Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu 19:10-12 a bontša hore batho ba khethang ho lula e le masoha ba filoe mpho ea bosoha ka mohlolo?

Hlokomela hore na Jesu o ile a bua ka bosoha boemong bofe. Ha Bafarisi ba ne ba tla ho Jesu ’me ba bua le eena ka taba ea tlhalo, o ile a ba hlakisetsa hore na molao oa Jehova ke ofe ka lenyalo. Le hoja Molao o ne o lumella monna hore a ngolle mosali oa hae lengolo la tlhalo haeba a ne a ka fumana “ntho e sa hlompheheng” ho eena, ho ne ho se joalo ho tloha qalong. (Deut. 24:1, 2) Ka mor’a moo, Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.”—Mat. 19:3-9.

Ha barutuoa ba hae ba utloa sena, ba ile ba re: “Haeba boemo bo le joalo ka monna le mosali oa hae, ha ho bohlale ho nyala.” Ha Jesu a araba, o ile a re: “Hase batho bohle ba etsetsang polelo eo sebaka, empa ke feela ba nang le mpho eo. Etsoe ho na le maqhalaha a ileng a tsoaloa a le joalo ho tsoa lipōpelong tsa bo-’m’a ’ona, ’me ho na le maqhalaha a ileng a etsoa maqhalaha ke batho, hape ho na le maqhalaha a ikentseng maqhalaha ka lebaka la ’muso oa maholimo. Ea ka e etsetsang sebaka a ke a e etsetse sebaka.”—Mat. 19:10-12.

Batho bao e leng maqhalaha ka tlhaho ba hlahile ba le joalo hobane ba holofetse, kapa ba ile ba ba joalo ka tsietsi kapa hobane ba ile ba khaoloa litho. Leha ho le joalo, ho ne ho boetse ho e-na le batho ba neng ba ikhethetse ho ba maqhalaha. Le hoja batho bao ba le boemong ba hore ba ka kena lenyalong, ba bontšitse boitšoaro ’me ba lula e le masoha “ka lebaka la ’muso oa maholimo.” Joaloka Jesu, ba ikhethetse ho ba masoha e le hore ba ka ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea ’Muso. Ha baa tsoaloa ba se ntse ba e-na le mpho eo ea bosoha ebile hase hore ba e filoe. Ha e le hantle, ba bo etselitse sebaka. Ka mantsoe a mang ba ikhethetse hore e be masoha.

Ha moapostola Pauluse a ne a tlatsetsa mantsoeng ao Jesu a neng a a buile, o ile a bolela hore le hoja Bakreste bohle—ebang ke masoha kapa ba lenyalong—ba ka khona ho sebeletsa Molimo ka tsela e amohelehang, masoha a ‘tsitsitseng pelong ea ’ona’ a “etsa hamolemo haholo.” Ka tsela efe? Batho ba lenyalong ba lokela ho arola nako le matla a bona e le hore ba tsebe ho thabisa balekane ba bona le ho ba hlokomela. Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba masoha ba ka khona ho ikitlaetsa tšebeletsong ea Morena ba se na boikarabelo bo joalo. Ba nka boemo boo ba bona e le “mpho” e tsoang ho Molimo.—1 Bakor. 7:7, 32-38.

Kahoo, Mangolo a re bolella hore Mokreste ha a fumane mpho ea bosoha ka mohlolo. Ho e-na le hoo, o loanela ho ba le mpho eo ka hore a lule a sa kena lenyalong e le hore a ka etsa tšebeletso ea Molimo a sa sitisoe ke letho. Kajeno, batho ba bangata ba entse qeto e tiileng lipelong tsa bona hore ba tla lula e le masoha ka lebaka leo, ’me e ka ba hantle hore batho ba bang ba ba khothatse.