Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke Sebaka sa Rōna sa Bolulo

Jehova ke Sebaka sa Rōna sa Bolulo

“Jehova, u bile sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong.”—PES. 90:1.

1, 2. Bahlanka ba Molimo ba ’nile ba ikutloa joang ka tsamaiso ee ea lintho, hona ba na le lehae ka tsela efe?

 NA U ikutloa u phutholohile lefatšeng lee? Haeba ha ho joalo, ha u mong! Ho theosa le lilemo, batho bohle ba ’nileng ba rata Jehova e le kannete ba ’nile ba ikutloa eka ke basele kapa bajaki tsamaisong ena ea lintho. Ka mohlala, ha barapeli ba tšepahalang ba Molimo ba ne ba tloha liahelong tse ling ba ea ho tse ling naheng ea Kanana, ba ile “ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.”—Baheb. 11:13.

2 Ka ho tšoanang, balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng, bao ‘boahi ba bona bo leng maholimong,’ ba inka e le “bajaki le baahi ba nakoana” tsamaisong ena ea lintho. (Bafil. 3:20; 1 Pet. 2:11) “Linku tse ling” tsa Kreste le tsona “hase karolo ea lefatše, feela joalokaha [Jesu e ne e] se karolo ea lefatše.” (Joh. 10:16; 17:16) Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba na le “lehae.” Ha e le hantle, re na le lehae le sireletsehileng le le mofuthu ho feta leha e le lefe, ’me le ka bonoa ka mahlo a tumelo. Moshe o ile a ngola, a re: “Jehova, u bile sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong.” * (Pes. 90:1) Jehova e bile ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ joang ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ba boholo-holo? Ke ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ joang ho batho ba bitsoang ka lebitso la hae kajeno? Hona e tla ba eena feela sebaka sa bolulo se sireletsehileng joang nakong e tlang?

JEHOVA E BILE ‘SEBAKA SA BOLULO SA SEBELE’ HO BAHLANKA BA HAE BA BOHOLO-HOLO

3. Pesalemeng ea 90:1 ho buuoa ka mang, o tšoantšoa le eng hona o tšoana le eona ka tsela efe?

3 Ka linako tse ling Bibele e tšoantša Jehova le lintho tseo re li bonang e le hore re ka utloisisa botho ba hae hantle. Ka mohlala, Pesaleme ea 90:1 e tšoantša Jehova  le ‘sebaka sa bolulo’ kapa lehae. Ha re nahana ka lehae, re nahana ka sebaka seo ho nang le lerato, khotso le tšireletseho ho sona. Ke hobane’ng ha Jehova a tšoantšoa le lehae? Bibele e re Jehova ke lerato. (1 Joh. 4:8) Hape ke Molimo oa khotso, ea etsang hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ‘ba lule ba sireletsehile.’ (Pes. 4:8) Ka mohlala, nahana ka tsela eo a ileng a sebelisana ka eona le bapatriareka ba tšepahalang, ho qala ka Abrahama.

4, 5. Molimo e bile ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ joang ho Abrahama?

4 Re ka inahanela hore na Abrahama, eo ka nako eo e neng e le Abrame, o ile a ikutloa joang ha Jehova a ne a re ho eena: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena . . . u ee naheng eo ke tla u bontša eona.” Haeba Abrahama o ile a ikutloa a tšoenyehile, ha ho pelaelo hore mantsoe a latelang a Jehova a ile a mo kokobetsa letsoalo: “Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke hōlise lebitso la hao . . . Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang.”—Gen. 12:1-3.

5 Ka mantsoe ao, Jehova o ile a itlama hore e tla ba sebaka sa bolulo se sireletsehileng ho Abrahama le litloholo tsa hae. (Gen. 26:1-6) Jehova o ile a phethahatsa tšepiso eo. Ka mohlala, o ile a thibela Faro oa Egepeta le Morena Abimeleke oa Gerare hore ba se ke ba silafatsa Sara ’me ba bolaea Abrahama. O ile a sireletsa Isaka le Rebeka ka tsela e tšoanang. (Gen. 12:14-20; 20:1-14; 26:6-11) Bibele e re: “[Jehova] ha aa ka a lumella motho leha e le ofe hore a ba etsetse bolotsana, empa a khalemela marena ka lebaka la bona, a re: ‘Le se ke la ama batlotsuoa ba ka, le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.’”—Pes. 105:14, 15.

