Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Loanela ho Itšoara Joaloka e Monyenyane

Loanela ho Itšoara Joaloka e Monyenyane

“Ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lōna kaofela ke eena e moholo.”—LUKA 9:48.

1, 2. Jesu o ile a fa baapostola ba hae keletso efe, hona hobane’ng?

E NE e le ka selemo sa 32 C.E. Jesu o ne a le seterekeng sa Galilea ha ho ne ho hlaha mathata. Baapostola ba bang ba hae ba ne ba phehisana ka hore na e moholo ke mang har’a bona. Mongoli oa Kosepele e leng Luka o ile a ngola a re: “Ba tleloa ke monahano oa hore na ke mang eo e neng e tla ba e moholo ho bona. Jesu, ka ho tseba monahano oa lipelo tsa bona, a nka ngoana e monyenyane, a mo emisa ka thōko ho eena eaba o re ho bona: ‘Mang kapa mang ea amohelang ngoana enoa e monyenyane ka lebitso la ka le ’na oa nkamohela, ’me mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng. Etsoe ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lōna kaofela ke eena e moholo.’” (Luka 9:46-48) Ka mamello Jesu o ile a thusa baapostola ba hae hore ba utloisise hore ho ne ho hlokahala hore ba bontše boikokobetso.

2 Na keletso ea Jesu ea hore ba itšoare joaloka e monyenyane e ne e lumellana le maikutlo ao Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le ’ona? Kapa e ne e fapane le maikutlo ao batho ka kakaretso ba neng ba e-na le ’ona? Ha Theological Dictionary of the New Testament e bua ka maemo a neng a le teng sechabeng ka nako eo e re: “Boemong bo bong le bo bong batho ba ne ba atisa ho botsa potso ea hore na ke mang e moholo, ’me e mong le e mong o ne a lula a tšoenyehile ka hore na o file motho tlotla e mo lokelang.” Jesu o ne a eletsa baapostola ba hae hore ba se ke ba tšoana le boholo ba batho bao ba neng ba phela har’a bona.

3. (a) Ho itšoara joaloka e monyenyane ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata hore re etse joalo? (b) Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona mabapi le ho loanela ho itšoara joaloka e monyenyane?

3 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “e monyenyane,” le bolela motho ea inyenyefatsang, ea ikokobelitseng, ea tlaase, eo e seng oa bohlokoa kapa ea sa  hlompheheng ea bileng a se nang matla. Jesu o ile a sebelisa ngoana e monyenyane ho totobaletsa baapostola ba hae taba ea hore ba ne ba lokela ho ikokobetsa le ho inyenyefatsa. Keletso eo e sebetsa ho Bakreste ba ’nete kajeno joalokaha e ne e sebetsa lekholong la pele la lilemo. Maemong a mang ho ka ’na ha e-ba thata hore re itšoare joaloka e monyenyane. Tšekamelo ea motho ea ho ikhohomosa e ka ’na ea etsa hore re batle ho hlahella ka mahetla. Kaha re phela har’a batho ba ratang tlhōlisano, moea oa lefatše o ka ’na oa re susumelletsa hore re be batho ba iphahamisang, ba leqhoko kapa ba ratang ho laola batho ba bang. Ke eng e ka re thusang hore re loanele ho itšoara joaloka e monyenyane? Ke joang ‘e monyenyane e leng eena e moholo har’a rōna’? Re lokela ho loanela ho bontša boikokobetso maemong afe?

“O! BOTEBO BA MARUO LE BOHLALE LE TSEBO EA MOLIMO!”

4, 5. Ke eng e ka re thusang hore re loanele ho ba batho ba ikokobelitseng? Fana ka mohlala.

4 Tsela e ’ngoe eo re ka loanelang hore re be le boikokobetso ka eona ke ka hore re hopole hore Jehova o re phahametse haholo. Ha e le hantle, “kutloisiso ea hae e ke ke ea batlisisoa.” (Esa. 40:28) Ha moapostola Pauluse a bua ka likarolo tse ling tsa khanya ea Jehova, o ile a ngola a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Bar. 11:33) Le hoja tsebo ea batho ka lintho tse ngata e ’nile ea eketseha ho tloha ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, mantsoe ao e ntse e le ’nete. Ho sa tsotellehe hore na re tseba lintho tse ngata hakae, re lokela ho ikokobetsa ha re hlokomela hore re ke ke ra qeta ho ithuta ka Jehova, mesebetsi ea hae le litsela tsa hae.

