Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu o re Behetse Mohlala oa Boikokobetso

Jesu o re Behetse Mohlala oa Boikokobetso

“Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.”—JOH. 13:15.

1, 2. Bosiung ba hae ba ho qetela a le lefatšeng, Jesu o ile a ruta baapostola ba hae thuto efe?

KE BOSIU ba ho qetela Jesu a le mona lefatšeng, ’me o bo qeta a e-na le baapostola ba hae ka kamoreng e ka holimo ea ntlo e ’ngoe Jerusalema. Nakong ea lijo tsa shoalane, Jesu oa ema ’me o behella liaparo tsa hae tsa ka ntle ka thōko. O itlama ka thaole. Ka mor’a moo, o tšela metsi beisineng ’me o qala ho hlatsoa barutuoa ba hae maoto ebe o a hlakola ka thaole. Ka mor’a moo, o apara liaparo tsa hae tsa ka ntle. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mosebetsi oo o bontšang boikokobetso?—Joh. 13:3-5.

2 Jesu o ile a re: “Na le tseba seo ke se entseng ho lōna? . . . Haeba ’na, le hoja ke le Morena le Mosuoe, ke hlatsoitse maoto a lōna, le lōna le tšoanela ho hlatsoana maoto. Etsoe ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Joh. 13:12-15) Ka hore ebe Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo o tlaase, o ile a ruta barutuoa ba hae thuto eo ba neng ba ke ke ba e lebala le e neng e tla ba susumelletsa hore nakong e tlang le bona ba bontše boikokobetso.

3. (a) Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba boikokobetso joang liketsahalong tse peli? (b) Sehloohong see ho tla tšohloa’ng?

3 Ha Jesu a ne a hlatsoa baapostola ba hae maoto, e ne e se lekhetlo la pele a bontša bohlokoa ba ho ikokobetsa. Ka lekhetlo le leng ha baapostola ba bang ba ne ba bontša moea oa tlhōlisano, Jesu o ile a beha ngoana e monyenyane pel’a hae eaba o re: “Mang kapa mang ea amohelang ngoana enoa e monyenyane ka lebitso la ka le ’na oa nkamohela, ’me mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng. Etsoe ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lōna kaofela ke eena e moholo.” (Luka 9:46-48) Kaha Jesu o ne a tseba hore Bafarisi ba rata bophahamo, hamorao ha a ne a bua le bona o ile a re: “E mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Luka 14:11) Ho hlakile hore Jesu o batla hore balateli ba hae e be batho  ba ikokobelitseng, ba sa ikhohomoseng le ba sa ikakaseng. Kaha re batla ho mo etsisa, a re ke re tšohleng mohlala oa hae oa boikokobetso ka hloko. Re tla boela re bone hore na ke ka tsela efe boikokobetso bo sa tsoeleng motho ea bo bontšang feela molemo empa bo boetse bo tsoela le batho ba bang molemo.

“HA KEA KA KA RETELEHELA KA LEHLAKORENG LE FAPANENG”

4. How did God’s only-begotten Son exhibit humility in his pMora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ile a bontša boikokobetso joang pele e e-ba motho oa nama?

4 Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ile a bontša boikokobetso le pele a e-tla lefatšeng. Pele Jesu e e-ba motho oa nama, o ile a qeta lilemo tse sa boleloang ka palo a e-na le Ntate oa hae ea leholimong. Ha buka ea Bibele ea Esaia e hlalosa kamano e haufi eo Mora a neng a e-na le eona le Ntate oa hae e re: “’Musi Morena Jehova o mphile leleme la ba rutiloeng, e le hore ka lentsoe ke tsebe ho araba ea khathetseng. O ntsosa hoseng ho hong le ho hong; o tsosa tsebe ea ka hore e utloe joaloka ba rutiloeng. ’Musi Morena Jehova o butse tsebe ea ka, ’me ha kea ba lerabele. Ha kea ka ka retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.” (Esa. 50:4, 5) Mora oa Molimo o ile a bontša boikokobetso ’me a mamela ka hloko seo Jehova a neng a mo ruta sona. O ne a labalabela a bile a ikemiselitse ho ithuta seo Molimo oa ’nete a neng a mo ruta sona. E tlameha hore ebe Jesu o ile a ela hloko mohlala oa Jehova oa boikokobetso ha a ne a bontša mohau ho batho ba baetsalibe!