“Nke ke ka u tlohela”

6. Isaka o ile a re Jakobo a etse’ng, hona e ka ’na eaba Jakobo o ile a ikutloa joang ka seo?

6 Baprofeta bao ba ne ba akarelletsa setloholo sa Abrahama, e leng Jakobo. Ha nako ea hore Jakobo a nyale e fihla, ntate oa hae Isaka o ile a re ho eena: “U se ke ua nka mosali ho barali ba Kanana. Tloha, u ee Padane-arame ntlong ea Bethuele ntat’a ’m’ao ’me moo u inkele mosali ho barali ba malom’ao Labane.” (Gen. 28:1, 2) Jakobo o ile a mamela Isaka. A tloha lapeng labo Kanana moo a neng a sireletsehile, ’me ho bonahala eka o ile a tsamaea a le mong sebaka sa lik’hilomithara tse makholo ho ea Harane. (Gen. 28:10) Mohlomong o ile a ipotsa: ‘Ebe ke tla qeta nako e kae moo? Na Malome o tla nkamohela ka mofuthu ’me a mphe mosali ea tšabang Molimo?’ Haeba Jakobo o ne a tšoenyehile ka lintho tse joalo, ha ho pelaelo hore ho ile ha re kokololo ha a fihla Luze e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100 ho tloha Beerseba. Ho ile ha etsahala’ng Luze?

7. Molimo o ile a tiisetsa Jakobo eng torong?

 7 Ha Jakobo a le Luze, Jehova o ile a itlhahisa ho eena torong, a re: “Bona! ke na le uena ’me ke tla u boloka tseleng eohle eo u tsamaeang ka eona ’me ke tla u khutlisetsa naheng ena, hobane nke ke ka u tlohela ho fihlela ke phethile seo ke se buileng ho uena.” (Gen. 28:15) Ruri e tlameha ebe mantsoe ao a mosa a ile a khothatsa Jakobo le ho mo tšelisa! U ka inahanela hore na o ile a tloha moo a potlakile hakae, a labalabela ho bona kamoo Molimo a tlang ho phethahatsa tšepiso ea Hae kateng! Haeba u tlohile haeno, mohlomong ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe, e ka ’na eaba ua utloisisa hore na Jakobo o ne a ikutloa joang. Empa ha ho pelaelo hore u bone bopaki ba kamoo Jehova a u hlokomelang kateng.

8, 9. Jehova e ile ea e-ba ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ ho Jakobo joang, hona re ka ithuta eng ho see?

8 Ha Jakobo a fihla Harane, malome oa hae Labane o ile a mo amohela ka mofuthu, ’me hamorao a mo fa Lea le Ragele hore e be basali ba hae. Empa ha nako e ntse e ea, Labane o ile a leka ho hanyapetsa Jakobo, a fetola moputso oa hae ka makhetlo a leshome! (Gen. 31:41, 42) Leha ho le joalo, Jakobo o ile a mamella ho hloka toka hona, a kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho mo hlokomela—’me O ile a fela a mo hlokomela! Ha e le hantle, ha Molimo a bolella Jakobo hore a khutlele Kanana, mopatriareka eo o ne a e-na le “mehlape e mengata le makhabunyane le bahlanka le likamele.” (Gen. 30:43) Jakobo o ile a rapela ka pelo e tletseng kananelo, a re: “Ha ke tšoaneloe ke mosa oohle o lerato le botšepehi bohle boo u bo bontšitseng mohlanka oa hao, etsoe ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli.”—Gen. 32:10.

9 Ka sebele, Moshe o ne a bua ’nete ha a ne a rapela a re: “Jehova, u bile sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong”! (Pes. 90:1) Le kajeno mantsoe ana a phethahala kaha Jehova, eo ho eena ho se nang “phetoho ea ho reteleha ha moriti,” o ntse a tsoela pele ho ba sebaka se sireletsehileng sa bolulo ho bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Jak. 1:17) A re boneng hore na joang.

KAJENO JEHOVA KE “SEBAKA SA RŌNA SA BOLULO SA SEBELE”

10. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Jehova o tsoela pele ho ba sebaka se sireletsehileng sa bolulo ho bahlanka ba hae?

10 Ak’u inahanele u se u paka ka khotla khahlanong le mokhatlo o moholo oa bonokoane. Moeta-pele oa oona ke motho ea bohlale, ea matla, ke raleshano le ’molai ea sehlōhō. U ne u tla ikutloa joang ha u tsoa ka khotla ha u qeta ho paka? Na u ne u tla ikutloa u sireletsehile? Le hanyenyane! Ha e le hantle, u ne u tla ba le lebaka le utloahalang la ho kōpa hore u sireletsoe. Boemo bona bo tšoana le boo bahlanka ba Jehova ba leng ho bona, bao ka sebete ba pakelang Jehova le ho pepesa sera sa hae se seholo le se mabifi, e leng Satane! (Bala Tšenolo 12:17.) Empa na Satane o atlehile ho khutsisa batho ba Molimo? Che! Ha e le hantle, re tsoela pele ho matlafala moeeng—’me bonneteng lebaka la seo ke hore: Jehova e ntse e le setšabelo sa rōna, “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele,” haholo-holo matsatsing ana a ho qetela. (Bala Esaia 54:14, 17.) Leha ho le joalo, Jehova e ke ke ea e-ba sebaka sa rōna se sireletsehileng sa bolulo haeba re lumella Satane hore a re tlose ho sona.

