Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Nthute ho Etsa Thato ea Hao”

“Nthute ho Etsa Thato ea Hao”

“Nthute ho etsa thato ea hao, etsoe u Molimo oa ka.”—PES. 143:10.

1, 2. Ho etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba rōna ho ka re tsoela molemo joang, hona re ka lebella ho ithuta’ng ho Morena Davida mabapi le taba ee?

A RE re u tsamaea sebakeng se lithaba ebe u fihla moo litsela li arohanang. U tla nka tsela efe? U ka ’na ua hloella holim’a lefika le haufi e le hore u bone moo litsela tseo li lebang teng. Ha u sheba lintho u le sebakeng seo se phahameng, u ka ’na ua khona ho bona hore na ke tsela efe eo ho ka bang molemo hore u e nke. Ho sebelisa mokhoa o tšoanang ho ka re thusa ha re lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa. Ha re talima lintho ka tsela e phahameng eo ’Mōpi a li talimang ka eona seo se tla re thusa hore re ‘tsamaee tseleng’ eo Jehova a e amohelang.—Esa. 30:21.

2 Karolong e khōlō ea bophelo ba hae, Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a beha mohlala o ikhethang oa ho etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba hae. A re ke re tšohleng lintho tse ling tse etsahetseng bophelong ba Davida e le hore ho be le seo re ithutang sona boitšoarong ba monna eo, eo pelo ea hae e neng e feletse ho Jehova Molimo.—1 Mar. 11:4.

DAVIDA O NE A NKA LEBITSO LA JEHOVA E LE LA BOHLOKOA

3, 4. (a) Ke’ng e ileng ea susumetsa Davida hore a loantše Goliathe? (b) Davida o ne a nka lebitso la Molimo joang?

3 Nahana ka nako eo Davida a neng a il’o loantša ’mampoli oa Mofilista e leng Goliathe. Ke eng e ileng ea susumetsa Davida eo e neng e sa le mohlankana hore a e’o loantša senatla se bolelele ba limithara tse ka bang tharo, se neng se bile se hlometse? (1 Sam. 17:4, NW, ftn.) Na ke hobane Davida a ne a le sebete? Na ke tumelo eo a neng a e-na le eona ho Molimo? Litšobotsi tseo ka bobeli li ile tsa mo thusa haholo hore a e’o loantša senatla seo. Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong e ileng ea thusa Davida ke hore o ne a hlompha Jehova hammoho le lebitso la Hae le leholo. Ka bohale Davida o ile a re: “Mofilista eo ea sa  bollang ke mang hore a nyelise makhotla a Molimo ea phelang?”—1 Sam. 17:26.

4 Mohlankana Davida o ile a ea ho Goliathe ’me a re: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.” (1 Sam. 17:45) Kaha Davida o ne a tšepile Molimo oa ’nete, o ile a betsa ’mampoli eo oa Mofilista ka letjeketjane eaba o mo bolaea ka lejoe le le leng feela. Hase ketsahalong eo feela moo Davida a ileng a bontša hore o tšepa Jehova le hore o nka lebitso la hae e le la bohlokoa, empa o ile a bontša seo bophelong ba hae bohle. Ho feta moo, Davida o ile a khothatsa Baiseraele ba habo a re, ‘Ithoriseng ka lebitso la Jehova le halalelang.’—Bala 1 Likronike 16:8-10.

5. Ke boemo bofe boo u ka ’nang ua thulana le bona bo ka bapisoang le mantsoe a nyelisang a Goliathe?

5 Na u motlotlo ka hore ebe Jehova ke Molimo oa hao? (Jer. 9:24) U etsa joang ha baahisani ba hao, batho bao u sebetsang le bona, bana bao u kenang sekolo le bona kapa beng ka uena ba bua Jehova hampe kapa ba soma Lipaki tsa hae? Na u iteta sebete ka hore u buelle Jehova ha lebitso la hae le nyelisoa, u tšepile hore o tla u tšehetsa? Ke ’nete hore ho na le “nako ea ho khutsa,” empa ha rea lokela ho hlajoa ke lihlong hore ebe re Lipaki Tsa Jehova ebile re balateli ba Jesu. (Moek. 3:1, 7; Mar. 8:38) Le hoja re lokela ho ba masene le ho bontša mosa ha re sebetsana le batho ba ratang ho hanyetsa, a re se keng ra ba joaloka Baiseraele ba ileng “ba haroha letsoalo ’me ba tšoha haholo” ha ba ne ba utloa mantsoe a nyelisang a Goliathe. (1 Sam. 17:11) Ho e-na le hoo, a re nkeng bohato bo tiileng e le hore re halaletse lebitso la Jehova Molimo. Re batla ho thusa batho hore ba tsebe hore na ha e le hantle Jehova ke Molimo ea joang. Ka lebaka leo, re sebelisa Lentsoe la hae ha re leka ho thusa batho ba bang ho bona bohlokoa ba hore ba atamele ho Molimo.—Jak. 4:8.

