Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo

Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo

“Ke tla tlotlisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—PES. 86:12.

1, 2. Ho fapana le likereke tsa Bokreste-’mōtoana, Lipaki Tsa Jehova li talima lebitso la Molimo joang?

LIKEREKE tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana ha li sebelise lebitso la Molimo. Ka mohlala, selelekela sa Revised Standard Version se re: “Lebitso la Molimo a le mong feela . . . ho hang ha lea lokela ho sebelisoa Likerekeng tsohle tsa Bokreste.”

2 Ka lehlakoreng le leng, Lipaki Tsa Jehova li motlotlo ho bitsoa ka lebitso la Molimo le ho le tlotlisa. (Bala Pesaleme ea 86:12; Esaia 43:10.) Ho feta moo, re ho nka e le tlotla ho utloisisa seo lebitso leo le se bolelang hammoho le tseko ea bokahohleng e amanang le ho halaletsoa ha lona. (Mat. 6:9) Empa ena ke tlotla eo re sa lokelang ho e nka habobebe. Kahoo, a re hlahlobeng lipotso tse tharo tsa bohlokoa: Ho tseba lebitso la Molimo ho bolela’ng? Jehova o ile a phelela lebitso la hae le leholo joang, e leng se ileng sa etsa hore le khanye le ho feta? Hona re ka tsamaea ka lebitso la Jehova joang?

HO TSEBA LEBITSO LA MOLIMO HO BOLELA’NG?

3. Ho tseba lebitso la Molimo ho bolela’ng?

3 Ho tseba lebitso la Molimo hase feela ho tseba lentsoe “Jehova.” Ho akarelletsa ho tseba botumo ba Jehova, hammoho le litšobotsi tsa hae, morero oa hae le liketso tsa hae tse senotsoeng ka Bibeleng, tse kang tsela eo a ileng a sebelisana le bahlanka ba hae ka eona. Ke ’nete hore Jehova o fana ka leseli lena mohato ka mohato, ha morero oa hae o ntse o phethahala. (Liprov. 4:18) Jehova o ile a senolela banyalani ba pele lebitso la hae; ’me Eva o ile a le sebelisa ka mor’a ho beleha Kaine. (Gen. 4:1) Bapatriareka ba tšepahalang, e leng Noe, Abrahama, Isaka le Jakobo ba ne ba tseba lebitso la Molimo. Ho feta moo, ba ile ba le ananela le ho feta ha Jehova a ne a ba hlohonolofatsa, a ba hlokomela ’me a ba senolela lintlha tse itseng ka seo a neng a ba reretse sona. Moshe o ile a fuoa kutloisiso e ikhethang ka lebitso la Molimo.

Moshe o ne a tseba se boleloang ke lebitso la Molimo ’me seo se ile sa matlafatsa tumelo ea hae

4. Ke hobane’ng ha Moshe a ile a botsa Molimo lebitso la hae, hona ke hobane’ng ha ho utloahala hore ebe Moshe o ne a amehile ka seo?

 4 Bala Exoda 3:10-15. Ha Moshe a ne a le lilemo li 80, Molimo o ile a mo fa taelo e boima, a re: “U ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.” Moshe o ile a botsa Jehova potso ea bohlokoahali. A re: ‘Lebitso la hao u mang?’ Kaha e ne e le khale lebitso la Molimo le tsejoa, Moshe o ne a batla ho tseba eng? Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a batla ho fumana tsebo e batsi ka motho ea emeloang ke lebitso leo—e leng lintlha tse neng li tla kholisa sechaba sa Molimo hore O tla fela a ba lopolle. Moshe o ne a e-na le mabaka a utloahalang a hore a amehe, kaha Baiseraele e ne e bile makhoba ka nako e telele. Mohlomong ba ne ba ntse ba ipotsa hore na Molimo oa baholo-holo ba bona a ka khona ho ba lopolla. Ba bang ba ne ba se ba bile ba rapela melimo ea Egepeta!—Ezek. 20:7, 8.

5. Jehova o ile a khantša leseli le eketsehileng joang ka se boleloang ke lebitso la hae ha a araba Moshe?

5 Jehova o ile a re’ng ha a araba potso ea Moshe? O ile a re: “Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘KE TLA BA o nthomile ho lōna.’” * Eaba o phaella ka hore: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna . . . o nthomile ho lōna.” Molimo o ile a bontša hore o tla ba seo a khethang ho ba sona e le hore a phethahatse morero oa hae le hore o tla lula a phetha litšepiso tsa hae. Kahoo, temaneng ea 15 re bala mantsoe a Jehova, a reng: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” E tlameha ebe mantsoe ao a ile a matlafatsa tumelo ea Moshe hakaakang le ho etsa hore a be le tšabo e nang le tlhompho!

