Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Pale ea Bophelo

E Bile Metsoalle ka Lilemo Tse 60

E Bile Metsoalle ka Lilemo Tse 60

Mantsiboeeng a mang a lehlabula ka 1951, bahlankana ba bane ba lilemo li ka holimo ho 20 ba neng ba thabile, ba ile ba ema lifonong tsa sechaba Ithaca, New York, U.S.A. ’me ba letsetsa libakeng tse hōle e leng Michigan, Iowa le California. Ba ne ba bolella beng ka bona le metsoalle ea bona litaba tse monate!

SELEMONG seo ka February, bo-pula-maliboho ba 122 ba ile ba fihla South Lansing, New York, ho ba sehlopheng sa bo17 sa Sekolo sa Gileade. Har’a batho bana bao e neng e tla ba baromuoa ka moso e ne e le Lowell Turner, William (Bill) Kasten, Richard Kelsey le Ramon Templeton. Lowell le Bill, ba tsoang Michigan, Richard ea tsoang Iowa le Ramon ea tsoang California, e ile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo.

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Richard, Lowell, Ramon le Bill, e ile ea e-ba metsoalle ha ba ne ba le Gileade

Likhoeli tse hlano hamorao, baithuti ba ne ba thabile haholo ha ba ne ba tsebisoa hore Mor’abo rōna Nathan Knorr ea tsoang ntlo-kholo, o ne a tla ho tla bua le bona. Bara babo rōna ba bane bao ho builoeng ka bona ka holimo, ba ne ba boletse hore ba ka rata ho sebeletsa naheng e le ’ngoe haeba ho ka khoneha. Na ba ne ba tlil’o bolelloa hore na ba tla ea sebeletsa linaheng life? Ka sebele ho joalo!

Matšoafo a ile a phahama nakong eo Mor’abo rōna Knorr a neng a buisana le sehlopha sohle sa baithuti ’me a qala ho phatlalatsa hore na ba ne ba tla sebeletsa linaheng life. Batho ba pele ba ileng ba bitsetsoa sethaleng ke bahlankana bao ba bane ba neng ba tšohile empa ba thabile ha ba hlokomela hore ba ne ba tla sebeletsa sebakeng se le seng! Empa ba ne ba tla sebeletsa naheng efe? Baithuti-’moho le bona ba ile ba makala ’me ba opa mahofi nako e telele ha ho ne ho boleloa hore ba tla romeloa Jeremane.

Lipaki tsohle Tsa Jehova li ne li tsota botšepehi bo bontšitsoeng ke Lipaki tsa Jeremane ho tloha ka 1933, pusong ea Hitler. Ba bangata ba liithuti ba ile ba hopola nakong eo ba ileng ba hlophisa liaparo le liphutheloana tsa lithuso tse neng li romeloa ke mokhatlo o neng o bitsoa CARE [Cooperative for American Remittances to Europe], tse neng li e-ea ho bara le barali babo rōna ba Europe, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Bahlanka ba Molimo ba Jeremane, ba ile ba beha mohlala o motle haholo oa ho ba le tumelo e matla, boikemisetso, sebete esita le ho tšepa Jehova. Lowell o re ke ile ka re, ‘Joale re tla tseba bara le barali bana babo rōna ba ratehang.’ Ha ho makatse hore ebe bara bao babo rōna ba ne ba thabile hakaalo le hore ebe ba ile ba letsetsa beng ka bona le metsoalle ea bona hona mantsiboeeng ao!

TSELENG E EANG JEREMANE

Ramon ha a ne a tsamaisa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso

Ka la 27 July, 1951, sekepe sa SS Homeland, se ile sa tloha boema-kepe ba East River, New York, ’me metsoalle eo e mene e ile ea kena leetong la matsatsi a 11 la ho ea Jeremane. Mor’abo rōna Albert Schroeder, e leng e mong oa barupeli Sekolong sa Gileade eo hamorao e  ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a ba ruta lipolelo tse ’maloa tsa Sejeremane. Kaha joale ba ne ba tsamaea le baeti ba bangata ba buang Sejeremane, mohlomong ba ne ba tla ithuta lipolelo tse ling. Empa ho bonahala eka baeti bao ba ne ba bua Sejeremane ka litsela tse sa tšoaneng. Ruri ena e ne e le ntho e ferekanyang!

