Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?

Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?

“Ke tla ba fa pelo ea ho ntseba, hore ke ’na Jehova; ’me e tla ba sechaba sa ka.”—JER. 24:7.

1, 2. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba thahasella lifeiga?

NA U rata ho ja lifeiga tse omisitsoeng kapa tse sa omisoang? Batho ba bangata baa li rata, kahoo, li lengoa haholo. Bajuda ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba nka litholoana tsa lifate tsa feiga e le tsa bohlokoa haholo. (Nah. 3:12; Luka 13:6-9) Lifeiga li na le litlheferetsi, lintho tse thusang ’mele ho itlhoekisa hammoho le matsoai; ke ka lebaka leo ba bang ba reng li thusa pelo.

2 Ka nako e ’ngoe Jehova o ile a tšoantša lipelo le lifeiga. Molimo o ne a sa bue ka melemo ea ho ja lifeiga. O ne a bua ka tsela ea tšoantšetso.Seo a ileng a se bua a sebelisa moprofeta Jeremia, se ama pelo ea hao le lipelo tsa batho bao u ba ratang. Ha re ntse re tšohla seo a ileng a se bua, nahana hore na sena se ka ama Bakreste joang.

3. Lifeiga tseo ho buuoang ka tsona ho Jeremia khaolo ea 24 li tšoantšetsa’ng?

3 A re ke re tšohleng seo Molimo a ileng a se bua mehleng ea Jeremia ka lifeiga. Ka 617 B.C.E., boemo ba moea ba sechaba sa Juda bo ne bo le bobe. Molimo o ile a bolela hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka moso ka ho etsa tšoantšetso ka mefuta e ’meli ea lifeiga—tse “ntle haholo” le tse “mpe haholo.” (Bala Jeremia 24:1-3.) Lifeiga tse mpe li ne li tšoantšetsa Morena Tsedekia hammoho le batho ba bang ba kang eena ba ileng ba tšoaroa hampe ke Morena Nebukadnezare le mabotho a hae. Empa ho ile ha etsahala’ng ka Ezekiele, Daniele hammoho le metsoalle ea hae e meraro e neng e se e le Babylona, hammoho le Bajuda ba bang bao haufinyane ba neng ba tla isoa teng? Ba ne ba tšoana le lifeiga tse ntle. Masala a bona a ne a tla khutla ’me a il’o tsosolosa Jerusalema le tempele ea eona. Ka mor’a nako e itseng, seo se ile sa qetella se phethahetse.—Jer. 24:8-10; 25:11, 12; 29:10.

4. Seo Molimo a se buileng ka lifeiga tse ntle se ka re khothatsa joang?

4 Ha Jehova a bua ka ba tšoantšetsoang ke lifeiga tse ntle o ile a re: “Ke tla ba fa pelo ea ho ntseba, hore ke ’na  Jehova; ’me e tla ba sechaba sa ka.” (Jer. 24:7) Ena ke temana ea sehlooho sehloohong sena, ’me ruri ea re khothatsa! Molimo o ikemiselitse ho fa batho ‘pelo ea ho mo tseba.’ Mona “pelo” e amahanngoa le seo motho a leng sona. Ho hlakile hore u batla ho ba le pelo e joalo le ho ba e mong oa bahlanka ba hae. Lintho tse tla u thusa hore u finyelle seo, li akarelletsa ho ithuta Lentsoe la hae le ho sebelisa seo u ithutang sona, ho baka le ho sokoloha, ho nehela bophelo ba hao ho Molimo le ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moea o halalelang. (Mat. 28:19, 20; Lik. 3:19) E ka ’na eaba u s’u nts’u nkile mehato eo kapa e ka ’na eaba u kopanela le Lipaki Tsa Jehova kamehla ’me u mothating oa ho e nka.

5. Ke lipelo tsa bo-mang tseo ka ho khetheha Jeremia a ileng a ngola ka tsona?

5 Le haeba re se re nkile mehato eo kaofela kapa re se re nkile e meng ea ea eona, ho ntse ho hlokahala hore re ele hloko boitšoaro ba rōna le boikutlo ba rōna. U tla bona hore na ke hobane’ng ha seo se hlokahala ho seo Jeremia a ileng a se ngola mabapi le pelo. Likhaolo tse ling bukeng ea Jeremia, li ne li bua ka lichaba tse neng li potolohile sechaba sa Bajuda, empa haholo-holo li ne li bua ka sechaba sa Bajuda nakong ea puso ea marena a eona a mahlano. (Jer. 1:15, 16) Ha e le hantle, Jeremia o ile a ngola haholo-holo ka banna, basali le bana ba neng ba inehetse ho Jehova. Baholo-holo ba bona ba ne ba ile ba ikhethela ho ba sechaba se nang le kamano eo le Jehova. (Ex. 19:3-8) Hape, mehleng ea Jeremia, sechaba se ile sa tiisa hore se inehetse ho Molimo. Se ile sa re: “Re tlile ho uena, etsoe Jehova, u Molimo oa rōna.” (Jer. 3:22) Leha ho le joalo, u nahana hore lipelo tsa sona li ne li le boemong bofe?

NA HO HLOKAHALA HORE HO ETSOE OPEREISHENE EA PELO EA TŠOANTŠETSO?

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella seo Molimo a se buileng mabapi le pelo?

6 Lingaka tsa mehleng ena li ka sebelisa theknoloji e tsoetseng pele ho bona hore na pelo e boemong bofe le hore na e sebetsa joang. Leha ho le joalo, Jehova a ka etsa se fetang seo, joalokaha a ile a etsa mehleng ea Jeremia. Molimo o tšoaneleha ka ho khethehileng ho etsa seo, joalokaha mantsoe ana a hae a bontša: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang? ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo, . . . ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae, ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.” (Jer. 17:9, 10) Ho “hlahloba pelo” ha ho bolele ho hlahloba pelo ea sebele eo ka lilemo tse 70 kapa tse 80 e ka ’nang ea otla ka makhetlo a libilione tse tharo. Ho e-na le hoo, Jehova o ne a bua ka pelo ea tšoantšetso. “Pelo” eo e bolela seo motho a leng sona ka hare, se akarelletsang litakatso tsa hae, menahano, tšekamelo ea hae, boikutlo hammoho le lipakane tsa hae. U na le pelo ea mofuta oo. Molimo a ka e hlahloba ’me ka tsela e itseng le uena u ka e hlahloba.

7. Jeremia o ile a hlalosa lipelo tsa Bajuda ba bangata ba mehleng ea hae joang?

7 E le hore re itokisetse ho itlhahloba, re ka ’na ra ipotsa, ‘Lipelo tsa tšoantšetso tsa Bajuda ba bangata ba mehleng ea Jeremia li ne li le boemong bofe?’ E le ho araba potso eo, nahana ka poleloana ena e sa tloaelehang eo Jeremia a ileng a e sebelisa ha a ne a re: “Ntlo eohle ea Iseraele ha ea bolla pelong.” O ne a sa bue ka lebollo le tloaelehileng la Bajuda ba batona kaha o ile a re: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla ahlola litaba tsa e mong le e mong ea bolotseng empa a sa ntse a le boemong ba ho se bolle.’” Kahoo, esita le banna ba Bajuda ba bolotseng ba ne ba sa “bolla pelong.” (Jer. 9:25, 26) See se ne se bolela’ng?

8, 9. Bajuda ba bangata ba ne ba lokela ho etsa’ng mabapi le lipelo tsa bona?

8 Re fumana leseli la hore na ho se ‘bolle pelong’ ho bolela’ng ho seo Molimo a ileng a khothalletsa Bajuda hore ba se etse ha a ne a re: “Le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna, lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa . . . ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.” Empa mesebetsi  ee ea bona e mebe e ne e simolohile hokae? E ne e simolohile ka hare, lipelong tsa bona. (Bala Mareka 7:20-23.) A sebelisa Jeremia, Molimo o ile a bolela hore na mesebetsi e mebe ea Bajuda e ne e simolohile hokae. Lipelo tsa bona li ne li le manganga li tletse borabele. Merero ea bona le menahano ea bona e ne e sa mo khahlise. (Bala Jeremia 5:23, 24; 7:24-26.) Molimo o ile a re ho bona: “Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna.”—Jer. 4:4; 18:11, 12.

9 Kahoo, Bajuda ba mehleng ea Jeremia ba ne ba hloka ho etsoa opereishene ea pelo ea tšoantšetso—ba ‘bolle lipelong’—feela joalokaha batho ba mehleng ea Moshe ba ile ba etsa. (Deut. 10:16; 30:6) Ho ‘bolotsa matlalo a lipelo tsa bona’ ho ne ho bolela hore ba lokela ho tlosa lintho tse neng li etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa mamela—e leng menahano ea bona, lintho tseo ba neng ba li rata kapa merero ea bona e neng e le khahlanong le ea Molimo.—Lik. 7:51.

‘PELO EA HO MO TSEBA’ KAJENO

10. Joalokaha re bona mohlaleng oa Davida, ke sefe seo re lokelang ho se etsa?

10 Ruri rea thaba hore ebe Molimo o re thusa hore re utloisise pelo ea tšoantšetso! Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Empa ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova kajeno li lokela ho khathatseha ka seo?’ Hase hore Bakreste ba bangata liphuthehong ba etsa bobe kapa hore ke “lifeiga tse mpe” joaloka Bajuda ba bangata ba mehleng ea boholo-holo. Ho e-na le hoo, bahlanka ba bangata ba Molimo kajeno ke batho ba itelang, ba hloekileng. Leha ho le joalo, nahana ka kōpo e tiileng eo Davida a ileng a e etsa ho Jehova, ha a ne a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na.”—Pes. 17:3; 139:23, 24.

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha e mong le e mong oa rōna a lokela ho hlahloba pelo ea hae? (b) Molimo a ke ke a etsa’ng?

11 Jehova o batla hore e mong le e mong oa rōna a be boemong boo A bo amohelang a be a lule a le ho bona. Mabapi le motho ea lokileng, Jeremia o ile a re: “Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng; u bona liphio le pelo.” (Jer. 20:12) Haeba ea Matla ’Ohle o hlahloba le lipelo tsa batho ba lokileng, na rōna ha rea lokela ho itlhahloba ka botšepehi? (Bala Pesaleme ea 11:5.) Ha re ntse re etsa joalo, re ka hlokomela boikutlo, sepheo kapa boikutlo bo tebileng boo re lokelang ho nka bohato ka bona. Re ka ’na ra hlokomela ntho e ka ’nang eaba e etsa hore lipelo tsa rōna li se ke tsa mamela, seo re ka reng ke ‘matlalo a lipelo tsa rōna,’ ao re hlokomelang hore a lokela ho tlosoa. Seo e tla be e le ho etsa opereishene ea pelo ea tšoantšetso. Haeba u lumela hore e ka ba hantle hore u hlahlobe pelo ea hao ea tšoantšetso, ke eng eo u ka e shebang? Hona u ka etsa liphetoho tse hlokahalang joang?—Jer. 4:4.

12 ’Nete ke hore Jehova a ke ke a re qobella ho fetoha. Ha a bua ka “lifeiga tse ntle,” o ile a re o ne a ‘tla li fa pelo ea ho mo tseba.’ Ha aa ka a re o tla li qobella ho fetoha. Ho ne ho hlokahala hore li batle ho ba le pelo e mamelang, e bontšang hore li tseba Molimo. Na le rōna ha re hloke se tšoanang?

Ho hlahloba pelo le ho e lokisa ha e e-na le litakatso tse fosahetseng ho ka etsa hore u hlohonolofatsoe

13, 14. Pelo ea Mokreste e ka ’na ea mo ntša kotsi ka tsela efe?

13 Jesu o ile a re: “Pelong ho tsoa menahano  e khopo, lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.” (Mat. 15:19) Ho hlakile hore haeba pelo ea mor’abo rōna e sa mameleng e mo susumelletsa hore a etse bofebe kapa bohlola ’me a sa bake, a ke ke a amoheloa ke Molimo ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, esita le motho ea sa etsang bobe bo joalo a ka ’na a itumella hore a be le litakatso tse fosahetseng pelong ea hae. (Bala Matheu 5:27, 28.) Motho ea joalo a ka ’na a thusoa ke hore a hlahlobe pelo ea hae. Ha u hlahloba pelo ea hao, na u ka ’na ua fumana hore u na le litakatso tse fosahetseng ka motho oa bong bo fapaneng, kapa hore ka lekunutu u na le litakatso tsa lintho tseo Molimo a sa li amoheleng tseo ho hlokahalang hore u li tlose?

14 Kapa mor’abo rōna ea sa ‘bolaeang’ a ka ’na a jara Mokreste-’moho le eena ka pelo hoo a ka qetellang a mo hloile. (Lev. 19:17) Na o tla etsa boiteko ba hore a loantše maikutlo ao a ka etsang hore pelo ea hae e se ke ea mamela?—Mat. 5:21, 22.

15, 16. (a) Fana ka mohlala o bontšang hore na Mokreste e ka ba ea sa ‘bollang pelong’ ka tsela efe. (b) U nahana hore ke hobane’ng ha Jehova a ke ke a khahloa ke ‘pelo e sa bollang’?

15 Rea thaba hore ebe Bakreste ba bangata ha ba na ‘bothata bo joalo ba pelo.’ Leha ho le joalo, Jesu o ile a boela a bua ka “menahano e khopo.” Ena ke menahano kapa maikutlo a ka senyang likarolo tse ngata tsa bophelo. Ka mohlala, motho a ka ’na a ba le maikutlo a fosahetseng mabapi le ho tšepahala ho beng ka eena. Ke ’nete hore Bakreste ba batla ho ba le “lerato la tlhaho” ho beng ka bona, ba se ke ba tšoana le batho ba bangata ba se nang lerato le joalo “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Tim. 3:1, 3) Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore motho a feteletse lintho mabapi le ho bontša lerato. Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore “mali aa llelana.” Kahoo, ba ka ’na ba sireletsa kapa ba nka lehlakore la beng ka bona ho sa tsotellehe hore na ho ameha’ng, haeba motho e mong a utloisitse mong ka bona bohloko, ba nke hore ho tšoana leha motho eo a utloisitse bona bohloko. Nahana hore na ho ba le maikutlo a matla joalo ho ile ha etsa hore barab’abo Dina ba etse’ng. (Gen. 34:13, 25-30) Hape, nahana hore na pelo ea Absalome e ne e ikutloa joang ha a tla qetella a bolaile Amnone, eo e neng e le mor’abo ka ntat’a bona. (2 Sam. 13:1-30) Na lintho tsee ha lia bakoa ke “menahano e khopo”?

16 Ke ’nete hore Bakreste ba ’nete ha ba bolaee batho ba bang. Leha ho le joalo, na motho a ka ’na a jara mora kapa morali oabo ka pelo hobane a tšoere mong ka eena hampe kapa hobane a nahana hore o mo tšoere hampe? A ka ’na a hana ha molumeli-’moho le eena eo a nahanang hore o tšoere mong ka eena hampe a mo mema kapa le eena a  ka ’na a se ke a mo mema le ka mohla. (Baheb. 13:1, 2) Ho jara motho ka pelo hakaalo kapa ho se bontše kamohelo ea baeti ka tsela eo, ho bontša ho hloka lerato ’me ha hoa lokela ho nkoa habobebe. Ka sebele ea Hlahlobang lipelo a ka ’na a nka hore ke ho se ‘bolle pelong.’ (Jer. 9:25, 26) Hopola batho bao Jehova a ileng a ba eletsa a re: “Le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna.”—Jer. 4:4.