JEHOVA O ILE A PHELELA LEBITSO LA HAE

6, 7. Jehova o ile a phelela lebitso la hae le leholo ka botlalo joang?

6 Nakoana ka mor’a hore Jehova a laele Moshe, O ile a phelela lebitso la hae ka hore ‘e be’ Molopolli oa Iseraele. O ile a otla Egepeta ka likotlo tse leshome, ka nako e tšoanang a pepesa hore melimo ea Egepeta—ho akarelletsa le Faro—ha e na thuso. (Ex. 12:12) Jehova a ntan’o arola Leoatle le Lefubelu, a tšelisa Baiseraele ho lona ’me a koahela Faro le lebotho la hae la sesole ka metsi. (Pes. 136:13-15) Ha sechaba sa Molimo se ne se le ‘lefeelleng le leholo le tšosang,’ Jehova e ile ea e-ba ’Moloki oa bophelo ha a ne a se fa metsi le lijo; mohlomong e ne e ka ba batho ba limilione tse peli ho isa ho tse tharo kapa ho feta! O ile a etsa hore liaparo tsa bona le meqathatso li se ke tsa taboha. (Deut. 1:19; 29:5) Ka sebele ha ho letho  le ka sitisang Jehova ho ba seo lebitso la hae leo ho seng le ka bapisoang le lona le se bolelang. Hamorao o ile a re ho Esaia: “’Na—ke ’na Jehova, ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na.”—Esa. 43:11.

7 Mohlahlami oa Moshe, e leng Joshua, le eena o ile a bona liketso tsa Jehova tse tšosang Egepeta le lefeelleng. Kahoo, ho ella qetellong ea bophelo ba hae, Joshua o ne a ka bua le Baiseraele ba habo ka kholiseho a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” (Josh. 23:14) Ka sebele, Jehova o ile a phethahatsa lentsoe la hae ka botlalo, a phelela se boleloang ke lebitso la hae.

8. Jehova o phelela lebitso la hae joang mehleng ea rōna?

8 Le kajeno, Jehova o phelela se boleloang ke lebitso la hae. A sebelisa Mora oa hae, o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, molaetsa oa ’Muso o tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Na ho na le motho e mong ntle ho Molimo ea Matla ’Ohle ea neng a ka bolela esale pele hore mosebetsi o kang oo o tla etsoa, a be a tiise hore oa etsoa ’me a sebelise batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng” ho o phetha? (Lik. 4:13) Kahoo, ha re kopanela mosebetsing ona, ha e le hantle re kopanela ho phethahatseng boprofeta ba Bibele. Re hlompha Ntate oa rōna ebile re bontša hore re tiile ha re rapela re re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Mat. 6:9, 10.

LEBITSO LA HAE LE LEHOLO

Faro o ile a hana ho amohela hore Jehova ke Molimo

9, 10. Jehova o ile a tsoela pele ho hlakisa se boleloang ke lebitso la hae joang ha a ne a sebelisana le Baiseraele, hona litholoana tsa seo e ile ea e-ba life?

9 Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova o ile a senolela sechaba sa hae lintho tse ling ka eena. Tlas’a selekane sa Molao, o ile a fetoha ‘monghali oa bona eo e leng monna,’ a ithaopela ho jara boikarabelo bohle bo amehang. (Jer. 3:14) Kahoo, Baiseraele ba ile ba fetoha mosali oa hae oa tšoantšetso, batho ba bitsoang ka lebitso la hae. (Esa. 54:5, 6) Ha ba ne ba ikokobelletsa eena ka boithaopo ’me ba boloka litaelo tsa hae, e ne e tla ba ‘Monna’ oa bona ea phethahetseng. O ne a tla ba hlohonolofatsa, a ba sireletse ’me a etse hore ba phele ka khotso. (Num. 6:22-27) Ka tsela eo, lebitso la Jehova le leholo le ne le tla tlotlisoa har’a lichaba. (Bala Deuteronoma 4:5-8; Pesaleme ea 86:7-10.) Ha e le hantle, ho theosa le histori ea Iseraele, batho ba bangata ba lichaba tse ling ba ’nile ba amohela borapeli ba ’nete. Ba ile ba bua mantsoe a kang a Ruthe oa Moabe ho Naomi, ha a  ne a re: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.”—Ruthe 1:16.

