Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khothatso e ‘Tsoang Melomong ea Bana’

Khothatso e ‘Tsoang Melomong ea Bana’

Ka December 2009, Lekhotla le ka Holimo-limo la Russia le ile la tšehetsa qeto e ileng ea etsa hore mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova Taganrog, Russia, o felisoe, Holo ea tsona ea ’Muso e hapuoe ’me ho boleloe hore lingoliloeng tsa tsona tse 34 li fetelletsa lintho. Taba ena e makatsang e ile ea phatlalatsoa Websaeteng ea Lipaki Tsa Jehova ’me e ne e tsamaea le lifoto tsa Lipaki tse neng li anngoe ke qeto ena tse neng li akarelletsa bana ba banyenyane.

Bana ba Australia

Likhoeli tse seng kae hamorao, Setsi sa Tsamaiso sa Lipaki tsa Jehova, Russia, se ile sa fumana lebokose le lengolo le latelang, le tsoang lelapeng le leng la Lipaki la Queensland, Australia, le neng le bone tlaleho e buang ka qeto eo ea Lekhotla: “Barab’abo Rōna ba Ratehang, Bana ba rōna e leng, Cody le Larissa, ba ile ba angoa haholo ke tumelo le liteko tseo metsoalle ea bona ea Russia e thulanang le tsona. Ba ngotse likarete le mangolo, ’me re entse liphutheloana tse nyenyane tsa limpho tseo re ratang hore li romeloe bana ba Taganrog, ho ba tsebisa hore ho na le bana ba bang ba sebakeng se hōle ba sebeletsang Jehova ka botšepehi ba lulang ba ntse ba nahana ka bona. Ba re ba ba rata haholo.”

Ha bana ba Taganrog ba fumana limpho tseo, ba ile ba ngolla lelapa leo la Australia mangolo a teboho a nang le litšoantšo. E susumelitsoe ke mantsoe a khothatso a ‘tsoang melomong ea bana,’ Paki e ’ngoe e sebeletsang lekaleng la Russia e ile ea ngolla Cody le Larissa ea re: “Le se le ka inahanela hore na ho bohloko hakaakang ho bana le batho ba baholo ha ba utloisoa bohloko ka lebaka la ntho eo ba sa e etsang. Bara le barali babo rōna ba Taganrog ha baa etsa letho le phoso, empa ba amohiloe Holo ea bona ea ’Muso. Sena se ba utloisitse bohloko haholo. Ba tla khothala ha ba tseba hore ho na le batho ba bang naheng e ’ngoe ba ntseng ba nahana ka bona. Re leboha mosa oa lōna le ho fana ha lōna ka seatla se bulehileng!”—Pes. 8:2.

Bana ba Russia ba ileng ba amohela limpho tse tsoang ho bana ba Australia

Ka sebele, re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše lohle ’me lerato leo re ratanang ka lona le re thusa hore re sebetsane le liteko le mathata ao re thulanang le ’ona bophelong. Ha makhotla a linyeoe a ntse a buisana ka hore na lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li hlohlelletsa lehloeo kapa che, bana ba rōna ba bontša hore ba amehile ka bana ba bang, ba sa ba khetholle ka hore na ke ba sechaba sefe kapa setso sefe ’me ba bontša hore mantsoe a Jesu ke ’nete, ha a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Joh. 13:35.