Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Nalane ea Rōna

‘Molaetsa o Molemo ka ho Fetisisa oo Batho ba Kileng ba o Utloa’

‘Molaetsa o Molemo ka ho Fetisisa oo Batho ba Kileng ba o Utloa’

“LINTHO tsee ke tsa eng?” Potso ena e ile ea botsoa ke George Naish, a supile qubu ea lipalo tse bolelele ba limithara tse 18 e neng e bokeletsoe sebakeng sa poloko ea libetsa Saskatoon, Saskatchewan, Canada. O ile a bolelloa hore lipalo tseo li ne li sebelisoa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ho haha litora tsa maqhubu a khaso. Mor’abo rōna Naish o re: “Hamorao ke ile ka nahana hore re ne re ka sebelisa lipalo tseo ho haha litora tsa seea-le-moea, ke kamoo maikutlo a ho ba le seea-le-moea sa puso ea Molimo a ileng a qala kateng.” Nako e ka etsang selemo feela hamorao—ka 1924—seea-le-moea sa CHUC se ile sa qala ho hasa. Ke se seng sa liea-le-moea tsa pele tse ileng tsa hasa litaba tsa bolumeli Canada.

(1) Seea-le-moea se neng se le Edmonton, Alberta (2) Mor’abo rōna o sebetsa lithapong tsa motlakase mochineng o tsamaisang maqhubu a khaso Toronto, Ontario

Canada e ka ’nang ea lekana le Europe ka boholo, e ne e le sebaka se loketseng sa ho fana ka bopaki ho sebelisoa seea-le-moea. Florence Johnson ea neng a sebetsa seea-le-moeeng se neng se le Saskatoon o ile a re: “Ka lebaka la mananeo ao re neng re a hasa seea-le-moeeng, ’nete e ile ea fihla ho batho ba bangata bao re neng re ke ke ra khona ho fihla ho bona. Hape, kaha seea-le-moea e ne e le ntho e ncha le e ratoang ka nako eo, batho ba ne ba thahasella ho mamela ntho efe kapa efe e neng e hasoa seea-le-moeeng.” Ka 1926, Liithuti Tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo) li ne li se li e-na le liea-le-moea tsa tsona metseng e meholo ea Canada e mene. *

Phaposi ea khaso ea seea-le-moea sa CHUC se neng se le Saskatoon, Saskatchewan

U ne u tla utloa’ng haeba u ne u ka bulela se seng sa liea-le-moea tseo? Hangata libini tsa liphuthehong tsa sebakeng seo, li ne li bina li tsamaisana le ba letsang liletsa ’me ka linako tse ling li ne li bina ’moho le lihlopha tse nyenyane tsa ’mino oa liletsa. Ke ’nete hore ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba boetse ba fana ka lipuo seea-le-moeeng ba bile ba tšoara lipuisano tse tšohlang Bibele. Amy Jones, ea neng a ee a be le seabo lipuisanong tsena o re, “Ka linako tse ling ha ke le tšebeletsong ea tšimo ’me ke bolela lebitso la ka, mong’a ntlo o ne a ee a re, ‘Kea u hopola, ke u utloile seea-le-moeeng.’”

“Batho ba ne ba letsa ka bongata hoo re neng re sa khone ho araba mehala kaofela”

Liithuti Tsa Bibele tsa Halifax, Nova Scotia, li ile tsa sebelisa mokhoa oo li neng li iqapetse oona ka nako eo—li ne li e-ba le puisano eo li neng li fa bamameli monyetla oa hore ba be le seabo ho eona ka hore ba letse ’me ba botse lipotso tsa Bibele. Mora e mong oabo rōna  o ile a ngola a re: “Batho ba ile ba tšolohela lenaneo lena. Batho ba ne ba letsa ka bongata hoo re neng re sa khone ho araba mehala kaofela.”

Joaloka mehleng ea moapostola Pauluse, batho ba bang ba ne ba amohela molaetsa oa Bibele oo Liithuti Tsa Bibele li neng li o phatlalatsa athe ba bang ba ne ba sa o amohele. (Lik. 17:1-5) Ka mohlala, ha Hector Marshall a utloa Liithuti Tsa Bibele li bua ka Studies in the Scriptures seea-le-moeeng, o ile a kōpa libuka tse tšeletseng. Hamorao o ile a ngola a re, “Ke ne ke nahana hore libuka tseo li tla nthusa hore ke tsebe ho ruta sekolong sa Sontaha.” Leha ho le joalo, ha a qeta Volume I, Hector o ile a etsa qeto ea ho tlohela kereke ea habo. E ile ea e-ba ’moleli oa evangeli ea chesehang ’me o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a hlokahala ka 1998. Letsatsi ka mor’a hore ho hasoe puo eo sehlooho sa eona se neng se re, “’Muso, Tšepo ea Lefatše,” ka bochabela ho Nova Scotia, Mokolonele J. A. MacDonald o ile a re ho mora e mong oabo rōna oa sebakeng sa habo: “Maobane batho ba Cape Breton Island ba utloile molaetsa o molemo ho feta ofe kapa ofe oo batho ba sebakeng sena ba kileng ba o mamela.”

Ka lehlakoreng le leng, baruti ba ne ba halefile. Mak’hatholike a mang a Halifax a ile a etsa litšoso tsa hore a tla boma liea-le-moea tse neng li hasa mananeo a Liithuti Tsa Bibele. Ka tšusumetso ea baeta-pele ba bolumeli, ka 1928, ka tšohanyetso ’muso o ile oa phatlalatsa hore o ne o ke ke oa nchafatsa mangolo a tumello ea khaso a liea-le-moea tsa Liithuti Tsa Bibele. Ha bara le barali babo rōna ba utloa sena ba ile ba aba lipampitšana tse neng li e-na le sehlooho se reng, Who Owns the Air? (Maqhubu a Moeeng ke a Mang?)—e leng molaetsa o neng o ipelaetsa ka ketso ena e neng e bontša ho hloka toka. Leha ho le joalo, ’muso o ile oa hana ho nchafatsa mangolo a tumello ea khaso a liea-le-moea tsa Liithuti Tsa Bibele.

Na see se ile sa nyahamisa sehlotšoana seo sa bahlanka ba Jehova ba Canada? Isabel Wainwright o ile a re: “Qalong ho ne ho bonahala eka sera se hlōtse. Empa ke ne ke tseba hore Jehova a ka be a thibetse seo ha a ne a batla. Kahoo, e tlameha ebe re ne re lokela ho fetola mokhoa oo re phatlalatsang molaetsa oa ’Muso ka oona ka tsela e ikhethang.” Ho e-na le ho itšetleha haholo ka ho fana ka bopaki seea-le-moeeng, Liithuti Tsa Bibele tsa Canada li ile tsa qala ho tsepamisa likelello tabeng ea ho etela batho malapeng a bona. Leha ho le joalo, nakong ea teng, seea-le-moea se ile sa phetha karolo e khōlō ho phatlalatsa ‘molaetsa o molemo ka ho fetisisa oo batho ba kileng ba o utloa.’—Nalane ea rōna ea Canada.

^ ser. 4 E le hore barab’abo rōna ba Canada ba tsebe ho fana ka bopaki ka seea-le-moea, ba ile ba boela ba reka nako ea khaso liea-le-moeeng tsa Canada tsa khoebo.