Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšoarelo ea Jehova e U Tsoela Molemo Joang?

Tšoarelo ea Jehova e U Tsoela Molemo Joang?

“Jehova [ke] Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa . . . , ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe.”—EX. 34:6, 7.

1, 2. (a) Jehova e ne e le Molimo ea joang ho sechaba sa Iseraele? (b) Ke potso efe e tla tšohloa sehloohong see?

MEHLENG ea Nehemia, ha sehlopha sa Balevi se ne se rapela phatlalatsa, se ile sa bolela hore ka makhetlo baholo-holo ba sona ba ile ba “hana ho mamela” litaelo tsa Jehova. Leha ho le joalo, nako le nako Jehova o ile a bontša hore ke “Molimo oa liketso tsa tšoarelo, ea mosa le ea mohau, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato.” Jehova o ile a tsoela pele ho bontša mosa o sa tšoanelang ho baholehuoa bao ba mehleng ea Nehemia ba neng ba khutletse naheng ea habo bona.—Neh. 9:16, 17.

2 E mong le e mong oa rōna a ka ’na a ipotsa, ‘Tšoarelo ea Jehova e ntsoela molemo joang?’ E le ho re thusa hore re arabe potso eo ea bohlokoa, a re ke re hlahlobeng tsela eo Molimo a ileng a sebelisana ka eona le marena a mabeli ao tšoarelo ea Jehova e ileng ea a tsoela molemo—e leng Davida le Manase.

LIBE TSE TEBILENG TSEO DAVIDA A ILENG A LI ETSA

3-5. Ho tlile joang hore Davida a etse sebe se tebileng?

3 Le hoja Davida e ne e le motho ea tšabang Molimo, o ile a etsa libe tse tebileng. Tse peli tsa tsona li ne li ama banyalani ba bang e leng Uria le Bathe-sheba. Litholoana tsa libe tseo li ile tsa utloisa batho bohle bao li neng li ba ama bohloko. Leha ho le joalo, tsela eo Molimo a ileng a khalemela Davida ka eona, e re ruta kamoo tšoarelo ea Jehova e sebetsang kateng. Nahana ka se ileng sa etsahala.

4 Davida o ile a romela lebotho la Iseraele hore le il’o thibella motse-moholo oa Baamone, e leng Raba. O ne o ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ka bochabela ho Jerusalema ka mose ho Nōka ea Jordane. Nakong eo lebotho leo le ntseng le le ntoeng, Davida o ne a tsamaea marulelong a ntlo ea hae ea borena Jerusalema, ’me o ile a bona Bathe-sheba—eo e leng mosali ea nyetsoeng—a ntse a itlhatsoa. Monna oa hae o ne a le sieo. Davida o  ne a batla ho kopanela liphate le Bathe-sheba hoo a ileng a laela hore a tlisoe ntlong ea hae ea borena eaba o etsa bofebe le eena.—2 Sam. 11:1-4.

5 Ha Davida a utloa hore Bathe-sheba o imme, o ile a laela hore monna oa hae e leng Uria a khutlisetsoe Jerusalema, a tšepile hore Uria o ne a tla kopanela liphate le Bathe-sheba. Empa Uria ha aa ka a ea ha hae ho sa tsotellehe hore na Davida o ile a mo phehella hakae hore a ee. Ka lebaka leo, ka lekunutu Morena Davida o ile a ngolla molaoli oa mabotho a hae a mo laela hore a behe Uria “ka pele moo ntoa e leng boima ka ho fetisisa” le hore masole a nang le eena a ikhule ka mor’a hae. Uria o ile a bolaoa ka potlako ke ba lireng feela joalokaha Davida a ne a rerile. (2 Sam. 11:12-17) Kahoo, Morena Davida ha aa ka a etsa bofebe feela empa o ile a mpefatsa sebe sa hae le ho feta ka hore a bolaee monna ea se nang molato.

