Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Loanela ho Lula U E-Na le Kamano e Haufi le Jehova

Loanela ho Lula U E-Na le Kamano e Haufi le Jehova

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—JAK. 4:8.

1, 2. (a) “Merero” ea Satane ke efe? (b) Ke eng e tla re thusa hore re atamele ho Molimo?

JEHOVA MOLIMO o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho batla ho ba le kamano e haufi le eena. Leha ho le joalo, Satane o batla hore joaloka eena re nahane hore ha re hloke Jehova. Lena ke leshano leo Satane a ’nileng a le ntšetsa pele ho tloha nakong eo a neng a thetsa Eva ka eona serapeng sa Edene. (Gen. 3:4-6) Ho tloha ka nako eo, batho ba bangata ba ’nile ba nahana hore batho ha ba hloke Molimo.

2 Ka lehlohonolo, rōna ha ho hlokahale hore re oele lerabeng la Satane. “Re tseba merero ea hae.” (2 Bakor. 2:11) Satane o leka ho re suthisetsa hōle le Jehova ka ho re susumetsa hore re etse liqeto tse fosahetseng. Empa joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, re ka etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le mosebetsi, boithabiso le lelapa. Sehloohong sena re tla tšohla lintho tse ling tse ’nè tseo Satane a re lekang ka tsona: e leng theknoloji, bophelo bo botle, chelete le ho ikhantša. Haeba re etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le lintho tsena, re tla ‘atamela ho Molimo.’—Jak. 4:8.

THEKNOLOJI

3. Bontša hore na theknoloji e ka sebelisoa hantle kapa hampe joang.

3 Hona joale lisebelisoa tsa elektronike tse tsoetseng pele li atile haholo lefatšeng. Ha li sebelisoa hantle, li ka re tsoela molemo haholo. Ha li sebelisoa hampe, li ka senya kamano ea rōna le Ntate oa rōna ea leholimong. Nahana ka lik’homphieutha. Ho sebelisitsoe k’homphieutha hore makasine ena eo u ntseng u e bala e ngoloe e be e hatisoe. K’homphieutha e ka u thusa ho etsa lipatlisiso, ho buisana le batho ’me ka linako tse ling u ka fumana boithabiso bo khathollang ho eona. Leha ho le joalo, re ka rata lik’homphieutha ho tlōla tekanyo. Ka bohlale babapatsi ba kholisa batho hore ba tlameha ho fumana lisebelisoa tsa elektronike tsa morao-rao. Mohlankana e mong o ne a batla k’homphieutha ea tablet hoo a ileng a rekisa phio ea hae ka lekunutu, e le hore a tsebe ho reka k’homphieutha eo. Ruri boo e ne e le booatla bo boholo!

4. Mokreste e mong o ile a etsa’ng ho hlōla bothata boo a neng a e-na le bona ba ho sebelisa k’homphieutha ho tlōla tekanyo?

 4 Ntho e mpe le ho feta ke hore motho a senye kamano ea hae le Jehova ka lebaka la ho sebelisa theknoloji hampe kapa ka ho e sebelisa ho tlōla tekanyo. Jon eo e leng mohlankana oa Mokreste ea lilemo li ka tlaasenyana ho 30, o re: “Kea tseba hore Bibele e re re lokela ho ‘ithekela nako e loketseng’ ea ho etsa lintho tsa moea. Empa ke hlokometse hore ke sebelisa k’homphieutha hampe.” * Hangata Jon o ne a sebelisa Inthanete ho fihlela bosiu haholo. O re: “Ha ke ntse ke khathala, ho ne ho e-ba thata le ho feta hore ke khaotse ho buisana le batho ka Inthanete kapa ho shebella livideo tse khutšoanyane tse bontšoang moo—’me hangata e le livideo tse bontšang lintho tse fosahetseng.” E le hore a khone ho hlōla bothata boo, Jon o ile a seta k’homphieutha ea hae hore e itime ha e se e le nako ea hore a robale.—Bala Baefese 5:15, 16.

Batsoali, thusang bana ba lōna hore ba sebelise theknoloji ka bohlale

5, 6. (a) Batsoali ba na le boikarabelo bofe mabapi le bana ba bona? (b) Batsoali ba ka tiisa joang hore bana ba bona ba ba le setsoalle se molemo?