6. Sepheo sa Davida e ne e le sefe ha a tla loantša Goliathe, hona ke ntho efe e ka sehloohong eo re lokelang ho ameha ka eona?

6 Tsela eo Davida a ileng a loantša Goliathe ka eona e re ruta thuto e ’ngoe ea bohlokoa. Ha Davida a ne a tla a matha moleng oa ntoa, o ile a botsa a re: “Ho tla etsoa’ng ka monna ea bolaeang Mofilista eo ’me a tlosa nyeliso holim’a Iseraele?” Ha batho ba araba, ba ile ba pheta seo ba ileng ba se bua pejana, ba re: ‘Monna ea tla bolaea Goliathe, morena o tla mo ruisa ka maruo a maholo, ’me o tla mo fa morali oa hae.’ (1 Sam. 17:25-27) Empa ntho e ka sehloohong eo Davida a neng a amehile ka eona e ne e se ho putsoa ka maruo. Ho ne ho e-na le ntho ea bohlokoa eo a neng a amehile ka eona. Davida o ne a batla ho tlotlisa Molimo oa ’nete. (Bala 1 Samuele 17:46, 47.) Ke sefe seo rōna re amehileng ka sona? Na ntho e ka sehloohong eo re amehileng ka eona ke ho ipokellela maruo le ho hlahella lefatšeng? Ka sebele re batla ho tšoana le Davida ea ileng a bina a re: “Tlotlisang Jehova hammoho le ’na, a re phahamiseng lebitso la hae hammoho.” (Pes. 34:3) Kahoo, e se eka re ka tšepa Molimo, ra phahamisa lebitso la hae ho e-na le hore re ipatlele botumo.—Mat. 6:9.

7. Re ka etsa joang hore re be le tumelo e matla ha re kopana le batho ba hanyetsang molaetsa?

7 Davida o ne a lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng e le hore a tsebe ho ba sebete ha a loantša Goliathe. Mohlankana eo Davida o ne a e-na le tumelo e matla. Tsela e ’ngoe eo a ileng a matlafatsa tumelo ea hae ka eona ke ka hore a itšetlehe ka Molimo ha e ne e sa le molisana. (1 Sam. 17:34-37) Le rōna re hloka tumelo e matla e le hore re ka tsoela pele re etsa mosebetsi oa boboleli, haholo-holo ha re kopana le batho ba hanyetsang molaetsa. Re ka loanela hore re be le tumelo e joalo ka hore re itšetlehe ka Molimo ha re etsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, haeba motho a lula pel’a rōna ha re tsamaea ka likoloi tsa baeti, re ka qoqa le eena ka ’nete ea Bibele. Hape, e ka ba hantle hore re qoqe le batho bao re kopanang le bona seterateng ha re ntse re  etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo.—Lik. 20:20, 21.

DAVIDA O NE A NKA THATO EA MOLIMO E LE EONA NTHO EA BOHLOKOA KA HO FETISISA

Ke’ng e ileng ea etsa hore Davida a se ke a bolaea Saule ha a ne a e-na le monyetla oa ho mo bolaea?

8, 9. Davida o ile a bontša joang hore o ne a lula a nahana ka thato ea Jehova ha a sebelisana le Morena Saule?

8 Mohlala o mong o bontšang hore Davida o ne a ikemiselitse ho tšepa Jehova ke tsela eo a ileng a sebetsana le Saule ka eona—e leng morena oa pele oa Iseraele. Ka makhetlo a mararo Saule ea mōna o ile a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo, empa lekhetlong le leng le le leng Davida o ile a fola ’me ha aa ka a iphetetsa. Qetellong, o ile a baleha Saule. (1 Sam. 18:7-11; 19:10) Ka mor’a moo, Saule o ile a nka banna ba 3 000 ba neng ba khethiloe har’a Baiseraele bohle ’me a tsamaea ho ea batla Davida lefeelleng. (1 Sam. 24:2) Qetellong, a sa tsebe, Saule o ile a kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba le ka ho lona. Kaha Saule o ne a batla ho bolaea Davida, Davida a ka be a ile a sebelisa monyetla ona ho mo bolaea. Etsoe thato ea Molimo e ne e le hore Davida a nkele Saule sebaka e be eena morena oa Iseraele. (1 Sam. 16:1, 13) Ka sebele, haeba Davida a ne a ile a mamela keletso ea banna ba hae, Morena Saule a ka be a ile a bolaoa. Empa Davida o ile a re: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke etse ntho ena ho moren’a ka, motlotsuoa oa Jehova.” (Bala 1 Samuele 24:4-7.) Saule e ne e ntse e le morena ea tlotsitsoeng ke Molimo. Davida o ne a sa batle ho amoha Saule borena kaha Jehova o ne a e-s’o mo tlose. Taba ea hore ebe Davida o ile a khaola moleka oa seaparo sa Saule se se nang matsoho feela, e ile ea bontša hore o ne a sa rera ho ntša Saule kotsi.—1 Sam. 24:11.