DAVIDA O FETOLA MAIKUTLO

6. Molimo o ile a nka bohato bofe ka libe tseo Davida a ileng a li etsa, hona see se bontša’ng ka Jehova?

6 ’Nete ke hore Jehova o ile a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng. Ha ho letho leo a sa le boneng. (Liprov. 15:3) Le hoja ka mor’a moo a ile a nyala Bathe-sheba, “ntho eo Davida a neng a e entse [e ile] ea bonahala e le mpe mahlong a Jehova.” (2 Sam. 11:27) Kahoo, Molimo o ile a nka bohato bofe ka libe tse tebileng tseo Davida a ileng a li etsa? O ile a romela moprofeta oa hae Nathane ho Davida. Kaha Jehova ke Molimo ea tšoarelang, ho bonahala eka o ne a batla ho fumana lebaka la hore a hauhele Davida. Na see seo Jehova a ileng a se etsa ha se khothatse? Ha aa ka a qobella Davida hore a bolele libe tsa hae, empa o ile a re feela Nathane a phetele Davida pale e neng e tla mo bontša hore na libe tsa hae li ne li le mpe hakae. (Bala 2 Samuele 12:1-4.) Ruri eo e ne e le tsela e ntle ea hore Jehova a fumane hore na ha e le hantle maikutlo a Davida e ne e le afe!

7. Davida o ile a etsa’ng ha Nathane a qeta ho mo phetela papiso?

7 Morena Davida o ile a hlokomela hore se neng se etsahetse papisong ea Nathane se ne se bontša ho hloka toka. Davida o ile a halefela monna oa morui eo ho buuoang ka eena papisong eo ’me a re ho Nathane: “Ka Jehova ea phelang, monna ea etsang sena o tšoaneloa ke ho shoa!” Ho feta moo, Davida o ile a bolela hore motho eo ea sebelitsoeng ka ho hloka toka, o lokela ho buseletsoa. Empa joale ho ile ha etsahala seo Davida a neng a sa se lebella ho hang. Nathane o ile a re: “Monna eo ke uena!” Ka mor’a moo, Nathane o ile a bolella Davida hore ka lebaka la liketso tsa hae, “sabole” e ke ke ea tloha ntlong ea hae le hore o ne a tla hlahisetsoa tlokotsi lelapeng la hae. Hape, o ne a tla tlotlolloa ka lebaka la liphoso tsa hae. Davida o ile a hlokomela hore na sebe sa hae se ne se tebile hakae ’me ka masoabi o ile a re: “Ke sitetsoe Jehova.”—2 Sam. 12:5-14.

THAPELO EA DAVIDA LE TŠOARELO EO A ILENG A E FUOA KE MOLIMO

8, 9. Pesaleme ea 51 e bontša hore Davida o ne a ikutloa joang ka libe tsa hae, ’me e re ruta’ng ka Jehova?

8 Mantsoe a pina eo Morena Davida a ileng a e qapa hamorao, a bontša hore o ile a soabela phoso ea hae e le kannete. Mantsoe a Pesaleme ea 51 a bontša hore o ne a ikoahlaela seo a se entseng. O ile a boela a bakela libe tsa hae. Ntho eo Davida a neng a amehile haholo ka eona ke kamano ea hae le Molimo. O ile a re: “Ke sitetsoe uena, uena u le mong.” O ile a boela a kōpa Jehova ka tieo a re: “Molimo, bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng. . . . U busetse ho ’na thabo e khaphatsehang ea poloko ea hao, e se eka u ka ntšehetsa esita le ka moea o ratang.” (Pes. 51:1-4, 7-12) Na le uena ka botšepehi u phetlela Jehova sefuba sa hao ha u mo bolella liphoso tsa hao?

9 Jehova ha aa ka a sireletsa Davida hore a se ke a latsoa litholoana tse bohloko tsa  libe tsa hae. Libe tseo li ile tsa mo bakela mathata bophelo ba hae bohle. Leha ho le joalo, ha Jehova a hlokomela hore Davida o ne a bakile—a e-na le “pelo e robehileng le e sithabetseng”—o ile a mo tšoarela. (Bala Pesaleme ea 32:5; Pes. 51:17) Molimo ea Matla ’Ohle o utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha batho ba etsa libe. Ho e-na le hore Jehova a lumelle bafebi bao hore ba ahloleloe lefu ke baahloli ba batho ho latela Molao oa Moshe, ka mohau Jehova ke eena ea ileng a sebetsa taba ea Davida le Bathe-sheba. (Lev. 20:10) Molimo o ile a ba a etsa hore mora oa bona Solomone e be morena ea latelang oa Iseraele.—1 Likron. 22:9, 10.

10. (a) E ka ’na eaba ke eng e ileng ea etsa hore Jehova a tšoarele Davida? (b) Ke lintho life tse susumetsang Jehova hore a re tšoarele?