5 Batsoali, ha lea lokela ho laola ntho e ’ngoe le ’ngoe eo bana ba lōna ba e etsang, empa le lokela ho beha leihlo tsela eo ba sebelisang k’homphieutha ka eona. Le se ke la ba tlohela feela eaba le ba beha kotsing ea ho sheba boitšoaro bo bobe Inthaneteng, ho bapala lipapali tsa video tse mabifi, ho sebelisana le meea hammoho le ho etsa setsoalle le batho ba babe; e le hore feela ba lule ba phathahane ’me ba se ke ba le khathatsa. Haeba le etsa joalo, ba ka ’na ba re, ‘Kaha ’Mè le Ntate ha ba tsotelle hore na re etsa’ng, e tlameha ebe seo re se etsang ha se phoso.’ Kaha le batsoali, mosebetsi oa lōna ke hore le sireletse bana ba lōna—ho akarelletsa le ba lilemong tsa bocha—nthong e ’ngoe le e ’ngoe e ka ba suthisetsang hōle le Jehova. Esita le liphoofolo li sireletsa malinyane a tsona kotsing. Nahana feela hore na bere e tšehali e ka etsa’ng haeba motho a batla ho ntša malinyane a eona kotsi!—Bapisa Hosea 13:8.

6 Thusang bana ba lōna hore ba hlophise ho ba le ’moka o tla ba tsoela molemo le Bakreste ba bang ba behang mohlala o motle ka phuthehong, ebang ke ba bacha kapa ba hōlileng. Hape, le hopole hore bana ba lōna ba hloka hore lōna le qete nako e ngata le bona! Kahoo, ipheng nako ea hore le tšehe, le bapale, le sebetse le be le ‘atamele ho Molimo’ hammoho. *

BOPHELO BO BOTLE

7. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re batla ho lula re phetse hantle?

7 Hangata re botsa batho ba bang hore na ba phela joang. Batho ba ’nile ba kula haesale Adama le Eva ba mamela Satane ’me ba ikarola ho Jehova. Satane oa thaba ha re kula hobane ho kula ho re thatafalletsa ho sebeletsa Jehova. Hape, haeba re e-shoa, ho hang re ke ke ra khona ho sebeletsa Jehova. (Pes. 115:17) Kahoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna e le hore re lule re phela hantle. * Hape, re lokela ho ameha ka bophelo le boiketlo ba bara le barali babo rōna.

8, 9. (a) Re ka qoba ho ameha ka bophelo ba rōna ho tlōla tekanyo joang? (b) Re ka rua melemo efe ha re loanela ho ba le thabo?

 8 Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re se ke ra ameha ka bophelo ba rōna ho tlōla tekanyo. Batho ba bang ba qeta nako e ngata ba khothalletsa tsela e itseng ea ho ja, mekhoa ea phekolo kapa meriana le litlolo tsa letlalo ho feta eo ba e qetang ba bolela ka ’Muso oa Molimo. Ba ka ’na ba nahana hore ba thusa batho ba bang e le kannete. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho buella meriana kapa litlolo tsa letlalo pele ho liboka kapa ka mor’a tsona ha re le Holong ea ’Muso kapa likopanong. Hobane’ng?

9 Re bokana hammoho e le hore re buisane ka lintho tsa moea le ho fumana thabo, e leng tšobotsi e hlahisoang ke moea o halalelang oa Molimo. (Bagal. 5:22) Maemong a joalo, ho fana ka keletso e mabapi le mekhoa ea phekolo le meriana ho sa tsotellehe hore na motho o e kōpile kapa che, ho ka re sitisa morerong oa rōna oa ho buisana ka lintho tsa moea ’me ha hlokisa ba bang thabo. (Bar. 14:17) Motho o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o sebetsana le litaba tsa bophelo bo botle joang. Ho phaella moo, ha ho na motho ea nang le tharollo ea mafu ’ohle. Esita le lingaka tse hloahloa ka ho fetisisa lia tsofala, lia kula ebe qetellong lia shoa. Ho ameha haholo ka bophelo ba rōna ho ke ke ha eketsa nako eo re e phelang. (Luka 12:25) Ka lehlakoreng le leng, “pelo e thabileng ke moriana o motle.”—Liprov. 17:22.

10. (a) Ke litšobotsi life tseo Jehova a li ratang ho rōna? (b) Re tla thabela bophelo bo botle neng?