10 Tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Baiseraele ka eona ka lilemo tse ka bang 1 500, e ile ea ba senolela lintho tse ngata ka botho ba hae. Le hoja sechaba seo se ne se sa laolehe, ka makhetlo-khetlo Jehova o ile a bontša hore ke “Molimo ea mohau” le “ea liehang ho halefa.” E ne e le Molimo ea nang le mamello le tiisetso ka tsela e ikhethang. (Ex. 34:5-7) Leha ho le joalo, mamello ea Jehova e na le moeli, ’me Bajuda ba ile ba tlōla moeli oo ha ba ne ba hana ho amohela Mora oa hae ba bile ba mo bolaea. (Mat. 23:37, 38) Iseraele ea nama e ile ea khaotsa ho ba batho ba bitsoang ka lebitso la Molimo. Ka kakaretso, ba ile ba shoa moeeng ba ba joaloka sefate se omeletseng. (Luka 23:31) See se ile sa ama tsela eo ba talimang lebitso la Molimo ka eona joang?

11. Ho tlile joang hore Bajuda ba khaotse ho sebelisa lebitso la Molimo?

11 Histori e bontša hore ha nako e ntse e ea, Bajuda ba ile ba qapa litumela-khoela ka lebitso la Molimo, ba nka hore ha baa lokela ho le bitsa. (Ex. 20:7) Butle-butle bolumeli ba Sejuda bo ile ba tlohela ho sebelisa lebitso la Molimo. Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a utloa bohloko ha a bona lebitso la hae le tšoaroa ka tsela eo e se nang tlhompho. (Pes. 78:40, 41) Empa ho hlakile hore Molimo “eo lebitso la hae e leng Poulelo,” o ne a ke ke a bitsa batho ba mo lahlileng ka lebitso la hae ka ho sa feleng etsoe le eena o ne a ba lahlile. (Ex. 34:14) Ntlha ena e re thusa ho bona hore ke habohlokoa ho tšoara lebitso la ’Mōpi oa rōna ka tlhompho e khōlō.

SECHABA SE SECHA SE BITSOANG KA LEBITSO LA MOLIMO

12. Jehova o ile a hlahisa batho bao ho neng ho boletsoe esale pele hore ba tla bitsoa ka eena joang?

12 Jehova o ile a sebelisa Jeremia ho bolela morero oa hae oa ho hlaba “selekane se secha” le sechaba se secha, e leng Iseraele ea moea. Jeremia o ile a bolela esale pele hore litho tsohle tsa eona, “ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo,” li ne li tla ‘tseba Jehova.’ (Jer. 31:31, 33, 34) Boprofeta boo bo qalile ho phethahala ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Molimo a ne a hlaba selekane se secha. Sechaba seo se secha, e leng “Iseraele ea Molimo,” se akarelletsang Bajuda le bao e seng Bajuda, se ile sa fetoha “batho bakeng sa lebitso la [Molimo],” kapa bao Jehova a ileng a re ke “batho ba bitsoang ka lebitso la ka.”—Bagal. 6:16; bala Liketso 15:14-17; Mat. 21:43.

13. (a) Na Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo? Hlalosa. (b) U ikutloa joang ka tlotla ea ho sebelisa lebitso la Jehova ha u le tšimong?

13 Kaha litho tsa sechaba sena sa moea ke “batho ba bitsoang ka lebitso la [Molimo],” li ile tsa sebelisa lebitso la Molimo, ’me ho hlakile hore li ile tsa le sebelisa ha li ne li qotsa Mangolo a Seheberu. * Kahoo, ha moapostola Petrose a ne a bua le Bajuda le basokolohi ba tsoang lichabeng tse ngata nakong ea Pentekonta ea 33 C.E., o ile a sebelisa lebitso la Molimo ka makhetlo. (Lik. 2:14, 20, 21, 25, 34) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hlompha Jehova, ’me le eena o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona mosebetsing oa boboleli. Le kajeno, Jehova o hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna ha re phatlalatsa lebitso la hae ka motlotlo ’me re bontša batho ba thahasellang lebitso leo ka Libibeleng tsa bona ha ho khoneha. Ha re etsa joalo, re ba tsebisa Molimo oa ’nete. Ruri ena ke tlotla e khōlō ho rōna le ho bona! Maemong a mang seo se etsa hore ba qale ho ba le kamano e babatsehang le Jehova e tla hōla le ho tšoarella ka ho sa feleng.

14, 15. Ho sa tsotellehe ho ata ha bokoenehi, Jehova o entse’ng ka lebitso la hae leo e leng sehopotso?