5. Boemong ba hae e le Mikaele lengeloi le ka sehloohong, Jesu o ile a beha mohlala oa boikokobetso joang ha a ne a sebetsana le Diabolose?

5 Hase sebōpuoa se seng le se seng se leholimong se neng se e-na le maikutlo a tšoanang le a Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši. Lengeloi le ileng la fetoha Satane Diabolose, ha lea ka la rata hore le rutoe ke Jehova, ho e-na le hoo le ile la itumella hore le tšoaetsoe ke mekhoa e sa tsamaisaneng le boikokobetso—e leng ho inkela holimo le boikhohomoso—eaba le fetohela Jehova. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ne a khotsofalla boemo boo a neng a e-na le bona leholimong ’me ha aa ka a batla ho sebelisa matla a hae hampe. Jesu e leng Mikaele, lengeloi le ka sehloohong, ha aa ka a etsa ntho eo a neng a se na tokelo ea ho e etsa ha a ne a ‘e-ba le phapang le Diabolose ka setopo sa Moshe.’ Ho e-na le hoo, Mora oa Molimo o ile a bontša boikokobetso. O ile a thabela hore Jehova, e leng Moahloli ea Phahameng ka ho Fetisisa oa leholimo le lefatše, a nke bohato ka tsela ea Hae le ka nako ea Hae.—Bala Juda 9.

6. Jesu o ile a bontša boikokobetso joang ha a ne a amohela kabelo ea ho ba Mesia?

6 Ho hlakile hore lintho tseo Jesu a ileng a ithuta tsona pele e e-ba motho oa nama li akarelletsa boprofeta bo neng bo bua ka bophelo ba hae mona lefatšeng ha e le Mesia. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe o ne a se a ntse a tseba hore o tla hlaheloa ke lintho tse bohloko. Leha ho le joalo, Jesu o ile a amohela kabelo eo a ileng a e fuoa ea hore a tl’o phela lefatšeng ’me a shoe e le Mesia ea tšepisitsoeng. Hobane’ng? Ha moapostola Pauluse a ngola ka boikokobetso ba Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ile a re: “Le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, [ha aa ka] a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho.”—Bafil. 2:6, 7.

HA E NE E LE MOTHO OA NAMA “O ILE A IKOKOBETSA”

Mohlala oa Jesu oa ho bontša boikokobetso o ka re tsoela molemo joang?

7, 8. Jesu o ile a bontša boikokobetso ka litsela life ha e ne e sa le ngoana le nakong ea tšebeletso ea hae ha a ne a sa le lefatšeng?

7 Pauluse o ile a ngola a re: “Ha [Jesu] a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” (Bafil. 2:8) Jesu o re behetse mohlala oa boikokobetso ho tloha bongoaneng. Le hoja a ne a hōlisoa ke batsoali ba sa phethahalang—e leng Josefa le Maria—ka boikokobetso Jesu o ile “a  tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.” (Luka 2:51) Ruri Jesu o behetse bana mohlala o motle! Molimo o tla ba hlohonolofatsa kaha ba mamela batsoali ba bona.

8 Ha Jesu e se e le motho e moholo, o ile a bontša boikokobetso ka ho etsa hore thato ea Jehova e be eona e tlang pele bophelong ba hae, eseng ea hae. (Joh. 4:34) Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu Kreste o ile a sebelisa lebitso la Molimo ’me a thusa batho ba lipelo li ntle hore ba tsebe hore na Jehova ke Molimo ea joang le hore na morero oa Hae ke ofe ka batho. Jesu o ile a boela a phela ka tsela e lumellanang le seo a neng a se ruta ka Jehova. Ka mohlala, ha Jesu a ne a ruta barutuoa ba hae ho rapela, o ile a qala ka ho re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Kahoo, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba etse hore ho halaletsoa ha lebitso la Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba bona. Le eena o ile a phela ka tsela eo. Ho ella qetellong ea tšebeletso ea hae mona lefatšeng, Jesu o ne a ka rapela Jehova a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao [baapostola] ’me ke tla le tsebahatsa.” (Joh. 17:26) Ho feta moo, nakong eohle ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a isa tlotla ho Jehova ka lebaka la lintho tsohle tseo a ileng a li finyella ha a le lefatšeng.—Joh. 5:19.