10 Ke hantle hore re amehe ka tsela eo re shebahalang ka eona. Empa ha rea lokela ho leka ka matla ho tlosa matšoao ’ohle a bontšang hore rea tsofala. Matšoao ao a ka bontša hore re hōlile kelellong, re na le seriti hammoho le botho bo botle. Ka mohlala, Bibele e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liprov. 16:31) Ke tsela eo Jehova a re talimang ka eona ’me le rōna re lokela ho leka ho italima ka tsela e tšoanang. (Bala 1 Petrose 3:3, 4.) Kahoo, na e ka ba bohlale hore re behe bophelo ba rōna kotsing ka hore re etse liopereishene kapa re amohele mekhoa e kotsi ea phekolo e le hore feela re shebahale re le batle? “Thabo ea Jehova” ke eona eo e leng mohloli oa botle ba ’nete bo hlahang ka hare, ho sa tsotellehe hore na re tsofetse kapa ha rea phela hantle. (Neh. 8:10) Ke lefatšeng le lecha feela moo re tla phela hantle re be re boele bocheng. (Jobo 33:25; Esa. 33:24) Ho fihlela nakong eo, re lokela ho bontša bohlale le tumelo ’me seo se tla re thusa hore re lule re e-na le kamano e haufi le Jehova ha re ntse re thabela bophelo ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona hona joale.—1 Tim. 4:8.

CHELETE

11. Chelete e ka ba leraba joang?

11 Ha ho phoso ho ba le chelete kapa ho ba le khoebo e etsoang ka botšepehi. (Moek. 7:12; Luka 19:12, 13) Leha ho le joalo, joang kapa joang “lerato la chelete” le tla re suthisetsa hōle le Jehova. (1 Tim. 6:9, 10) “Matšoenyeho a tsamaiso ena,” e leng ho ameha haholo ka ho fumana lintho tseo re li hlokang bophelong, a ka re bipetsa moeeng. Ka ho tšoanang, le “matla a thetsang a maruo,” e leng phoso eo batho ba e etsang ea ho nahana hore maruo a ka ba tlisetsa thabo ea nako e telele le tšireletseho, a ka re bipetsa moeeng. (Mat. 13:22) Jesu o ile hlakisa taba ea hore ‘ha ho na motho’ ea ka atlehang ho sebeletsa Molimo le maruo.—Mat. 6:24.

12. Ke maraba afe a lichelete a atileng kajeno, hona re ka a qoba joang?

12 Ho talima chelete ka tsela e fosahetseng ho ka etsa hore motho a etse lintho tse fosahetseng. (Liprov. 28:20) Batho ba bang ba ’nile ba batla ho fumana chelete e ngata kapele, kahoo ba ile ba becha lotto. Bara ba bang babo rōna ba kena likhoebong tse ba tšepisang hore ba tla fumana chelete e ngata kapele, ’me ba bile ba tšepisa ba bang ka phuthehong hore le bona ba ka fumana chelete e ngata. Haeba re le meharo, seo se ka etsa hore re kene khoebong e ka etsang hore re lahleheloe ke chelete e ngata. U se ke ua lumella meharo hore e etse hore u qhekelloe. Hlaphoheloa kelellong. Haeba u tšepisoa phaello e ngata ka tsela e sa tloaelehang u tsebe hore seo sea belaetsa.

13. Tsela eo Jehova a talimang chelete e fapana joang le tsela eo lefatše le e talimang ka eona?

 13 Haeba re beha ‘’muso le ho loka ha hae’ pele, Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho fumana lintho tseo re hlileng re li hlokang bophelong. (Mat. 6:33; Baef. 4:28) Ha a batle hore re robale ha re le libokeng hobane re sebetsa ho tlōla tekanyo kapa re tšoenyehe ka chelete ha re le Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, batho ba bangata bao re phelang har’a bona ba lumela hore ha ba ithukhubetsa hore ba fumane chelete e ngata ba tla ba le bokamoso bo sireletsehileng ebe hamorao ba raha qhebelele bophelong. Hangata ba susumetsa bana ba bona hore ba ipehele lipakane tse tšoanang tsa ho fumana lintho tse bonahalang. Jesu o ile a bontša hore seo ke ho hloka kahlolo e molemo. (Bala Luka 12:15-21.) Sena se ka ’na sa re hopotsa Gehazi, ea neng a nahana hore a ka tsoela pele a le meharo ’me a ’na a ba le kamano e ntle le Jehova.—2 Mar. 5:20-27.