5 Kaha Leo * o ile a hlokomela hore re ke ke ra khona ho fuputsa litsela tsa Molimo, seo se ile sa mo thusa hore a itšoare joaloka e monyenyane. Ha e sa le mohlankana, Leo o ne a rata saense haholo. Kaha o ne a batla ho utloisisa lintho tse ngata ka bokahohle, o ile a ithuta ka linaleli ’me a fihlela qeto ea bohlokoa. O re: “Ho latela seo ke neng ke ithuta sona ke ile ka hlokomela hore lithuto tsa hona joale tsa saense ha se tsona feela tse ka thusang batho hore ba utloisise bokahohle ka ho feletseng. Kahoo, ke ile ka ithuta lithuto tsa molao.” Hamorao, Leo e ile ea e-ba ’muelli oa molao ’me a qetella e le moahloli. Qetellong, Leo le mosali oa hae ba ile ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ba amohela ’nete ’me ea e-ba bahlanka ba Molimo ba inehetseng. Ho sa tsotellehe hore na Leo o ne a rutehile hakae, ke eng e ileng ea mo thusa hore a itšoare joaloka e monyenyane? O re, “Ke ile ka thusoa ke ho hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na re ithuta lintho tse ngata hakae ka Jehova le ka bokahohle, ho sa na le lintho tse ngata tseo re tla ithuta tsona.”

Jehova o re file tlotla ea ho bolela litaba tse molemo

6, 7. (a) Jehova o re behetse mohlala ofe o babatsehang oa ho bontša boikokobetso? (b) Boikokobetso ba Molimo bo ka etsa hore motho e be e “moholo” joang?

 6 Ntho e ’ngoe e re thusang hore re bontše boikokobetso ke hore Jehova le eena o bontša boikokobetso. Nahana ka sena: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Ak’u nahane feela! Jehova, Molimo ea phahameng ka ho fetisisa, o re tlotla ka tsela eo ka hore a re fe monyetla oa hore re bolele litaba tse molemo re sebelisa Lentsoe la hae e leng Bibele. Le hoja Jehova e le eena ea etsang hore peō eo re e jalang re bileng re e nosetsang e hōle, o re file tlotla ea hore re sebetse le eena. (1 Bakor. 3:6, 7) Na Molimo ha a re behele mohlala o babatsehang oa ho bontša boikokobetso? Ka sebele, mohlala oa Jehova oa boikokobetso o lokela ho susumelletsa e mong le e mong oa rōna hore a itšoare joaloka e monyenyane.

7 Mohlala oa Molimo oa ho bontša boikokobetso o ile oa susumetsa mopesaleme Davida haholo. O ile a binela Jehova a re: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Sam. 22:36) Davida o ne a tseba hore o ne a khona ho etsa lintho tse khōlō tseo a neng a li etsa Iseraele hobane Jehova a ne a ile a mo bontša boikokobetso ka hore a mo tsotelle a be a mo thuse. (Pes. 113:5-7) Ho joalo le ka rōna. Makhabane afe kapa afe ao re nang le ’ona, bokhoni hammoho le boikarabelo bo khethehileng boo re nang le bona, ke lintho tseo re ‘ileng ra li amohela’ ho Jehova. (1 Bakor. 4:7) Motho ea itšoarang joaloka e monyenyane e ba e “moholo” ka hore e ba mohlanka oa Jehova oa bohlokoa. (Luka 9:48) A re ke re boneng hore na sena se etsahala joang.

‘E MONYENYANE HAR’A LŌNA KE EENA E MOHOLO’

8. Boikokobetso bo ama tsela eo re talimang mokhatlo oa Jehova ka eona joang?

8 E le hore re khotsofale mokhatlong oa Molimo ho hlokahala hore re be le boikokobetso ’me re tšehetse litokisetso tsa phutheho. Ka mohlala, nahana ka Petra, eo e leng moroetsana ea hōliselitsoeng lelapeng la Lipaki. Kaha Petra o ne a batla ho etsa lintho ka tsela ea hae, o ile a tlohela phutheho. Lilemo hamorao, o ile a khutlela ka phuthehong. Hona joale o thabela ho ba ka mokhatlong oa Jehova ’me o ikemiselitse ho tšehetsa litokisetso tsa phutheho. Ke eng e ileng ea fetola maikutlo a hae khetlong lee? O ile a ngola a re, “E le hore ke ikutloe ke phutholohile mokhatlong oa Molimo, ho ne ho hlokahala hore ke utloisise hore na ho ba le boikokobetso le boinyenyefatso ho bolela’ng le hore ke loanele ho ba le litšobotsi tseo tse peli tsa bohlokoa ka ho fetisisa.”