Hoseng ha Labobeli la la 7 August, ka mor’a hore bara bao babo rōna ba mamelle ho kulisoa ke leeto la leoatleng, qetellong ba ile ba fihla Hamburg, Jeremane. Hohle ba ile ba bona tšenyo e bakiloeng ke ntoa e neng e letse lilemong tse fetileng tse tšeletseng. Kaha ba ne ba utloile bohloko ka lebaka la lintho tseo ba ileng ba li bona, ba ile ba nka leeto bosiu ka terene ba ea Wiesbaden, e leng sebaka seo ofisi ea lekala e neng e le ho sona ka nako eo.

Richard o sebetsa mochineng oa ho ngola liaterese tsa lipeeletso, Bethele ea Wiesbaden

Ka Laboraro hoseng ba ile ba kopana le Hans, e leng lebitso la Sejeremane hantle. Hans ke Paki ea pele eo ba ileng ba kopana le eona Jeremane. Hans o ile a ba lata seteisheneng sa terene ka koloi a ba isa Bethele moo a ileng a ba siea matsohong a morali e mong oabo rōna ea hōlileng ea neng a sa bue Senyesemane ho hang. Leha ho le joalo, ho bonahala eka o ne a nahana hore ha a buela holimo ba ne ba tla utloa puo eo a e buang. Empa ho sa tsotellehe hore na o ne a phahamisa lentsoe hakae, morali eo oabo rōna le bara bao babo rōna ba bane ba ile ba ferekana le ho feta. Qetellong, Mor’abo rōna Erich Frost, e leng mohlanka oa lekala, o ile a fihla ’me a ba lumelisa hamonate ka Senyesemane. Joale lintho li ile tsa ntlafala.

Mafelong a August, bara bao babo rōna ba bane ba ile ba e-ba teng kopanong ea bona ea pele ea Sejeremane ea “Borapeli bo Hloekileng” e neng e tšoaretsoe Frankfurt am Main. Cheseho ea bara bao babo rōna ea boromuoa le takatso ea bona ea ho etsa mosebetsi oa boboleli, e ile matlafala ha ba ne ba bona tlhōrō ea ba bileng teng kopanong e fihla ho 47 432 ’me ho kolobetsoa batho ba 2 373. Empa matsatsi a seng makae hamorao, Mor’abo rōna Knorr o ile a ba bolella hore ba ne tla lula Bethele ’me ba sebetse teng.

Thabo eo ba bileng le eona mosebetsing oa bona e ile ea ba kholisa hore kamehla Jehova o tseba se molemong oa bona

Kaha Ramon o ne a batla ho ba moromuoa, o ile a tlohela monyetla oa ho ea Bethele ea United States. Richard le Bill le bona ba ne ba e-s’o ka ba nahana ka ho sebeletsa Bethele. Empa thabo eo ba ileng ba e fumana mosebetsing oa bona e ile ea ba kholisa hore kamehla  Jehova o tseba se molemong oa rōna. Ruri ke bohlale hore re latele tataiso ea hae ho e-na le hore re latele litakatso tsa rōna! Motho ea ithutileng sena o tla thabela ho sebeletsa Jehova kae kapa kae a etsa mosebetsi oa mofuta ofe kapa ofe oo a o fuoang.

VERBOTEN!