9 Davida o ile a boela a bontša hore o ne a hlompha motlotsuoa oa Molimo nakong eo a neng a bona Morena Saule ka lekhetlo la ho qetela. Ka nako eo, Davida le Abishai ba ile ba fihla sebakeng seo Saule a neng a hlomme liahelo ho sona ’me ba mo fumana a robetse. Le hoja Abishai a ile a etsa qeto ea hore Molimo o ne a nehelane ka sera sena letsohong la Davida a ba a ithaopela ho hlabella Saule fatše ka lerumo, Davida ha aa ka a lumella seo. (1 Sam. 26:8-11) Kaha Davida o ile a tsoela pele a batla tataiso ea Molimo, ha aa ka a khaotsa ho etsa lintho ho latela thato ea Jehova ho sa tsotellehe seo Abishai a neng a mo khothalletsa hore a se etse.

10. Ke bothata bofe boo re ka ’nang ra thulana le bona ’me re ka thusoa ke’ng hore re eme re tiile?

10 Le rōna re ka ’na ra thulana le bothata ba hore metsoalle ea rōna e leke ho re hatella hore re latele tsela eo e nahanang ka eona ho e-na le hore e re tšehetse ha re etsa thato ea Jehova. Joaloka Abishai, ba bang ba ka ba ba re khothalletsa hore re nke bohato re sa  nahanisisa ka thato ea Molimo tabeng eo re lokelang ho etsa qeto ho eona. E le hore re eme re tiile, re lokela ho tseba hantle hore na Jehova o talima taba eo joang ’me re ikemisetse ho latela tsela ea hae.

11. U ithutile’ng ho Davida mabapi le ho lula u nahanisisa ka thato ea Molimo?

11 Davida o ile a rapela Jehova Molimo a re: “Nthute ho etsa thato ea hao.” (Bala Pesaleme ea 143:5, 8, 10.) Ho e-na le hore Davida a itšetlehe ka maikutlo a hae kapa hore a mamele feela seo batho ba bang ba neng ba re a se etse, o ne a labalabela ho rutoa ke Molimo. O ile a ‘thuisa ka mosebetsi oohle oa Jehova ’me ka ho rata o ’nile a nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a Molimo.’ Le rōna re ka hlokomela thato ea Molimo ka hore re etse lipatlisiso ka Mangolong le ho thuisa ka litlaleho tse ngata tsa Bibele tseo ho tsona Jehova a ileng a sebetsana le batho.

DAVIDA O NE A UTLOISISA HORE NA MELAO-MOTHEO E SEBETSA JOANG

12, 13. Ke hobane’ng ha Davida a ile a qhala metsi ao banna ba hae ba bararo ba neng ba mo tliselitse ’ona?

12 Davida o ne a utloisisa hore na melao-motheo e sebetsa joang ’me o ne a batla ho e latela bophelong ba hae, kahoo, e ka ba hantle hore re mo etsise tabeng ena. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Davida a ne a bolela hore o nyoretsoe “metsi a tsoang selibeng sa Bethlehema.” Banna ba bararo ba Davida ba ile ba kena ka mahahapa motseng oo ka nako eo ho neng ho lula Bafilista, eaba ba tla le metsi. Leha ho le joalo, “Davida ha aa ka a lumela ho a noa, empa [o ile] a a qhalla fatše bakeng sa Jehova.” Hobane’ng? Davida o ile a re: “Ke ho sa utloahaleng, mabapi le Molimo oa ka, hore ke etse sena! Na ke lokela ho noa mali a banna baa ka ho beha meea ea bona kotsing? Etsoe ba a tlisitse ka ho beha meea ea bona kotsing.”—1 Likron. 11:15-19.

Re ka ithuta’ng tabeng ea hore ebe Davida o ile a hana ho noa metsi ao banna ba hae ba neng ba mo tliselitse ’ona?

13 Davida o ne a tseba hore ho latela Molao, mali a lokela ho qhalloa fatše bakeng sa Jehova eseng hore a jeoe. O ne a boetse a utloisisa hore na ke hobane’ng ha sena se ne se lokela ho etsoa. Davida o ne a tseba hore “moea oa nama o maling.” Leha ho le joalo, banna bao ba ne ba tlile le metsi eseng mali. Ke hobane’ng ha Davida a ile a hana ho a noa? Ke hobane o ne a utloisisa molao-motheo o tsoang molaong o mabapi le mali. Davida o ne a nka metsi ao e le a bohlokoa joaloka mali a banna bao ba bararo. Ka lebaka  leo, e ne e le ho sa utloahaleng hore a noe metsi ao. Ho e-na le hore a a noe, o ile a etsa qeto ea hore a a qhalle fatše.—Lev. 17:11; Deut. 12:23, 24.