Mangeloi a Molimo a tšehetsa bahlanka ba hae ebile aa ba sireletsa

11. Re ka ithuta’ng ho bapatriareka?

11 A re boneng hore na re ka boela ra ithuta’ng ho bapatriareka. Le hoja ba ne ba lula naheng ea Kanana, ba ne ba ikarotse bathong ba naha eo, ’me ba hloile litsela tsa bona tse khopo le tsa boitšoaro bo bobe. (Gen. 27:46) Ba ne ba tataisoa ke melao-motheo ba sa itšetleha ka letoto  la lintho tseo ba lokelang ho li etsa le tseo ba sa lokelang ho li etsa. Seo ba neng ba se tseba ka Jehova le botho ba hae se ne se lekane. Kaha e ne e le sebaka sa bona sa bolulo, ba ne ba qoba kahohle ho ikatametsa lefatšeng. Ho e-na le hoo, ba ile ba emella hōle le lona kahohle kamoo ba ka khonang. Ba re behetse mohlala o motle hakaakang! Na u ikitlaelletsa ho etsisa bapatriareka bao ba tšepahalang ha u khetha metsoalle le boithabiso? Ka masoabi, ho bonahala ba bang ka phuthehong ea Bokreste ba batla ba phutholohile lefatšeng lena la Satane. Haeba u ikutloa ka tsela eo esita le hanyenyane feela, rapella taba eo. Hopola hore lefatše lena ke la Satane. Le bonahatsa moea oa hae o khopo le oa boithati.—2 Bakor. 4:4; Baef. 2:1, 2.

12. (a) Jehova o hlokomela ba ntlo ea hae ea moea joang? (b) U ikutloa joang ka litokisetso tsee?

12 E le hore re hanyetse maqiti a Satane, re lokela ho sebelisa ka botlalo litokisetso tsa moea tseo Jehova a li etselitseng ba ntlo ea hae ea tumelo, ba mo entseng sebaka sa bolulo. Litokisetso tsena li akarelletsa liboka tsa Bokreste, borapeli ba lelapa le “limpho tseo e leng banna”—balisa ba khethiloeng ke Molimo hore ba re tšelise le ho re tšehetsa ha re tobana le mathata. (Baef. 4:8-12) Mor’abo Rōna George Gangas eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ka nako e telele o ile a re: “Ha ke le har’a [batho ba Molimo] ke ikutloa ke le hae lapeng, ke le paradeiseng ea moea.” Na ke kamoo u ikutloang kateng?

13. Re ka ithuta thuto efe ea bohlokoa ho Baheberu 11:13?

13 Tšobotsi e ’ngoe ea bapatriareka eo re lokelang ho e etsisa ke ho ikemisetsa ha bona ho ba mekhelo bathong ba ba potolohileng. Joalokaha ho boletsoe  serapeng sa pele, ba ile “ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.” (Baheb. 11:13) Na u ikemiselitse ho ba mokhelo? Ke ’nete hore ka linako tse ling ha ho bonolo ho etsa seo. Empa ka thuso ea Molimo le ka tšehetso ea Bakreste-’moho le uena, u ka atleha. Hopola hore ha u mong. Bohle ba batlang ho sebeletsa Jehova ba ntoeng! (Baef. 6:12) Leha ho le joalo, re ka hlōla ntoeng ena haeba re tšepa Jehova ’me re mo etsa sebaka sa rōna se sireletsehileng sa bolulo.

14. Bahlanka ba Jehova ba ’nile ba letela “motse” ofe?

14 Taba e ’ngoe ea bohlokoa ke hore re etsise Abrahama ka ho lula re talimile moputsong. (2 Bakor. 4:18) Moapostola Pauluse o ile a re Abrahama “o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheb. 11:10) “Motse” oo ke ’Muso oa Bomesia. Ke ’nete hore Abrahama o ne a lokela ho letela “motse” oo. Empa  rōna ha ho hlokahale hore re o letele. O se o ntse o busa leholimong. Ho feta moo, bopaki bo ntseng bo eketseha bo bontša hore haufinyane o tla busa lefatše lohle. Na ’Muso oo ke oa sebele ho uena? Na seo se laola tsela eo u talimang bophelo ka eona, eo u talimang lefatše la kajeno ka eona le lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa?—Bala 2 Petrose 3:11, 12.

