Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Ananela Lefa la Rōna la Moea?

Na U Ananela Lefa la Rōna la Moea?

“Molimo [o ile] a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.”—LIK. 15:14.

1, 2. (a) “Lephephe la Davida” e ne e le eng, ’me le ile la tsosolosoa joang? (b) Ke bo-mang ba sebetsang hammoho e le bahlanka ba Jehova kajeno?

NAKONG eo sehlopha se busang se neng se tšoere seboka sa bohlokoa ka ho fetisisa Jerusalema ka 49 C.E., morutuoa Jakobo o ile a re: “Symeone [Petrose] o phetile ka ho phethahetseng kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae. Mantsoe a Baprofeta a lumellana le sena, feela joalokaha ho ngoliloe, ‘Ka mor’a lintho tsena ke tla khutla ’me ke tsosolose lephephe la Davida le oeleng; ke tla tsosolosa lithako tsa lona ’me ke le emise hape, e le hore batho ba setseng ba ka batla Jehova ka tieo, hammoho le batho ba lichaba tsohle, batho ba bitsoang ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, ea etsang lintho tsena, tse tsejoang ho tloha khale.’”—Lik. 15:13-18.

2 “Lephephe [kapa ntlo ea borena] la Davida” le ile la oa ha Morena Tsedekia a ne a tlosoa boreneng. (Amose 9:11) Leha ho le joalo, “lephephe” leo le ne le tla tsosolosoa ha setloholo sa Davida e leng Jesu, e e-ba Morena ka ho sa feleng. (Ezek. 21:27; Lik. 2:29-36) Joalokaha Jakobo a ile a bolela sebokeng seo sa bohlokoa, boprofeta bona ba Amose bo ile ba phethahala ha ho ne ho bokelloa majalefa a ’Muso, a tsoang ho Bajuda le ho Balichaba. Kajeno, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le “linku tse ling” tsa Jesu tse limilione, ba sebetsa hammoho ho phatlalatsa ’nete ea Bibele e le bahlanka ba Jehova.—Joh. 10:16.

BATHO BA JEHOVA BA HLŌLA BOTHATA

3, 4. Batho ba Jehova ba ile ba lula ba hloekile moeeng joang ha ba ne ba le Babylona?

3 Ha Bajuda ba ne ba isoa botlamuoeng Babylona, ho ile ha hlaka hore “lephephe la Davida” le ne le oele. Kaha bolumeli ba bohata bo ne bo atile Babylonia, sechaba sa Molimo se ile sa ipoloka se hloekile moeeng joang lilemong tse 70 tseo se li qetileng se le botlamuoeng ho tloha  ka 607 B.C.E. ho fihlela ka 537 B.C.E.? Se ile sa ipoloka se hloekile ka tsela e tšoanang le eo rōna bahlanka ba Jehova re ipolokang re hloekile moeeng ka eona lefatšeng lena le laoloang ke Satane. (1 Joh. 5:19) Bahlanka ba Jehova ba na le lefa le ikhethang le ’nileng la ba thusa hore ba lule ba hloekile moeeng.

4 Kajeno, re na le Bibele e feletseng e le karolo ea lefa la rōna la moea. Bajuda ba neng ba isitsoe botlamuoeng Babylona ba ne ba se na Mangolo a Halalelang a feletseng, empa ba ne ba e-na le tsebo ea Molao oa Moshe hammoho le Melao ea oona e Leshome. Ba ne ba tseba “lipina tsa Sione,” ba hopola maele a mangata ba bile ba tseba lintho tse entsoeng ke bahlanka ba bang ba Jehova ba nakong e fetileng. Ka sebele, batho bao ba neng ba isitsoe botlamuoeng ba ile ba lla ha ba hopola Sione, ’me ha baa ka ba lebala Jehova. (Bala Pesaleme ea 137:1-6.) Seo se ile sa etsa hore ba lule ba le matla moeeng esita le nakong eo ba neng ba le Babylona moo ho neng ho e-na le mekhoa le lithuto tsa bohata tse ngata.