Batho ba bangata lelapeng la Bethele ea Jeremane ba ne ba thabile hore ebe ho na le Maamerika a neng a tla ba thusa hore ba ithute Senyesemane. Empa ka letsatsi le leng, ka phaposing ea ho jela, tšepo eo ba neng ba e-na le eona e ile ea fela ka tšohanyetso. Mor’abo rōna Frost ea neng a tloaetse ho bua ka cheseho, o ile a qala ho bua ka Sejeremane ka taba eo ho neng ho bonahala e tebile haholo. Batho ba bangata ba ne ba khutsitse ba bile ba iname. Le hoja bara bao babo rōna ba sa tsoa fihla ba ne ba sa utloisise hore na ho ne ho buuoa ka’ng, butle-butle ba ile ba hlokomela hore ho buuoa ka bona. Kahoo, ha Mor’abo rōna Frost a ne a bua ka lentsoe le matla a re, “VERBOTEN!” (“Ho thibetsoe!”) a bile a pheta mantsoe ao ka lentsoe le phahameng e le hore a hatise seo a neng a se bua, bara bao babo rōna ba ile ba tsitsipana. Ke’ng eo ba neng ba e entse e ileng ea etsa hore Mor’abo rōna Frost a phahamise maikutlo hakaalo?

Mor’abo rōna Frost (ka ho le letona) le batho ba bang nakong ea ketelo ea Mor’abo rōna Knorr (ka ho le letšehali)

Ha nako ea lijo e fela, batho bohle ba ile ba potlakela liphaposing tsa bona tsa bolulo. Hamorao, mora e mong oabo rōna o ile a re: “E le hore le tle le khone ho re thusa, le lokela ho tseba ho bua Sejeremane. Ke ka lebaka leo Mor’abo rōna Frost a ileng a re ho le buisa Senyesemane HO THIBETSOE, ho fihlela le ithuta Sejeremane.”

Litho tsa lelapa la Bethele li ile tsa mamela taelo eo ka potlako. Sena ha sea ka sa thusa bara bao babo rōna ho ithuta Sejeremane feela empa se ile sa boela sa ba ruta hore ha keletso e fanoa ke mor’abo rōna ea nang le lerato, esita le haeba qalong ho le thata ho e sebelisa, hangata e re tsoela molemo. Keletso eo Mor’abo rōna Frost a ileng a fana ka eona, e ile ea bontša hore o ne a tsotella mokhatlo oa Jehova a bile a rata barab’abo. * Ha ho makatse hore ebe bara bao babo rōna ba bane ba ile ba mo rata haholo!

HO NA LE SEO RE ITHUTANG SONA HO METSOALLE EA RŌNA

Ha re le matsatsing a phomolo Switzerland ka 1952

Metsoalle ea rōna e tšabang Molimo e ka re ruta lintho tsa bohlokoa tse ka re thusang hore re matlafatse setsoalle sa rōna le Jehova. Bara bao babo rōna ba bane ba ile ba ithuta lintho tse ngata ho bara le barali babo rōna ba Majeremane ba tšepahalang—ba bangata haholo hore re ka ba bolela ka mabitso—’me le bona ba ile ba boela ba fanana malebela. Richard o re: “Lowell o ne a tseba Sejeremane haholoanyane, empa rōna ba bang se ne se re thatafalla. Kaha ke eena ea neng a le moholo ho rōna kaofela, re ne re kōpa thuso ho eena ha ho e-na le ntho eo re sa e utloisiseng ka Sejeremane ’me ke eena  ea neng a re etella pele.” Ramon o re: “Ke ile ka thaba haholo ha mora e mong oabo rōna oa Moswiss a ne a re re ka sebelisa ntlo ea hae e Switzerland nakong ea matsatsi a rōna a pele a phomolo haesale re fihla Jeremane! Ke ne ke nahana hore re tla qeta libeke tse peli re le bang re bile re sa tšoenyehe ka ho bua Sejeremane. Empa ho bonahala eka ke ne ke lebetse hore na Lowell ke motho ea joang. O ile a tsitlella hore hoseng ho hong le ho hong re bale re be re tšohle temana ea letsatsi ka Sejeremane. Ka masoabi, o ile a tsitlella hore re etse seo letsatsi le leng le le leng. Empa re ile ra ithuta ntho ea bohlokoa. Hore re lokela ho amohela tataiso e tsoang ho batho ba hlileng ba re tsotellang, esita le haeba ka linako tse ling re sa lumellane le maikutlo a bona. Ho ba le maikutlo a joalo ho ile ha re thusa haholo ka lilemo tse ngata ’me ho ile ha re nolofalletsa hore re ikokobeletse tataiso ea puso ea Molimo.”

