisana le batho ba bang.—Bala Bagalata 5:22, 23.

KENYA LETSOHO HORE HO BE LE MOEA O MOTLE MOKHATLONG OA MOLIMO

16, 17. U ikemiselitse ho bontša moea ofe?

16 Ruri re ka khola litholoana tse molemo haeba setho se seng le se seng sa phutheho se iketsetsa pakane ea ho kenya letsoho hore ho be le moea o motle ka phuthehong! Mohlomong ka mor’a hore re tšohle lintlha tsena, re ka ’na ra etsa qeto ea hore ho hlokahala hore re ntlafatse tsela eo re bontšang moea o motle ka eona. Haeba ho joalo, re lokela ho itlhahloba re sebelisa Lentsoe la Molimo. (Baheb. 4:12) Pauluse, ea neng a amehile ka lintho tseo a neng a li etsa ka liphuthehong, o ile a re: “Etsoe ha ke ele ntho leha e le efe hloko khahlanong le ’na. Empa leha ho le joalo ka sena ha ke pakoe hore ke lokile, empa ea ntlhahlobang ke Jehova.”—1 Bakor. 4:4.

17 Ha re ntse re loanela ho etsa lintho tumellanong le bohlale bo tsoang holimo, re sa inke re le batho ba bohlokoa ho feta batho ba bang, re tla kenya letsoho hore ho be le moea o motle ka phuthehong. Haeba re tšoarela batho ba bang re bile re e-na le maikutlo a matle ka bona, re tla phela ka khotso le barapeli-’moho le rōna. (Bafil. 4:8) Ha re ntse re etsa lintho tsena, re ka kholiseha hore Jehova le Jesu ba tla thabisoa ke ‘moea oo re o bontšang.’—Filem. 25.