THUTO EA BORARO-BO-BONG HA E NCHA

5. Ke bopaki bofe boo re nang le bona ba hore melimo e ne e rapeloa ka boraro kapa e le boraro-bo-bong Babylona le Egepeta tsa boholo-holo?

5 Babylona melimo e ne e rapeloa ka boraro kapa ho rapeloa boraro-bo-bong. O mong oa melimo ea Babylona e neng e rapeloa ka boraro o ne o entsoe ka Sin (molimo oa khoeli), Shamash (molimo oa letsatsi) le Ishtar (molimotsana oa kemolo le ntoa). Egepeta ea boholo-holo, hangata ho ne ho nkoa hore molimo o ne a nyetse molimotsana ea ileng a mo tsoalla mora, “eaba ba etsa molimo o rapeloang ka boraro kapa boraro-bo-bong, ’me hase kamehla ntate e neng e-ba eena ea ka sehloohong empa ka linako tse ling e ne e e-ba khosana ha molimo oa mosali e ne e e-ba eena molimo ea ka sehloohong.” (New Larousse Encyclopedia of Mythology) Molimo o mong oa Egepeta o neng o rapeloa ka boraro o ne o entsoe ka molimo Osiris, molimotsana Isis le mora oa bona e leng Horus.

6. U ka hlalosa Boraro-bo-bong joang, hona re sirelelitsoe joang hore re se ke ra lumela phoso e joalo?

6 Bokreste-’mōtoana bo na le molimo oa bona ea rapeloang ka boraro—e leng Boraro-bo-bong. Baruti ba re Ntate, Mora le moea o halalelang ke Molimo a le mong. Empa ho lumela sena ho etsa eka Jehova ha a na matla kaha ho thoe ke karolo ea Molimo. Bahlanka ba Jehova ba sirelelitsoe hore ba se ke ba lumela phoso e joalo kaha ba lumellana le mantsoe ana a bululetsoeng: “Mamela, Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.” (Deut. 6:4) Jesu o ile a qotsa mantsoe ao, joale, na ho na le Mokreste ea ka mo hanyetsang?—Mar. 12:29.

7. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha khoneha hore motho ea lumelang thuto ea Boraro-bo-bong a kolobetsoe e le pontšo ea hore o inehetse ho Molimo?

7 Thuto ea Boraro-bo-bong ha e lumellane le taelo eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, [ba] ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Mat. 28:19) E le hore motho a kolobetsoe e le Mokreste oa ’nete le hore e be Paki ea Jehova, o lokela ho lumela hore Ntate e leng Jehova, ke eena ea phahameng ka ho fetisisa a be a amohele boemo ba Mora oa Molimo e leng Jesu hammoho le bolaoli ba hae. Motho ea eang kolobetsong o boetse o lokela ho lumela hore moea o halalelang ke matla a Molimo a sebetsang, eseng karolo ea Boraro-bo-bong. (Gen. 1:2) Motho ea tsoelang pele a lumela Boraro-bo-bong a ke ke a khona ho kolobetsoa e le pontšo ea hore o inehetse ho Jehova Molimo ka tsela e amohelehang. Ruri re ananela hore ebe lefa la rōna la moea le re sirelelitse hore re se ke ra lumela thuto eo e hlomphollang Molimo!

TŠEBELISANO LE MEEA E BOETSE EA KHUTLA!