10 Mohlomong lebaka le leng le ileng la etsa hore Jehova a tšoarele Davida ke hobane Davida o ile a bontša Saule mohau. (1 Sam. 24:4-7) Joalokaha Jesu a boletse, Jehova o re tšoara ka tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona. Jesu o ile a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa, kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona; ’me tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona.” (Mat. 7:1, 2) Ruri ke ntho e khothatsang ho tseba hore Jehova o tla re tšoarela libe—esita le libe tse tebileng joaloka bofebe le ho bolaea! O tla re tšoarela haeba le rōna re tšoarela batho ba bang, haeba re mo bolella libe tsa rōna re bile re ikoahlaela liketso tsa rōna tse mpe. Haeba baetsalibe ba bakela libe tsa bona e le kannete, Jehova o ba fa “linako tse khathollang” kapa o ba thusa hore ba be le letsoalo le hloekileng.—Bala Liketso 3:19.

MANASE O ETSA LIBE TSE TEBILENG EMPA OA BAKA

11. Ke lintho life tse mpe tseo Morena Manase a ileng a li etsa mahlong a Molimo?

11 Nahana ka mohlala o mong o ka Mangolong o bontšang kamoo Jehova a ikemiselitseng ho re tšoarela kateng. Lilemo tse ka bang 360 ka mor’a hore Davida a qale ho busa, Manase e ile ea e-ba morena oa Juda. Puso ea hae ea lilemo tse 55 e ile ea tsebahala ka bokhopo ’me liketso tsa hae tse nyonyehang li ile tsa etsa hore Jehova a mo nyatse. Tse ling tsa lintho tseo Manase a ileng a li etsa li akarelletsa ho hahela Baale lialetare, ho rapela “makhotla ’ohle a maholimo,” ho fetisa bara ba hae mollong le ho ntšetsa pele tšebelisano le meea. Ka sebele, o ile “a etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō.”—2 Likron. 33:1-6.

12. Manase o ile a khutlela ho Jehova ka tsela efe?

12 Qetellong, Manase o ile a tlosoa naheng ea habo eaba o kenngoa chankaneng Babylona. Mohlomong ha a le moo o ile a hopola mantsoe ana ao Moshe a ileng a a bolella Baiseraele ha a ne a re: “Ha le le mahlomoleng ’me mantsoe ana ’ohle a le  fumana qetellong ea matsatsi, joale le tla lokela ho khutlela ho Jehova Molimo oa lōna le ho mamela lentsoe la hae.” (Deut. 4:30) Manase o ile a khutlela ho Jehova. Ka tsela efe? O ile “a ’na a ikokobetsa haholo” ’me ‘a ’na a rapela Molimo’ (joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 21). (2 Likron. 33:12, 13) Ha ho na tlaleho e bontšang hore na ha e le hantle ke mantsoe afe ao Manase a ileng a a bua ha a rapela, empa e ka ’na eaba o ile a bua mantsoe a tšoanang le a ileng a buuoa ke Morena Davida a tlalehiloeng Pesalemeng ea 51. Leha ho le joalo, maikutlo a Manase a ile a fetoha haholo.

13. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tšoarela Manase?

13 Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a lithapelo tse ileng tsa etsoa ke Manase? O ile “a itumella hore a kōptjoe ka tieo ke [Manase] ’me A utloa kōpo ea hae ea mohau.” Joaloka Davida, Manase o ile a hlokomela hore o ne a entse libe tse tebileng ’me o ile a baka e le kannete. Ke ka lebaka leo Molimo a ileng a tšoarela Manase ’me a mo khutlisetsa boreneng Jerusalema. Ka lebaka leo, “Manase [o ile] a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.” (2 Likron. 33:13) Ruri hoa khothatsa ho ba le bopaki bona bo bong hape ba hore Molimo oa rōna ea mohau o tšoarela batho ba bakileng e le kannete!

Kaha Jehova o ile a tšoarela Manase, Manase o ile a khutlisetsoa boreneng ba hae Jerusalema

NA JEHOVA O TŠOARELA KAMEHLA?

14. Ke eng e etsang hore Jehova a tšoarele motho ea entseng sebe?

14 Ke batho ba seng bakae har’a bahlanka ba Molimo kajeno ba tla kōpa hore ba tšoareloe libe tse tebileng joaloka tsa Davida le Manase. Leha ho le joalo, taba ea hore ebe Jehova o ile a tšoarela marena ao a mabeli e re thusa hore re hlokomele hore Molimo oa rōna o ikemiselitse ho tšoarela esita le libe tse tebileng haeba moetsalibe a baka e le kannete.