14, 15. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa hore chelete e tla re fa tšireletseho? Fana ka mohlala.

14 Ho tlalehoa hore lintsu tse ling li ’nile tsa khangoa ke metsi ha li ne li sa tlohele tlhapi e neng e le boima haholo hore li ka e phahamisa. Na ntho e tšoanang e ka etsahalla Mokreste? Moholo e mong ea bitsoang Alex o re, “Hangata ke motho ea baballang lintho. Haeba ke tšetse sesepa se hlatsoang moriri se se ngata haholo, ke busetsa se seng ka botlolong.” Leha ho le joalo, Alex o ile a qala ho phathahana ka ho reka le ho rekisa liabo limmarakeng tsa matsete, a nahana hore o tla tlohela mosebetsi kapele ka mor’a moo ebe o kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. O ile a ameha haholo ka ho ithuta mokhoa oa ho reka le ho rekisa liabo. O ile a sebelisa chelete eo a neng a e bolokile le eo a ileng a e alima ho barekisi ba bang ba liabo ’me a reka liabo tseo litsebi li neng li boletse hore theko ea tsona e tla phahama ka potlako. Ho e-na le hoo, theko ea tsona e ile ea putlama. Alex o re, “Ke ne ke batla ho fumana chelete ea ka hape. Ke ile ka nahana hore ha nka leta ho se hokae, theko ea liabo e tla boela e phahame.”

15 Alex o ile a qeta likhoeli a ntse a nahana ka liabo tsa hae. O ile a thatafalloa ho tsepamisa kelello linthong tsa moea ’me o ne a hlobaela. Empa theko ea liabo ha e-ea ka ea hlola e phahama. Alex o ile a lahleheloa ke chelete eo a neng a e bolokile ’me o ile a tlameha ho rekisa ntlo ea hae. O re, “Ke ile ka utloisa lelapa la ka bohloko haholo.” Empa o ile a ithuta thuto ea bohlokoa. “Hona joale kea tseba hore mang kapa mang ea tšepang tsamaiso ea Satane o tla soetseha haholo.” (Liprov. 11:28) Ka sebele, ho tšepa chelete eo re e bolokileng, matsete a rōna kapa mokhoa leha e le ofe oa ho fumana chelete, ho itšoanela feela le ho tšepa “molimo oa tsamaiso ena,” e leng Satane. (2 Bakor. 4:4; 1 Tim. 6:17) Hona joale Alex o entse liphetoho e le hore a phele bophelo bo itekanetseng “ka lebaka la litaba tse molemo.” O re seo se entse hore eena le ba lelapa la hae ba thabe haholo le hore ba be le kamano e haufi le Jehova.—Bala Mareka 10:29, 30.

HO IKHANTŠA

16. Ho ikhantša ho nepahetseng le ho fosahetseng ho fapana joang?

16 E ka ba hantle hore re ikhantše ka lintho tse nepahetseng. Ka mohlala, kamehla re lokela ho ba motlotlo hore ebe re Lipaki Tsa Jehova. (Jer. 9:24) Ha re le motlotlo ka seo re leng sona seo se tla re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng le hore re latele melao ea Molimo e phahameng. Empa ho nka hore maikutlo kapa maemo a rōna a phahametse a batho ba bang ho ka re suthisetsa hōle le Jehova.—Pes. 138:6; Bar. 12:3.

Ho e-na le ho ameha ka ho fumana maemo ka phuthehong, thabela ho etsa tšebeletso ea hao!

17, 18. (a) Fana ka mehlala e ka Bibeleng ea batho ba neng ba ikokobelitse le ea ba neng ba ikhantša. (b) Mora e mong oabo rōna o ile a etsa’ng ho qoba hore boikhantšo bo mo suthisetse hōle le Jehova?