Metsoalle eo e mene e ile ea boela ea ithuta hore e lokela ho ananela makhabane ao ba bang ba nang le ’ona joalokaha Bafilipi 2:3 e re: “Ka ho ikokobetsa kelellong le [nke] hore ba bang ba le phahametse.” Kahoo, hangata ba ne ba kōpa Bill hore a etse mesebetsi eo ba neng ba lumellane hore a ka e etsa hantle ho ba feta. Lowell o re: “Ha ho ne ho lokela hore ho nkoe khato ea bohlokoa kapa e sa thabiseng e le hore ho lokisoe mathata a itseng, re ne re kōpa thuso ho Bill. O ne a e-na le bokhoni ba ho sebetsana le maemo a sa thabiseng ka tsela eo re neng re lumellane kaofela hore re lokela ho sebetsana le ’ona ka eona, empa re se na sebete kapa bokhoni ba ho etsa seo.”

MANYALO A THABISANG

Bara bao babo rōna ba bane ba ile ba nyala ka bonngoe ka bonngoe. Motheo oa setsoalle sa bona e ne e le ho rata Jehova le ho rata tšebeletso ea nako e tletseng, kahoo, ba ne ba ikemiselitse ho nyala barali babo rōna ba neng ba etelletsa Jehova pele bophelong ba bona. Tšebeletso ea nako e tletseng e ne e ba rutile hore ho fana ho ruisa molemo ho feta ho amohela le hore lintho tse amanang le ’Muso li lokela ho tla pele ho lintho tseo ba li ratang. Kahoo, ba ile ba khetha barali babo rōna ba seng ba ntse ba ikhethetse ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Metsoalle eo e mene e ile ea e-ba le manyalo a matla le a thabisang.

Batho ba lokela ho etelletsa Jehova pele, e le hore setsoalle sa bona se atlehe kapa manyalo a bona a atlehe. (Moek. 4:12) Le hoja hamorao Bill le Ramon ba ile ba hlokahalloa ke balekane, bobeli ba bona ba ile ba thaba ka lebaka la tšehetso eo ba ileng ba e fumana ho balekane ba bona ba neng ba tšepahala. Lowell le Richard ba ntse ba tsoela pele ho fumana tšehetso ea balekane ba bona ’me Bill, ea ileng a nyala hape o ile a khetha molekane ea nepahetseng e le hore a ka tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng.

Lilemo tse ’maloa hamorao, likabelo tseo ba ileng ba li fuoa li ile tsa etsa hore ba ee libakeng tse fapaneng—haholo-holo Jeremane, Austria, Luxembourg, Canada le United States. Ka lebaka leo, metsoalle eo e mene e ne e sa khone ho qeta nako e ngata e le ’moho ka tsela eo e neng e ka lakatsa ka eona. Le hoja ba lula libakeng tse arohaneng haholo, ba lula ba buisana, ba thaba hammoho ha Jehova a ba hlohonolofatsa ba boetse ba lla hammoho ha ho e-na le ea saretsoeng. (Bar. 12:15) Re lokela ho nka metsoalle e kang eo e le ea bohlokoa ’me re e ananele. Ke limpho tsa bohlokoa tse tsoang ho Jehova. (Liprov. 17:17) Ruri ha ho bonolo ho fumana metsoalle ea sebele kajeno! Empa Mokreste e mong le e mong oa ’nete a ka ba le metsoalle ea sebele e mengata. Kaha  re Lipaki Tsa Jehova, re thabela ho ba le setsoalle le balumeli-’moho le rōna lefatšeng lohle ’me ho feta moo, re thabela ho ba le setsoalle le Jehova Molimo le Jesu Kreste.

