Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re u Lome Tsebe?

Re u Lome Tsebe?

Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokisa setopo joang pele se patoa?

Bajuda ba ne ba pata bafu ba bona kapele, hangata letsatsing lona leo. Ho ne ho e-na le mabaka a mabeli a neng a etsa hore ba potlake. La pele, kaha hoa chesa Bochabela bo Hare, litopo li ne li bola kapele. La bobeli, batho ba mehleng eo ba ne ba nka hore ho tlohela setopo matsatsi-tsatsi se sa patoe ho bontša ho se hlomphe mofu le ba habo.

Likosepele le buka ea Liketso li bua ka mafu a mane ao ho ’ona litopo li ileng tsa patoa letsatsing lona leo. (Matheu 27:57-60; Liketso 5:5-10; 7:60–8:2) Lilemo tse makholo pele ho moo, ha Jakobo le ba lelapa la hae ba le leetong, Ragele mosali oa hae ea ratoang o ile a shoa. Ho e-na le hore Jakobo a khutlisetse setopo sebakeng sa lepato sa lelapa, o ile a pata Ragele lebitleng “tseleng e eang . . . Bethlehema.”—Genese 35:19, 20, 27-29.

Litlaleho tsa Bibele tse buang ka litokisetso tsa lepato li bontša hore Bajuda ba ne ba lokisa setopo ka hloko pele se patoa. Metsoalle le ba lelapa ba ne ba hlatsoa setopo, ba se silila ka linōko le oli e ntle ebe ba se tlama ka masela. (Johanne 19:39, 40; Liketso 9:36-41) Baahelani le batho ba bang ba ne ba e-tla e le hore ba tl’o lla le ba lelapa le ho ba tšelisa.—Mareka 5:38, 39.

Na Jesu o patiloe ka mokhoa o tloaelehileng oa Sejuda?

Malapa a mangata a Bajuda a ne a pata bafu ba ’ona ka mahaheng le mabitleng a betliloeng lejoeng le bonolo le neng le fumaneha haholo likarolong tse ngata tsa Iseraele. Ka ho etsa joalo, ba ne ba latela mohlala oa bapatriareka. Abrahama, Sara, Isaka, Jakobo le ba bang ba ne ba pata litopo tsa bona ka lehaheng la Makpela le pel’a Hebrone.—Genese 23:19; 25:8, 9; 49:29-31; 50:13.

Jesu o ile a patoa lebitleng le neng le fatiloe lefikeng. (Mareka 15:46) Hangata monyako o kenang lebitleng leo o ne o le mosesaane. Ho ne ho e-na le lintho tse kang lishelefo tse ’maloa ka har’a lona, tse betliloeng hantle letlapeng; ke moo litopo tsa litho tsa lelapa li neng li bolokoa teng. Mehleng ea Jesu, ho ne ho tloaelehile hore ka mor’a hore setopo se bole, masapo a ommeng a nkoe ebe a kenngoa ka lekeseng le entsoeng ka lejoe. Ba lelapa ba ne ba etsa sena e le hore ho be le sebaka bakeng sa ho beha litopo tse tlang.

Ka lebaka la hore Molao oa Moshe o ne o re Bajuda ba lokela ho phomola ka Sabatha, o ne o sa ba lumelle ho etsa litokisetso tsa lepato ka letsatsi leo. Kaha Jesu o ile a shoa lihora tse tharo pele letsatsi la Sabatha le qala, Josefa oa Arimathea le ba bang ba ile ba mo pata pele ba qeta ho mo lokisa. (Luka 23:50-56) Ka lebaka leo, metsoalle e meng ea Jesu e ile ea ea lebitleng la hae ka mor’a Sabatha e le hore e il’o qetella ho lokisa setopo.—Mareka 16:1; Luka 24:1