14. Davida o ile a thusoa ke’ng hore a talime lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona?

14 Molao oa Molimo e ne e le oa bohlokoa haholo bophelong ba Davida. O ile a bina a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” (Pes. 40:8) Davida o ne a ithuta molao oa Molimo ’me a thuisa ka oona. O ne a e-na le tšepo ea hore ha a mamela litaelo tsa Jehova li tla mo tsoela molemo. Ka lebaka leo, Davida o ne a sa batle ho mamela Molao oa Moshe feela empa o ne a boetse a batla le ho mamela melao-motheo eo a neng a ithuta eona molaong oo. Ha re ithuta Bibele, re lokela ho thuisa ka seo re ithutang sona. Ha re etsa joalo, melao-motheo eo re ithutang eona e tla laola tsela eo re phelang ka eona letsatsi le letsatsi ’me re tla etsa liqeto tse khahlisang Jehova.

15. Solomone o ile a hlōleha ho mamela Molao oa Molimo ka tsela efe?

15 Jehova Molimo o ne a rata mora oa Davida e leng Solomone haholo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, Solomone o ile a hlōleha ho mamela Molao oa Molimo. Ha aa ka a mamela taelo ea Jehova ea hore morena oa Iseraele “a se ke a ikekeletsa basali.” (Deut. 17:17) Ha e le hantle, Solomone o ile a nyala basali basele ba bangata. Ha a se a tsofetse, “basali ba hae ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng.” Ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba o ile a ikemela ka ho re’ng, “Solomone [o ile] a qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ’me ha aa ka a latela Jehova ka botlalo joaloka ntat’ae Davida.” (1 Mar. 11:1-6) Ruri ke habohlokoa hore re tsamaisane le melao hammoho le melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo! Ka mohlala, sena ke sa bohlokoa haholo haeba motho a nahana ka ho kena lenyalong.

16. Re ithuta’ng taelong ea Jehova ea hore re nyale kapa re nyaloe “feela Moreneng”?

16 Haeba batho bao e seng Bakreste ba bontša hore baa re rata, na re bontša hore re na le maikutlo a kang a Davida kapa a kang a Solomone? Barapeli ba ’nete ba bolelloa hore ba nyale kapa ba nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Haeba Mokreste a khetha ho kena lenyalong, o lokela ho nyalana le molumeli-’moho le eena. Haeba re utloisisa se boleloang ke Lengolo leo, re ke ke ra qoba ho nyalana le motho eo e seng Mokreste feela empa re tla qoba le ho bontša hore re thabela ha motho eo a bontša hore oa re rata.

17. Re ka thusoa ke’ng hore re se ke ra tšoasoa ke leraba la litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso?

17 Hape, nahana hore na mohlala oa Davida oa ho batla tataiso ea Molimo ka tieo o ka re thusa joang hore re se ke ra kena molekong oa ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Bala mangolo a latelang, u nahane ka melao-motheo e fumanoang ho ’ona ’me u leke ho utloisisa hore na maikutlo a Jehova ke afe ka litšoantšo tsena. (Bala Pesaleme ea 119:37; Matheu 5:28, 29; Bakolose 3:5.) Ho thuisa ka melao ea hae e phahameng ho re thusa hore re qobe leraba la litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso.

KAMEHLA NAHANA KA TSELA EO MOLIMO A TALIMANG LINTHO KA EONA

18, 19. (a) Le hoja Davida a ne a sa phethahala, o ile a thusoa ke’ng hore a lule a amoheloa ke Molimo? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Le hoja Davida a ne a beha mohlala ka litsela tse ngata, o ile a etsa libe tse ’maloa tse tebileng. (2 Sam. 11:2-4, 14, 15, 22-27; 1 Likron. 21:1, 7) Leha ho le joalo, kamehla Davida o ne a bontša pako ha a entse sebe. O ile a tsamaea ka pel’a Molimo “ka pelo e tšepahalang.” (1 Mar. 9:4) Ke hobane’ng ha re ka bolela seo? Ke hobane Davida o ile a leka ho etsa lintho tumellanong le thato ea Jehova.

19 Le hoja re sa phethahala, Jehova a ka re amohela. Re lokela ho tsoela pele re ithuta Lentsoe la Molimo, re thuisa ka seo re ithutang sona re be re nke bohato kapele hore re sebelise seo re ithutileng sona. Ha e le hantle, re tla be re rapela joaloka mopesaleme eo ka boikokobetso a ileng a kōpa Jehova a re: “Nthute ho etsa thato ea hao.”