Joalokaha le rōna re thulana le mathata, ka ho tšoanang ka linako tse ling metsoalle ena e mene e ile ea thulana le ’ona—ho sa tsotellehe hore na e ne e le ho utloa bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke molekane, ho sithabela maikutlong ka lebaka la ho loantšana le bokuli bo matla, ho ameha ka ho hlokomela batsoali ba hōlileng, mathata a ho hōlisa bana motho a le tšebeletsong ea nako e tletseng, ho tšosoa ke ho fuoa likabelo tse ncha kapa mathata a botsofali a ntseng a e-hloa mekoalaba. Empa ka lebaka la phihlelo eo ba nang le eona, ba boetse baa tseba hore metsoalle e haufi le rōna kapa e hōle—e thusa batho ba ratang Jehova hore ba atlehe ha ba sebetsana le bothata leha e le bofe.

RE LEBELETSE HO BA METSOALLE KA HO SA FELENG

Ruri ke ntho e ntle hore ebe Lowell, Ramon, Bill le Richard ba ile ba inehela ho Jehova ha ba le lilemo li 18, 12, 11 le 10 le hore ha ba le lilemo tse pakeng tsa tse 17 le tse 21, ba ile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng! Ba ile ba etsa seo lengolo la Moeklesia 12:1 le ileng la ba khothalletsa sona, ha le re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.”

Haeba u mohlankana oa Mokreste, e se eka haeba ho khoneha u ka amohela memo ea Jehova ea hore u kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang, u ka ’na ua fumana thabo—joaloka metsoalle eo e mene—ea ho ba molebeli oa potoloho kapa oa setereke; ho sebeletsa Bethele, ho akarelletsa ho sebeletsa Komiting ea Lekala; ho ba morupeli sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso le sa Bopula-maliboho; hammoho le ho beha lipuo likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Ruri metsoalle eo e mene e ile ea thaba haholo ka lebaka la ho tseba hore batho ba likete tse mashome ba ile ba rua molemo ka lebaka la mosebetsi oo ba ileng ba o etsa! Ba ile ba finyella lintho tsena tsohle kaha ha e sa le bahlankana ba ile ba amohela memo e lerato ea Jehova ea hore ba mo sebeletse ka moea oohle.—Bakol. 3:23.

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Richard, Bill, Lowell le Ramon ha ba ne ba kopana Selters, ha ho ne ho neheloa mehaho e mecha ea lekala ka 1984

Kajeno, Lowell, Richard le Ramon ba boetse ba sebetsa ’moho ofising ea lekala, e seng e le Selters, Jeremane. Ka masoabi, Bill o ile a hlokahala ka 2010 a le United States, moo a neng a ntse a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng. Setsoalle seo se khethehileng sa bara bao babo rōna ba bane, sa lilemo tse ka bang 60, se ile sa thefuloa ke lefu! Empa le ka mohla Jehova Molimo oa rōna ha a lebale metsoalle ea hae. Re kholisehile hore ha ho se ho busa ’Muso oa hae, setsoalle se seng le se seng sa Bakreste se thefutsoeng ke lefu ka nakoana se tla boela se tsosolosoe.

“Lilemo tsohle tse 60 tseo re bileng metsoalle ka tsona, ha ke hopole re e-ba le nako e sa thabiseng”

Nakoana pele Bill a hlokahala, o ile a ngola a re: “Lilemo tsohle tse 60 tseo re bileng metsoalle ka tsona, ha ke hopole re e-ba le nako e sa thabiseng. Setsoalle sa rōna e ’nile ea e-ba sa bohlokoa haholo ho ’na.” Metsoalle ea hae e meraro e lumelang hore setsoalle sa eona se tla tsoela pele lefatšeng le lecha, e phaella ka ho re, “E ka re ke hona setsoalle sa rōna se qalang.”

^ ser. 17 Pale e monate ea bophelo ba Mor’abo rōna Frost e tlalehiloe Molula-Qhooeng oa Senyesemane oa April 15, 1961, leqhepheng la 244-249.