9. Zakaria o ile a profeta eng mabapi le Mesia, hona Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang?

9 Mabapi le Mesia, Zakaria o ile a profeta a re: “Thaba haholo, Uena morali oa Sione. Hooa ka tlhōlo, Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena oa hao o tla ho uena. O lokile, e, o pholositsoe; o ikokobelitse, ’me o palame esele, eona phoofolo e hōlileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.” (Zak. 9:9) Sena se ile sa phethahala ha Jesu a ne a kena Jerusalema pele ho Paseka ka 33 C.E. Bongata bo ile ba ala liaparo tsa bona tsa ka ntle le makala a lifate tseleng. Ka sebele, ha a kena Jerusalema motse oohle o ile oa hlokoleha. Esita leha sechaba se ne se bolela phatlalatsa hore ke Morena, Jesu o ne a ikokobelitse.—Mat. 21:4-11.

10. Taba ea hore ebe Jesu o ile a tšepahala ho isa lefung e bontša’ng?

10 Ha Jesu Kreste a ne a le mona lefatšeng o ile a ikokobetsa ho fihlela lefung la hae thupeng ea tlhokofatso. Kahoo, o ile a bontša hore batho ba ka tšepahala  ho Jehova le haeba ba ka lekoa ka tsela e matla ka ho fetisisa. Jesu o ile a boela a bontša hore Satane o ne a fositse ha a bolela hore batho ba sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati. (Jobo 1:9-11; 2:4) Ka hore ebe Kreste o ile a mamela Ntate oa hae, o ile a bontša hore o tšehetsa tokelo ea Jehova ea ho busa le hore o lumela hore bobusi ba Jehova ke bona bo molemo ka ho fetisisa. E tlameha ebe Jehova o ile a thaba ha a bona Mora oa hae ea ikokobelitseng a tšepahala ho isa lefung.—Bala Liproverbia 27:11.

11. Sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo se file batho ba nang le tumelo ho eena monyetla ofe?

11 Kaha Jesu o ile a shoela thupeng ea tlhokofatso, o ile a lefa thekollo ho lopolla batho. (Mat. 20:28) Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Jehova a ka tšoarela batho libe ho latela toka ea hae a ba a fa batho ba baetsalibe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Pauluse o ile a ngola a re: “Ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso phello ho batho ba mefuta eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.” (Bar. 5:18) Lefu la Jesu le entse hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba be le tšepo ea ho fumana bophelo ba ho se shoe leholimong ’me ba “linku tse ling” ba be le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Joh. 10:16; Bar. 8:16, 17.

“KE IKOKOBELITSE PELONG”

12. Jesu o ile a bontša bonolo le boikokobetso joang ha a sebetsana le batho ba sa phethahalang?

12 Jesu o ile a re bohle ba “sehlang le ba imetsoeng” ba tle ho eena. O ile a re: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Mat. 11:28, 29) Kaha Jesu o ne a ikokobelitse a bile a le bonolo, o ile a tšoara batho ba sa phethahalang ka mosa le ka ho hloka leeme. O ne a sa lebella hore barutuoa ba hae ba etse lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsa. Jesu o ne a ba babatsa a bile a ba khothatsa. O ne a sa etse hore ba ikutloe eka ke lithoto kapa ha ba na thuso. Ho hlakile hore Jesu o ne a e-na le kutloelo-bohloko hape e se mohatelli. Ho e-na le hoo, o ile a tiisetsa balateli ba hae hore haeba ba e-ba le kamano e haufi le eena ba bile ba phetha lintho tseo a ba rutang tsona, ba ne ba tla fumana khatholoho kaha joko ea hae e mosa ’me mojaro oa hae o bobebe. Banna le basali le batho ba lilemo tsohle ba ne ba thabela ho ba le Jesu.—Mat. 11:30.

Re lokela ho latela mohlala oa Jesu oa ho bontša kutloelo-bohloko

13. Jesu o ile a bontša kutloelo-bohloko joang ho batho ba neng ba phela ka thata?

13 Jesu o ne a utloela batho ba Iseraele ba neng ba phela ka thata bohloko ’me o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho ba thusa. Ha a le haufi le Jeriko, o ile a kopana le mokōpa-kōpa o foufetseng o bitsoang Bartimiase le motsoalle oa hae ea foufetseng ea sa boleloang ka lebitso. Ba ile ba phehella Jesu hore a ba thuse empa bongata bo ile ba ba bolella ka thata-thata hore ba khutse. Jesu a ka be a ile a iphapanyetsa banna bao ba foufetseng. Leha ho le joalo, o ile a re ba tlisoe ho eena ’me a susumelitsoe ke khauho o ile a etsa hore ba bone. Ka sebele, Jesu o ile a etsisa Ntate oa  hae e leng Jehova ka hore a bontše boikokobetso le hore a hauhele baetsalibe ba boemo bo tlaase.—Mat. 20:29-34; Mar. 10:46-52.