14 Hamorao bokoenehi bo ile ba qala ho  silafatsa phutheho ea Bokreste, haholo-holo ka mor’a lefu la baapostola. (2 Bathes. 2:3-7) Mesuoe ea bohata e ile ea amohela moetlo oa Sejuda oa ho qoba ho sebelisa lebitso la Molimo. Empa na Jehova o ne a tla lumella hore lebitso la hae leo e leng sehopotso le hlakoloe? Che! Ke ’nete hore ha ho tsejoe hantle hore na le ne le bitsoa joang, empa lona le ntse le le teng. Ho theosa le lilemo, le ’nile la hlaha liphetolelong tse sa tšoaneng tsa Bibele, hammoho le ka har’a lingoliloeng tsa litsebi tsa Bibele. Ka mohlala, ka 1757, Charles Peters o ile a re “ho bonahala eka lebitso Jehova le hlalosa seo [Molimo] a leng sona” ho fapana le litlotla tse ling tse ngata tsa hae. Bukeng ea 1797 e buang ka ho rapela Molimo, Hopton Haynes o qala khaolo ea bosupa ka mantsoe a reng: “JEHOVA ke lebitso la MOLIMO oa Bajuda; ’me ba ne ba rapela eena feela; Kreste le Baapostola ba hae le bona ba ne ba rapela eena feela.” Henry Grew (1781-1862) o ne a sebelisa lebitso la Molimo ebile a hlokomela hore le ’nile la nyelisoa le hore le lokela ho halaletsoa. George Storrs (1796-1879), eo e neng e le motsoalle e moholo oa Charles T. Russell, le eena o ne a sebelisa lebitso la Molimo joalokaha Russell ka boeena a ne a etsa.

15 Selemo sa 1931 e bile se ikhethang haholo, kaha Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba, e leng kamoo batho ba Molimo ba neng ba bitsoa kateng, li ile tsa amohela lebitso la Mangolo la Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Ka tsela eo li ile tsa tsebisa lefatše hore li motlotlo ho ba bahlanka ba Molimo a le mong feela oa ’nete, e leng ho ba “batho bakeng sa lebitso la hae,” ba tlotlisang lebitso leo. (Lik. 15:14) Phetoho ena e re hopotsa mantsoe a Jehova a ho Malakia 1:11 a reng: “Ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba.”

TSAMAEA KA LEBITSO LA JEHOVA

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka ho tsamaea ka lebitso la Jehova e le tlotla?

16 Moprofeta Mikea o ile a re: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Mik. 4:5) Hore ebe Jehova o ile a lumella Liithuti Tsa Bibele ho ipitsa ka lebitso la hae, ka sebele eo ke tlotla e khōlō. Ho boetse ho bontša hore oa li amohela. (Bala Malakia 3:16-18.) Empa ho thoe’ng ka uena? Na u leka kahohle ho “tsamaea ka lebitso la Jehova”? Na u ananela se boleloang ke seo?

17. Ho akarelletsa eng ho tsamaea ka lebitso la Molimo?

17 Ho tsamaea ka lebitso la Molimo ho akarelletsa bonyane lintlha tse tharo. Ea pele, re lokela ho bolella ba bang lebitso leo, hobane re lemoha hore ke ‘ba ipiletsang lebitsong la Jehova feela ba tla pholoha.’ (Bar. 10:13) Ea bobeli, re lokela ho bonahatsa litšobotsi tsa Jehova, haholo-holo lerato la hae. Ea boraro, re tsamaea ka lebitso la Molimo ha ka thabo re ikokobelletsa melao ea hae e lokileng, e le hore re se ke ra tlisa thohako lebitsong le halalelang la Ntate oa rōna. (1 Joh. 4:8; 5:3) Na u ikemiselitse ho “tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang”?

18. Ke hobane’ng ha bohle ba hlomphang lebitso la Jehova le leholo ba ka lebella bokamoso ka kholiseho?

18 Haufinyane, bohle ba iphapanyetsang Jehova kapa ba sa mo hlompheng ba tla tlameha ho mo tseba. (Ezek. 38:23) Ba akarelletsa batho ba kang Faro ea ileng a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae?” Ho e-s’o ee kae, o ile a mo tseba! (Ex. 5:1, 2; 9:16; 12:29) Empa rōna re ithaopetse ho tseba Jehova. Re motlotlo ho bitsoa ka lebitso la hae le ho mo mamela. Kahoo, re lebeletse bokamoso re kholisehile hore tšepiso ena e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 9:10 e tla phethahala: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa, etsoe ka sebele u ke ke ua tlohela ba u batlang, Jehova.”

^ ser. 5 Lebitso la Molimo ke leetsi la Seheberu le bolelang “ho ba.” Kahoo, “Jehova” e bolela “O Etsa Hore ho be.”—Gen. 2:4, NW, ftn.

^ ser. 13 Mangolo a Seheberu a neng a sebelisoa ke Bakreste ba pele a ne a e-na le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo. Bopaki bo bontša se tšoanang ka likopi tsa Septuagint, e leng phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu.