Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

  Ithute Lentsoe la Molimo

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Romela Jesu Lefatšeng?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Romela Jesu Lefatšeng?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

 1. Jesu o ne a le hokae pele Molimo a mo romela lefatšeng?

Jesu e ne e le motho oa moea leholimong pele a tsoaloa motseng oa Bethlehema. Ke eena eo Molimo a ileng a mo bōpa pele ’me ke eena feela eo Molimo a ileng a mo bōpa ka boeena. Kahoo, ho loketse hore ebe o bitsoa Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. Ha a ne a le leholimong, e ne e le ’muelli oa Molimo. Ke kahoo a bitsoang Lentsoe. E ne e boetse e le mothusi oa Molimo a ba a kenya letsoho ha ho ne ho bōptjoa lintho tse ling kaofela. (Johanne 1:2, 3, 14) Jesu o ile a lula le Molimo leholimong ka lilemo tse se nang palo pele batho ba bōptjoa.—Bala Mikea 5:2; Johanne 17:5.

 2. Molimo o ile a romela Mora oa hae lefatšeng joang?

Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang eaba o fetisetsa bophelo ba Jesu pōpelong ea Maria ho tsoa leholimong. Kahoo Jesu o ile a tsoaloa a se na ntate lefatšeng. Mangeloi a ile a phatlalatsa tsoalo ea hae ho balisa ba bang ba sebakeng seo, ba neng ba lula ka ntle bosiu ba ntse ba lisitse mehlape ea bona. (Luka 2:8-12) Kahoo Jesu ha aa ka a hlaha nakong ea mariha a batang haholo empa o hlahile hoo e ka bang qalong ea October ha ho ntse ho futhumetse. Nakoana ka mor’a moo, Maria le monna oa hae Josefa, ba ile ba ea Nazaretha moo ba ileng ba hōlisetsa Jesu teng. Josefa o ile a hōlisa Jesu joaloka mor’a hae.—Bala Matheu 1:18-23.

Ha Jesu a le lilemo tse ka bang tse 30, o ile a kolobetsoa ’me Molimo o ile a phatlalatsa hore Jesu ke Mora oa hae. Eaba Jesu o qala mosebetsi oo Molimo a mo rometseng hore a o etse.—Bala Matheu 3:16, 17.

 3. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a romela Jesu lefatšeng?

Molimo o ile a romela Jesu hore a rute batho ’nete. Jesu o ile a ruta ka ’Muso oa Molimo, puso ea leholimo e tla tlisa khotso lefatšeng. O ile a fa batho tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Johanne 4:14; 18:36, 37) Jesu o ile a boela a ruta batho lintho tse ngata mabapi le ho fumana thabo ea sebele. (Matheu 5:3; 6:19-21) O ne a etsa seo a se rutang. Ka mohlala, o ile a bontša batho hore na ba ka etsa thato ea Molimo joang esita le tlas’a maemo a thata. Ha a ne a tšoaroa hampe, ha aa ka a iphetetsa.—Bala 1 Petrose 2:21-24.

Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba be le lerato le se nang boithati. O ne a e-na le boemo bo khethehileng leholimong, a e-na le Ntate oa hae, ho ntse ho le joalo, ka boikokobetso o ile a mamela Ntate oa hae, a tla lefatšeng ’me a phela le batho. Ha ho na motho ea kileng a bontša lerato joaloka Jesu.—Bala Johanne 15:12, 13; Bafilipi 2:5-8.

 4. Lefu la Jesu le ile la thusa batho joang?

Molimo o ne a boetse a rometse Jesu lefatšeng ho tla shoela libe tsa rōna. (Johanne 3:16) Kaofela ha rōna re baetsalibe, e leng se bolelang hore ha rea phethahala. Ke kahoo re kulang re bileng re e-shoa. Ho fapana le hoo, motho oa pele Adama o ne a phethahetse. O ne a se na sebe ’me ha ho mohla a neng a tla shoa kapa a kula. Empa e ile ea e-ba ea sa phethahalang ka lebaka la ho se mamele Molimo. Re futsitse sebe ho Adama seo moputso oa sona e leng lefu.—Bala Baroma 5:12; 6:23.

Kaha Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, ha aa ka a shoela libe tsa hae. O ile a shoela libe tsa rōna. Lefu la Jesu le etsa hore re khone ho phela ka ho sa feleng le ho hlohonolofatsoa ke Molimo.—Bala 1 Petrose 3:18.