15. Re tseba joang hore Jehova ha a tšoarele motho ha a qala a etsa sebe feela?

15 Ke ’nete hore re ke ke ra fihlela qeto ea hore ha motho a qala a etsa sebe feela Jehova o se a mo tšoarela. Tabeng ena, a re ke re bapiseng maikutlo a Davida le Manase le a sechaba sa Iseraele le sa Juda se neng  se tsoile tseleng. Molimo o ile a roma Nathane hore a il’o bua le Davida ’me a mo fe monyetla oa hore a fetole maikutlo. Davida o ile a thabela monyetla ona oo a ileng a o fuoa. Ha Manase a ne a le mahlomoleng, o ile a baka e le kannete. Leha ho le joalo, hangata baahi ba Iseraele le ba Juda ba ne ba sa bake. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a ba tšoarela. Ho e-na le hoo, ka makhetlo o ile a romela baprofeta ba hae hore ba ba bolelle hore na o ne a talima ho se mamele ha bona joang. (Bala Nehemia 9:30.) Esita le ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng Babylona ’me ba khutlele naheng ea habo bona, Jehova o ile a tsoela pele a ba romela manģosa a tšepahalang a kang moprista Esdrase le moprofeta Malakia. Ha sechaba se ne se etsa lintho tse lumellanang le thato ea Jehova, se ne se thaba haholo.—Neh. 12:43-47.

16. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka sechaba sa Iseraele ka kakaretso hobane se ne se sa bakele libe tsa sona? (b) Jehova o file litloholo tsa sechaba sa Iseraele monyetla ofe?

16 Ka mor’a hore Jesu a romeloe lefatšeng hore a tl’o fana ka sehlabelo se phethahetseng, Jehova ha aa ka a hlola a amohela mahlabelo a Baiseraele a liphoofolo. (1 Joh. 4:9, 10) Ha Jesu a ne a sa le lefatšeng, o ile a bontša hore na Ntate oa hae o ne a talima lintho joang; o ile a bua mantsoe ana a matla: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,—ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle.” Kahoo, Jesu o ile a re: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Mat. 23:37, 38) Kahoo, sechaba sa Iseraele sa baetsalibe le se neng se sa bake se ile sa nkeloa sebaka ke Iseraele ea moea. (Mat. 21:43; Bagal. 6:16) Empa ho ile ha etsahala’ng ka batho bao e neng e le Baiseraele ka tlhaho? Haeba ba bontša tumelo ho Molimo le sehlabelong sa Jesu Kreste, Jehova o tla ba tšoarela a be a ba hauhele. Monyetla oo o tla fuoa batho ba shoeleng ba e-s’o bakele libe tsa bona ba tla tsosetsoa lefatšeng le tla beng le hloekisitsoe.—Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15.

TŠOARELO EA JEHOVA E RE TSOELA MOLEMO JOANG?

17, 18. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re tšoarele?

17 Kaha Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela, ke sefe seo re lokelang ho se etsa? Ka sebele re lokela ho baka joaloka Davida le Manase. Re lokela ho lumela hore re baetsalibe, re bakele liphoso tsa rōna re be re kōpe Jehova hore a re tšoarele a be a bōpe ka hare ho rōna pelo e hloekileng. (Pes. 51:10) Haeba re entse sebe se tebileng, re lokela ho kōpa baholo hore ba re thuse moeeng. (Jak. 5:14, 15) Ho sa tsotellehe hore na re entse libe tse tebileng hakae, hoa khothatsa ho hopola hore feela joalokaha Jehova a ile a bolella Moshe, Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe.” Jehova ha aa fetoha.—Ex. 34:6, 7.

18 Jehova o ile a etsa papiso e matla ’me a tšepisa Baiseraele ba bakileng hore o ne a tla tlosa letheba la libe tsa bona ka ho feletseng, a etse hore ntho e neng e le khubelu joaloka “sekareleta” e be tšoeu joaloka “lehloa.” (Bala Esaia 1:18.) Kahoo, tšoarelo ea Jehova e re tsoela molemo joang? O tla re tšoarela libe tsa rōna le liphoso tsa rōna ka ho feletseng haeba re bontša hore re bakile ebile re ananela tšoarelo ea hae.

19. Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?

19 Kaha Jehova oa re tšoarela, re ka mo etsisa joang ha re sebelisana le batho ba bang? Re ka qoba ho ba le moea oa ho se tšoarele joang haeba batho ba bang ba etsa libe tse tebileng empa ba bontša hore ba bakile e le kannete? Sehlooho se latelang se tla re thusa hore re hlahlobe lipelo tsa rōna e le hore re ka tšoana le Ntate oa rōna Jehova, ea ‘molemo le ea itokiselitseng ho tšoarela.’—Pes. 86:5..