8. Bababylona ba ne ba talima melimo le bademona joang?

8 Batho ba Babylonia ba ne ba sa lumele  ho melingoana feela empa ba ne ba boetse ba lumela ho bademona ba bile ba sebelisana le meea. The International Standard Bible Encyclopaedia e re: “Ntho e ’ngoe eo e neng e le ea bohlokoa joaloka ho lumela ho melingoana bolumeling ba Bababylona, ke bademona ba neng ba e-na le matla a ho hlokofatsa batho ka ho ba bakela mafu a mefuta-futa ’meleng le kelellong. Ho bonahala karolo e khōlō ea bolumeli boo e ne e sebelisetsoa ho loana ea khumamela le bademona ’me hohle ho ne ho rapeloa melimo e kōptjoa hore e sireletse batho ho bona.”

9. (a) Bajuda ba bangata ba ile ba susumetsoa ke lithuto tsa bolumeli ba bohata joang ha ba le botlamuoeng Babylona? (b) Re sireletsoa joang likotsing tsa ho sebelisana le bademona?

9 Bajuda ba bangata ba ile ba ithuta lithuto tseo e seng tsa Mangolo ha ba le botlamuoeng Babylona. Kaha ba ile ba amohela lithuto tsa Bagerike, ba ile ba laoloa ke bademona hobane ba ile ba qetella ba lumela hore bademona ba ka ba khopo kapa ba ba molemo. Lefa la rōna la moea le re sireletsa likotsing tsa ho sebelisana le bademona kaha rea tseba hore Molimo o ne a nyatsa mekhoa ea batho ba Babylona ea ho sebelisana le meea. (Esa. 47:1, 12-15) Ho feta moo, re talima ho sebelisana le meea ka tsela eo Molimo a ho talimang ka eona.—Bala Deuteronoma 18:10-12; Tšenolo 21:8.

10. U ka hlalosa mekhoa le lithuto tsa Babylona e Moholo joang?

10 Hase Bababylona feela ba ileng ba sebelisana le meea empa batšehetsi ba Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata le bona ba ’nile ba sebelisana le eona. (Tšen. 18:21-24) The Interpreter’s Dictionary of the Bible e re: “Babylona [e Moholo] ha e akarelletse ’muso o le mong kapa mekhoa ea sechaba se itseng feela. Empa e hlalosoa ho latela borapeli ba litšoantšo bo atileng ho eona ho e-na le ho sheba hore na bo etsahala sebakeng sefe kapa ho sheba meeli ea lefatše.” (Vol. 1, leq. 338) Babylona e Moholo eo ho eona ho renang tšebelisano le meea, borapeli ba litšoantšo le libe tse ling, e sa le teng hona joale—empa haufinyane e tla felisoa.—Bala Tšenolo 18:1-5.

11. Ke litemoso life tseo re ’nileng ra li phatlalatsa mabapi le tšebelisano le meea?

11 Jehova o ile a re: “Nke ke ka mamella tšebeliso ea matla a boselamose.” (Esa. 1:13) Lekholong la bo19 la lilemo batho ba bangata ba ne ba susumetsoa ke tšebelisano le meea. Kahoo, Zion’s Watch Tower ea May 1885 e ile ea re: “Tumelo ea hore batho ba shoeleng ba phela sebakeng se seng kapa ka sebōpeho se seng ha e ncha. E ne e le karolo ea bolumeli ba mehleng ea boholo-holo, ’me litšōmo tsohle li ne li thehiloe ho eona.” Sehlooho seo se ile sa phaella ka hore monahano oo o sa thehoang Mangolong oa hore bafu ba buisana le batho ba phelang, “o entse hore batho ba se ke ba hlokomela maqheka a ‘bademona’ a ho thetsa batho, ka hore ba iketse eka ke meea ea batho ba shoeleng. Ba ’nile ba ikhakanya ka tsela ena ’me ba atlehile ho susumetsa likelello tsa batho ba bangata le ho fetola bophelo ba bona.” Bukana ea khale e bitsoang What Say the Scriptures About Spiritism? e ile ea fana ka litemoso tse tšoanang ’me le lingoliloeng tse ling tsa rōna tsa morao tjena li entse joalo.

NA MEEA EA HLOKOFATSOA LEFATŠENG LA BAFU?