“MANG KAPA MANG EA IKOKOBETSANG O TLA PHAHAMISOA”

14. Boikokobetso ba Jesu bo tsoetse batho molemo joang?

14 Tsela eo Jesu Kreste a ileng a bontša boikokobetso ka eona, e ile ea etsa hore batho ba bang ba thabe ea ba ea ba tsoela molemo haholo. Jehova o ile a thaba ha a bona Mora oa hae eo a mo ratang a ikokobelletsa ho etsa thato ea Hae. Baapostola hammoho le barutuoa ba Jesu ba ne ba khatholloa ke maikutlo a hae a bonolo le ho ikokobetsa ha hae pelong. Kaha Jesu o ile a behela barutuoa ba hae mohlala o motle, a ba ruta a ba a ba babatsa ka lerato, o ile a ba thusa hore ba tsoele pele moeeng. Jesu o ile a thusa batho ba bang ba bangata ka hore a ba rute, a ba khothatse a be a ba thuse ka lintho tseo ba neng ba li hloka. Ha e le hantle, ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, batho bohle ba nang le tumelo ho eena ba tla hlohonolofatsoa ka ho sa feleng.

15. Boikokobetso ba Jesu bo ile ba mo tsoela molemo joang?

15 Na boikokobetso ba Jesu bo ile ba mo tsoela molemo? E, bo ile ba mo tsoela molemo hobane ha a bua le barutuoa ba hae Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Mat. 23:12) Mantsoe ao a ile a phethahala ho eena. Pauluse o re: ‘Molimo o ile a phahamisetsa Jesu boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.’ Kaha Jesu o ne a ikokobelitse a bile a tšepahala ha a sa le lefatšeng, Jehova Molimo o ile a mo phahamisa a ba a mo fa matla holim’a libōpuoa tse leholimong le tse lefatšeng.—Bafil. 2:9-11.

JESU O TLA “PALAMA MOLEMONG OA ’NETE LE BOIKOKOBETSO”

16. Ke eng e bontšang hore lintho tseo Mora oa Molimo a tla li etsa nakong e tlang li tla ’ne li tsoele pele ho bontša boikokobetso?

16 Lintho tseo Mora oa Molimo a tla li etsa nakong e tlang, li tla ’ne li tsoele pele ho bontša boikokobetso. Ha mopesaleme a bolela esale pele hore na Jesu o tla nka bohato joang khahlanong le lira tsa Hae ha a se a le boemong bo phahameng leholimong, o ile a bina a re: “Ka bokhabane ba hao u tsoele pele ho atleha; palama molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka.” (Pes. 45:4) Ka Armagedone, Jesu Kreste o tla loana e le hore a sireletse batho ba ikokobelitseng, ba lokileng le ba ratang ’nete. Ho tla etsahala’ng qetellong ea Puso ea Hae ea Lilemo Tse Sekete ha Morena eo e leng Mesia “a entse puso eohle le bolaoli bohle le matla lefeela”? Na o tla bontša boikokobetso? E, o tla bo bontša kaha o tla “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae.”—Bala 1 Bakorinthe 15:24-28.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba latele mohlala oa Jesu oa ho bontša boikokobetso? (b) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa’ng?

17 Na le rōna re tla bontša boikokobetso? Na re tla latela mohlala oa Jesu ’me re bontše boikokobetso? Ho tla etsahala’ng ka rōna ha Morena Jesu Kreste a liha kahlolo ka Armagedone? Tsela eo a palamang ka eona e bontša hore o tla pholosa batho ba ikokobelitseng le ba lokileng feela. Kahoo, ke habohlokoa hore re bontše boikokobetso e le hore re tle re pholohe. Ho feta moo, joalokaha boikokobetso ba Jesu Kreste bo ile ba mo tsoela molemo ba ba ba tsoela le batho ba bang molemo, ha re bontša boikokobetso seo se tla re tsoela molemo ka litsela tse fapa-fapaneng.

18 Ke eng e ka re thusang hore re latele mohlala oa Jesu oa ho bontša boikokobetso? Re ka loanela ho bontša boikokobetso joang ho sa tsotellehe mathata ao re ka ’nang ra thulana le ’ona? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.