“SEBAKA SA RŌNA SA BOLULO SA SEBELE” HA BOFELO BO NTSE BO ATAMELA

15. Ba tšepang lefatše lee ba letetsoe ke bokamoso bofe?

15 Ha bofelo ba lefatše la Satane bo ntse bo atamela, “bohloko ba mahlomola” bo tla tota. (Mat. 24:7, 8) Ha ho pelaelo hore lintho li tla mpefala le ho feta nakong ea matšoenyeho a maholo. Tsamaiso ea litšebeletso e tla putlama ’me batho ba tla ba matsoalong. (Hab. 3:16, 17) Ka lebaka la ho tsieleha ba tla ipata “mahaheng le mafikeng a lithaba,” a tšoantšetso. (Tšen. 6:15-17) Empa ha ho mahaha kapa mekhatlo ea lipolotiki le ea khoebo e kang lithaba e tla ba sireletsa.

16. Re lokela ho talima phutheho ea Bokreste joang, hona hobane’ng?

16 Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba tla tsoela pele ho thabela tšireletseho ea ‘sebaka sa bona sa bolulo sa sebele,’ e leng Jehova Molimo. Joaloka moprofeta Habakuke, ba “tla ithabela ho Jehova.” Ba “tla inyakallela ho Molimo oa poloko ea [bona].” (Hab. 3:18) Jehova e tla ba ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ joang nakong eo ea pherekano? Re se re tla bona ka nako eo. Empa re ka kholiseha ka sena: Joaloka nakong eo Baiseraele ba neng ba falla Egepeta, “bongata bo boholo” bo tla lula bo hlophisehile, bo le malala-a-laotsoe hore bo latele tataiso ea Molimo. (Tšen. 7:9; bala Exoda 13:18.) Tataiso eo e tla fanoa ka tsela ea puso ea Molimo, mohlomong ho sebelisoa liphutheho. Ho bonahala eka liphutheho tse likete-kete ho pota lefatše li amahanngoa le ‘likamore tse ka hare’ tse boletsoeng esale pele ho Esaia 26:20. (E bale.) Na u nka liboka tsa phutheho e le tsa bohlokoa? Na u potlakela ho latela tataiso eo Jehova a fanang ka eona liphuthehong?—Baheb. 13:17.

17. Jehova ke ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ joang esita le ho bahlanka ba hae ba shoeleng ba tšepahala?

17 Esita le ba ka ’nang ba shoa ba tšepahala pele matšoenyeho a maholo a qala ba lula ba sireletsehile ho Jehova, e leng ‘sebaka sa bona sa bolulo sa sebele.’ Joang? Nako e telele ka mor’a hore bapatriareka ba tšepahalang ba shoe, Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke ’na Molimo oa . . . Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.” (Ex. 3:6) Ka mor’a ho qotsa mantsoe ana, Jesu o ile a phaella ka ho re: “Ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:38) Ha e le hantle, Jehova o nka bahlanka ba hae ba shoeleng ba tšepahala ho eena ba ntse ba phela; kaha ka sebele ba tla tsosoa bafung.—Moek. 7:1.

18. Lefatšeng le lecha, Jehova e tla ba ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ ho batho ba hae ka tsela efe e ikhethang?

18 Lefatšeng le lecha le ntseng le atamela, Jehova e tla ba ‘sebaka sa bolulo sa sebele’ ho batho ba hae ka kutloisiso e ’ngoe. Tšenolo 21:3 e re: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona.” Qalong, Jehova o tla lula le bafo ba hae ba lefatšeng a sebelisa Kreste Jesu e le moemeli oa hae. Qetellong ea lilemo tse sekete, Jesu o tla khutlisetsa ’Muso ho Ntate oa hae, ha a se a finyeletse sohle seo Molimo a se rerileng ka lefatše. (1 Bakor. 15:28) Ka mor’a moo, batho ba phethahetseng ba ke ke ba hlola ba hloka hore Jesu e be ’muelli oa bona; Jehova o tla ba le bona. Ruri re tla ba le bokamoso bo babatsehang! Hajoale, a re lekeng ka matla ho etsisa batho ba tšepahalang ba boholo-holo ka hore re etse Jehova “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele.”

^ ser. 2 Ho Contemporary English Version Pesaleme ea 90:1 e re: “Morena, u ’nile ua ba lehae la rōna melokong eohle.”