12. Solomone o ile a bululeloa hore a re boemo ba bafu ke bofe?

12 “Bohle ba tsebang ’nete” ba ka araba potso eo. (2 Joh. 1) Ka sebele re lumellana le mantsoe ana a Solomone: “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng. Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [lebitla le tloaelehileng], e leng sebaka seo u eang ho sona.”—Moek. 9:4, 5, 10.

13. Bajuda ba ile ba angoa ke setso le bolumeli ba Bagerike joang?

13 Bajuda ba ne ba tseba ’nete ka hore na  bafu ba boemong bofe. Leha ho le joalo, ha Greece e ne e aroleloa balaoli ba Alexandere e Moholo, ho ile ha etsoa boiteko ba hore Juda e kopanngoe le Syria ka bolumeli ba Bagerike le setso sa bona. Ka lebaka leo, Bajuda ba ile ba amohela lithuto tsa bohata tsa hore moea oa motho ha o shoe le hore ho na le sebaka sa tlhokofatso lefatšeng la bafu. Bagerike hase bona ba qapileng monahano oa hore ho na le lefatše la bafu moo meea e hlokofatsoang teng kaha Bababylona ba ne ba nahana hore “lefatše le ka tlaase . . . ke sebaka se tletseng lintho tse tšosang, . . . ’me se lebetsoe ke melimo le bademona ba matla le ba tšabehang ka ho fetisisa.” (The Religion of Babylonia and Assyria) Ka sebele, Bababylona ba ne ba lumela hore moea ha o shoe.

14. Ke sefe seo Jobo le Abrahama ba neng ba se tseba ka boemo boo bafu ba leng ho bona le ka tsoho?

14 Le hoja monna ea lokileng Jobo a ne a se na Mangolo, o ne a tseba ’nete ka hore na bafu ba boemong bofe. O ile a boela a hlokomela hore Jehova ke Molimo ea lerato ea neng a tla labalabela ho mo tsosa. (Jobo 14:13-15) Abrahama le eena o ne a lumela hore bafu ba tla tsosoa. (Bala Baheberu 11:17-19.) Kaha ho ke ke ha khoneha ho tsosa motho ea sa shoeng, banna bao ba tšabang Molimo ba ne ba sa lumele hore moea oa motho ha o shoe. Ntle ho pelaelo, moea oa Molimo o ile oa thusa Jobo le Abrahama hore ba utloisise hore na bafu ba boemong bofe le hore ba be le tumelo ea hore bafu ba tla tsoha. Linnete tsena le tsona ke karolo ea lefa la rōna la moea.

“TOKOLLO E TLISITSOENG KE THEKOLLO” KE EA BOHLOKOA HAHOLO

15, 16. Re lokolotsoe sebeng le lefung joang?

15 Re thabela hore ebe Molimo o ile a boela a senola ’nete mabapi le hore na o tla re lopolla joang sebeng le lefung tseo re li futsitseng ho Adama. (Bar. 5:12) Rea hlokomela hore Jesu “[o ne a sa] tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano  bakeng sa ba bangata.” (Mar. 10:45) Ruri ke ntho e thabisang hore ebe re tseba ka “tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu”!—Bar. 3:22-24.

16 Bajuda le Balichaba ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho bakela libe tsa bona le ho bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ho seng joalo, ba ne ba ke ke ba tšoareloa. Boemo boa tšoana le kajeno. (Joh. 3:16, 36) Haeba motho a tšoarella lithutong tsa bohata tse kang Boraro-bo-bong le ho se shoe ha moea, a ke ke a rua molemo sehlabelong sa thekollo. Empa rōna re ka rua molemo. Re tseba ’nete ka “Mora oa [Molimo] ea ratoang, eo ka eena re nang le tokollo ea rōna ka thekollo, tšoarelo ea libe tsa rōna.”—Bakol. 1:13, 14.

TSOELANG PELE LE SEBELETSA JEHOVA!

17, 18. Re ka fumana boitsebiso bo ka re thusang mabapi le histori ea rōna hokae, ’me re ka rua molemo joang haeba re ithuta eona?

17 Lefa la rōna la moea le khethehileng le akarelletsa lintho tse ling tseo Molimo a re rutileng tsona, le litsela tse ling tseo a re thusitseng a bileng a re hlohonolofalitseng ka tsona. Ka lilemo tse mashome, Libuka Tsa Selemo li ’nile tsa e-ba le litlaleho tse thabisang tsa mosebetsi o etsoang linaheng tse ngata lefatšeng. Histori ea rōna e boetse e phetoa livideong tsa Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 1 le ea 2, le libukeng tse kang Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Hape, hangata limakasine tsa rōna li ba le litlaleho tse khothatsang tse buang ka lipale tsa bophelo tsa balumeli-’moho le rōna ba ratehang.

18 Re rua molemo ha re nahana ka histori ea mokhatlo oa Jehova joalokaha sechaba sa Iseraele se ile sa rua molemo ha se ne se nahana kamoo Molimo a ileng a se lokolla botlamuoeng Egepeta kateng. (Ex. 12:26, 27) Kaha Moshe e ne e le monna ea hōlileng ea neng a ka paka mesebetsi ea Molimo e hlollang, o ile a khothatsa Baiseraele a re: “Hopolang matsatsi a khale, nahanang ka lilemo tsa morao ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong; botsang ntat’a lōna, ’me a ka le bolella; le botse banna ba baholo ba lōna, ’me ba ka le phetela.” (Deut. 32:7) Kaha re ‘batho ba Jehova le mohlape oa lekhulo la hae,’ kaofela ha rōna re mo rorisa ka thabo re bile re bolella ba bang ka liketso tsa hae tse matla. (Pes. 79:13) Ho feta moo, e ka ba hantle hore re hlahlobe histori ea rōna, ho be le seo re ithutang sona ho eona ebe re itokisetsa bokamoso.

19. Kaha re filoe leseli la ’nete, re lokela ho etsa’ng?

19 Ruri re thabela hore ebe ha re phopholetse lefifing empa re fumana leseli la moea le tsoang ho Molimo. (Liprov. 4:18, 19) Kahoo, a re ithuteng Lentsoe la Molimo ka mafolofolo ’me re bolelle ba bang ’nete ka cheseho re be re rapele joaloka mopesaleme ea ileng a rorisa ’Musi Morena Jehova a re: “Ke tla bolela ho loka ha hao, ha hao u le mong. Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ho fihlela joale ke ntse ke bolela mesebetsi ea hao e hlollang. Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.”—Pes. 71:16-18.

20. Ha re tšepahala ho Jehova re bontša’ng? Maikutlo a hao ke afe ka tokelo ea Jehova ea ho busa le ka ho mo rapela?

20 Ha re tšepahala ho Jehova, re bontša hore rea lumela hore o na le tokelo ea ho re busa le hore o lokeloa ke hore re mo rapele. Ka sebele, re phatlalatsa ’nete e ke keng ea latoloa ea hore Jehova ke ’Musi oa Bokahohle ea lokeloang ke hore re inehele ho eena ka lipelo tsohle tsa rōna. (Tšen. 4:11) Kaha o re tšollela moea oa hae, re boetse re bolella batho ba bonolo litaba tse molemo, re tlamisa ba robehileng lipelo ebile re tšelisa ba siameng. (Esa. 61:1, 2) Ho sa tsotellehe boiteko ba Satane ba lefeela ba ho batla ho busa bahlanka ba Molimo le batho bohle, ruri re ananela lefa la rōna la moea ’me re ikemiselitse ho lula re tšepahala ho Molimo le ho rorisa ’Musi Morena Jehova hona joale le ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ea 26:11; 86:12.