9. Motho ea ikokobelitseng o talima lijo tsa moea tseo re li fumanang joang, hona ke hobane’ng ha seo se etsa hore e be motho oa bohlokoa haholo?

9 Motho ea ikokobelitseng o ananela litokisetso tsa Jehova haholo, ho akarelletsa le lijo tsa moea. Kahoo, motho ea joalo ke seithuti se hloahloa sa Bibele ebile o chesehela ho bala makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Joaloka bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang, e ka ’na eaba o tloaetse ho bala lingoliloeng tse ncha pele a li beha shelefong ea hae ea libuka moo a iketselitseng laebrari. Ha re bontša boikokobetso re bile re bontša kananelo ka hore re bale re be re ithute lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng, re tla ba le kamano e matla le Jehova, ’me o tla re sebelisa haholo tšebeletsong ea hae.—Baheb. 5:13, 14.

10. Re ka itšoara joaloka e monyenyane joang ka phuthehong?

10 Motho ea itšoarang joaloka e monyenyane o “moholo” ka tsela e ’ngoe hape. Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le banna ba tšoanelehang ba khethiloeng ka tataiso ea moea o halalelang oa Jehova hore ba sebeletse e le baholo. Ba hlophisa lintho tsa moea tse kang liboka tsa phutheho, tšebeletso ea tšimo hammoho le maeto a bolisa. Ha re itšoara joaloka e monyenyane ka hore re ikemisetse ho tšehetsa litokisetso  tsena, re kenya letsoho hore ho be le thabo, khotso le bonngoe ka phuthehong. (Bala Baheberu 13:7, 17.) Haeba u sebeletsa u le moholo kapa u le mohlanka ea sebeletsang, na u bontša boikokobetso ka hore u ananele boikarabelo boo Jehova a u fileng bona?

11, 12. Ke eng e tla etsa hore re be batho ba bohlokoa mokhatlong oa Jehova, hona hobane’ng?

11 Motho ea itšoarang joaloka e monyenyane ke eena e “moholo” kapa ke motho oa bohlokoa mokhatlong oa Jehova, hobane boikokobetso ba hae bo etsa hore e be mohlanka oa Molimo ea hloahloa le ea molemo. Jesu o ile a tlameha ho eletsa barutuoa ba hae hore ba itšoare joaloka e monyenyane hobane ba bang ba bona ba ne ba susumetsoa ke moea o neng o rena ka nako eo. Luka 9:46 e re: “Ba tleloa ke monahano oa hore na ke mang eo e neng e tla ba e moholo ho bona.” Na le rōna re ka ’na ra nahana hore ka tsela e itseng re betere ho feta balumeli-’moho le rōna kapa re phahametse batho ba bang? Batho ba bangata bao re phelang har’a bona baa ikhohomosa ebile ke baithati. A re qobeng ho tšoana le batho ba ikhohomosang ka hore re bontše boikokobetso. Ha re etsa joalo re bile re etelletsa thato ea Jehova pele bophelong ba rōna, re tla khothatsa bara le barali babo rōna.

12 Ka sebele, keletso ea Jesu ea hore re itšoare joaloka e monyenyane e ea khothatsa. Na ha rea lokela ho itšoara joaloka e monyenyane maemong ’ohle a bophelo ba rōna? A re ke re hlahlobeng ka ho khetheha lintlha tse tharo tseo re lokelang ho itšoara joaloka e monyenyane ho tsona.

LOANELA HO BA E MONYENYANE

13, 14. Monna kapa mosali o lokela ho itšoara joaloka e monyenyane joang, hona see se ka ama lenyalo joang?

13 Lenyalong. Batho ba bangata kajeno ba amehile ka litokelo tsa bona hoo ba sa tsotelleng tsa batho ba bang. Leha ho le joalo, motho ea itšoarang joaloka e monyenyane o na le maikutlo ao Pauluse a ileng a re khothalletsa hore re be le ’ona. Lengolong la hae leo a ileng a le ngolla Baroma, o ile a re: “A re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.” (Bar. 14:19) Motho ea itšoarang joaloka e monyenyane o loanela ho bōpa khotso le batho bohle haholo-holo le molekane oa hae eo a mo ratang.

14 Nahana ka taba ea boithabiso. Banyalani ba ka ’na ba rata boithabiso bo sa tšoaneng. E ka ’na eaba monna o rata ho ithabisa ka ho lula lapeng ’me a bale buka. Ka lehlakoreng le leng, mosali a ka ’na a rata ho hahloa ke moea a ee lijong kapa a chakele metsoalle. Na ho ke ke ha e-ba bonolo hore mosali a hlomphe monna oa hae haeba a hlokomela hore o bontša boikokobetso le hore o amehile ka lintho tseo mosali a li ratang le tseo a sa li rateng ho e-na le hore a amehe feela ka lintho tse ratoang ke eena? Hape, ruri monna o tla rata mosali oa hae a be a mo ananele ha a hlokomela hore ha a batle ho fumana lintho tse batloang ke eena feela empa o boetse o nahanela le monna! Tlamahano ea lenyalo e tla matlafala ha molekane e mong le e mong a itšoara joaloka e monyenyane.—Bala Bafilipi 2:1-4.

15, 16. Ke boikutlo bofe boo Davida a ileng a khothalletsa Baiseraele hore ba be le bona Pesalemeng ea 131, hona seo se lokela ho ama tsela eo re itšoarang ka eona joang ka phuthehong?

15 Ka phuthehong. Batho ba bangata lefatšeng ba batla ho fumana lintho tseo ba li batlang hang-hang. Ha ba na mamello ebile ha ba batle ho leta. Ho itšoara joaloka e monyenyane ho re thusa hore re letele Jehova. (Bala Pesaleme ea 131:1-3.) Ha motho a ikokobelitse a bile a letela Jehova o tla sireletsoa, a hlohonolofatsoe, a khothale a be a khotsofale. Ha ho makatse hore ebe Davida o ile a khothalletsa Baiseraele ba habo hore ba letele Molimo oa bona ka mamello!

16 U ka fumana khothatso e tšoanang haeba u letela Jehova ka boikokobetso.  (Pes. 42:5) Mohlomong u “lakatsa mosebetsi o motle” ’me u “hahamalla boemo ba molebeli.” (1 Tim. 3:1-7) Ke ’nete hore u lokela ho etsa sohle seo u ka se khonang e le hore moea o halalelang o ka u thusa hore u be le litšoaneleho tseo ho hlokahalang hore molebeli a be le tsona. Empa u tla etsa’ng haeba ho bonahala eka u lokela ho leta nako e telele ho feta kamoo ba bang ba ileng ba leta kateng? Motho ea itšoarang joaloka e monyenyane, eo ka mamello a letelang hore a fuoe boikarabelo ka phuthehong, o tla tsoela pele ho sebeletsa Jehova a thabile ’me o tla thabela ho phetha kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e fuoang.

17, 18. (a) Re tla fumana melemo efe haeba re kōpa tšoarelo ho batho ba bang re bile re ikemiselitse ho ba tšoarela? (b) Liproverbia 6:1-5 e re khothalletsa hore re etse’ng?

17 Litšebelisanong tsa rōna le batho ba bang. Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho kōpa tšoarelo. Leha ho le joalo, bahlanka ba Molimo ba loanela ho itšoara joaloka e monyenyane ka hore ba amohele liphoso tsa bona ’me ba kōpe tšoarelo. Ba boetse ba ikemiselitse ho tšoarela batho ba bang ha ba ba foselitse. Le hoja boikhohomoso bo etsa hore ho be le likarohano le liqabang, ho tšoarela ho etsa hore ho rene khotso ka phuthehong.

18 Ho ka ’na ha hlokahala hore re “ikokobetse” ka hore re kōpe tšoarelo ho motho e mong e le kannete haeba ka lebaka la maemo ao re ke keng ra a qoba re sitoa ho phethahatsa tumellano eo re bileng le eona le eena. Boemong boo, re lokela ho nahana ka liphoso tsa rōna ’me re li amohele esita le haeba se etsahetseng e se phoso ea rōna ka ho feletseng.—Bala Liproverbia 6:1-5.

Ke menyetla efe eo u nang le eona ea hore u itšoare joaloka e monyenyane?

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela keletso ea Bibele ea hore re itšoare joaloka e monyenyane?

19 Ruri re ananela khothatso ea Mangolo ea hore re loanele ho itšoara joaloka e monyenyane! Le hoja ka linako tse ling re ka ’na ra thatafalloa ke ho itšoara joaloka e monyenyane, ha re nahana kamoo Jehova a re phahametseng kateng le kamoo a bontšang boikokobetso kateng, le rōna re tla susumelletseha hore re bontše boikokobetso. Ka sebele, haeba re etsa joalo, Jehova o tla re nka re le bahlanka ba hae ba bohlokoa. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka itšoara joaloka e monyenyane.

^ ser. 5 Mabitso a fetotsoe.