Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE: RE KA FUMANA BOPHELO BO NANG LE MORERO

Na Ruri re ka Fumana Bophelo bo Nang le Morero?

Na Ruri re ka Fumana Bophelo bo Nang le Morero?

“Litšiu tsa ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, li mashome a robeli. Empa bongata ba tsona ke ba litsietsi le mahlomola.”—Pesaleme ea 90:10, Bibele—Phetolelo e Ncha.

MANTSOE ao ke ʼnete hakaakang! Lefatšeng lena bophelo bo tletse “mathata le masoabi.” Mohlomong u ʼnile ua ipotsa, ‘Na ruri re ka fumana bophelo bo nang le morero hona joale?’

Ka mohlala, nahana ka Maria. E ne e le motho ea mahlahahlaha empa hona joale, ha a le lilemo li 84, ha a sa khona ho tloha lapeng a le mong. Kelello ea hae e ntse e le chatsi, empa ’mele oa hae oona o se o hana. Na a ka ikutloa eka bophelo ba hae bo na le morero le tlas’a maemo a joalo?

Ho thoe’ng ka uena? Mohlomong ka nako e ʼngoe u kile ua ipotsa hore na ebe bophelo ba hao bo na le morero kapa che. E ka ’na eaba mosebetsing oa hao u etsa ntho e le ʼngoe, e tenang le e khathatsang. Mohlomong batho ba bangata ha ba tsotelle kapa ha ba hlokomele kamoo u sebetsang ka thata kateng. Le haeba u atlehile ka tsela e itseng, u ka ’na ua ikutloa u tšoenyehile ka bokamoso. Hape, ka linako tse ling u ka ʼna ua ikutloa u hlorile kapa u imetsoe. E ka ’na eaba lelapa la hao kapa leno le tletse likhohlano le lintoa. Mohlomong u shoetsoe ke motho eo u mo ratang. Monna e mong ea bitsoang André o ne a rata ntate oa hae haholo, empa ntate oa hae o ile a kula ka tšohanyetso a ba a hlokahala. Andrè o ne a nahana hore bohloko boo a bo utloileng bo ke ke ba fela le ka mohla.

Ho sa tsotellehe mahlomola a ka ʼnang a re hlahela, potso ea bohlokoa eo re lokelang ho fumana karabo ea eona ke e reng: Na ruri re ka fumana bophelo bo nang le morero? Re ka fumana karabo tseleng eo Jesu Kreste a ileng a phela ka eona, e leng monna ea ileng a phela mona lefatšeng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Ho sa tsotellehe mathata ao Jesu a ileng a tobana le ’ona, kannete o phetse bophelo bo nang le morero. Le rōna bophelo ba rōna bo ka ba le morero haeba re latela mohlala oa hae.