17 Bibele e na le mehlala ea batho ba neng ba ikhantša hammoho le ea ba neng ba ikokobetsa. Morena Davida o ile a ikokobelletsa tataiso ea Jehova ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Pes. 131:1-3) Empa Jehova o ile a kokobetsa marena a neng a ikhantša e leng Nebukadnezare le Belshatsare. (Dan. 4:30-37; 5:22-30) Le kajeno, re kopana le maemo ao ho ’ona ho ka bang thata ho bontša boikokobetso. Ryan, ea lilemo li 32, eo e leng mohlanka ea sebeletsang, o ile a fallela phuthehong e ’ngoe. Ryan o re, “Ke ne ke lebeletse hore  ka mor’a nakoana ke tla buelloa hore ke be moholo, empa selemo se ile sa ba sa feta ke e-s’o buelloe.” Na Ryan o ne a tla halefa kapa a utloe bohloko, a nka hore baholo ba mo tlōlisitse mahlo holimo? Na o ne a tla khaotsa ho ea libokeng, a lumelle boikhantšo hore bo mo suthisetse hōle le Jehova hammoho le batho ba Hae? U ka be u ile ua etsa’ng?

18 Ryan o re, “Ke ile ka bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke khona ho e fumana ka har’a lingoliloeng tsa rōna e buang ka tebello e chechisetsoang morao.” (Liprov. 13:12) “Ke ile ka hlokomela hore ho ne ho hlokahala hore ke ithute ho ba le mamello le boikokobetso. Ho ne ho hlokahala hore ke lumelle Jehova hore a nkoetlise.” Ryan o ile a khaotsa ho nahana ka eena haholo ’me a tsepamisa kelello ea hae tabeng ea ho sebeletsa batho ba bang—ka phuthehong le tšebeletsong ea tšimo. Ka mor’a nakoana o ne a se a khanna lithuto tse ’maloa tsa Bibele tse tsoelang pele. O re, “Ha ke ne ke khethoa hore ke be moholo ka mor’a selemo le halofo, seo se ile sa etsahala ke sa se lebella. Ke ne ke se ke khaolitse ho tšoenyeha ka taba eo hobane ke ne ke thabela tšebeletso ea ka ea tšimo haholo.”—Bala Pesaleme ea 37:3, 4.

LULA U LE HAUFI LE JEHOVA!

19, 20. (a) Re ka etsa joang hore re tiise hore lintho tsohle tseo re ithutileng tsona lihloohong tsee ha li re suthisetse hōle le Jehova? (b) Ke mehlala efe eo re ka e etsisang ea batho ba ileng ba lula ba le haufi le Jehova?

19 Lintlha tsohle tseo ho builoeng ka tsona sehloohong sena le se fetileng ke tsa bohlokoa bophelong ba rōna. Re ikhantša ka hore ebe re bahlanka ba Jehova. Bophelo bo botle le lelapa le thabileng ke tse ling tsa limpho tse khōlō ka ho fetisisa tse tsoang ho Jehova. Rea utloisisa hore mosebetsi oa boipheliso le chelete li ka re thusa hore re itlhokomele ka lintho tseo re li hlokang. Rea tseba hore boithabiso bo ka re khatholla le hore theknoloji e ka re tsoela molemo. Empa ho hahamalla lintho tsena ho tlōla tekanyo le ka nako e fosahetseng kapa ka tsela e tla re sitisa borapeling ba rōna ho ka re suthisetsa hōle le Jehova.

U se ke ua lumella letho ho u suthisetsa hōle le Jehova!

20 Ka sebele, Satane a ka thabela hore seo se etsahale. Leha ho le joalo, u ka qoba hore uena le ba lelapa la hao le hlaheloe ke tlokotsi eo! (Liprov. 22:3) Atamela ho Jehova ’me u lule haufi le eena. Re na le mehlala e mengata ka Bibeleng ea batho ba ileng ba atamela ho Jehova. Enoke le Noe ba ile ba “tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Gen. 5:22; 6:9) Moshe “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheb. 11:27) Molimo o ile a tsoela pele a tšehelitse Jesu hobane Jesu o ne a lula a etsa lintho tse khahlisang Ntate oa hae ea leholimong. (Joh. 8:29) Etsisa mohlala oa batho bao. “Thabang kamehla. Rapelang le sa phetse. Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.” (1 Bathes. 5:16-18) U se ke ua lumella letho ho u suthisetsa hōle le Jehova!

^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 6 Sheba sehlooho se reng, “Kamoo U ka Hōlisang Bana ba Nang le Boikarabelo” Tsoheng! ea October 2011.

^ ser. 7 Sheba sehlooho se reng, “Litsela Tse Hlano Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao” Tsoheng! ea March 2011.