HO BA LE ‘PELO EA HO TSEBA’ MOLIMO

17. Ho tšaba Jehova ho ka re thusa hore re be le pelo e mamelang ka tsela efe?

17 U tla etsa’ng ha u hlahloba pelo ea hao ea tšoantšetso ’me u fumana hore ha e mamele keletso ea Jehova ka tsela eo e neng e lokela ho e mamela ka eona, le hore ka tsela e itseng ha ea “bolla”? Mohlomong u hlokometse hore u tšaba batho, u labalabela ho hlahella kapa ho phela hamonate, kapa mohlomong u sekametse hore u be motho ea manganga kapa ea itaolang. U tla be u se motho oa pele oa ho ba boemong boo. (Jer. 7:24; 11:8) Jeremia o ile a ngola hore Bajuda ba sa tšepahaleng ba mehleng ea hae ba ne ba e-na le “pelo e manganga le e tletseng borabele.” O ile a phaella ka ho re: “Ha sea ka sa re ka pelong ea sona: ‘Joale, a re tšabeng Jehova Molimo oa rōna, Ea fanang ka pula ea litloebelele le pula ea lehoetla.’” (Jer. 5:23, 24) Na seo ha se bontše hore ntho e ka re thusang hore re tlose ‘matlalo a lipelo tsa rōna’ ke ho loanela ho tšaba Jehova le ho mo ananela haholo? Ho tšaba Molimo ka tsela eo ho ka thusa e mong le e mong oa rōna hore a be le pelo e mamelang le e ikemiselitseng ho etsa seo Molimo a hlokang hore re se etse.

18. Jehova o tšepisitse batho ba selekaneng se secha eng?

18 Ha re ntse re etsa boiteko boo, Jehova a ka re fa ‘pelo ea ho mo tseba.’ Ha e le hantle, ke sona seo a ileng a tšepisa hore o tla se etsetsa batlotsuoa selekaneng se secha, ha a ne a re: “Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona. Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.” Ho thoe’ng ka taba ea ho mo tseba e le kannete? O ile a phaella ka ho re: “Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motsoalle oa hae le e mong le e mong mor’abo, ba re, ‘Tsebang Jehova!’ etsoe ba tla ntseba kaofela, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo ho bona . . . Etsoe ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.”—Jer. 31:31-34. *

19. Bakreste ba ’nete ba na le tšepo efe e hlollang?

19 Ebang u labalabela ho rua molemo selekaneng seo se secha u le leholimong kapa lefatšeng, u lokela ho tseba Jehova le hore u be karolo ea bahlanka ba hae. E le hore u fumane melemo eo, u lokela hore u tšoareloe libe ka sehlabelo sa Kreste. Taba ea hore u ka tšoareloa libe, e lokela ho u susumelletsa hore le uena u tšoarele batho ba bang esita le batho bao re thatafalloang ho ba tšoarela. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re felise lehloeo kapa khalefo eo re nang le eona khahlanong le ba bang. Kahoo, u tla be u sa bontše feela hore u batla ho sebeletsa Jehova empa u tla be u bontša hore u mo tseba hantle. U tla be u tšoana le batho bao Jehova a ileng a bua le bona a sebelisa Jeremia, a re: “Le tla mpatla ’me le mphumane, etsoe le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lōna. Ke tla etsa hore le mphumane.”—Jer. 29:13, 14.

^ ser. 18 Selekane se secha se tšohloa khaolong ea 14 ea buka ea Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia.